Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 22 leq. 423-leq. 443 ser. 2
  • Karolo 2—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 2—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea lefatše
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilemo tse Tšosang tsa Ntoa ea I ea Lefatše
  • Ho Kenngoa Bophelo bo Bocha
  • Sehlooho se Thahasellisang
  • Kabo ea Liphatlalatso tse Matla
  • Ho Bontša Teboho Bakeng sa Likarabelo tse Khotsofatsang
  • Ho Isa Linnete tsa Bohlokoa Linaheng tsa Habo Bona
  • Baevangeli ba Chesehang ba Europe ba Thusa Masimo a Linaha Lisele
  • Kotulo ea Moea
  • Leseli la Moea le Chabela Afrika Bophirimela
  • Holimo Lebōpong le ka Bochabela ho Afrika
  • Ho Hlaolela Masimo a Sepanishe le Sepotoketsi
  • Ho Finyella Batho ba Leng Libakeng tse Hōle ka ho Fetisisa
  • Lihleke-hleke li Utloa Lithoriso tsa Jehova
  • Ha Batho ba Thibela Seo Molimo a se Laetseng
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 1—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Baboleli ba ’Muso ba Mafolo-folo Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 22 leq. 423-leq. 443 ser. 2

Khaolo 22

Karolo 2—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea lefatše

Mosebetsi oa boboleli ba ’Muso ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1935 o akaretsoa maqepheng 423 ho ea ho 443. Lipaki tsa Jehova li supa 1914 e le nako eo Jesu Kreste a ileng a behoa teroneng ka eona e le Morena oa leholimo ea nang le matla holim’a lichaba. Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a bolela esale pele hore boboleli ba ’Muso lefatšeng lohle ho sa tsotellehe mahloriso a maholo e ne e tla ba karolo ea pontšo ea boteng ba hae matleng a ’Muso. Ha e le hantle ke’ng se ileng sa etsahala lilemong tsa ka mor’a 1914?

NTOA ea pele ea lefatše e ile ea pupetsa Europe ka potlako ka 1914. Eaba e nama hoo e ileng ea akarelletsa linaha tse bōpang baahi ba lefatše ba lekanyetsoang karolong ea 90 lekholong. Liketsahalo tse amanang le ntoa eo li ile tsa ama mosebetsi oa boboleli oa bahlanka ba Jehova joang?

Lilemo tse Tšosang tsa Ntoa ea I ea Lefatše

Lilemong tse qalang tsa ntoa, ho ne ho e-na le tšitiso e fokolang feela ntle le Jeremane le Fora. Lipampitšana li ile tsa abjoa ka bolokolohi libakeng tse ngata, ’me “Photo-Drama” e ile ea tsoela pele ho sebelisoa, le hoja e bile ka tekanyo e fokolang haholoanyane ka mor’a 1914. Ha ntoa e ntse e kupa, baruti British West Indies ba ile ba jala monyenyetsi oa hore E. J. Coward, ea neng a emela Mokhatlo oa Watch Tower, ke mpimpi ea Majeremane, kahoo o ile a laeloa hore a tsamaee. Ha kabo ea buka The Finished Mystery e qala ka 1917, khanyetso e ile ea ba e pharalletseng.

Batho ba ne ba laba-labela ho iphumanela buka ena. Odoro ea pele ea Mokhatlo ho bahatisi e ile ea lokela ho eketsoa ka makhetlo a fetang a leshome ka likhoeli tse seng kae feela. Empa baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba halefisitsoe ke ho pepesoa ha lithuto tsa bona tsa bohata. Ba ile ba sebelisa pherekano ea nakong ea ntoa ho nyatsa Liithuti tsa Bibele ho ba boholong ’musong. Ho pholletsa le United States, banna le basali ba amehang kabong ea lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele ba ile ba hlaseloa ke lihlopha tsa mahoo-hoo, hape ba tlotsoa ka boka ’me ba hlongoa masiba. Canada, malapa a ile a phenyekolloa, ’me batho ba fumanoang ba na le lingoliloeng tse itseng tsa International Bible Students Association ba ne ba lefisoa haholo kapa ba kenngoa teronkong. Leha ho le joalo, Thomas J. Sullivan, ea neng a le Port Arthur, Ontario nakong eo, o ile a tlaleha hore ketsahalong e ’ngoe, ha a kentsoe teronkong bosiu bo le bong, mapolesa motseng oo a ile a inkela lingoliloeng tse thibetsoeng bakeng sa ’ona le bakeng sa metsoalle ea ’ona, ka hona a aba tsohle tse neng li le teng—likopi tse ka bang 500 kapa 600.

Ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea hlaseloa, ’me litho tsa basebeletsi ba tsamaiso tsa ahloleloa ho hlola teronkong nako e telele. Kamoo ho neng ho bonahala ka teng ho lira tsa tsona Liithuti tsa Bibele li ne li hlōtsoe. Bopaki ba tsona ka mokhoa o neng o hapile tlhokomelo ea batho ka ho pharalletseng bo ile ba batla bo emisa.

Leha ho le joalo, esita le Liithuti tsa Bibele tse neng li koalletsoe teronkong li ile tsa fumana monyetla oa ho bua le batšoaruoa-’moho ka morero oa Molimo. Ha liofisiri tsa Mokhatlo le metsoalle ea tsona e haufi li fihla teronkong Atlanta, Georgia, qalong li ne li thibetsoe ho bolela. Empa li ile tsa tšohla Bibele ka botsona, ’me ba bang ba ile ba haptjoa ke boitšoaro ba tsona, mokhoa oa tsona oa bophelo. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, motlatsi oa mohlokomeli oa teronko o ile a li abela ho fana ka thuto ea bolumeli ho batšoaruoa ba bang. Lenane le ile la eketseha ho fihlela ho ba teng ba ka bang 90 lihlopheng.

Bakreste ba bang ba tšepahalang le bona ba ile ba fumana litsela tsa ho paka lilemong tseo tsa ntoa. Ka linako tse ling sena se ile sa etsa hore molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoe linaheng tseo ho tsona litaba tse molemo li neng li e-s’o boleloe. Ka hona, ka 1915 Seithuti se seng sa Bibele New York, se tsoang Colombia, se ile sa romela khatiso ea Sepanishe ea The Divine Plan of the Ages ho monna e mong Bogotá, Colombia. Hoo e ka bang ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, karabelo e ile ea fihla e tsoa ho Ramón Salgar. O ne a ithutile buka ena ka hloko, a thabisitsoe ke eona, ’me a batla likopi tse 200 bakeng sa ho li abela ba bang. Moena J. L. Mayer, ea tsoang Brooklyn, New York, le eena o ile a romela likopi tse ngata ka poso tsa puo ea Sepanishe tsa Bible Students Monthly. Lenane le leholo la tsona le ile la ea Spain. ’Me ha Alfred Joseph, ea neng a le Barbados nakong eo, a kenela konteraka ea mosebetsi Sierra Leone, Afrika Bophirimela, o ile a sebelisa hamolemo menyetla ea ho paka moo ka linnete tsa Bibele tseo a neng a sa tsoa ithuta tsona.

Ho barekisi ba libuka tsa bolumeli, bao tšebeletso ea bona e neng e akarelletsa ho etela malapa le libaka tsa khoebo, ho ne ho batla ho le thatanyana. Empa ba ’maloa ba ileng ba ea El Salvador, Honduras, le Guatemala ba ne ba tšoarehile teng ka 1916 ba arolelana linnete tse phelisang le batho. Nakong ena Fanny Mackenzie, morekisi oa libuka tsa bolumeli ea hlahetseng Brithani, o ile a nka maeto a mabeli a eang Bochabela ka seketsoana, a emisa Chaena, Japane, le Korea bakeng sa ho aba lingoliloeng tsa Bibele, eaba o latella thahasello ka ho ngola mangolo.

Leha ho le joalo, ho latela litlaleho tse fumanehang, lenane la Liithuti tsa Bibele tseo ho tlalehiloeng li kopanetse ho bolelleng ba bang ka litaba tse molemo ka 1918 le ile la theoha ka karolo ea 20 lekholong lefatšeng ka bophara ha le bapisoa le tlaleho ea 1914. Ka mor’a tlhekefetso e sehlōhō e ileng ea lebisoa ho tsona lilemong tsa ntoa, na li ne li tla phehella tšebeletsong ea tsona?

Ho Kenngoa Bophelo bo Bocha

Ka March 26, 1919, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower le metsoalle ea hae ba ile ba lokolloa teronkong moo ba neng ba kentsoe ka ho hloka toka. Kapele-pele ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara.

Kopanong e akaretsang e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, ka September selemong seo, J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo nakong eo, o ile a fana ka puo e ileng ea totobatsa hore mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa bahlanka ba Jehova ke ho tsebahatsa ’Muso oa Molimo oa Bomessia o khanyang o tlang.

Leha ho le joalo, nakong eo lenane la sebele la ba neng ba kopanela mosebetsing oo le ne le le lenyenyane. Ba bang ba ileng ba ikhula ka baka la tšabo ka 1918 ba ile ba ba mafolo-folo hape, ’me ba bang ba eketsehileng ba ile ba ikopanya le bona. Empa litlaleho tse fumanehang li bontša hore ka 1919 ho ne ho e-na le ba ka bang 5 700 feela ba neng ba paka ka mafolo-folo, linaheng tse 43. Leha ho le joalo, Jesu o ne a boletse esale pele: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14, NW) Seo se ne se tla finyelloa joang? Ba ne ba sa tsebe, ebile ba ne ba sa tsebe hore na bopaki bo tla tsoela pele halelele hakae. Leha ho le joalo, bao e neng e le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ne ba ikemiselitse ba bile ba laba-labela ho ntšetsa mosebetsi pele. Ba ne ba kholisehile hore Jehova o tla laola litaba tumellanong le thato ea hae.

Ha ba se ba kentsoe cheseho bakeng sa seo ba neng ba se bona se boletsoe ka ho hlaka ka Lentsoeng la Molimo, ba ile ba kena khabong. Ka mor’a lilemo tse tharo lenane la ba kopanelang phatlalatsa boboleling ba ’Muso oa Molimo le ile la imena ka makhetlo a ka bang mararo, ho latela litlaleho tse fumanehang, ’me ka 1922 ba ne ba tšoarehile ’me ba bolela linaheng tse 15 ho feta ka 1919.

Sehlooho se Thahasellisang

Ba ne ba bolela molaetsa o thabisang hakaakang—“Limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa hlola li e-shoa!” Moena Rutherford o ne a fane ka puo sehloohong sena ka 1918. E ne e boetse e le sehlooho sa bukana e maqephe a 128 e hatisitsoeng ka 1920. Ho tloha ka 1920 ho fihlela ka 1925, sehlooho seo se tšoanang se ile sa buelloa nako le nako ho pota lefatše libokeng tsa phatlalatsa libakeng tsohle moo libui li fumanehang le ka lipuo tse fetang 30. Ho e-na le ho bolela, joalokaha Bokreste-’mōtoana bo etsa, hore batho bohle ba lokileng ba tla ea leholimong, puo ena e ile ea lebisa tlhokomelo tšepong e thehiloeng Bibeleng ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bakeng sa batho ba utloang. (Esa. 45:18; Tšen. 21:1-5) ’Me e ile ea hlalosa kholiseho ea hore nako ea ho phethahatsoa ha tšepo eo e haufi haholo.

Litsebiso tsa likoranta le mamatjana a liphatlalatso li ne li sebelisoa ho phatlalatsa lipuo. Sehlooho e ne e le se thahasellisang. Ka February 26, 1922, batho ba fetang 70 000 ba ile ba ba teng libakeng tse 121 Jeremane feela. E ne e le ho tloaelehileng hore sehlopha se le seng sa bamameli se be le ba likete. Ka mohlala, Cape Town, Afrika Boroa, ho bile teng ba 2 000 ha ho fanoa ka puo ena Opera House. Holong ea univesithi motse-moholong oa Norway, hase feela hore litulo tsohle li ne li tletse empa ba bangata haholo ba ile ba khutlisoa ’me lenaneo la lokela ho phetoa hape ka mor’a hora le halofo—la phetoa hape ntlong e tletseng.

Klagenfurt, Austria, Richard Heide o ile a bolella ntate oa hae: “Ke il’o mamela puo eo ho sa tsotellehe hore na mang o reng. Ke batla ho tseba hore na sena e mpa e le thetso feela kapa ho na le ’nete ho sona!” O ile a susumetsoa ka ho teba ke seo a se utloileng, ’me kapele eena le khaitseli ea hae, hammoho le batsoali ba bona, ba ne ba bolella ba bang ka sona.

Empa molaetsa oa Bibele e ne e se bakeng sa batho ba tlang ho ba teng puong ea phatlalatsa feela. Ba bang le bona ho ne ho hlokahala hore ba o hlokomelisoe. Eseng feela batho ka kakaretso empa hape le baeta-pele ba lipolotiki le ba bolumeli ho ne ho hlokahala hore ba o utloe. Seo se ne se tla finyelloa joang?

Kabo ea Liphatlalatso tse Matla

Ho ne ho sebelisoa lingoliloeng tse hatisitsoeng bakeng sa ho finyella batho ba limillione bao nakong e fetileng ba neng ba tseba Liithuti tsa Bibele ka ho utloa ka ba bang le molaetsa oo li o bolelang ka ho utloa feela. Ho tloha ka 1922 ho ea ho 1928, ho ile ha fanoa ka bopaki bo atlehileng ka liphatlalatso tse matla tse supileng, liqeto tse ileng tsa amoheloa likopanong tsa selemo le selemo tsa Liithuti tsa Bibele. Lenane la likopi tse hatisitsoeng tsa liqeto tse ngata tse ileng tsa abjoa ka mor’a likopano tseo le ne le etsa kakaretso ea limillione tse 45 ho ea ho tse 50—e leng se makatsang se finyelletsoeng ke sehlopha se senyenyane sa baboleli ba ’Muso ba neng ba sebeletsa nakong eo!

Qeto ea 1922 e ne e e-na le sehlooho se reng “Phephetso ho Baeta-pele ba Lefatše”—e, phephetso ea hore ba lokafatse boipolelo ba bona ba hore ba ka theha khotso, nala, le thabo bakeng sa batho, kapa haeba ba hlōleha, ba amohele hore ke ’Muso oa Molimo feela ka Messia oa hae o ka finyellang lintho tsena. Jeremane, qeto eo e ile ea romeloa ka lengolo le ngolisitsoeng ho ’musisi oa Jeremane ea lelekiloeng ka har’a naha, ho mopresidente, le ho litho tsohle tsa Palamente ea Jeremane; ’me likopi tse ka bang limillione tse ’nè le halofo li ile tsa romeloa ho batho. Afrika Boroa, Edwin Scott, a jere mokotla o tšetseng lingoliloeng ’me a nkile lere ka letsohong le leng bakeng sa ho leleka lintja tse lomang, o ile a akaretsa litoropo tse 64, a aba likopi tse 50 000 ka seqo. Ka mor’a moo, ha baruti ba Dutch Afrika Boroa ba etela malapeng a litho tsa kereke bakeng sa ho bokella likoleke, litho tse ngata tsa kereke li ile tsa otla moruti ka eona sefahlehong ’me tsa re: “Ha u ne u ka bala hona u ne u ke ke ua hlola u tla u tlil’o batla chelete ho rōna.”

Ka 1924 qeto e nang le sehlooho se reng “Baruti Baa Qosoa” e ile ea pepesa lithuto le mekhoa eo e seng ea Mangolo ea baruti, ea pepesa karolo ea bona ntoeng ea lefatše, ’me ea phehella batho ho ithuta Bibele e le hore ba ka ithuta ka bobona ka litokisetso tse makatsang tse entsoeng ke Molimo bakeng sa ho hlohonolofatsa batho. Italy nakong eo, ho ne ho hlokahala hore bahatisi ba ngole lebitso la bona ho eng kapa eng eo ba e hatisang, ’me ba ne ba nkoa ba ikarabella bakeng sa litaba tse ka hare. Seithuti sa Bibele se hlokometseng mosebetsi Italy se ile sa romela kopi ea qeto ho ba boholong pusong, ’me ba ile ba e hlahlobisisa eaba ntle ho tika-tiko ba fana ka tumello ea hore e hatisoe ’me e abuoe. Bahatisi le bona ba ile ba lumela ho e hatisa. Baena Italy ba ile ba aba likopi tse 100 000. Haholo-holo ba ile ba etsa bonnete ba hore mopapa le liofisiri tse ling tse phahameng tsa Vatican ba fumana kopi.

Fora, kabo ea qeto ena e ile ea hlahisa karabelo e matla hangata e le e mabifi e tsoang ho baruti. Ka ho hloka tšepo moruti e mong Pomerania, Jeremane, o ile a qosa Mokhatlo hammoho le mookameli oa oona, empa moruti eo o ile a hlōloa ke nyeoe eo ha lekhotla le utloa se fuperoeng ke qeto eohle. E le ho qoba hore mosebetsi oa tsona o sitisoe ke ba sa batleng hore batho ba tsebe ’nete, Liithuti tsa Bibele profensing ea Quebec, Canada, li ile tsa siea liqeto malapeng a batho lihoreng tsa hoseng ka meso, ho qala ka 3:00 hoseng. Tseo e ne e le linako tse thabisang!

Ho Bontša Teboho Bakeng sa Likarabelo tse Khotsofatsang

Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, baahi ba bangata ba Armenia ba ile ba lelekoa malapeng a bona le naheng eo ba hlahetseng ho eona ka ho hloka mohau. Lilemong tse mashome a mabeli feela pejana, baahi ba Armenia ba makholo a likete ba ne ba bolailoe, ’me ba bang ba ne ba balehile hore ba boloke bophelo ba bona. Batho ba seng bakae ho bana ba ne ba balile lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower naheng ea habo bona. Empa ba bangata haholo ho bona ba ile ba fuoa bopaki linaheng tseo ba ileng ba ea ho tsona e le baphaphathehi.

Ka mor’a lintho tse sehlōhō tseo ba bangata ba li mamelletseng, ba ne ba na le lipotso tse tebileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse bobe. Bo ne bo tla tsoela pele halelele hakae? Bo ne bo tla fela neng? Ba bang ho bona ba ne ba thabetse ho ithuta likarabelo tse khotsofatsang tse fumanoang ka Bibeleng. Lihlopha tsa Liithuti tsa Bibele tsa Armenia kapele-pele li ile tsa hlaha metseng e sa tšoaneng Bochabela bo Hare. Cheseho ea tsona bakeng sa ’nete ea Bibele e ile ea ama bophelo ba ba bang. Ethiopia, Argentina, le United States, baahi ba bang ba Armenia ba ile ba amohela litaba tse molemo ’me ka thabo ba amohela boikarabelo ba ho li arolelana le ba bang. E mong oa bona ke Krikor Hatzakortzian, eo joaloka pula-maliboho a le mong a ileng a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso Ethiopia bohareng ba bo-1930. Ketsahalong e ’ngoe, ha bahanyetsi ba mo qosa ka liqoso tsa bohata, o ile a ba le monyetla oa ho pakela moemphera, Haile Selassie.

Ho Isa Linnete tsa Bohlokoa Linaheng tsa Habo Bona

Takatso e chesang ea ho arolelana le ba bang linnete tsa bohlokoa tsa Bibele e ile ea susumelletsa ba bangata ho khutlela naheng eo ba hlahetseng ho eona bakeng sa ho kopanela boevangeling. Karabelo ea bona e ne e tšoana le ea batho ba tsoang linaheng tse ngata ba neng ba le Jerusalema ka 33 C.E. le ba ileng ba fetoha balumeli ha moea o halalelang o susumelletsa baapostola le metsoalle ea bona ho bua lipuo tse ngata ka “lintho tse babatsehang tsa Molimo.” (Lik. 2:1-11, NW) Feela joalokaha balumeli bao ba lekholo la pele la lilemo ba ile ba isa ’nete linaheng tsa habo bona, ho bile joalo le ka barutuoa bana ba mehleng ea kajeno.

Banna le basali ba neng ba ithutile ’nete linaheng lisele ba ile ba khutlela Italy. Ba ne ba tsoa Amerika, Belgium, le Fora ’me ka cheseho ba bolela molaetsa oa ’Muso moo ba jakileng teng. Barekisi ba libuka tsa bolumeli ba tsoang karolong ea Switzerland moo ho buuoang Setaliana Ticino le bona ba ile ba fallela Italy bakeng sa ho ntšetsa mosebetsi oa bona pele. Le hoja ba ne ba fokola ka palo, ka baka la mosebetsi oa bona o kopaneng kapele-pele ba ile ba fihla hoo e ka bang metseng eohle e meholo le metsaneng e mengata ea Italy. Ba ne ba sa bale lihora tseo ba li sebelitseng mosebetsing ona. Ba kholisehile hore ba bolela linnete tseo Molimo a batlang hore batho ba li tsebe, hangata ba ne ba sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela bosiu e le ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang.

Magerike ao e neng e le Liithuti tsa Bibele naheng e haufi ea Albania le hōle koana Amerika le ’ona a ile a lebisa tlhokomelo naheng ea habo ’ona. A ne a hlolletsoe ha a ithuta hore borapeli ba litšoantšo hase ba Mangolo (Ex. 20:4, 5; 1 Joh. 5:21), hore baetsalibe ha ba halikoe mollong oa lihele (Moek. 9:5, 10; Ezek. 18:4; Tšen. 21:8), le hore ’Muso oa Molimo ke tšepo ea sebele ’me ke eona feela bakeng sa batho (Dan. 2:44; Matt. 6:9, 10). A ne a chesehela ho arolelana linnete tsena le batho ba habo ’ona—ka seqo le ka poso. Ka baka leo, lihlopha tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho thehoa Greece le lihleke-hlekeng tsa Greece.

Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, batho ba likete ba tsoang Poland ba ile ba fallela Fora ba il’o sebetsa merafong ea mashala. Liphutheho tsa Sefora ha lia ka tsa ba feta mohoalotso hobane feela ba bua puo esele. Li ile tsa fumana litsela tsa ho arolelana linnete tsa Bibele le basebetsi bana ba merafong le malapa a bona, ’me lenane la ba ileng ba arabela hamolemo kapele-pele le ile la feta la Lipaki tsa Fora. Ha, ka baka la ho lelekoa ka har’a naha tlas’a taelo ea ’muso, ba 280 ba lokela ho khutlela Poland ka 1935, sena se ile sa tiisa ho phatlalatsoa ha molaetsa oa ’Muso moo. Ka hona, ka 1935, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 1 090 ba neng ba kopanela ho faneng ka bopaki Poland.

Ba bang ba ile ba arabela limemong tsa hore ba tlohe linaheng tsa habo bona ’me ba kenele tšebeletso masimong a linaha lisele.

Baevangeli ba Chesehang ba Europe ba Thusa Masimo a Linaha Lisele

Ka tšebelisano-’moho ea machaba, Linaha tsa Baltic (Estonia, Latvia, le Lithuania) li ile tsa utloa linnete tse futhumatsang pelo tse buang ka ’Muso oa Molimo. Ka bo-1920 le bo-1930, baena le bo-khaitseli ba chesehang ba tsoang Denmark, Engelane, Finland, le Jeremane ba ile ba fana ka bopaki bo pharalletseng sebakeng sena. Ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata, ’me ba likete ba ile ba utloa lipuo tsa Bibele tse neng li fanoa. Mananeo a ka mehla a Bibele a phatlalatsoang seea-le-moeeng ka lipuo tse ’maloa Estonia a ile a fihla le ho seo e neng e le Soviet Union nakong eo.

Basebetsi ba ikemiselitseng ba tsoang Jeremane ka bo-1920 le bo-1930 ba ile ba fumana likabelo libakeng tse kang Austria, Belgium, Bulgaria, Czechoslovakia, Fora, Luxembourg, Netherlands, Spain, le Yugoslavia. Willy Unglaube ke e mong oa bona. Ka mor’a ho sebetsa ka nakoana lehaeng la Bethele Magdeburg, Jeremane, o ile a tsoela pele ho hlokomela likabelo e le moevangeli oa nako e tletseng Fora, Algeria, Spain, Singapore, Malaysia, le Thailand.

Ha ho hlaha pitso e tsoang Fora bakeng sa thuso ka bo-1930, barekisi ba libuka tsa bolumeli ba tsoang Brithani ba ile ba fana ka bopaki ba hore baa hlokomela hore thōmo ea Bokreste ea ho bolela e hloka hore ho se ke ha boleloa evangeli naheng ea habo bona feela empa hape le likarolong tse ling tsa lefatše. (Mar. 13:10) John Cooke ke e mong oa basebetsi ba chesehang ba ileng ba arabela pitso ea Macedonia. (Bapisa le Liketso 16:9, 10.) Lilemong tse latelang tse mashome a tšeletseng, o ile a hlokomela likabelo tsa tšebeletso Fora, Spain, Ireland, Portugal, Angola, Mozambique, le Afrika Boroa. Moholoane oa hae Eric o ile a tlohela mosebetsi oa hae Barclay’s Bank ’me a ikopanya le John tšebeletsong ea nako e tletseng Fora; ka mor’a moo, le eena o ile a sebeletsa Spain le Ireland ’me a kopanela mosebetsing oa boromuoa ka Boroa ho Rhodesia (eo hona joale e leng Zimbabwe) le Afrika Boroa.

Ka May 1926, George Wright le Edwin Skinner, Engelane, ba ile ba amohela memo ea ho thusa ho atoloseng mosebetsi oa ’Muso India. Kabelo ea bona e ne e le khōlō! E ne e akarelletsa karolo eohle ea Afghanistan, Burma (eo hona joale e leng Myanmar), Ceylon (eo hona joale e leng Sri Lanka), India, le Persia (eo hona joale e leng Iran). Ha ba fihla Bombay, ba ile ba fihlela lipuleng tsa litloebelele. Leha ho le joalo, ba sa ameha ho tlōlisa ka boiketlo ba botho, kapele ba ile ba ea libakeng tse hōle tsa naha hore ba fumane Liithuti tsa Bibele tse tsejoang moo e le ho li khothatsa. Hape ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata haholo bakeng sa ho tsosa thahasello har’a ba bang. Mosebetsi o ile oa etsoa ka matla. Ka hona, ka 1928 baboleli ba ’Muso ba 54 Travancore (Kerala), ka boroa ho India, ba ile ba lokisetsa liboka tsa phatlalatsa tse 550 tseo ho bileng teng batho ba ka bang 40 000 ho tsona. Ka 1929 bo-pula-maliboho ba eketsehileng ba bane ba tsoang tšimong ea Brithani ba ile ba fallela India ba il’o thusa mosebetsing. ’Me ka 1931 ba bang ba bararo ba tsoang Engelane ba ile ba fihla Bombay. Khafetsa ba ile ba etsa boiteko ba ho finyella likarolo tse sa tšoaneng naheng ena e khōlō, ’me ba sa abe lingoliloeng tsa Senyesemane feela empa le ka lipuo tsa India.

Ho sa le joalo, ho ne ho ntse ho etsahala’ng Europe Bochabela?

Kotulo ea Moea

Pele ho ntoa ea pele ea lefatše, lipeō tsa ’nete ea Bibele li ne li jaliloe Europe Bochabela, ’me tse ling li ne li metse. Ka 1908, Andrásné Benedek, mosali ea ikokobelitseng oa Hungary, o ne a khutletse Austria-Hungary bakeng sa ho tla arolelana le ba bang lintho tse molemo tseo a ithutileng tsona. Lilemo tse peli hamorao, Károly Szabó le József Kiss le bona ba ne ba khutletse naheng eo ’me ba phatlalatsa ’nete ea Bibele haholo-holo linaheng tseo hamorao li ileng tsa tsejoa e le Romania le Czechoslovakia. Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi ea baruti ba halefileng, ho ile ha thehoa lihlopha tsa thuto, ’me ha fanoa ka bopaki bo pharalletseng. Ba bang ba ile ba ikopanya le bona boboleling ba phatlalatsa ba tumelo ea bona, ’me ka 1935 lenane la baboleli ba ’Muso Hungary le ne le eketsehile ho fihla ho ba 348.

Romania e ile ea eketseha ka makhetlo a ka bang a imenneng habeli ka boholo ha ’mapa oa Europe o hlophisoa bocha ke mabotho a hlōtseng ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Ho ile ha tlalehoa hore naheng ena e khōlō, ka 1920, ho ne ho e-na le lihlopha tse 150 tsa Liithuti tsa Bibele, tseo batho ba 1 700 ba neng ba kopanela le tsona. Selemong se latelang, moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, hoo e ka bang ba 2 000 ba ile ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso, se bontšang hore ba ne ba ipolela hore ke baena ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea. Lenane leo le ile la eketseha ka matla lilemong tse ’nè tse latelang. Ka 1925, ho bile teng ba 4 185 Sehopotsong, ’me kamoo ho neng ho tloaetsoe ka teng nakong eo, ntle ho pelaelo ba bangata ho bona ba ile ba ja litšoantšetso. Leha ho le joalo, tumelo ea bona kaofela e ne e tla behoa tekong. Na ba ne ba tla ipaka e le “koro” ea sebele kapa ea maiketsetso feela? (Matt. 13:24-30, 36-43) Na ka sebele ba ne ba tla etsa mosebetsi oa bopaki oo Jesu a o abetseng balateli ba hae? Na ba ne ba tla tiisetsa ho oona ho sa tsotellehe khanyetso e matla? Na ba ne ba tla tšepahala esita leha ba bang ba bontša moea o kang oa Judase Iskariota?

Tlaleho ea 1935 e bontša hore hase bohle ba neng ba na le tumelo e ileng ea ba nolofalletsa ho mamella. Selemong seo, ho ne ho e-na le ba 1 188 feela ba neng ba kopanela ka tekanyo e itseng ho faneng ka bopaki Romania, le hoja ba bangata ho feta lenane leo ka makhetlo a imenneng habeli ba ne ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso. Leha ho le joalo, ba tšepahalang ba ile ba ipoloka ba tšoarehile tšebeletsong ea Morena. Ba ile ba arolelana le batho ba bang ba ikokobelitseng linnete tsa Bibele tse ileng tsa ba tlisetsa thabo e khōlō lipelong tsa bona. Tsela e ’ngoe e ikhethang eo ba ileng ba etsa sena ka eona ke ka kabo ea limakasine. Pakeng tsa 1924 le 1935, ba ne ba se ba tsamaiselitse batho ba thahasellang libuka le libukana tse fetang 800 000.

Ho thoe’ng ka Czechoslovakia, e neng e fetohile naha ka 1918 ka mor’a ho oa ha ’Muso oa Austria le Hungary? Mona bopaki bo matla le ho feta bo ne bo tlatsetsa kotulong ea moea. Pejana ho ne ho fanoe ka boboleli ka Sehungary, Serussia, Seromania, le Sejeremane. Joale, ka 1922, Liithuti tsa Bibele tse ’maloa li ile tsa khutla Amerika bakeng sa ho lebisa tlhokomelo ho batho ba buang Slovak, ’me selemong se latelang banyalani ba tsoang Jeremane ba ile ba qala ho lebisa tlhokomelo tšimong ea Seczech. Likopano tsa ka mehla, le hoja li ne li le nyenyane, li ile tsa khothatsa le ho momahanya baena. Ka mor’a hore liphutheho li hlophisoe hamolemonyana bakeng sa boevangeli ba ntlo le ntlo ka 1927, khōlo e ile ea totobala ka ho eketsehileng. Ka 1932 kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Prague, eo ho eona ho bileng teng ba ka bang 1 500 ba tsoang Czechoslovakia le linaheng tse haufi e ile ea fana ka tšusumetso e matla mosebetsing. Ho phaella ho sena, matšoele a maholo a ile a shebella lenaneo la lihora tse ’nè la “Photo-Drama of Creation” le ileng la shebelloa ho tloha karolong e ’ngoe ea naha ho ea ho e ’ngoe. Nakong ea lilemo tse leshome feela, lingoliloeng tsa Bibele tse fetang 2 700 000 li ile tsa abjoa lihlopheng tsa lipuo tse sa tšoaneng naheng eo. Ho jala hona hohle, ho hlaolela, le ho nosetsa ha moea ho ile ha tlatsetsa kotulong eo ho eona baboleli ba ’Muso ba 1 198 ba ileng ba kopanela selemong sa 1935.

Yugoslavia (eo pele e neng e tsejoa e le ’Muso oa Maserbia, Macroatia, le Maslovak) e ile ea hlaha ha ho hlophisoa ’mapa oa Europe bocha ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše. Hoo e ka bang mathoasong a 1923, ho ile ha tlalehoa hore sehlopha sa Liithuti tsa Bibele se ne se ntse se paka Belgrade. Hamorao “Photo-Drama of Creation” e ile ea bontšoa matšoele a maholo ho pholletsa le naha. Ha Lipaki tsa Jehova li ba tlas’a mahloriso a sehlōhō Jeremane, lenane la tsona Yugoslavia le ile la tiisoa ke bo-pula-maliboho ba Majeremane. Ba sa ameha ka boiketlo ba botho, ba ile ba etsa boiteko ba ho fihla likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa naha ena e lithaba ba il’o bolela. Ba bang ho bo-pula-maliboho bao ba ile ba ea Bulgaria. Hape ho ne ho ntse ho etsoa boiteko ba ho bolela litaba tse molemo Albania. Libakeng tsena tsohle, lipeō tsa ’nete ea ’Muso li ile tsa jaloa. Lipeō tse ling li ile tsa beha litholoana. Empa ke feela lilemong tsa morao ho bileng le kotulo e khōloanyane libakeng tsena.

Ho elella ka boroa, k’honthinenteng ea Afrika, litaba tse molemo li ne li ntse li phatlalatsoa ke ba ananelang ka ho teba tokelo ea ho ba lipaki tsa Ea Holimo-limo.

Leseli la Moea le Chabela Afrika Bophirimela

Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse supileng hoba Seithuti sa Bibele se tsoang Barbados se ee ka lekhetlo la pele Afrika Bophirimela tlas’a konteraka ea mosebetsi, se ile sa ngolla ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower New York ho e tsebisa hore batho ba bangata ba bontša thahasello Bibeleng. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ka April 14, 1923, a menngoe ke Moena Rutherford, W. R. Brown, ea neng a sebeletsa Trinidad, o ile a fihla Freetown, Sierra Leone, hammoho le lelapa la hae.

Kapele-pele, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore Moena Brown a fane ka puo moahong oa Memorial Hall o Wilberforce. Ka April 19, ho ile ha ba le bamameli ba ka bang 500, ho akarelletsa le baruti ba bangata ba Freetown. Sontaha se latelang o ile a bua hape. Sehlooho sa hae e bile seo C. T. Russell a neng a se sebelisa hangata—“Ho ea Liheleng le ho Khutla. Ke Bo-mang ba Leng Moo?” Nako le nako lipuong tsa hae Moena Brown o ne a qotsa Mangolo ao bamameli ba neng ba a bona ka li-slide tse bapaloang ke projekthara. Ha a ntse a bua, nako le nako o ne a re: “Hase Brown ea reng, empa ke Bibele e reng.” Ka baka la sena, o ile a tsejoa e le “Bible Brown.” ’Me ka baka la nehelano ea hae e utloahalang le ea Mangolo, litho tse ling tse hlahelletseng tsa kereke li ile tsa itokolla ’me tsa kenela tšebeletso ea Jehova.

O ile a tsamaea ka ho pharalletseng e le ho qalisa mosebetsi oa ’Muso libakeng tse eketsehileng. Ho finyella seo, o ile a fana ka lipuo tse ngata tsa Bibele ’me a aba lingoliloeng tse ngata, ’me a khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang. Boevangeli bo ile ba mo fihlisa Gold Coast (eo hona joale e leng Ghana), Liberia, Gambia, le Nigeria. Ho tloha Nigeria ba bang ba ile ba isa molaetsa oa ’Muso Benin (e neng e tsejoa e le Dahomey nakong eo) le Cameroon. Moena Brown o ne a tseba hore batho ha ba hlomphe hakaalo seo ba se bitsang “bolumeli ba makhooa,” kahoo ha a le moahong oa Glover Memorial Hall Lagos, o ile a bua ka ho hlōleha ha bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. Ka mor’a seboka bamameli ba mafolo-folo ba ile ba iphumanela libuka tse 3 900 bakeng sa ho li bala le ho li arolelana le ba bang.

Ha Moena Brown a ea Afrika Bophirimela ka lekhetlo la pele, e ne e le batho ba seng bakae feela moo ba neng ba utloile molaetsa oa ’Muso. Ha a tloha teng lilemo tse 27 hamorao, ba fetang 11 000 e ne e le Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo sebakeng seo. Mashano a bolumeli a ne a pepesoa; borapeli ba ’nete bo ne bo thehiloe ’me bo ne bo ata ka potlako.

Holimo Lebōpong le ka Bochabela ho Afrika

Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, lingoliloeng tse ling tsa C. T. Russell li ne li abiloe karolong e ka boroa-bochabela ho Afrika ke batho ba neng ba amohetse likhopolo tse seng kae tse boletsoeng libukeng tseo empa ba li tsoakile le likhopolo tsa bona. Phello e bile hore ho be le mekhatlo e mengata eo ho thoeng ke ea Watchtower e neng e sa amane le Lipaki tsa Jehova ka tsela leha e le efe. E meng ea eona e ne e sekametse lipolotiking, e fehla merusu har’a matsoalloa a Maafrika. Ka lilemo tse ngata botumo bo bobe ba lihlopha tseo bo ile ba hlahisa litšitiso mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova.

Leha ho le joalo, Maafrika a mangata a ile a hlokomela phapang pakeng tsa ’nete le bohata. Basebetsi ba tsamaeang ba ile ba isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo linaheng tse haufi ’me ba li arolelana le batho ba buang lipuo tsa Seafrika. Baahi ba buang Senyesemane ka boroa-bochabela ho Afrika ba ile ba amohela molaetsa, ka karolo e khōloanyane, ka ho teana le ba itseng Afrika Boroa. Leha ho le joalo, linaheng tse ling, khanyetso e matla ea ba boholong, e hlohlellelitsoeng ke baruti ba Bokreste-’mōtoana, e ile ea sitisa Lipaki tsa Maeurope ho bolela har’a lihlopha tse buang puo ea Seafrika. Leha ho le joalo, ’nete e ile ea saballa, le hoja batho ba bangata ba bontšang thahasello molaetseng oa Bibele ba ne ba hloka thuso e eketsehileng ea ho sebelisa ka nepo seo ba ithutang sona.

Ba bang ba boholong ’musong ba hlokang leeme ha baa ka ba amohela ba sa botse liqoso tse mabifi tse etsoang khahlanong le Lipaki ke baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ho bile joalo ka mokomishinara e mong oa sepolesa Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi) ea ileng a ikhakanya eaba o ea libokeng tsa Lipaki tsa moo a il’o fuputsa ka boeena hore na ke batho ba mofuta ofe. O ile a ba le boikutlo bo molemo. Ha ’muso o fana ka tumello ea hore ho be le moahi oa moemeli oa Europe, Bert McLuckie ’me hamorao le ngoan’abo Bill ba ile ba romeloa moo bohareng ba bo-1930. Ba ile ba iteanya le mapolesa le likomishinara tsa setereke e le hore bana ba boholong ba ka ba le kutloisiso e hlakileng ea mosebetsi oa bona ’me ba se ke ba ferekanya Lipaki tsa Jehova le mekhatlo leha e le efe eo ka bohata e bitsoang ea Watchtower. Ka nako e tšoanang, ba ile ba sebetsa ka mamello, hammoho le Gresham Kwazizirah, Paki e hōlileng tsebong ea sebakeng seo, ho thusa ba makholo ba batlang ho kopanela le liphutheho ho utloisisa hore boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, tšebeliso e mpe ea lino tse tahang, le tumela-khoela ha lia lokela bophelong ba Lipaki tsa Jehova.—1 Ba-Kor. 5:9-13; 2 Ba-Kor. 7:1; Tšen. 22:15.

Ka 1930, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ka bang lekholo feela karolong eohle e ka boroa ho Afrika. Leha ho le joalo, li ne li e-na le kabelo e akaretsang, ha ho lekanyetsoa, karolo eohle ea Afrika e ka boroa ho equator le masimo a mang a neng a le ka leboea ho moo. Ho akaretsa tšimo e khōlō joalo ka molaetsa oa ’Muso ho ile ha hloka bo-pula-maliboho ba sebele. Frank le Gray Smith ke ba bang ba joalo.

Ba ile ba tsamaea ka sekepe lik’hilomithara tse 4 800 ka bochabela le ka leboea ho tloha Cape Town eaba ba tsoela pele ka matsatsi a mane ba tsamaea litseleng tse mpe ka koloi ho ea fihla Nairobi, Kenya (British East Africa). Nakong e ka tlaase ho khoeli, ba ile ba tsamaisa mabokose a 40 a lingoliloeng tsa Bibele. Empa, ka masoabi, ha ba le leetong ba khutla, Frank o ile a bolaoa ke malaria. Ho sa tsotellehe sena, ka mor’a nakoana e seng kae, Robert Nisbet le David Norman ba ile ba qalisa—lekhetlong lena ba qalisa ka mabokose a 200 a lingoliloeng—ho bolela Kenya le Uganda, hammoho le Tanganyika le Zanzibar (tseo hona joale ka bobeli e leng Tanzania), ba finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Maeto a mang a tšoanang a ile a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso lihleke-hlekeng tsa Mauritius le Madagascar Leoatleng la Indian le St. Helena Leoatleng la Atlantic. Ho ile ha jaloa lipeō tsa ’nete, empa ha lia ka tsa hlomela kapele-pele le ho mela libakeng tsohle.

Ho tloha Afrika Boroa boboleli ba litaba tse molemo bo ile ba phatlalatsoa Basutoland (eo hona joale e leng Lesotho), Bechuanaland (eo hona joale e leng Botswana), le Swaziland, hoo e ka bang mathoasong a 1925. Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse robeli, ha bo-pula-maliboho ba ne ba boetse ba bolela Swaziland, Morena Sobhuza II o ile a ba amohela ka molao. O ile a phutha balebeli ba hae ba bahlabani ba lekholo, a mamela bopaki bo phethahetseng, ’me a iphumanela lingoliloeng tsohle tsa Mokhatlo tseo baena ba neng ba e-na le tsona.

Butle-butle lenane la Lipaki tsa Jehova le ile la eketseha karolong ena ea tšimo ea lefatše. Ba bang ba ile ba ikopanya le ba seng bakae ba qalisitseng mosebetsi Afrika mathoasong a lekholo lena la bo20 la lilemo, ’me ka 1935 ho ne ho e-na le ba 1 407 k’honthinenteng ea Afrika ba tlalehileng hore ba kopanetse mosebetsing oa ho paka ka ’Muso oa Molimo. Manane a mang a phahameng a bona a ne a le Afrika Boroa le Nigeria. Lihlopha tse ling tse khōlō tse ipitsang Lipaki tsa Jehova li ne li le Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi), ka Leboea ho Rhodesia (eo hona joale e leng Zambia), le ka Boroa ho Rhodesia (eo hona joale e leng Zimbabwe).

Nakong eona ena, ho ne ho ntse ho lebisoa tlhokomelo linaheng tse buang Sepanishe le Sepotoketsi.

Ho Hlaolela Masimo a Sepanishe le Sepotoketsi

Ha Ntoa ea I ea Lefatše e ntse e kupa, Molula-Qhooa o ile oa hatisoa ka lekhetlo la pele ka Sepanishe. O ne o e-na le aterese ea ofisi ea Los Angeles, California, e neng e hahetsoe ho lebisa tlhokomelo e khethehileng tšimong ea ba buang Sepanishe. Baena ba tsoang ofising eo ba ile ba fana ka thuso e khōlō ea botho ho batho ba thahasellang United States le linaheng tse ka boroa.

Juan Muñiz, ea neng a fetohile e mong oa bahlanka ba Jehova ka 1917, o ile a khothalletsoa ke Moena Rutherford ka 1920 hore a tlohe United States ’me a khutlele Spain, naheng ea habo, hore a hlophise mosebetsi oa boboleli ba ’Muso moo. Leha ho le joalo, liphello li ne li fokola, eseng hobane a haelloa ke cheseho ka tsela leha e le efe empa hobane ka linako tsohle o ne a setsoe morao ke mapolesa; kahoo ka mor’a lilemo tse seng kae, o ile a fallisetsoa Argentina.

Brazil barapeli ba seng bakae ba Jehova ba ne ba se ba ntse ba bolela. Basesisi ba likepe ba robeli ba ikokobelitseng ba ne ba ithutile ’nete ha ba phomotse mosebetsing oa bona sekepeng New York. Ha ba khutletse Brazil mathoasong a 1920, ba ne ba tšoarehile ho arolelaneng molaetsa oa Bibele le ba bang.

George Young, oa Canada, o ile a romeloa Brazil ka 1923. Ka sebele o ile a thusa ho ntšetsa mosebetsi pele. Ha a fana ka lipuo tse ’maloa tsa phatlalatsa a tolokeloa, o ile a bontša seo Bibele e se buang ka boemo ba bafu, a pepesa hore tšebelisano le meea ke tšebelisano le bademona, ’me a hlalosa morero oa Molimo oa ho hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše. Lipuo tsa hae li ne li na le tšusumetso e khōlō hobane ka linako tse ling o ne a bontša litemana tsa Bibele tseo ho buuoang ka tsona ho screen e le hore bamameli ba ka li bona ka puo ea bona. Ha a ntse a le Brazil, Bellona Ferguson, oa São Paulo, o ile a qetella a kolobelitsoe, hammoho le bana ba hae ba bane. O ne a eme ka lilemo tse 25 bakeng sa monyetla ona. Har’a ba ileng ba amohela ’nete ke ba bang bao joale ba ileng ba itlhahisa bakeng sa ho thusa ka phetolelo ea lingoliloeng ka Sepotoketsi. Kapele ho ile ha ba le lingoliloeng tse ngata ka puo eo.

Ha Moena Young a tloha Brazil, o ile a ea Argentina ka 1924 ’me a lokisetsa kabo e sa lefelloeng ea lingoliloeng tse 300 000 ka Sepanishe litoropong le metseng e meholo e 25. Selemong sona seo o ile a boela a nka leeto ho ea Chile, Peru, le Bolivia a il’o aba lipampitšana.

Kapele George Young o ile a kena tseleng a il’o hlokomela kabelo e ncha. Lekhetlong lena e ne e le Spain le Portugal. Ka mor’a hore moemeli oa Brithani a mo hlahise ho ba boholong ’musong sebakeng seo, o ile a khona ho lokisetsa hore Moena Rutherford a tl’o bua le bamameli Barcelona le Madrid, hammoho le motse-moholong oa Portugal. Ka mor’a lipuo tsena, batho ba fetang 2 350 ka kakaretso ba ile ba fana ka mabitso le liaterese tsa bona ’me ba kōpa boitsebiso bo eketsehileng. Ka mor’a moo, puo eo e ile ea hatisoa ho e ’ngoe ea likoranta tse khōlō tsa Spain, ’me ea hatisoa hape e le pampitšana eaba e romeloa ka poso ho batho ho pholletsa le naha. E ile ea boela ea hlaha koranteng ea Sepotoketsi.

Ka mekhoa ena molaetsa o ile oa fetela ka ’nģane ho Spain le Portugal. Bofelong ba 1925, litaba tse molemo li ne li phunyellelitse ho kena Cape Verde Islands (eo hona joale e leng Republic of Cape Verde), Madeira, Portuguese East Africa (eo hona joale e leng Mozambique), Portuguese West Africa (eo hona joale e leng Angola), le lihleke-hleke tse leng Leoatleng la Indian.

Selemong se latelang ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho hatisa qeto e matla “Bopaki bo Eang ho Babusi ba Lefatše” koranteng ea Sepanishe La Libertad. Liphatlalatso tsa seea-le-moea le kabo ea libuka, libukana, le lipampitšana, hammoho le linehelano tsa “Photo-Drama of Creation,” li ile tsa matlafatsa bopaki. Ka 1932 bo-pula-maliboho ba ’maloa ba Manyesemane ba ile ba arabela memong ea ho thusa tšimong ena, ’me ba ile ba akaretsa likarolo tse khōlō tsa naha ka tsela e hlophisehileng ka lingoliloeng tsa Bibele ho fihlela ha Ntoa ea Lehae ea Spain e ba qobella ho tsamaea.

Ho sa le joalo, ha a fihla Argentina, Moena Muñiz o ne a se a qalile ka potlako ho bolela, a ntse a iphelisa ka ho lokisa lioache. Ho phaella mosebetsing oa hae Argentina, o ile a lebisa tlhokomelo Chile, Paraguay, le Uruguay. Tlas’a kōpo ea hae, baena ba bang ba ile ba tla ba tsoa Europe ba tlil’o pakela batho ba buang Sejeremane. Ka mor’a lilemo tse ngata Carlos Ott o ile a hlalosa hore ba ile ba qalisa tšebeletso ea bona ea letsatsi ka 4:00 hoseng ka ho siea lipampitšana menyakong eohle tšimong. Neng-neng motšehare, ba ne ba etela moo ba il’o fana ka bopaki bo eketsehileng le ho fana ka lingoliloeng tse eketsehileng tsa Bibele ho beng ba matlo ba thahasellang. Ho tloha Buenos Aires ba ileng ba kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng ba ile ba phatlalla ho pholletsa le naha, pele ba ile ba latela liporo tsa terene tse phatlalletseng ka lik’hilomithara tse makholo ho tloha motse-moholo joaloka menoana e aliloeng ea letsoho, ebe ba sebelisa mekhoa eohle ea lipalangoang eo ba ka e fumanang. Ba ne ba na le lintho tse bonahalang tse fokolang haholo ’me ba mamella mathata a boima, empa ba ne ba ruile moeeng.

E mong oa basebetsi bao ba chesehang Argentina ke Nicolás Argyrós, oa Mogerike. Mathoasong a 1930, ha a fumana lingoliloeng tse ling tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a khahloa haholo ke bukana e nang le sehlooho se reng Hell, hammoho le lihloohoana tse botsang “Ke Eng? Ke Bo-mang ba Leng Moo? Na ba ka Tsoa?” O ile a makala ha a fumana hore bukana ena ha e hlalose hore baetsalibe ba halikoa mollong. E bile ho makatsang hakaakang ha a hlokomela hore mollo oa lihele ke leshano la bolumeli le qapetsoeng ho tšosa batho, joalokaha o ne o mo tšositse! Kapele-pele o ile a qalisa ho arolelana ’nete le ba bang—pele le Magerike; joale, ha Sepanishe sa hae se ntse se ntlafala, a e arolelana le ba bang. Khoeli le khoeli o ile a sebetsa lihora tse pakeng tsa 200 le 300 a arolelana litaba tse molemo le ba bang. A tsamaea ka maoto ’me a sebelisa mokhoa leha e le ofe o mong o fumanehang oa lipalangoang, o ile a phatlalatsa linnete tsa Bibele liprofensing tse 14 ho tse 22 tsa Argentina. Ha a ntse a tsamaea ho tloha sebakeng se seng a ea ho se seng, o ne a robala libetheng ha a li fuoa ke batho ba nang le moea oa ho amohela baeti, hangata o ne a robala ka ntle, ’me hape a robala molikong moo a ileng a tsosoa ke ho lla ha pokola!

E mong ea neng a na le moea oa sebele oa bopula-maliboho ke Richard Traub, ea neng a ithutile ’nete Buenos Aires. O ne a chesehela ho arolelana litaba tse molemo le batho ho pholletsa le Andes, Chile. Ka 1930, lilemo tse hlano ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a fihla Chile—e le eena feela Paki naheng eo e nang le batho ba 4 000 000. Qalong, o ne a sebelisa Bibele feela, empa o ile a qala ho ea ka ntlo le ntlo. Ho ne ho se na liboka tsa phutheho tseo a ka eang ho tsona, kahoo ka Lisontaha, ka nako e tloaelehileng ea liboka, o ne a ea Thabeng ea San Cristóbal, a lula moriting oa sefate, ebe o etsa thuto ea botho ’me oa rapela. Ka mor’a hore a hire ntlo, o ile a qala ho memela batho libokeng moo. Motho a le mong feela ea ileng a ba teng sebokeng sa pele ke Juan Flores, ea ileng a botsa: “Ba bang bona, ba tla tla neng?” Moena Traub o ile a arabela feela ka ho re: “Ba tla tla.” ’Me ba ile ba fela ba tla. Nakong e ka tlaase ho selemo, ba 13 ba ile ba fetoha bahlanka ba Jehova ba kolobelitsoeng.

Ka mor’a lilemo tse ’nè, Lipaki tse peli tse neng li e-s’o ka li kopana pele li ile tsa ikopanya ho bolela litaba tse molemo Colombia. Ka mor’a selemo se behang litholoana moo, ho ile ha hlokahala hore Hilma Sjoberg a khutlele United States. Empa Kathe Palm o ile a kena sekepeng se eang Chile, a sebelisa matsatsi a 17 a le leoatleng ho pakela basebetsi ba sekepe le baeti. Lilemong tse latelang tse leshome, o ile a sebetsa ho tloha karolong e ka leboea ho kou ea Chile, Arica, ho ea karolong ea eona e ka boroa, Tierra del Fuego. O ile a etela libaka tsa khoebo ’me a pakela ba boholong ’musong. A sebelisa mokotlana o leketlileng mahetleng a mabeli bakeng sa ho jara libuka, ’me a phohletse lintho tse hlokahalang joaloka kobo eo a tla robala ka eona, o ile a fihla likampong tse hōle ka ho fetisisa tsa merafo le metebo ea linku. E ne e le bophelo ba pula-maliboho oa ’nete. ’Me ho ile ha e-ba le ba bang ba bileng le moea o tšoanang—ba bang e le masoha, ba bang ba le lenyalong, ba banyenyane le ba baholo.

Selemong sa 1932, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso linaheng tsa Latin America moo ho neng ho sa ntse ho fanoe ka bopaki bo fokolang. Selemong seo bukana The Kingdom, the Hope of the World e ile ea abjoa ka bongata. Bukana ena e ne e e-na le puo e neng e se e mametsoe linaheng tse ngata phatlalatsong ea seea-le-moea. Joale likopi tse ka bang 40 000 tsa puo eo e hatisitsoeng li ile tsa abjoa Chile, likopi tse 25 000 Bolivia, tse 25 000 Peru, tse 15 000 Ecuador, tse 20 000 Colombia, tse 10 000 Santo Domingo (eo hona joale e leng Dominican Republic), le tse ling tse 10 000 Puerto Rico. Ka sebele, molaetsa oa ’Muso o ne o boleloa, le hona o boleloa ka matla a maholo.

Ka 1935, Amerika Boroa feela ho ne ho e-na le ba 247 feela ba neng ba kopantse mantsoe a bona ho boleleng hore ke ’Muso oa Molimo feela o tla tlisetsa batho thabo ea ’nete. Empa ba ne ba fana ka bopaki bo boholo hakaakang!

Ho Finyella Batho ba Leng Libakeng tse Hōle ka ho Fetisisa

Ho hang Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumele hore boikarabelo ba tsona pel’a Molimo bo tla be bo phethiloe hafeela li buile le ba seng bakae bao ho etsahalang hore ebe ke baahisani ba tsona. Li ile tsa leka ho finyella bohle ka litaba tse molemo.

Batho ba lulang libakeng tseo Lipaki li neng li ke ke tsa khona ho ea ho tsona ka seqo ba ne ba ka finyelloa ka litsela tse ling. Ka hona, bofelong ba bo-1920, Lipaki Cape Town, Afrika Boroa, li ile tsa romela libukana tse 50 000 ho balemi bohle, bahlokomeli ba meaho e bitsoang li-lighthouse, bahlokomeli ba meru, le ba bang ba lulang libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona. Buka ea poso e nakong e ile ea fumanoa bakeng sa karolo eohle ea Afrika Boroa-bophirimela (eo hona joale e tsejoang e le Namibia), ’me kopi ea bukana The Peoples Friend ea romeloa ka poso ho bohle bao mabitso a bona a hlahang bukeng ea poso.

Ka 1929, F. J. Franske o ile a fuoa boikarabelo ba ho hlokomela sekepe sa Mokhatlo oa Watch Tower Morton se tsamaeang ka liseile ’me, hammoho le Jimmy James, a abeloa ho fihla ho batho ba leng Labrador le likoung tsohle tse nyenyane tsa Newfoundland. Mariha Moena Franske o ne a tsamaea ho sika le lebōpo ka sehlopha sa lintja tse hulang selei. E le ho koahela litšenyehelo tsa lingoliloeng tsa Bibele tseo a ba sietseng tsona, Maeskimo le baahi ba Newfoundland ba ne ba mo fa lintho tse kang thepa ea letlalo le litlhapi. Ka mor’a lilemo tse seng kae, o ile a etsa boiteko ba ho etela basebetsi ba merafong, ba remang lifate, ba chehang liphoofolo, bo-rametebo, le Maindia naheng e tletseng merusu ea Cariboo ea British Columbia. Ha a ntse a tsamaea, o ne a tsoma e le hore a ka fumana nama, a kha monokotšoai, ’me a pheha bohobe ba hae paneng ea ho halika mollong o besitsoeng fatše. Joale, ka lekhetlo le leng, eena le ’mate oa hae ba ile ba sebelisa seketsoana se tšoasang litlhapi tsa mofuta oa salmon ka letlooa bakeng sa lipalangoang ha ba ntse ba isa molaetsa oa ’Muso lihleke-hlekeng tsohle, koung, likampong tseo ho rengoang lifate, meaho e bitsoang li-lighthouse, le likampo tse leng maloka le lebōpo le ka bophirimela ho Canada. E ne e le e mong oa ba bangata ba etsang boiteko bo khethehileng ba ho finyella batho ba lulang libakeng tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.

Ho qala bofelong ba bo-1920, Frank Day o ile a leba ka leboea a feta metseng ea Alaska, a bolela, a tsamaisa lingoliloeng, ’me a rekisa ligalase tsa mahlo e le ho hlokomela litlhoko tsa hae tsa nama. Le hoja a ne a tsamaea ka leoto la maiketsetso, o ile a akaretsa sebaka se neng se sabaletse ho tloha Ketchikan ho ea Nome, sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 1 900. Hoo e ka bang mathoasong a 1897, motho e mong ea sebetsang morafong oa gauda o ne a amohetse likopi tsa Millennial Dawn le Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ha a ntse a le California ’me o ne a itokisetsa ho khutlela le tsona Alaska. ’Me ka 1910, Molaoli Beams, molaoli oa sekepe se tšoasang marua-rua, o ne a tsamaisitse lingoliloeng koung ea Alaska. Empa mosebetsi oa boboleli o ile oa qala ho phatlalla ha Moena Day a nka maeto nakong ea lehlabula ho ea Alaska nako le nako ka lilemo tse fetang 12.

Lipaki tse ling tse peli, li sebelisa seketsoana sa limithara tse 12 se tsamaisoang ka enjine se bitsoang Esther, li ile tsa nyolosa ho sika le lebōpo la Norway tsa leba Arctic. Li ile tsa paka lihleke-hlekeng, meahong e bitsoang li-lighthouse, metsaneng e mathōkong a leoatle, le libakeng tse ka thōko lithabeng. Batho ba bangata ba ile ba li amohela, ’me ka mor’a selemo, li ile tsa khona ho tsamaisa libuka le libukana tse 10 000 ho ea ho tse 15 000 tse hlalosang morero oa Molimo bakeng sa batho.

Lihleke-hleke li Utloa Lithoriso tsa Jehova

Hase lihleke-hleke tseo feela tse haufi le mabōpo a mathōkong a k’honthinente tse ileng tsa fuoa bopaki. Bohareng ba Leoatle la Pacific, mathoasong a bo-1930, Sydney Shepherd o ile a qeta lilemo tse peli a tsamaea ka seketsoana a il’o paka Cook Islands le Tahiti. Ho elella ka bophirimela, George Winton o ne a etela New Hebrides (eo hona joale e leng Vanuatu) ka litaba tse molemo.

Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Joseph Dos Santos, oa Leamerika la Portugal, le eena o ile a etsa boiteko ba ho finyella tšimo e e-song ho sebetsoe. Pele o ile a paka lihleke-hlekeng tse ka thōko tsa Hawaii; eaba o nka leeto la boboleli ho pota lefatše. Leha ho le joalo, ha a fihla Philippines, o ile a fumana lengolo le tsoang ho Moena Rutherford le mo kōpang ho lula moo bakeng sa ho ntšetsa pele le ho hlophisa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. O ile a fela a etsa joalo, ka lilemo tse 15.

Nakong ena lekala la Mokhatlo Australia le ne le lebisa tlhokomelo mosebetsing o karolong e ka Boroa ho Pacific le mathōkong a eona. Bo-pula-maliboho ba babeli ba ileng ba rongoa ba tsoa moo ba ile ba fana ka bopaki bo pharalletseng Fiji ka 1930-31. Samoa e ile ea fumana bopaki ka 1931. New Caledonia e ile ea finyelloa ka 1932. Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba tsoang Australia ba ile ba kenela tšebeletso Chaena ka 1933 ’me ba paka metseng ea eona e meholo e 13 lilemong tse seng kae tse latelang.

Baena Australia ba ile ba hlokomela hore ho ka finyelloa ho hongata haeba ba sebelisa seketsoana. Ka mor’a nako ba ile ba hlophisa seketsoana sa limithara tse 16 seo ba ileng ba se bitsa Lightbearer ’me, ho tloha mathoasong a 1935, ba se sebelisa e le setsi sa mesebetsi e itseng ka lilemo tse ’maloa bakeng sa sehlopha sa baena ba chesehang ha ba ntse ba paka Netherlands East Indies (eo hona joale e leng Indonesia), Singapore, le Malaya. Ka linako tsohle ha seketsoana sena se fihla se ne se hapa tlhokomelo e khōlō, ’me hangata sena se ne se bulela baena tsela ea ho paka le ho tsamaisa lingoliloeng tse ngata.

Ho sa le joalo, ka lehlakoreng le leng la lefatše, bo-khaitseli ba babeli ba bo-pula-maliboho ba tsoang Denmark ba ile ba etsa qeto ea ho nka leeto la phomolo le eang Faeroe Islands Leoatleng la Atlantic le ka Leboea ka 1935. Empa ba ne ba hopotse ho fetang feela leeto la ho boha botle ba naha. Ba ile ba tsamaea ba itlhomelletse ka lingoliloeng tse likete, ’me ba ile ba li sebelisa haholo. Ba sa tsotelle lifefo le lipula le lehloeo la baruti, ba ile ba akaretsa karolo e khōlō kamoo ba ka khonang ea lihleke-hleke tse nang le baahi ha ba ntse ba le moo.

Ho elella ka bophirimela, Georg Lindal, moahi oa Canada ea tsoaletsoeng Iceland, o ile a nka kabelo e ileng ea tšoarella nako e teletsana. A khothallelitsoe ke Moena Rutherford, o ile a fallela Iceland a il’o bula maliboho ka 1929. O ile a bontša mamello e khōlō hakaakang! Karolong e khōlō ea lilemo tse latelang tse 18, o ile a sebeletsa teng a le mong. O ile a etela litoropo le metsana nako le nako. O ile a tsamaisa lingoliloeng tse mashome a likete, empa nakong eo ha ho baahi ba Iceland ba ileng ba ikopanya le eena tšebeletsong ea Jehova. Ntle ho selemo se le seng feela, ho ne ho se Lipaki tseo a ka kopanelang le tsona Iceland ho fihlela ka 1947, ha baromuoa ba babeli ba koetlisitsoeng Gileade ba fihla.

Ha Batho ba Thibela Seo Molimo a se Laetseng

Ha Lipaki li ntse li kopanela tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa, e ne e le ho tloaelehileng, haholo-holo ho tloha ka bo-1920 ho fihlela ka bo-1940, ho thulana le khanyetso, hangata e le e hlohlellelitsoeng ke baruti ba sebaka ka seng ’me ka linako tse ling ke ba boholong ’musong.

Sebakeng se seng sa mahae ka leboea ho Vienna, Austria, Lipaki li ile tsa iphumana li tobane le letšoele la batho ba motse ba befileng ba hlohlellelitsoeng ke moruti oa sebaka seo, ea neng a tšehelitsoe ke mapolesa. Baruti ba ne ba ikemiselitse hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa bolela metseng ea bona. Empa Lipaki, li ikemiselitse ho phethahatsa kabelo ea tsona e fanoeng ke Molimo, li ile tsa fetola maoa ’me tsa khutla ka letsatsi le leng, tsa kena motseng ka litsela tse sa tobang.

Ho sa tsotellehe litšoso le litlhoko tsa batho, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore li na le tlamo ho Molimo ea ho bolela ’Muso oa hae. Li ile tsa khetha ho utloa Molimo joaloka ’musi ho fapana le batho. (Lik. 5:29) Moo ba boholong sebakeng seo ba lekang ho hanela Lipaki tsa Jehova ka tokoloho ea bolumeli, Lipaki li ’nile tsa tlisa tse ling tse eketsehileng.

Ka mor’a ho tšoaroa nako le nako karolong e ’ngoe ea Bavaria, Jeremane, ka 1929, li ile tsa hira literene tse peli tse khethehileng—e ’ngoe e qala Berlin ’me e ’ngoe e qala Dresden. Li ile tsa kopana Reichenbach, ’me ka 2:00 hoseng, terene e ’ngoe e ile ea fihla sebakeng sa Regensburg e nkile baeti ba 1 200 ba neng ba laba-labela ho kopanela ho faneng ka bopaki. Ho nka maeto ho ne ho baka litšenyehelo tse boima, ’me bohle ba ne ba lokela ho itefella bakeng sa leeto. Seteisheneng se seng le se seng sa terene, ba bang ba ile ba theoloa. Ba bangata ho bona ba ne ba tlile le libaesekele e le hore ba ka fihla mahaeng. Setereke seo kaofela se ile sa akaretsoa ka letsatsi le le leng. Ha li bona liphello tsa boiteko ba tsona bo kopanetsoeng, li ile tsa hopola tšepiso ea Molimo ho bahlanka ba hae: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho.”—Esa. 54:17.

Lipaki tsa Jeremane li ne li cheseha hoo ho lekanyetsoang hore pakeng tsa 1919 le 1933, li ile tsa aba bonyane libuka, libukana, le limakasine tse 125 000 000, hammoho le lipampitšana tse limillione. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le malapa a ka bang 15 000 000 feela Jeremane nakong eo. Nakong eo Jeremane e ile ea fumana bopaki bo phethahetseng ho tšoana le bo fanoeng naheng leha e le efe lefatšeng. Karolo eo ea lefatše e ile ea fumanoa e le eona e nang le batho ba bangata ka ho fetisisa ba ipolelang hore ke balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea. Empa lilemong tse latelang, ba ile ba boela ba hlaheloa ke liteko tse sisimosang ka ho fetisisa tsa botšepehi.—Tšen. 14:12.

Ka selemo sa 1933, khanyetso ea ba boholong mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova Jeremane e ile ea eketseha ka matla. Mahae a Lipaki le ofisi ea lekala ea Mokhatlo li ile tsa phenya-phenngoa nako le nako ke Gestapo. Mosebetsi oa Lipaki o ile oa thibeloa linaheng tse ngata tsa Jeremane, ’me tse ling li ile tsa tšoaroa. Libibele le lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele tse ngata li ile tsa chesoa pontšeng. Ka April 1, 1935, ho ile ha fetisoa molao oa sechaba o thibelang Ernste Bibelforscher (Liithuti tsa Bibele tse Tiileng, kapa Lipaki tsa Jehova), ’me ho ile ha etsoa boiteko bo hlophisitsoeng ba ho etsa hore li hule ka thata bophelong. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki li ile tsa fetisetsa liboka tsa tsona lihlopheng tse nyenyane, tsa lokisetsa hore boitsebiso ba tsona bakeng sa thuto ea Bibele bo hlahisoe ka sebōpeho seo Gestapo e neng e ke ke ea se hlokomela habobebe, ’me tsa sebelisa mekhoa ea boboleli e sa totobalang hakaalo.

Esita le pele ho sena, ho tloha ka 1925, baena Italy ba ne ba phela tlas’a khatello ea tsamaiso ea Bofascista, ’me ka 1929 ho ne ho saennoe tumellano pakeng tsa Kereke e K’hatholike le ’Muso oa Bofascista. Bakreste ba ’nete ba ile ba tsongoa ka ntle ho mohau. Ba bang ba ne ba kopanela melikong le moo ho bokelloang furu e le hore ba ka qoba ho tšoaroa. Lipaki tsa Jehova Italy nakong eo li ne li fokola haholo ka palo; leha ho le joalo, boiteko ba tsona ba ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso bo ile ba matlafatsoa ka 1932 ha Lipaki tse 20 tse tsoang Switzerland li fallela Italy ’me li aba likopi tse 300 000 tsa bukana The Kingdom, the Hope of the World.

Bochabela bo Hōle le teng, khatello e ne e ntse e hōla. Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoaroa Japane. Lingoliloeng tsa tsona tse ngata tsa Bibele li ile tsa senngoa ke ba boholong Seoul (ho seo hona joale e leng Rephabliki ea Korea) le Pyongyang (ho seo hona joale e leng Democratic People’s Republic of Korea).

Tlas’a khatello ena e ntseng e eketseha, ka 1935, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana kutloisiso e hlakileng e tsoang ka Bibeleng ea tlhaloso ea “letšoele le leholo,” kapa “bongata bo boholo,” ba Tšenolo 7:9-17. (KJ, NW) Kutloisiso ena e ile ea etsa hore li hlokomele mosebetsi o neng o sa lebelloa le o potlakileng. (Esa. 55:5) Ha lia ka tsa hlola li lumela pono ea hore bohle bao e seng ba “mohlatsoana” oa majalefa a ’Muso oa leholimo neng-neng nakong e tlang ba tla ba le monyetla oa ho lumellanya bophelo ba bona le litlhokahalo tsa Jehova. (Luka 12:32) Li ile tsa hlokomela hore nako e fihlile ea ho etsa batho ba joalo barutuoa hona joale ka morero oa hore ba pholohele lefatšeng le lecha la Molimo. Li ne li sa tsebe hore na ho bokelloa hona ha bongata bo boholo ba batho ba tsoang lichabeng tsohle ho tla tsoela pele halelele hakae, le hoja li ne li ikutloa hore bofelo ba tsamaiso ea khale bo tlameha bo le haufi. Li ne li sa kholiseha hore na ha e le hantle mosebetsi o tla finyelloa joang ho sa tsotellehe mahloriso a neng a ntse a ata le ho ba sehlōhō ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, li ne li kholisehile ka sena—kaha ‘letsoho la Jehova ha le lekhutšoaane haholo,’ o ne a tla li bulela tsela ea hore li phethe thato ea hae.—Esa. 59:1.

Ka selemo sa 1935, Lipaki tsa Jehova li ne li batla li fokola ka palo—li ne li le 56 153 feela lefatšeng ka bophara.

Li ne li bolela linaheng tse 115 selemong seo; empa halofong ea linaha tseo, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaase ho leshome. Ke linaha tse peli feela tse neng li e-na le Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo tse fetang 10 000 kapa ho feta (United States, e nang le tse 23 808; Jeremane, e nang le tse lekanyetsoang ho 10 000 ho tse 19 268 tse ileng tsa khona ho tlaleha lilemo tse peli pejana). Linaha tse ling tse supileng (Australia, Brithani, Canada, Czechoslovakia, Fora, Poland, le Romania) li tlalehile Lipaki tse fetang 1 000 empa li le ka tlaase ho 6 000 naha ka ’ngoe. Tlaleho ea mosebetsi linaheng tse ling tse 21 e bontša Lipaki tse pakeng tsa 100 le 1 000 naheng ka ’ngoe. Leha ho le joalo, selemong sona seo se le seng, sehlopha sena sa Lipaki tse chesehang lefatšeng ka bophara se ile sa sebetsa lihora tse 8 161 424 se bolela ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo bakeng sa batho.

Ho phaella linaheng tseo ba neng ba tšoarehile ho tsona ka 1935, ba ne ba se ba phatlalalitse litaba tse molemo libakeng tse ling, hoo linaha le lihlopha tsa lihleke-hleke tse 149 li neng li se li finyelletsoe ka molaetsa oa ’Muso nakong eo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 424]

Le hoja ba ne ba koalletsoe teronkong, ba ile ba fumana menyetla ea ho bolela

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 425]

Ba ne ba ikemiselitse ’me ba chesehela ho ntšetsa mosebetsi pele!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 441]

Ba ne ba sa tsotelle lifefo, lipula, le lehloeo la baruti

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 442]

Ho ile ha fanoa ka bopaki bo sa tloaelehang Jeremane pele “Ernste Bibelforscher” li thibeloa moo

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 423]

Ha lefatše le ntse le kenelletse ntoeng, R. R. Hollister le Fanny Mackenzie ba ne ba tšoarehile ka ho isa molaetsa oa khotso ho batho ba Chaena, Japane, le Korea

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KOREA

JAPANE

CHAENA

LEOATLE LA PACIFIC

[’Mapa o leqepheng la 428]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ha bajaki ba tsoang linaheng tse boletsoeng ka mabitso ’mapeng ona ba ithuta ka morero o tsotehang oa Molimo oa ho hlohonolofatsa batho, ba ile ba ikutloa ba susumelletseha ho isa litaba tseo linaheng tsa habo bona

AMERIKA

↓ ↓

AUSTRIA

BULGARIA

CYPRUS

CZECHOSLOVAKIA

DENMARK

FINLAND

JEREMANE

GREECE

HUNGARY

ITALY

NETHERLANDS

NORWAY

POLAND

PORTUGAL

ROMANIA

SPAIN

SWEDEN

SWITZERLAND

TURKEY

YUGOSLAVIA

[’Mapa o leqepheng la 432]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ka bo-1920 le bo-1930, baevangeli ba ile ba tloha Jeremane ba ea linaheng tse ngata ba il’o fana ka bopaki

JEREMANE

↓ ↓

AMERIKA BOROA

AFRIKA LEBOEA

ASIA

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 435]

Bo-pula-maliboho ba chesehang ba kang Frank Smith le ngoan’abo Gray (ea bontšitsoeng setšoantšong se ka holimo) ba ile ba phatlalatsa litaba tse molemo ho ea lebōpong le ka bochabela ho Afrika

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

UGANDA

KENYA

TANZANIA

AFRIKA BOROA

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 439]

Ho pholletsa le Afrika Boroa-bophirimela (eo hona joale e leng Namibia) batho ba ile ba amohela bukana ena ka poso ka 1928

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

NAMIBIA

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 440]

Ba palame “Lightbearer,” bo-pula-maliboho ba chesehang ba phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka Boroa-bochabela ho Asia

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MALAYA

BORNEO

CELEBES

SUMATRA

JAVA

TIMOR

NEW GUINEA

AUSTRALIA

LEOATLE LA PACIFIC

[Litšoantšo tse leqepheng la 426]

Linaheng tse ngata puo e reng “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola li E-shoa” e ile ea hapa bamameli ba bangata

[Litšoantšo tse leqepheng la 427]

Edwin Scott, Afrika Boroa, o ile a aba ka seqo likopi tse 50 000 tsa “Phephetso ho Baeta-pele ba Lefatše”

[Setšoantšo se leqepheng la 429]

Ha a arabela pitsong ea baevangeli, Willy Unglaube o ile a sebeletsa Europe, Afrika, le Bochabela

[Litšoantšo tse leqepheng la 430]

Ka 1992, Eric Cooke le ngoan’abo John (ea lutseng) ba ne ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 60, ba thabetse liphihlelo tse hlollang Europe le Afrika

[Setšoantšo se leqepheng la 431]

Ha a ea India ka 1926, Edwin Skinner o ne a e-na le kabelo a akaretsang linaha tse hlano; o ile a tsoela pele ho bolela moo ka botšepehi ka lilemo tse 64

[Setšoantšo se leqepheng la 433]

Alfred le Frieda Tuček, ba itlhomelletse ka litlhoko tsa bophelo le lingoliloeng bakeng sa bopaki, ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho Old Yugoslavia

[Litšoantšo tse leqepheng la 434]

Ho pholletsa le Afrika Bophirimela, “Bible Brown” o ile a kopanela ka matla ho pepeseng borapeli ba bohata

[Setšoantšo se leqepheng la 436]

George Young o ile a kopanela boboleling bo pharalletseng ba ’Muso oa Molimo Amerika Leboea, Spain, le Portugal

[Setšoantšo se leqepheng la 437]

Juan Muñiz (ka ho le letšehali), ea neng a ntse a bolela Amerika Boroa ho tloha ka 1924, o ne a le teng a tlil’o amohela N. H. Knorr ha a etetse Argentina ka lekhetlo la pele lilemo tse fetang 20 hamorao

[Setšoantšo se leqepheng la 438]

Nicolás Argyrós o ile a phatlalatsa ’nete ea Bibele e lokollang liprofensing tse 14 tsa Argentina

[Setšoantšo se leqepheng la 439]

F. J. Franske, a tsamaea fatše hape le ka seketsoana, o ile a etsa boiteko ba ho finyella likampo tse hōle ka ’nete ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela