Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 22 leq. 444-leq. 461 ser. 2
  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko bo Matla ba ho Finyella Batho ba Bangata ka Litaba tse Molemo
  • Phatlalatso e Sebete
  • Ho Bolela Europe ho sa Tsotellehe Mahloriso a Nakong ea Ntoa
  • Ka Ntle ho Europe Lilemong Tseo tsa Ntoa
  • Bongata bo Boholo bo Qala ho Iponahatsa Latin America
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 2—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 22 leq. 444-leq. 461 ser. 2

Khaolo 22

Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše

Tlaleho ea lefatše lohle ea boboleli ba ’Muso ho tloha ka 1935 ho fihlela ka 1945 e bontšitsoe maqepheng 444 ho ea ho 461. Selemo sa 1935 ke sa bohlokoa haholo hobane nakong eo letšoele le leholo, kapa bongata bo boholo ba batho, la Tšenolo 7:9 le ile la tsebahatsoa. Mabapi le ho bokelloa ha sehlopha seo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho hlokomela hore Bibele e behile ka pele ho tsona mosebetsi o moholo haholo ho feta leha e le ofe o bileng teng pele. Li ile tsa o phetha joang ha lichaba li kenella Ntoeng ea II ea Lefatše ’me linaha tse ngata li li thibela kapa li thibela lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele?

HA Lipaki tsa Jehova li ntse li kopanela tšebeletsong ea tsona ka bo-1930, sepheo sa tsona e ne e le ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka molaetsa oa ’Muso. Ha li hlokomela thahasello e ikhethang, tse ngata li ne li lula karolo e khōlō ea bosiu li hlalosa linnete tsa Bibele ’me li arabela lipotso ho khotsofatsa batho ba lapetseng ’nete. Empa maemong a mangata, Lipaki li ne li sebelisa feela linehelano tse khutšoaane tse neng li etselitsoe ho tsosa thahasello ea beng ba matlo, ebe li tlohela hore lingoliloeng kapa lipuo tsa phatlalatsa tsa Bibele li tsose thahasello e eketsehileng. Mosebetsi oa tsona e ne e le oa ho tsebisa batho, ho jala lipeō tsa ’nete ea ’Muso.

Boiteko bo Matla ba ho Finyella Batho ba Bangata ka Litaba tse Molemo

Mosebetsi o ile oa etsoa ho hopotsoe hore nako e se e fokola haholo. Ka mohlala, mathoasong a bo-1930, ha Armando Menazzi, Córdoba, Argentina, a bala ho pepesoa ho hlakileng ha ’nete ea Bibele libukaneng Hell le Where Are the Dead?, o ile a nka khato e tiileng. (Pes. 145:20; Moek. 9:5; Lik. 24:15) A susumelitsoe ke seo a ithutileng sona, ’me a susumelitsoe ke cheseho e bontšoang ke Nicolás Argyrós, o ile a rekisa lebenkele la hae la ho lokisa makoloi ’me a inehela ho boleleng ’nete e le pula-maliboho. Joale, mathoasong a bo-1940, ka baka la khothatso ea hae Lipaki tsa Córdoba li ile tsa reka bese ea khale, tsa kenya libethe, ’me tsa sebelisa sepalangoang sena bakeng sa ho nka bahoeletsi ba leshome kapa ho feta ha ba ea maetong a boboleli a nkang beke, libeke tse peli, kapa esita le likhoeli tse tharo. Ha ho reroa maeto ana, baena le bo-khaitseli ba fapaneng ba tsoang phuthehong ba ile ba fuoa monyetla oa ho tsamaea le bona. E mong le e mong sehlopheng o ne a e-na le mosebetsi oo a o abetsoeng—ho hloekisa, ho pheha, kapa ho tšoasa litlhapi le ho tsoma lijo. Bonyane liprofensing tse leshome tsa Argentina, sehlopha sena se chesehang se ile sa bolela ka ntlo le ntlo, sa akaretsa metse hammoho le metsana le ho ea fihla mapolasing a qalikaneng.

Moea o tšoanang o ile oa bonahala tšimong ea Australia. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo bongata metseng e nang le baahi ba bangata e maloka le lebōpo. Empa Lipaki moo li ile tsa boela tsa batla ho finyella batho ba lulang libakeng tse hōle. Ka hona, ka March 31, 1936, e le ho finyella batho ba leng metebong ea linku le likhomo e qalikaneng metseng ea mahae, Arthur Willis le Bill Newlands ba ile ba kena leetong le ileng la ba nka kakaretso ea lik’hilomithara tse 19 710. Karolong e khōlō ea leeto la bona, ho ne ho se na mebila—e ne e le feela litsela tse matšoka-tšoka tse sa lokisoang ho pholletsa le lehoatata le se nang lifate le nang le lebatama la mocheso le lifefo tse khōlō. Empa ba ile ba tsoela pele. Kae le kae moo ba fumanang thahasello, ba ile ba bapala lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng ’me ba siea lingoliloeng. Liketsahalong tse ling, John E. (Ted) Sewell o ile a tsamaea le bona; eaba o ithaopela ho sebeletsa ka Boroa-bochabela ho Asia.

Tšimo e hlokometsoeng ke lekala la Mokhatlo Australia e ne e sa akarelletse Australia feela. E ne e akarelletsa Chaena le lihlopha tsa lihleke-hleke le linaha tse nammeng ho tloha Tahiti ka bochabela ho ea Burma (eo hona joale e leng Myanmar) ka bophirimela, sebaka sa lik’hilomithara tse 13 700. Tikolohong eo ho ne ho e-na le libaka tse kang Hong Kong, Indochina (eo hona joale e leng Cambodia, Laos, le Vietnam), Netherlands East Indies (e akarelletsang lihleke-hleke tse kang Sumatra, Java, le Borneo), New Zealand, Siam (eo hona joale e leng Thailand), le Malaya. Ho ne ho tloaelehile hore molebeli oa lekala, Alexander MacGillivray, oa Scotland, a meme pula-maliboho e mocha ea chesehang hore a tle ofising ea hae, a ’montše ’mapa oa tšimo ea lekala, ebe oa botsa: ‘Na u ka rata ho ba moromuoa?’ Joale, ha a supa sebaka seo ho sona ho entsoeng boboleli bo fokolang kapa bo sa etsoang ho hang, o ne a ee a ’motse: ‘Na u ka rata ho qalisa mosebetsi tšimong ee?’

Mathoasong a bo-1930, bo-pula-maliboho ba bang ho bana ba ne ba se ba entse mosebetsi o mongata Netherlands East Indies (eo hona joale e leng Indonesia) le Singapore. Ka 1935, Frank Dewar, oa New Zealand, o ile a tsamaea le sehlopha sena sa bo-pula-maliboho ba palame Lightbearer ho ea fihla Singapore. Joale pejana feela seketsoana sena se ea lebōpong le ka boroa-leboea ho Malaya, Molaoli Eric Ewins o ile a re: “Frank, re fihlile joale. Re ka fella mona feela. U khethile ho ea Siam. Joale, u ka itsamaela!” Empa Frank o ne a batla a lebetse ka Siam. O ne a ntse a thabela tšebeletso ea hae le sehlopha se ka seketsoaneng. Joale o ne a se a setse a le mong.

O ile a emisa Kuala Lumpur ho fihlela a bokella chelete e lekaneng bakeng sa karolo e setseng ea leeto, empa, ha a ntse a le moo, o ile a hlaheloa ke kotsi ea koloi—teraka e ile ea mo chaisa a palame baesekele. Ka mor’a ho hlaphoheloa, a saletsoe ke lidolara tse hlano feela ka pokothong, o ile a palama terene a thatetsoe ho tloha Singapore ho ea Bangkok. Empa a na le tumelo matleng a Jehova a ho fana, o ile a ntšetsa mosebetsi pele. Claude Goodman o ne a ile a bolela moo ka nakoana ka 1931; empa ha Frank a fihla ka July 1936, ho ne ho se na Lipaki tse tla mo amohela. Leha ho le joalo, lilemong tse seng kae tse latelang, ba bang ba ile ba kopanela mosebetsing—Willy Unglaube, Hans Thomas, le Kurt Gruber ba tsoang Jeremane le Ted Sewell ea tsoang Australia. Ba ile ba aba lingoliloeng tse ngata, empa tse ngata ho tsona e ne e le tsa Senyesemane, Sechaena, le Sejapane.

Ha lengolo le romeloa ntlo-khōlō ea Mokhatlo le bolela hore baena ba hloka lingoliloeng tsa puo ea Thai empa ha ba na mofetoleli, Moena Rutherford o ile a arabela: “Ha ke lule Thailand; lōna le lula teng. E-bang le tumelo ho Jehova ’me le sebetse ka matla, joale le tla fumana mofetoleli.” ’Me ba ile ba fela ba mo fumana. Chomchai Inthaphan, eo pele e neng e le mosuoe-hlooho oa Sekolo sa Banana sa Presbytery Chiang Mai, o ile a amohela ’nete, ’me ka 1941 o ne a fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea Thai.

Beke e le ’ngoe ka mor’a hore Frank Dewar a qalise boboleli Bangkok, Frank Rice, ea qalisitseng mosebetsi oa ’Muso Java (eo hona joale e leng karolo ea Indonesia), o ile a fapohela ha a le tseleng e eang kabelong ea hae e ncha ho seo e neng e le French Indochina nakong eo. Joalokaha a ne a entse tšimong ea hae ea pejana, o ile a bolela har’a ba buang Senyesemane ha a ntse a ithuta puo ea sebaka seo. Ka mor’a ho akaretsa Saigon (eo hona joale e leng Motse oa Ho Chi Minh), o ile a ruta lithuto tsa Senyesemane e le hore a ka reka koloi ea khale eo a tla e sebelisa ho fihla karolong e ka leboea ho naha. O ne a sa ameha ka boiketlo ba lintho tse bonahalang empa ka lithahasello tsa ’Muso. (Ba-Heb. 13:5) A sebelisa koloi eo a e rekileng, o ile a paka litoropong le metsaneng le mahaeng a ka thōko ho ea fihla Hanoi.

Phatlalatso e Sebete

E le ho tsosa thahasello molaetseng oa ’Muso le ho hlokomelisa batho ka tlhoko ea ho nka khato e tiileng, Lipaki li ile tsa sebelisa mekhoa e hapang tlhokomelo linaheng tse ngata. Ho qala ka 1936 Glasgow, Scotland, Lipaki li ne li phatlalatsa lipuo tsa kopano ka ho jara mamatjana le ho aba limemo libakeng tsa mabenkele. Ka mor’a lilemo tse peli, ka 1938, mabapi le kopano e neng e tšoaretsoe London, Engelane, ho ile ha phaelloa ka tšobotsi e ’ngoe e ikhethang. Nathan H. Knorr le Albert D. Schroeder, bao hamorao ba ileng ba sebeletsa ’moho Sehlopheng se Busang, ba ile ba etella pele mokoloko oa Lipaki tse ka bang sekete ho pholletsa le setereke sa khoebo e khōlō sa London. E mong le e mong oa ba machang o ne a jere lematjana le phatlalatsang puo ea phatlalatsa e reng “Tobang Linnete,” e neng e tla fanoa ke J. F. Rutherford Royal Albert Hall. Ba leng hare ba ne ba jere matšoao a balehang tjena “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene.” (Nakong eo ba ne ba utloisisa hore bolumeli kaofela ke borapeli bo sa lumellaneng le Lentsoe la Molimo, Bibele.) Neng-neng har’a beke, e le ho kokobetsa khalefo ea sechaba, matšoao a balehang “Sebeletsang Molimo le Kreste Morena” a ile a fapanyetsanoa le a pejana. Mosebetsi ona o ne o se bobebe bakeng sa Lipaki tse ngata tsa Jehova, empa li ne li o talima e le tsela e ’ngoe ea ho sebeletsa Jehova, e le teko e ’ngoe ea botšepehi ba tsona ho eena.

Hase bohle ba neng ba thabisoa ke phatlalatso e sebete eo Lipaki tsa Jehova li faneng ka eona molaetseng oa tsona. Baruti Australia le New Zealand ba ile ba hatella baokameli ba liteishene tsa seea-le-moea ho thibela liphatlalatso tsohle tse tšehetsoang ke Lipaki tsa Jehova. Ka April 1938, ha Moena Rutherford a le tseleng e eang Australia a il’o fana ka puo seea-le-moeeng, ba boholong sechabeng ba ile ba itumella ho susumelletsoa ho hlakola litokisetso tse neng li entsoe tsa hore a sebelise Holo ea Motse oa Sydney le litsi tsa seea-le-moea. Kapele-pele ho ile ha hiroa Lebala la Lipapali la Sydney, ’me ka baka la phatlalatso e pharalletseng e tšehetsang khanyetso ea leeto la Moena Rutherford, letšoele le leholo le ho feta le ile la tl’o mamela puo eo. Liketsahalong tse ling, ha Lipaki li haneloa ho sebelisa litsi tsa seea-le-moea, li ile tsa arabela ka ho fana ka phatlalatso e pharalletseng libokeng tseo ho tsona lipuo tsa Moena Rutherford li ileng tsa hlahisoa hape ho sebelisoa kramafono.

Baruti Belgium ba ile ba roma bana hore ba e’o fethetsa Lipaki ka majoe, ’me baruti ka bobona ba ne ba ea malapeng a batho ba il’o nka lingoliloeng tse abiloeng. Empa baahi ba bang ba motse ba ne ba rata seo ba ithutang sona ho Lipaki tsa Jehova. Hangata ba ne ba re: “Mphe libukana tsa lōna tse ’maloa; ha moruti a tla, ke tla mo fa e le ’ngoe e le ho mo khotsofatsa ebe ke ipolokela tse ling hore ke li bale!”

Leha ho le joalo, lilemo tse latelang li ile tsa lebisa khanyetsong e matla le ho feta ho Lipaki tsa Jehova le molaetseng oa ’Muso oo li o bolelang.

Ho Bolela Europe ho sa Tsotellehe Mahloriso a Nakong ea Ntoa

Kaha li ne li ke ke tsa lahla tumelo ea tsona le ho khaotsa ho bolela, Lipaki tsa Jehova tse likete Austria, Belgium, Fora, Jeremane, le Netherlands li ile tsa kenngoa teronkong kapa tsa romeloa likampong tsa mahloriso tsa Bonazi. Moo tšoaro e sehlōhō e ne e tloaelehile. Tse neng li e-s’o kenngoe teronkong li ile tsa ntšetsa pele tšebeletso ea tsona ka hlokolosi. Hangata li ne li sebelisa Bibele feela ’me li fana ka lingoliloeng tse ling ha li etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang. E le ho qoba ho tšoaroa, Lipaki li ne li etela kamore e ’ngoe ntlong e itseng ebe mohlomong li ea moahong o mong, kapa ka mor’a ho etela ntlo e le ’ngoe feela li ne li ea seterateng se seng pele li atamela ntlo e ’ngoe. Empa ho hang li ne li sa tšabe ho fana ka bopaki.

Ka December 12, 1936, likhoeli tse seng kae feela ka mor’a hore Magestapo a tšoare Lipaki tse likete le batho ba bang ba thahasellang ka boiteko ba ho emisa mosebetsi oa tsona sechabeng ka kakaretso, Lipaki le tsona li ile tsa qalisa phutuho. Ka lebelo le leholo li ile tsa kenya likopi tse likete tsa qeto e hatisitsoeng ka mabokoseng a poso le tlas’a menyako ea batho ho pholletsa le Jeremane. Li ne li hanyetsa tšoaro e sehlōhō e etsoang khahlanong le baena le bo-khaitseli ba tsona ba Bakreste. Hora ka mor’a hore kabo ena e qale, mapolesa a ne a phasa-phasa a leka ho tšoara batho ba li abang, empa a ile a khona ho tšoara ba seng bakae feela naheng eohle.

Ba boholong ba ne ba tšohile hore ebe phutuho eo e entsoe ka mor’a sohle se entsoeng ke ’muso oa Bonazi ho thibela mosebetsi. Ho phaella moo, ba ile ba tšoha sechaba. Hobane’ng? Hobane ha mapolesa le ba bang ba boholong ka ho hloka tsebo ba ea matlung a batho ’me ba botsa hore na baahi ba sa tsoa fumana lipampitšana, batho ba bangata haholo ba ne ba hana. Ha e le hantle, batho ba bangata ba ne ba sa li fumana. Likopi li ne li abiloe matlong a mabeli kapa a mararo moahong o mong le o mong. Empa mapolesa a ne a sa tsebe seo. A ne a nahana hore ho siiloe e le ’ngoe ntlong e ’ngoe le e ’ngoe.

Likhoeling tse latelang, ba boholong pusong ea Nazi ba ile ba latola phatlalatsa liqoso tse entsoeng qetong eo e hatisitsoeng. Kahoo, ka June 20, 1937, Lipaki tse ntseng li lokolohile li ile tsa aba molaetsa o mong, lengolo la boipelaetso le sa hlatheng koana le koana le buang ka mahloriso, tokomane e bolelang liofisiri ka mabitso le e bontšitseng matsatsi le libaka. Magestapo a ne a ferekantsoe haholo ke ho pepesoa hona le matla a Lipaki a ho finyella kabo e kaalo.

Liphihlelo tse ngata tsa lelapa la Kusserow, ho tloha Bad Lippspringe, Jeremane, li bontšitse boikemisetso bo tšoanang ba ho fana ka bopaki. Mohlala oa sena o amana le se etsahetseng ka mor’a hore Wilhelm Kusserow a bolaoe pontšeng Münster ke lebotho la Bonazi ka baka la ho hana ho sekisetsa tumelo ea hae. ’Mè oa Wilhelm, Hilda, o ile a ea teronkong ka potlako ’me a kōpa setopo bakeng sa lepato. O ile a re ho lelapa la hae: “Re tla fana ka bopaki bo boholo ho batho ba neng ba mo tseba.” Lepatong ntat’a Wilhelm, Franz, o ile a etsa thapelo e bontšang tumelo litokisetsong tse lerato tsa Jehova. Mabitleng moen’a Wilhelm Karl-Heinz o ile a bua mantsoe a matšeliso a tsoang ka Bibeleng. Ha baa ka ba tloheloa feela ba sa fuoe kotlo ka baka la sena, empa ho bona ntho ea bohlokoa e ne e le ho tlotlisa Jehova ka ho fana ka bopaki mabapi le lebitso le ’Muso oa hae.

Ha likhatello tsa nakong ea ntoa li ntse li eketseha Netherlands, ka bohlale Lipaki moo li ile tsa fetola litokisetso tsa tsona tsa liboka. Joale li ile tsa tšoaroa feela lihlopheng tsa ba leshome kapa ka tlaase malapeng a baena. Libaka tsa liboka li ne li fetoloa nako le nako. Paki ka ’ngoe e ne e ba teng le sehlopha sa eona feela, ’me ho ne ho se ea ka senolang moo thuto e tšoareloang teng, esita le ho motsoalle ea tšeptjoang haholo. Nakong eo ea histori, ha batho bohle ba ntse ba lelekoa mahaeng a bona ka baka la ntoa, Lipaki tsa Jehova li ne li tseba hore batho ba hloka ka matla molaetsa o ba tšelisang o fumanoang feela ka Lentsoeng la Molimo, ’me ntle ho tšabo li ile tsa o arolelana le bona. Empa lengolo le tsoang ofising ea lekala le ile la hopotsa baena ka phalimeho eo Jesu a bileng le eona maemong a sa tšoaneng ha a tobane le bahanyetsi. (Matt. 10:16; 22:15-22) Ka baka leo, ha ba fumana motho ea tletseng bora, ba ne ba ngola aterese ea hae ka hloko e le hore ho ka sebelisoa phalimeho e khethehileng ha ho sebetsoa tšimo eo nakong e tlang.

Greece batho ka kakaretso ba ile ba feta mahlomoleng nakong ea tlhaselo ea Jeremane. Leha ho le joalo, tšoaro e sehlōhō ka ho fetisisa e ileng ea lebisoa ho Lipaki tsa Jehova e ile ea tlisoa ke tšenyo e mpe ea lebitso ea baruti ba Kereke ea Greek Orthodox, ba neng ba tsitlella hore mapolesa le makhotla a nke khato khahlanong le tsona. Lipaki tse ngata li ile tsa kenngoa teronkong kapa tsa lelekoa metseng ea habo tsona ’me tsa romeloa metseng e hōle kapa tsa tloheloa maemong a boima lihleke-hlekeng tse se nang baahi. Leha ho le joalo, li ile tsa tsoela pele ho paka. (Bapisa le Liketso 8:1, 4.) Hangata sena se ne se etsoa ka ho bua le batho ba leng libakeng tsa boikhathollo le lirapeng tsa sechaba, ka ho lula le bona libencheng le ho ba bolella ka ’Muso oa Molimo. Ha ho fumanoa thahasello ea sebele, motho o ne a alingoa lingoliloeng tsa bohlokoa tsa Bibele. Lingoliloeng tseo li ne li khutlisoa hamorao ’me li sebelisoa khafetsa. Batho ba bangata ba ratang ’nete ba ile ba amohela ka matsoho a mabeli thuso e fanoang ke Lipaki ’me ba ba ba ikopanya le tsona ho arolelaneng litaba tse molemo le ba bang, le hoja sena se ile sa ba tlisetsa mahloriso a sisimosang.

Ntho ea bohlokoa e tlatselitseng sebeteng le tiisetsong ea Lipaki ke ho hahoa ha tsona ka lijo tsa moea. Le hoja qetellong lingoliloeng bakeng sa kabo ho ba bang li ile tsa fela likarolong tse ling tsa Europe nakong ea ntoa, li ile tsa khona ho aba boitsebiso bo matlafatsang tumelo har’a tsona ka botsona bo lokiselitsoeng ke Mokhatlo bakeng sa ho ithutoa ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Ba behile bophelo ba bona kotsing, August Kraft, Peter Gölles, Ludwig Cyranek, Therese Schreiber, le ba bang ba bangata ba ile ba kopanela ho hlahiseng bocha le ho abeng boitsebiso ba thuto bo ileng ba kenngoa ka sekhukhu Austria bo tsoa Czechoslovakia, Italy, le Switzerland. Netherlands, ke molebeli oa teronko ea mosa ea ileng a thusa Arthur Winkler ka ho mo fumanela Bibele. Ho sa tsotellehe mehato eohle e nkiloeng ke sera, metsi a khathollang a ’nete ea Bibele e tsoang ho Molula-Qhooa a ile a fihla le likampong tsa mahloriso tsa Jeremane ’me a potoloha har’a Lipaki moo.

Ho koalloa literonkong le likampong tsa mahloriso ha hoa ka ha thibela Lipaki tsa Jehova ho ba lipaki. Ha moapostola Pauluse a le teronkong Roma, o ile a ngola: “Ke utloisoa bohloko ho isa bohōleng ba ho ba litlamong tsa teronko . . . Leha ho le joalo, lentsoe la Molimo ha lea tlangoa.” (2 Tim. 2:9, NW) Ho etsahetse se tšoanang boemong ba Lipaki tsa Jehova Europe nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Bahlokomeli ba ile ba hlokomela boitšoaro ba tsona; ba bang ba botsa lipotso, ’me ba seng bakae ba fetoha balumeli-’moho, le hoja ho ne ho bolela ho lahleheloa ke tokoloho ea bona. Batšoaruoa ba bangata ba neng ba koalletsoe le Lipaki ba ne ba tsoa linaheng tse kang Russia, moo ho neng ho boletsoe litaba tse molemo ka tekanyo e fokolang haholo. Ka mor’a ntoa ba bang ba bona ba ile ba khutlela ha habo bona e le Lipaki tsa Jehova, tse chesehelang ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso moo.

Mahloriso a sehlōhō le liphello tsa ntoa e felletseng ha lia ka tsa thibela ho bokelloa ha batho ho boletsoeng esale pele ntlong e khōlō ea moea ea Jehova bakeng sa borapeli. (Esa. 2:2-4) Ho tloha ka 1938 ho ea ho 1945, linaha tse ngata tsa Europe li ile tsa bontša keketseho e khōlō lenaneng la ba kopanelang phatlalatsa borapeling bo joalo ka ho bolela ’Muso oa Molimo. Brithani, Finland, Fora, le Switzerland, Lipaki li ile tsa latsoa keketseho ea hoo e ka bang karolo ea 100 lekholong. Greece, ho bile le hoo e ka bang keketseho e imenneng ka makhetlo a supileng. Netherlands, e imenneng ka makhetlo a 12. Empa bofelong ba 1945, ho ne ho e-s’o fumanoe boitsebiso bo tsoang Jeremane kapa Romania, ’me ho ne ho fumanoe litlaleho tse sa fellang feela tse tsoang linaheng tse ling tse ’maloa.

Ka Ntle ho Europe Lilemong Tseo tsa Ntoa

Bochabela le teng, ntoa ea lefatše e ile ea hlahisetsa Lipaki tsa Jehova mathata. Japane le Korea, li ile tsa tšoaroa ’me tsa shapuoa le ho hlokofatsoa hobane li buella ’Muso oa Molimo ’me li sa rapele moemphera oa Japane. Qetellong li ile tsa arohanngoa ka ho felletseng le Lipaki tse leng linaheng tse ling. Ho ba bangata ba tsona, menyetla feela ea ho fana ka bopaki e ne e le ha ba hlongoa lipotso kapa ba qosoa khotla. Qetellong ea ntoa, tšebeletso ea phatlalatsa ea Lipaki tsa Jehova linaheng tsena e ne e batla e khaolitse.

Ha ntoa e fihla Philippines, Lipaki li ile tsa hlekefetsoa ke mahlakore a mabeli hobane li ne li sa tšehetse mabotho a Japane kapa a bohanyetsi. E le ho qoba ho tšoaroa, Lipaki tse ngata li ile tsa tloha malapeng a tsona. Empa ha li ntse li tloha sebakeng se seng li ea ho se seng, li ne li ntse li bolela—li alima lingoliloeng ha li fumaneha, ’me hamorao li sebelisa Bibele feela. Ha ntoa e kokobela, li ile tsa ba tsa hlophisa liketsoana tse ’maloa bakeng sa ho isa lihlopha tse khōlō tsa Lipaki lihleke-hlekeng tseo ho tsona ho fanoeng ka bopaki bo fokolang kapa bo sa fanoang ho hang.

Burma (eo hona joale e leng Myanmar), hase ho futuheloa ke Japane empa ke khatello e tsoang ho baruti ba Anglican, Methodist, Roma e K’hatholike, le American Baptist e sebelisitsoeng ho liofisiri tsa likolone ho ileng ha lebisa thibelong ea lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova ka May 1941. Lipaki tse peli tse sebetsang ofising ea melaetsa ea cable li ile tsa bona thelekramo e li hlokomelisang ka se tlang, kahoo kapele-pele baena ba ile ba tlosa lingoliloeng setsing sa Mokhatlo sa libuka ho qoba hore li nkoe ka mahahapa. Joale ho ile ha etsoa boiteko ba ho romela lingoliloeng tse ngata Chaena li tsamaea fatše.

Nakong eo ’muso oa U.S. o ne o romela thepa e ngata ea ntoa ka literaka o sebelisa Tsela ea Burma ho tšehetsa ’muso oa Chaena oa Bochaba. Baena ba ile ba leka ho fumana sebaka ho e ’ngoe ea literaka tseo empa ba haneloa. Boiteko ba ho fumana koloi e tlohang Singapore le bona bo ile ba hlōleha. Leha ho le joalo, ha Mick Engel, ea neng a hlokomela setsi sa Mokhatlo sa libuka se Rangoon (eo hona joale e leng Yangon), a atamela ofisiri e phahameng ea U.S., o ile a fuoa tumello ea ho tsamaisa lingoliloeng ka literaka tsa sesole.

Leha ho le joalo, ka mor’a moo ha Fred Paton le Hector Oates ba atamela ofisiri e laolang sehlopha sa literaka tse kenang Chaena ’me ba kōpa sebaka, e ile ea halefa haholo! E ile ea hoeletsa: “Le re’ng? Nka le fa sebaka sa bohlokoa joang ka literakeng tsa ka bakeng sa lipampitšana tsa lōna tse tabohileng empa ke se na sebaka sa thepa ea sesole le ea meriana e hlokoang ka potlako e ntseng e senyeha ha e tetile moo?” Fred o ile a khutsa, a kenya letsoho ka mokotleng oa hae, a e bontša lengolo la tumello, ’me a hlalosa hore e ka ba taba e tebileng haholo haeba e ka hlokomoloha taelo e fanoeng ke liofisiri tse leng Rangoon. Molaoli oa sehlopha seo ha aa ka a lokisetsa feela ho tsamaisa litone tse peli tsa libuka empa o ile a lumella baena ho sebelisa teraka e nyenyane, hammoho le mokhanni le thepa. Ba ile ba leba ka leboea-bochabela tseleng e kotsi e fetang lithabeng ho ea kena Chaena ka thepa ea bona ea bohlokoa. Ka mor’a ho paka Pao-shan, ba ile ba leba Chungking (Pahsien). Ho ile ha abjoa lingoliloeng tse likete tse buang ka ’Muso oa Jehova selemong seo ba se qetileng Chaena. Har’a ba bang bao ba ileng ba ba pakela ka seqo ke Chiang Kai-shek, mopresidente oa ’muso oa Chaena oa Bochaba.

Ho sa le joalo, ha ho qhomisoa ha libomo ho ntse ho ipha matla Burma, bohle ba ile ba tsoa ka har’a naha haese Lipaki tse tharo feela, ba bangata ba leba India. Ha e le hantle, mosebetsi oa ba bararo ba ileng ba sala o ne o lekanyelitsoe. Leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ho etsa bopaki bo sa reroang, ’me boiteko ba bona bo ile ba beha litholoana ka mor’a ntoa.

Amerika Leboea le teng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tobana le litšitiso tse boima nakong ea ntoa. Pefo e atileng ea lihlopha tsa mahoo-hoo le ho sebelisoa ha melao ea sebaka khahlanong le molao oa motheo ho ile ha tlisa khatello e khōlō mosebetsing oa boboleli. Ba likete ba ile ba kenngoa teronkong ka baka la boemo ba bona joaloka Bakreste ba sa nkeng lehlakore. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa fokolisa tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki. Ho phaella moo, ho qala ka February 1940, e ile ea e-ba ho tloaelehileng ho li bona literateng literekeng tsa khoebo li nehelana ka Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!). Cheseho ea tsona e ile ea matlafala le ho feta. Le hoja li feta tlas’a mahloriso a boima ka ho fetisisa a kileng a ba teng karolong eo ea lefatše, lenane la Lipaki le ile la eketseha ka makhetlo a imenneng habeli United States le Canada ho tloha ka 1938 ho ea ho 1945, ’me nako eo li e sebelisitseng tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa e ile ea eketseha ka makhetlo a imenneng hararo.

Linaheng tse ngata tseo e leng karolo ea British Commonwealth (Amerika Leboea, Afrika, Asia, le lihleke-hlekeng tsa Caribbean le tsa Pacific) Lipaki tsa Jehova kapa lingoliloeng tsa tsona li ile tsa thibeloa ke ’muso. E ’ngoe ea linaha tse joalo ke Australia. Tsebiso ea molao e ileng ea hatisoa moo ka January 17, 1941, tlas’a taelo ea ’musi-kakaretso, e ile ea bolela hore ke tlōlo ea molao hore Lipaki tsa Jehova li bokane bakeng sa borapeli, hore li abe lingoliloeng leha e le life tsa tsona, le ho ba le tsona feela. Tlas’a molao ho ile ha khoneha ho hanyetsa thibelo ka khotla, ’me sena se ile sa etsoa ka potlako. Empa e bile ka holimo ho lilemo tse peli pele Monghali Justice Starke oa Lekhotla le Phahameng a bolela hore litaelo tseo thibelo e thehiloeng ho tsona e bile “tse tlatlapang, tsa lepotla-potla le tse hatellang.” Lekhotla le Phahameng le tletseng le ile la tlosa thibelo eo. Lipaki tsa Jehova li ile tsa lula li etsa eng?

Ha li etsisa baapostola ba Jesu Kreste, li ile tsa ‘utloa Molimo joaloka ’musi ho fapana le batho.’ (Lik. 4:19, 20; 5:29) Li ile tsa tsoela pele ho bolela. Ho sa tsotellehe litšitiso tse ngata, li ile tsa lokisetsa kopano Hargrave Park, haufi le Sydney, ka December 25-29, 1941. Ha ’muso o hanela baeti ka lipalangoang tsa literene, sehlopha se seng se tsoang Australia Bophirimela se ile sa hlomella likoloi tsa sona ka likarolo tse sebetsang ka mashala ho hlahisa peterole ’me sa qalisa leeto la matsatsi a 14 ho pholletsa le naha, le neng le akarelletsa ho qeta beke e le ’ngoe ba feta Nahathotheng ea Nullarbor. Se ile sa fihla se bolokehile ’me sa thabela lenaneo hammoho le ba bang ba likete tse tšeletseng ba tlileng kopanong. Selemong se latelang ho ile ha tšoaroa kopano e ’ngoe, empa lekhetlong lena e ile ea aroloa ka lihlopha tse nyenyane tse 150 metseng e meholo e supileng ho pholletsa le naha, ’me libui li tsamaea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng.

Ha maemo a ntse a mpefala Europe ka 1939, basebeletsi ba bang ba bo-pula-maliboho ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba ithaopela ho sebeletsa masimong a mang. (Bapisa le Mattheu 10:23; Liketso 8:4.) Bo-pula-maliboho ba bararo ba tsoang Jeremane ba ile ba romeloa Shanghai, Chaena ba tsoa Switzerland. Ba ’maloa ba ile ba ea Amerika Boroa. Har’a ba ileng ba isoa Brazil ke Otto Estelmann, ea neng a etela le ho thusa liphutheho Czechoslovakia, le Erich Kattner, ea neng a sebeletsa ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower Prague. Kabelo ea bona e ncha e ne e se bonolo. Libakeng tse ling tsa mapolasi ba ile ba fumana hore Lipaki li ne li tsoha hoseng ebe li bolela ho fihlela ka 7:00 hoseng li ntano etsa tšebeletso ea tšimo e eketsehileng motšehare oa mantsiboea. Moena Kattner o hopola hore ha a ntse a tsamaea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, hangata o ne a robala ka ntle, a sebelisa mokotlana oa hae oa libuka e le mosamo.—Bapisa le Mattheu 8:20.

Moena Estelmann le Moena Kattner ba ne ba behiloe merebele ke mapolesa a sekhukhu a Bonazi Europe. Na ho fallela ha bona Brazil ho ile ha ba lokolla mahlorisong? Ka ho fapaneng, ka mor’a selemo feela, ba ile ba iphumana ba le tlas’a thibelo ea ho tsoa ka tlung ka nako e telele ’me ba kenngoa teronkong tlas’a tlhohlelletso ea liofisiri tseo ho bonahalang e ne e le batšehetsi ba Bonazi! Khanyetso e tsoang ho baruti ba K’hatholike le eona e ne e tloaelehile, empa Lipaki li ile tsa tsoela pele mosebetsing oa tsona oo li o fuoeng ke Molimo. Nako le nako li ile tsa etsa boiteko ba ho finyella metse le litoropo tse Brazil moo molaetsa oa ’Muso o neng o e-s’o ka o boleloa.

Tlhahlobisiso ea boemo ba lefatše e bontša hore linaheng tse ngata moo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa fumanoa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, li ile tsa thulana le lithibelo tsa ’muso khahlanong le mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng kapa lingoliloeng tsa tsona. Le hoja li ne li bolela linaheng tse 117 ka 1938, lilemong tsa ntoa (1939-45) mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng kapa lingoliloeng tsa tsona li ile tsa thibeloa, kapa basebeletsi ba tsona ba lelekoa ka har’a naha, bonyane linaheng tse fetang 60 ho tsona. Esita le moo ho neng ho se na lithibelo, li ile tsa thulana le pefo ea lihlopha tsa mahoo-hoo ’me hangata tsa tšoaroa. Ho sa tsotellehe sena sohle, boboleli ba litaba tse molemo ha boa ka ba khaotsa.

Bongata bo Boholo bo Qala ho Iponahatsa Latin America

Hona lilemong tsa ntoa, ka February 1943, o lebisitse tlhokomelo mosebetsing o lokelang ho etsoa nakong ea ka mor’a ntoa, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa theha Sekolo sa Gileade Motseng oa New York e le ho koetlisa baromuoa bakeng sa ho sebeletsa linaheng lisele. Pele selemo se fela, baromuoa ba 12 ho bona ba ne ba se ba qalile ho sebeletsa Cuba. Tšimo ea moo e ile ea ipaka e beha litholoana haholo.

Hoo e ka bang mathoasong a 1910, lipeō tse ling tsa ’nete ea Bibele li ne li fihlile Cuba. C. T. Russell o ne a fane ka puo moo ka 1913. J. F. Rutherford o ne a buile seea-le-moeeng Havana ka 1932, ’me ho ile ha boela ha ba le phatlalatso ea boitsebiso boo ka Sepanishe. Empa khōlo e ile ea lieha ho tla. Nakong eo ho ne ho tletse batho ba bangata ba sa rutehang le leeme le lengata la bolumeli. Qalong thahasello e ile ea bontšoa haholo-holo ke baahi ba buang Senyesemane ba neng ba tsoa Jamaica le libakeng tse ling. Ka 1936 ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 40 feela Cuba. Empa ho jaloa le ho nosetsoa ha ’nete ea ’Muso joale ho ile ha qala ho hlahisa litholoana tse eketsehileng.

Ka 1934 Macuba a pele a ile a kolobetsoa; ho ile ha latela ba bang. Ho qala ka 1940, liphatlalatso tsa letsatsi le letsatsi tsa seea-le-moea hammoho le bopaki bo sebete ba seterateng li ile tsa matlafatsa boboleli ba ntlo le ntlo moo. Esita le pele baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba fihla ka 1943, ho ne ho e-na le ba 950 Cuba ba neng ba amohetse litaba tse molemo ’me ba li bolella ba bang, le hoja e se bona kaofela ba neng ba kopanela ka mehla. Lilemong tse peli tse latelang ka mor’a hore baromuoa ba fihle, manane a ile a eketseha kapele le ho feta. Ka 1945, Lipaki tsa Jehova Cuba li ne li le 1 894. Le hoja ba bangata ho tsona ba ne ba tsoa bolumeling bo rutang hore batšehetsi bohle ba tšepahalang ba kereke ba tla ea leholimong, ba bangata ho ba ileng ba fetoha Lipaki tsa Jehova ka cheseho ba ile ba amohela tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng paradeiseng e tsosolositsoeng. (Gen. 1:28; 2:15; Pes. 37:9, 29; Tšen. 21:3, 4) Ke feela karolo ea 1,4 lekholong ho bona ba neng ba ipolela hore ke baena ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea.

Ka tsela e ’ngoe hape, ho ile ha fanoa ka thuso bakeng sa tšimo ea Latin America ke ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo. Mathoasong a 1944, N. H. Knorr, F. W. Franz, W. E. Van Amburgh, le M. G. Henschel ba ile ba qeta matsatsi a leshome Cuba e le ho matlafatsa baena moeeng moo. Nakong eo ho ile ha tšoaroa kopano Havana, ’me ha lokolisoa litokisetso bakeng sa tlhokomelo e molemonyana ea mosebetsi oa boboleli. Leeto lena le ile la boela la fihlisa Moena Knorr le Moena Henschel Costa Rica, Guatemala, le Mexico e le ho thusa Lipaki tsa Jehova linaheng tseo.

Ka 1945 le ka 1946, N. H. Knorr le F. W. Franz ba ile ba nka maeto a ileng a ba nolofalletsa ho bua le ho sebetsa le Lipaki linaheng tse 24 tikolohong e tlohang Mexico ho ea fihla karolong e ka boroa ho Amerika Boroa hammoho le Caribbean. Ba ile ba qeta likhoeli tse hlano karolong eo ea lefatše, ba fana ka thuso le tataiso e lerato. Libakeng tse ling ba ile ba kopana le batho ba thahasellang ba seng bakae feela. E le hore ho ka ba le litokisetso tsa ka mehla bakeng sa liboka le tšebeletso ea tšimo, ba ile ba thusa ho hlophisa liphutheho tsa pele Lima, Peru, le Caracas, Venezuela. Kae le kae moo liboka tsa phutheho li neng li se li ntse li tšoaroa, ba ile ba ba teng ho tsona, ’me ka linako tse ling, ba fana ka keletso ea kamoo ho ka ntlafatsoang bohlokoa ba tsona bo sebetsang mabapi le mosebetsi oa boevangeli.

Moo ho khonehang, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa lipuo tsa phatlalatsa tsa Bibele nakong ea maeto ana. Lipuo tsena li ile tsa phatlalatsoa ka ho pharalletseng ho sebelisoa mamatjana a jeroeng ke Lipaki le litlankane tse abjoang literateng. Ka baka leo, Lipaki tse 394 Brazil li ile tsa thabela ho ba le ba 765 kopanong ea tsona e neng e tšoaretsoe São Paulo. Chile, moo ho neng ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 83, ba 340 ba ile ba tl’o mamela puo e neng e phatlalalitsoe ka ho khetheha. Costa Rica Lipaki tsa moo tse 253 li ile tsa thabela ho ba le kakaretso ea batho ba 849 likopanong tsa tsona tse peli. Ena e bile menyetla ea ho thabela botsoalle bo mofuthu har’a baena.

Leha ho le joalo, morero e ne e se feela ho ba le likopano tse sa lebaleheng. Maetong ana baemeli ba tsoang ntlo-khōlō ba ile ba hatisa ka ho khethehileng bohlokoa ba ho etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang le ho ba khannela lithuto tsa lehae tsa Bibele. E le hore batho e ka ba barutuoa ba ’nete, ba hloka thuto ea ka mehla e tsoang Lentsoeng la Molimo. Ka baka leo, lenane la lithuto tsa lehae tsa Bibele le ile la hōla ka potlako karolong ena ea lefatše.

Ha Moena Knorr le Moena Franz ba ntse ba nka maeto ana a tšebeletso, baromuoa ba eketsehileng ba koetlisitsoeng Gileade ba ne ba ntse ba fihla likabelong tsa bona. Bofelong ba 1944, ba bang ba ne ba sebeletsa Costa Rica, Mexico, le Puerto Rico. Ka 1945, baromuoa ba bang ba ne ba thusa ho hlophisa mosebetsi oa boboleli hamolemo Barbados, Brazil, British Honduras (eo hona joale e leng Belize), Chile, Colombia, El Salvador, Guatemala, Haiti, Jamaica, Nicaragua, Panama, le Uruguay. Ha baromuoa ba pele ba babeli ba fihla Dominican Republic ka 1945, e ne e le bona feela Lipaki naheng eo. Phello ea tšebeletso ea baromuoa ba pele e ile ea utloahala kapele-pele. Trinidad Paniagua o boletse sena ka baromuoa ba pele ba rometsoeng Guatemala: “Sena ke sona seo re neng re hlile re se hloka—matichere a Lentsoe la Molimo a neng a tla re thusa ho utloisisa kamoo re lokelang ho etsa mosebetsi ka teng.”

Kahoo ho ile ha raloa motheo bakeng sa katoloso karolong ena ea tšimo ea lefatše. Lihleke-hlekeng tsa Caribbean, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 3 394 bofelong ba 1945. Mexico, ho ne ho e-na le ba 3 276, le ba bang ba 404 Amerika Bohareng. Amerika Boroa, ba 1 042. Karolong ena ea lefatše, sena se bontša keketseho ea karolo ea 386 lekholong lilemong tse supileng tse ka pele, nakong ea pherekano e khōlō haholo historing ea batho. Empa hoo e ne e le qalo feela. Khōlo e phahameng ka ho fetisisa e ne e sa ntse a larile ka pele! Bibele e ne e boletse esale pele hore “bongata bo boholo ba batho . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” bo ne bo tla bokelloa e le barapeli ba Jehova pele ho mahlomola a maholo.—Tšen. 7:9, 10, 14.

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala ka 1939, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 72 475 feela tse bolelang linaheng tse 115 (ha li baloa ho latela ho aroloa ha linaha mathoasong a bo-1990). Ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō ao li ileng tsa a latsoa lefatšeng lohle, li ile tsa eketseha ka makhetlo a fetang a imenneng habeli bofelong ba ntoa. Ka hona, tlaleho ea 1945 e bontšitse Lipaki tse 156 299 tse mafolo-folo linaheng tse 107 tseo ho khonehileng ho bokella litlaleho tsa tsona. Leha ho le joalo, nakong eo, linaha tse 163 li ne li hlile li finyelletsoe ka molaetsa oa ’Muso.

Bopaki bo fanoeng lilemong tsa ho tloha ka 1936 ho ea ho 1945 e bile bo makatsang ka sebele. Lilemong tseo tse leshome tsa pherekano lefatšeng, Lipaki tsena tsa Jehova tse chesehang li ile tsa sebetsa kakaretso ea lihora tse 212 069 285 li bolella lefatše hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo bakeng sa batho. Li ile tsa boela tsa aba libuka, libukana, le limakasine tse 343 054 579 ho thusa batho ho utloisisa motheo oa Mangolo bakeng sa tšepo eo. E le ho thusa batho ba thahasellang kannete, ka 1945 li ne li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng tse 104 814 ka karolelano.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 455]

Le hoja maemo a nakong ea ntoa a ile a ba qobella ho baleha, ba ile ba tsoela pele ho bolela

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 451]

Ba Ile ba Hana ho Khaotsa ho Paka le Hoja ba Ile ba Kenngoa Teronkong

Ba bontšitsoeng mona ke ba seng bakae feela ho ba likete ba ileng ba hlokofatsoa ka baka la tumelo ea bona literonkong le likampong tsa mahloriso nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše

1. Adrian Thompson, New Zealand. O ile a kenngoa teronkong ka 1941 Australia; kōpo ea hae ea hore a behelloe ka thōko tšebeletsong e qobelletsoeng ea sesole e ile ea hanoa ha Australia e thibela Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho lokolloa ha hae, joaloka molebeli ea tsamaeang, o ile a matlafatsa liphutheho tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa. O ile a sebeletsa e le moromuoa le molebeli oa pele ea tsamaeang Japane ka mor’a ntoa; o ile a tsoela pele ho bolela ka cheseho ho fihlela a e-shoa ka 1976.

2. Alois Moser, Austria. O bile literonkong le likampong tsa mahloriso tse supileng. E ne e ntse e le Paki e mafolo-folo ka 1992 a le lilemo li 92.

3. Franz Wohlfahrt, Austria. Ho bolaoa ha ntate oa hae le moen’a hae ha hoa ka ha fokolisa Franz. O ile a bolokoa litlamong Kampong ea Rollwald Jeremane ka lilemo tse hlano. O ne a ntse a paka ka 1992 a le lilemo li 70.

4. Thomas Jones, Canada. O ile a kenngoa teronkong ka 1944, eaba o bolokoa litlamong likampong tse peli tsa mosebetsi. Ka mor’a lilemo tse 34 tsa tšebeletso ea nako e tletseng, o ile a khethoa ka 1977 hore e be setho sa Komiti ea Lekala e hlokometseng mosebetsi oa boboleli Canada ka kakaretso.

5. Maria Hombach, Jeremane. O ile a tšoaroa ka makhetlo-khetlo; a koalloa a le mong ka lilemo tse tharo le halofo. E le motsamaisi oa thepa, o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho isa lingoliloeng tsa Bibele ho Lipaki-’moho. Ka 1992, e ne e le setho se tšepahalang sa lelapa la Bethele a le lilemo li 90.

6. Max le Konrad Franke, Jeremane. Ntate le mora, ba ileng ba kenngoa teronkong ka makhetlo-khetlo, le ka lilemo tse ngata. (Mosali oa Konrad, Gertrud, le eena o ile a kenngoa teronkong.) Kaofela ba ile ba lula e le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, le ba chesehang, ’me Konrad o ne a le ka pele-pele ho tsosoloseng mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Jeremane ka mor’a ntoa.

7. A. Pryce Hughes, Engelane. O ile a ahloloa habeli teronkong ea Wormwood Scrubs, London; o ne a boetse a kentsoe teronkong ka baka la tumelo ea hae nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. O ne a le ka pele-pele mosebetsing oa boboleli ba ’Muso Brithani ho fihlela ha a e-shoa ka 1978.

8. Adolphe le Emma Arnold hammoho le morali Simone, Fora. Ka mor’a hore Adolphe a kenngoe teronkong, Emma le Simone ba ile ba tsoela pele ho paka, le ho aba lingoliloeng ho Lipaki tse ling. Emma, ha a le teronkong, o ile a koalloa a le mong ka baka la ho phehella ho pakela batšoaruoa ba bang. Simone o ile a romeloa setsing sa mafu a kelello. Kaofela ba ile ba tsoela pele ho ba Lipaki tse chesehang.

9. Ernst le Hildegard Seliger, Jeremane. Pakeng tsa bona, ba bile literonkong le likampong tsa mahloriso ka lilemo tse fetang 40 ka baka la tumelo ea bona. Esita le teronkong ba ile ba phehella ho arolelana linnete tsa Bibele le ba bang. Ha ba lokolloa ba ile ba nehelana ka nako ea bona eohle boboleling ba litaba tse molemo. Moena Seliger o ile a shoa e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo ka 1985; Khaitseli Seliger, a shoa ka 1992.

10. Carl Johnson, United States. Lilemo tse peli ka mor’a ho kolobetsoa, o ile a kenngoa teronkong le Lipaki tse ling tse makholo Ashland, Kentucky. O sebelelitse e le pula-maliboho le molebeli oa potoloho; ka 1992, o ne a ntse a etella pele tšebeletsong ea tšimo e le moholo.

11. August Peters, Jeremane. A arohantsoe le mosali oa hae le bana ba bane, o ile a kenngoa teronkong ka 1936-37, le ka 1937-45. Ka mor’a hore a lokolloe, ho e-na le ho etsa boboleli bo fokolang, o ile a etsa ho eketsehileng, tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka 1992, a le lilemo li 99, o ne a ntse a sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele ’me o ne a bone lenane la Lipaki tsa Jehova Jeremane le hōla ho fihla ho 163 095.

12. Gertrud Ott, Jeremane. O ile a kenngoa teronkong Lodz, Poland, eaba o isoa kampong ea mahloriso Auschwitz; eaba o isoa Gross-Rosen le Bergen-Belsen Jeremane. Ka mor’a ntoa o ile a sebeletsa ka cheseho e le moromuoa Indonesia, Iran, le Luxembourg.

13. Katsuo Miura, Japane. Lilemo tse supileng ka mor’a ho tšoaroa le ho kenngoa teronkong Hiroshima, karolo e khōlō ea teronko eo a neng a koalletsoe ho eona e ile ea senngoa ke bomo ea athomo e ileng ea etsa motse oo lesupi. Leha ho le joalo, lingaka ha lia ka tsa fumana bopaki ba hore o lemalitsoe ke “radiation.” O ile a sebelisa lilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba hae e le pula-maliboho.

14. Martin le Gertrud Poetzinger, Jeremane. Likhoeli tse seng kae ka mor’a lenyalo, ba ile ba tšoaroa ’me ka likhoka ba arohanngoa ka lilemo tse robong. Martin o ile a romeloa Dachau le Mauthausen; Gertrud, a romeloa Ravensbrück. Ho sa tsotellehe tšoaro e sehlōhō, tumelo ea bona ha ea ka ea thekesela. Ka mor’a ho lokolloa ba ile ba sebelisa matla a bona ’ohle tšebeletsong ea Jehova. Ka lilemo tse 29 monna o sebelelitse e le molebeli ea tsamaeang ho pholletsa le Jeremane; joale, e bile setho sa Sehlopha se busang ho fihlela a e-shoa ka 1988. Ka 1992, Gertrud o ne a ntse a tsoela pele ho ba moevangeli ea chesehang.

15. Jizo le Matsue Ishii, Japane. Ka mor’a ho aba lingoliloeng tsa Bibele ho pholletsa le Japane ka lilemo tse leshome, ba ile ba kenngoa teronkong. Le hoja mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa Japane nakong ea ntoa, Moena le Khaitseli Ishii ba ile ba paka ka cheseho hape ka mor’a ntoa. Ka 1992, Matsue Ishii o ne a bone lenane la Lipaki tse mafolo-folo Japane le eketseha ho fihla ka holimo ho 171 000.

16. Victor Bruch, Luxembourg. O ile a kenngoa teronkong Buchenwald, Lublin, Auschwitz, le Ravensbrück. Ha a le lilemo li 90, o ne a ntse a le mafolo-folo e le moholo oa Lipaki tsa Jehova.

17. Karl Schurstein, Jeremane. E bile molebeli ea tsamaeang pele Hitler a qala ho busa. O ile a koalloa teronkong ka lilemo tse robeli, eaba o bolaoa ke SS Dachau ka 1944. Esita leha a le kampong, o ile a tsoela pele ho haha ba bang moeeng.

18. Kim Bong-nyu, Korea. O ile a koalloa ka lilemo tse tšeletseng. Ha a le lilemo li 72, o ne a ntse a bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo.

19. Pamfil Albu, Romania. Ka mor’a ho hlekefetsoa ka sehlōhō, o ile a romeloa kampong ea mosebetsi Yugoslavia ka lilemo tse peli le halofo. Ka mor’a ntoa o ile a kenngoa teronkong ka makhetlo a mang a mabeli, ka lilemo tse ling tse 12. Ha a ka a khaotsa ho bua ka morero oa Molimo. Pele ho lefu la hae o ile a thusa ba likete Romania ho sebeletsa le mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova.

20. Wilhelm Scheider, Poland. O bile likampong tsa mahloriso tsa Nazi ka 1939-45. Literonkong tsa Bokomonisi ka 1950-56, le ka 1960-64. Ho fihlela ha a e-shoa ka 1971, o ile a sebelisa matla a hae a sa thekesele ho boleleng ’Muso oa Molimo.

21. Harald le Elsa Abt, Poland. Nakong ea ntoa le ka mor’a eona, Harald o ile a qeta lilemo tse 14 teronkong le likampong tsa mahloriso ka baka la tumelo ea hae empa a tsoela pele ho bolela le hona moo. Elsa o ile a arohanngoa le morali oa bona oa lesea ’me a bolokoa litlamong likampong tse tšeletseng Poland, Jeremane, le Austria. Ho sa tsotellehe thibelo ea lilemo tse 40 holim’a Lipaki tsa Jehova Poland esita le ka mor’a ntoa, kaofela ha bona ba ile ba tsoela pele ho ba bahlanka ba chesehang ba Jehova.

22. Ádám Szinger, Hungary. Linyeoeng tse tšeletseng, o ile a ahloleloa lilemo tse 23, tseo ho tsona a ileng a sebeletsa lilemo tse 8 1/2 feela teronkong le likampong tsa mosebetsi. Ha a lokolloa, o ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang kakaretso ea lilemo tse 30. A le lilemo li 69, e ne e ntse e le moholo oa phutheho ea tšepahalang.

23. Joseph Dos Santos, Philippines. O ne a sebelitse lilemo tse 12 e le ’moleli oa nako e tletseng oa molaetsa oa ’Muso pele a kenngoa teronkong ka 1942. O ile a matlafatsa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Philippines ka mor’a ntoa ’me ka boeena a tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho ho fihlela a e-shoa ka 1983.

24. Rudolph Sunal, United States. O ile a kenngoa teronkong Mill Point, West Virginia. Ka mor’a ho lokolloa o ile a nehelana ka nako eohle ho phatlalatseng tsebo ea ’Muso oa Molimo—e le pula-maliboho, setho sa lelapa la Bethele, le molebeli oa potoloho. E ne e ntse e le pula-maliboho ka 1992, a le lilemo li 78.

25. Martin Magyarosi, Romania. Ha a tsoa teronkong, ka 1942-44, o ile a tsoela pele ho fana ka tataiso bakeng sa boboleli ba litaba tse molemo Transylvania. Ha a lokolloa o ile a tsamaea ka ho pharalletseng e le ho khothatsa Lipaki-’moho boboleling ba tsona ’me eena ka boeena e ne e le Paki e hlokang tšabo. O ile a kenngoa teronkong hape ka 1950, a shoella kampong ea mosebetsi ka 1953, e le mohlanka oa Jehova ea tšepahalang.

26. R. Arthur Winkler, Jeremane le Netherlands. Pele o ile a romeloa kampong ea mahloriso ea Esterwegen; a tsoela pele ho bolela kampong. Hamorao, Netherlands, o ile a shapuoa ke Gestapo ho fihlela a senyehile litšobotsi. Qetellong o ile a romeloa Sachsenhausen. E ne e le Paki e tšepahalang le e chesehang ho fihlela a e-shoa ka 1972.

27. Park Ock-hi, Korea. O bile Teronkong ea Sodaemun, Seoul, ka lilemo tse tharo; a hlokofatsoa ka sehlōhō. Ha a le lilemo li 91, ka 1992, o ne a ntse a paka ka cheseho, e le pula-maliboho ea khethehileng.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 446]

Alexander MacGillivray, joaloka molebeli oa lekala la Australia, o ile a lokisetsa maeto a boboleli ho ea linaheng le lihleke-hlekeng tse ngata

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

AUSTRALIA

NEW ZEALAND

TAHITI

TONGA

FIJI

NEW GUINEA

JAVA

BORNEO

SUMATRA

BURMA

HONG KONG

MALAYA

SINGAPORE

SIAM

INDOCHINA

CHAENA

LEOATLE LA PACIFIC

Mabitso ke a Libaka tse Neng li Sebelisoa ka Bo-1930

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 460]

Bofelong ba 1945, baromuoa ba tsoang Sekolong sa Gileade ba ne ba se ba qalisitse tšebeletso linaheng tse 18 karolong ena ea lefatše

Charles le Lorene Eisenhower

Cuba

John le Adda Parker

Guatemala

Emil Van Daalen

Puerto Rico

Olaf Olson

Colombia

Don Burt

Costa Rica

Gladys Wilson

El Salvador

Hazel Burford

Panama

Louise Stubbs

Chile

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BARBADOS

BELIZE

BOLIVIA

BRAZIL

CHILE

COLOMBIA

COSTA RICA

CUBA

DOMINICAN REPUBLIC

EL SALVADOR

GUATEMALA

HAITI

JAMAICA

MEXICO

NICARAGUA

PANAMA

PUERTO RICO

URUGUAY

[Setšoantšo se leqepheng la 444]

Barekisi ba bang ba libuka tsa bolumeli ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata; beng ba matlo ba ile ba fumana lithuto tse ngata tsa Bibele bukeng ka ’ngoe

[Setšoantšo se leqepheng la 445]

Armando Menazzi (ea ka pele bohareng) le sehlopha se thabileng se tsamaileng le eena leetong la boboleli “lehaeng la bona la bo-pula-maliboho la sepalangoang”

[Setšoantšo se leqepheng la 445]

Arthur Willis, Ted Sewell, le Bill Newlands—ba bararo ba ileng ba isa molaetsa oa ’Muso libakeng tsa mahae tsa Australia

[Setšoantšo se leqepheng la 447]

Frank Dewar (ea bontšitsoeng mona le mosali oa hae le barali ba bona ba babeli) o ile a ea Thailand e le eena feela pula-maliboho ka 1936 ’me e ne e ntse e le pula-maliboho ea khethehileng ka 1992

[Setšoantšo se leqepheng la 447]

Chomchai Inthaphan o ile a sebelisa tsebo ea hae ea ho ba mofetoleli bakeng sa ho finyella batho ba Thailand ka litaba tse molemo tse fumanoang ka Bibeleng

[Setšoantšo se leqepheng la 448]

Jeremane, Lipaki tsa Jehova li ile tsa aba lengolo lena le sa hlatheng koana le koana ka ho pharalletseng ka 1937, le hoja borapeli ba tsona bo ne bo thibetsoe ke ’muso

[Setšoantšo se leqepheng la 449]

Lelapa la Franz le Hilda Kusserow—e mong le e mong oa bona e le Paki ea Jehova e tšepahalang, le hoja bohle ka lapeng (ntle le mora ea ileng a shoela kotsing) ba ile ba kenngoa likampong tsa mahloriso, literonkong, kapa litsing tsa phekolo ea mafu a kelello ka baka la tumelo ea bona

[Litšoantšo tse leqepheng la 450]

Ba bang Austria le Jeremane ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa ho etsa likopi kapa ho aba boitsebiso ba bohlokoa ba thuto ea Bibele, joaloka bo bontšitsoeng ka morao

Therese Schreiber

Peter Gölles

Elfriede Löhr

Albert Wandres

August Kraft

Ilse Unterdörfer

[Setšoantšo se leqepheng la 454]

Lipaki tse leng kopanong Shanghai, Chaena, ka 1936; ba robong sehlopheng sena ba ile ba kolobetsoa ketsahalong eo

[Setšoantšo se leqepheng la 456]

Ho sa tsotellehe ho thibeloa ha borapeli ba tsona, Lipaki tsena li ile tsa tšoara kopano Hargrave Park, haufi le Sydney, Australia, ka 1941

[Setšoantšo se leqepheng la 458]

Lipaki tsa Cuba tse leng kopanong Cienfuegos ka 1939

[Setšoantšo se leqepheng la 459]

N. H. Knorr (ka ho le letšehali) ha a le kopanong ea São Paulo ka 1945, a e-na le Erich Kattner ea mo tolokelang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela