Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 22 leq. 404-leq. 422 ser. 3
  • Karolo 1—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 1—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Finyella ba Eang Kerekeng
  • Russell o Etela Linaheng Lisele
  • Batho ba Scandinavia ba Arolelana ka Bobona
  • Molemi ea Ikokobelitseng o Fetoha Moevangeli Europe
  • Ha Litaba tse Molemo li Fihla Jeremane
  • Keketseho Tšimong ea Brithani
  • Lipelo tsa Bona li Ile tsa ba Susumetsa
  • Ho Bula Libaka tsa Caribbean
  • Leseli la ’Nete le Fihla Afrika
  • Ho ea Bochabela le Lihleke-hlekeng tsa Pacific
  • Leeto la Lefatše la ho Ntšetsa Pele Boboleli ba Litaba tse Molemo
  • Ho Ile ha Fanoa ka Bopaki bo Hlollang
  • Karolo 2—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Li Bolela ho Khutla ha Morena (1870-1914)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 22 leq. 404-leq. 422 ser. 3

Khaolo 22

Karolo 1—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše

Ena ke karolo ea pele ho tse hlano khaolong e tlalehang kamoo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o fihlileng ka teng lefatšeng ka bophara. Karolo 1, e akaretsang nako ea ho tloha ka bo-1870 ho ea ho 1914, e maqepheng 404 ho ea ho 422. Mokhatlo oa batho o sa ntse o ikoka maqeba a bakiloeng ke Ntoa ea I ea Lefatše, e qalileng ka 1914. Ke selemo seo e neng e le khale Liithuti tsa Bibele li se khethollotse e le se tšoaeang ho fela ha Linako tsa Balichaba.

PELE Jesu Kreste a nyolohela leholimong, o ile a laela baapostola ba hae, a re: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše.” (Lik. 1:8, NW) Hape o ne a boletse esale pele hore “evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14) Mosebetsi oo ha oa ka oa phethoa lekholong la pele la lilemo. Karolo e khōlō ea oona e entsoe mehleng ea kajeno. ’Me tlaleho ea kamoo o finyelletsoeng ka teng ho tloha ka bo-1870 ho tla fihlela joale kannete ea hlolla.

Le hoja Charles Taze Russell a ile a tsejoa ka ho pharalletseng ka baka la lipuo tsa hae tsa Bibele tse ileng tsa phatlalatsoa ka ho pharalletseng, thahasello ea hae e ne e se feela ho bamameli ba bangata empa e ne e le ho batho. Ka hona, nakoana ka mor’a hore a qalise ho hatisa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ka 1879, o ile a nka maeto a malelele a etela lihlopha tse nyenyane tsa babali ba makasine ona bakeng sa ho tšohla Mangolo le bona.

C. T. Russell o ile a phehella ba lumelang litšepisong tsa bohlokoa tsa Lentsoe la Molimo ho kopanela ho li arolelaneng le batho ba bang. Bao lipelo tsa bona li ileng tsa angoa ka botebo ke seo ba ithutang sona ba ile ba bontša cheseho ea sebele ea ho etsa joalo. E le ho thusa mosebetsing, ho ile ha fanoa ka boitsebiso bo hatisitsoeng. Mathoasong a 1881, ho ile ha hlaha lipampitšana tse ’maloa. Boitsebiso bo tsoang ho tsona bo ile ba matahanngoa le boitsebiso bo eketsehileng bakeng sa ho bōpa Food for Thinking Christians e pharalletseng haholoanyane, ’me ho ile a lokisetsoa likopi tse 1 200 000 tsa eona bakeng sa kabo. Empa sehlopha se senyenyane sa Liithuti tsa Bibele (mohlomong tse 100 nakong eo) se ne se tla li aba joang kaofela?

Ho Finyella ba Eang Kerekeng

Tse ling li ile tsa fuoa ba leloko le metsoalle. Likoranta tse ’maloa li ile tsa lumela ho romela kopi ho ’meeletsi e mong le e mong oa tsona. (Ho ile ha lebisoa khatiso e khethehileng likoranteng tsa beke le beke le tsa khoeli le khoeli e le hore Food for Thinking Christians e ka finyella batho ba bangata ba lulang libakeng tse mahaeng.) Empa kabo e khōlō e ile ea finyelloa ka Lisontaha tse ’maloa tse latellanang ka pele ho likereke United States le Brithani. Ho ne ho se na Liithuti tsa Bibele tse lekaneng bakeng sa ho etsa joalo ka seqo, kahoo li ile tsa hira batho ba bang hore ba li thuse.

Moena Russell o ile a roma metsoalle e ’meli, J. C. Sunderlin le J. J. Bender, Brithani bakeng sa ho ea hlokomela kabo ea likopi tse 300 000 moo. Moena Sunderlin o ile a leba London, athe Moena Bender eena a leba ka leboea ho ea fihla Scotland eaba o sebetsa a habile ka boroa. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khōlō metseng e meholoanyane. Ka liphatlalatso tsa likoranta, ho ile ha fumanoa banna ba tšoanelehang, ’me ha etsoa litumellano le bona hore ba hlophise bathusi ba lekaneng bakeng sa ho aba likopi tseo ba li abetsoeng. Ho ile ha fumanoa batho ba ka bang 500 bakeng sa ho li aba London feela. Mosebetsi o ile oa etsoa ka potlako, ka Lisontaha tse peli tse latellanang.

Selemong sona seo, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa Liithuti tsa Bibele tse ka qetang halofo ea nako ea tsona kapa ho feta ka ho khetheha mosebetsing oa Morena hore e be barekisi ba libuka tsa bolumeli, ba abang lingoliloeng tsa thuto ea Bibele. Lithakangoaha tsena tsa bao kajeno ba tsejoang e le bo-pula-maliboho li ile tsa finyella kabo e tsotehang ka sebele ea litaba tse molemo.

Lilemong tse mashome tse latelang, Moena Russell o ile a lokisetsa lipampitšana tse sa tšoaneng tse neng li ka sebelisoa habobebe bakeng sa ho phatlalatsa linnete tse ling tse hlollang tsa Bibele tse ithutiloeng. O ile a boela a ngola meqolo e ’maloa ea Millennial Dawn (eo hamorao e ileng ea tsejoa e le Studies in the Scriptures). Eaba eena ka seqo o qala ho etsa maeto a boevangeli linaheng tse ling.

Russell o Etela Linaheng Lisele

Ka 1891 o ile a etela Canada, moo ho neng ho tsositsoe thahasello e lekaneng ho tloha ka 1880 hoo joale ho neng ho ka tšoaroa kopano ea batho ba 700 Toronto. O ile a boela a ea Europe ka 1891 ho ea bona se ka etsoang ho potlakisa ho phatlalatsoa ha ’nete moo. Leeto lena le ile la mo fihlisa Ireland, Scotland, Engelane, linaheng tse ngata tsa k’honthinente ea Europe, Russia (sebaka seo hona joale se tsejoang e le Moldova), le Bochabela bo Hare.

O ile a fihlela qeto efe ka seo a teaneng le sona leetong leo? O ile a tlaleha: “Ha rea ka ra bona boemo bo bulehileng kapa bo loketseng bakeng sa ’nete Russia . . . Ha rea bona letho le re khothalletsang ho ba le tšepo ea kotulo leha e le efe Italy kapa Turkey kapa Austria kapa Jeremane. Empa Norway, Sweden, Denmark, Switzerland, haholo-holo Engelane, Ireland le Scotland, masimo a loketse ’me a emetse ho kotuloa. Masimo ana ho bonahala a hooa, Tlong le re thuse!” Ena e ne e le nako eo ka eona Kereke e K’hatholike e neng e ntse e thibetse ho bala Bibele, ha Maprostanta a mangata a ntse a lahla likereke tsa ’ona, le ha batho ba bangata, ba thetsitsoeng ke likereke, ba ntse ba lahla Bibele.

E le ho thusa batho ba lapileng moeeng, ka mor’a leeto la Moena Russell ka 1891, ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tsa Europe. Hape, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho hatisa le ho boloka lingoliloeng London e le hore li ka fumaneha habobebe bakeng sa ho sebelisoa Brithani. Ka sebele, tšimo ea Brithani e ile ea ipaka e le boemong bo loketseng ba kotulo. Ka 1900, ho ne ho se ho e-na le liphutheho tse robong le kakaretso ea Liithuti tsa Bibele tse 138—har’a tsona ho bile le barekisi ba chesehang ba libuka tsa bolumeli. Ha Moena Russell a boela a etela Brithani ka 1903, ho ile ha bokana ba sekete Glasgow ba tlil’o mo mamela ha a bua ka “Tšepo le Litebello tsa Lilemo tse Sekete,” ho bile teng ba 800 London, ’me ha ba le bamameli ba 500 ho ea ho ba 600 litoropong tse ling.

Leha ho le joalo, e le ho tiisa maikutlo a Moena Russell, ka mor’a leeto la hae ho ile ha feta lilemo tse 17 pele phutheho ea pele ea Liithuti tsa Bibele e thehoa Italy, Pinerolo. ’Me ho thoe’ng ka Turkey? Bofelong ba bo-1880, Basil Stephanoff o ne a bolela Macedonia, ho seo e neng e le European Turkey nakong eo. Le hoja ho ne ho bonahetse ba bang ba bontša thahasello, ba bang ba neng ba ipolela hore ke baena ba ile ba fana ka litlaleho tsa bohata, tse ileng tsa fella ka hore a kenngoe teronkong. Ke feela ka 1909 ha lengolo le tsoang ho Mogerike e mong Smyrna (eo hona joale e leng Izmir), Turkey, le ileng la tlaleha hore sehlopha se seng moo se ne se ithuta lingoliloeng tsa Watch Tower ka kananelo. Ha e le Austria, Moena Russell o ile a khutlela teng ka 1911 a tlil’o bua Vienna, empa seboka sa nyopisoa ke sehlopha sa mahoo-hoo. Jeremane le teng, karabelo e bontšang kananelo e ile ea lieha ho tla. Empa batho ba Scandinavia ba ile ba bontša kelo-hloko e khōloanyane ea tlhoko ea bona ea moea.

Batho ba Scandinavia ba Arolelana ka Bobona

Batho ba bangata ba Sweden ba ne ba lula Amerika. Ka 1883 kopi ea sampole ea Watch Tower e fetoletsoeng ka Seswedish e ile ea etsoa hore e fumanehe bakeng sa hore e abjoe har’a bona. Kapele li ile tsa fetela ho metsoalle le ba leloko Sweden ka poso. Ho ne ho e-s’o hatisoe lingoliloeng leha e le life ka Senorway. Leha ho le joalo, ka 1892, selemo ka mor’a ketelo ea Moena Russell Europe, Knud Pederson Hammer, letsoalloa la Norway le neng le ithutile ’nete Amerika, o ile a khutlela Norway a il’o pakela beng ka eena.

Joale, ka 1894, ha lingoliloeng li qala ho hatisoa ka Sedenmark le Senorway, Sophus Winter, Leamerika la Denmark le lilemo li 25, o ile a romeloa Denmark a fuoe lingoliloeng tseo a tla li aba. Nakong e latelang ea selemo, o ne a tsamaisitse meqolo e 500 ea Millennial Dawn. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ba bang ba ’maloa ba balileng lingoliloeng tseo ba ne ba kopanela le eena mosebetsing. Ka masoabi, hamorao o ile a hlokomoloha bohlokoa ba tokelo ea hae e khōlō; empa ba bang ba ile ba tsoela pele ho khantša leseli.

Leha ho le joalo, pele Winter a tlohela tšebeletso, o ile a rekisa libuka tsa bolumeli Sweden. Nakoana ka mor’a moo, lehaeng la motsoalle e mong sehleke-hlekeng sa Sturkö, August Lundborg, molaoli e mocha lilemong oa Salvation Army, o ile a bona meqolo e ’meli ea Millennial Dawn. O ile a e alima, a e bala ka mafolo-folo, a itokolla kerekeng, ’me a qala ho arolelana le ba bang seo a ithutileng sona. Mohlankana e mong, P. J. Johansson, o ile a fumana leseli ka baka la ho bala pampitšana eo a ileng a e thonaka setulong sa serapa sa boikhathollo.

Ha sehlopha sa batho ba Sweden se ntse se hōla, ba bang ba ile ba ea Norway bakeng sa ho ea aba lingoliloeng tsa Bibele. Esita le pele ho moo, lingoliloeng li ne li fihlile Norway ka poso li tsoa ho batho ba leloko Amerika. Rasmus Blindheim o ile a qalisa ka tsela ena tšebeletsong ea Jehova. Har’a ba bang Norway, Theodor Simonsen, moruti oa Free Mission, o ile a fumana ’nete lilemong tseo tse qalang. O ile a qala ho latola thuto ea mollo oa lihele lipuong tsa hae kerekeng ea Free Mission. Bamameli ba hae ba ile ba raoha ka maoto ke thabo ha ba utloa litaba tsena tse tsotehang; empa ha ho fumaneha hore o ithutile “Millennial Dawn,” o ile a lelekoa kerekeng. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho bua ka lintho tse molemo tseo a ithutileng tsona. Mohlankana e mong ea ileng a amohela lingoliloeng tse ling ke Andreas Øiseth. Hang ha a kholisehile hore o fumane ’nete, o ile a tloha polasing eabo ’me a kenela mosebetsi oa ho rekisa libuka tsa bolumeli. O ile a sebetsa ka mokhoa o hlophisehileng a habile ka leboea, eaba o fetela ka boroa ho sika le linōkana tse khelohelang leoatleng, a sa fete motse leha e le ofe. Mariha o ne a laela thepa ea hae—lijo, liaparo, le lingoliloeng—holim’a selei se sututsoang ka leoto, ’me batho ba nang le moea oa ho amohela baeti ba ile ba mo fa libaka tsa ho robala. Leetong la lilemo tse robeli, o ile a akaretsa hoo e ka bang naha eohle ka litaba tse molemo.

Mosali oa August Lundborg, Ebba, o ile a tloha Sweden a ea Finland a il’o etsa mosebetsi oa ho rekisa libuka tsa bolumeli ka 1906. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, banna ba khutlang United States ba ile ba tla le lingoliloeng tsa Watch Tower ’me ba qala ho arolelana le ba bang seo ba ithutang sona. Ka hona ka mor’a lilemo tse seng kae, Emil Österman, ea neng a ntse a batla ho hong ho molemonyana ho feta se fanoang ke likereke, o ile a fumana The Divine Plan of the Ages. O ile a e arolelana le motsoalle oa hae Kaarlo Harteva, eo le eena a neng a ntse a fuputsa. Ha a hlokomela bohlokoa ba seo ba nang le sona, Harteva o ile a e fetolela ka Sefinnish ’me, ka thuso ea Österman ea lichelete, a lokisetsa hore e hatisoe. Ba ile ba nka bohato hammoho ba ho e aba. Ba bontša moea oa sebele oa boevangeli, ba ile ba bua le batho libakeng tsa sechaba, ba etsa maeto ka ntlo le ntlo, ’me ba fana ka lipuo liholong tse khōlō tse neng li tletse tsoete! Helsinki, ka mor’a ho pepesa lithuto tsa bohata tsa Bokreste-’mōtoana, Moena Harteva o ile a khothalletsa bamameli ho sebelisa Bibele ho sireletsa thuto ea ho se shoe ha sephefumolohi, haeba ba ka khona. Mahlo kaofela a ile a sheba baruti ba teng. Ha ho ea ileng a bua; ha ho le a mong ea neng a khona ho arabela polelo e hlakileng e fumanoang ho Ezekiele 18:4. Ba bang har’a bamameli ba boletse hore ba ile ba hlobaela bosiung boo ka mor’a seo ba se utloileng.

Molemi ea Ikokobelitseng o Fetoha Moevangeli Europe

Ho sa le joalo, Adolf Weber, a khothallelitsoe ke motsoalle oa hae ea hōlileng oa bolumeli ba Anabaptist, o ile a tloha Switzerland a ea United States a ntse a batla kutloisiso e felletseng haholoanyane ea Mangolo. Ha a le moo, o ile a arabela phatlalatsong ’me ea ba molemi bakeng sa Moena Russell. Ka thuso ea The Divine Plan of the Ages (e neng e fumaneha ka Sejeremane nakong eo) le liboka tse neng li khannoa ke Moena Russell, Adolf o ile a fumana tsebo ea Bibele eo a neng a ntse a e batla, ’me o ile a kolobetsoa ka 1890. ‘Mahlo a pelo ea hae a ile a elisoa,’ hoo a ileng a utloisisa kannete hore na o bulehetsoe ke monyetla o moholo hakaakang. (Ba-Ef. 1:18) Ka mor’a ho paka ka cheseho ka nakoana United States, o ile a khutlela naheng eo a hlahetseng ho eona, bakeng sa ho kenela mosebetsi “tšimong ea Morena ea merara” moo. Ka hona, bohareng ba bo-1890, o ile a khutlela Switzerland ’me a arolelana ’nete ea Bibele le ba nang le lipelo tse arabelang.

Adolf o ne a iphelisa ka ho ba molemi le ho sebetsana le taolo ea meru, empa thahasello ea hae e khōlō e ne e le boevangeli. O ne a pakela bao a sebetsang le bona, hammoho le batho ba leng litoropong tse haufinyane tsa Switzerland le metse e haufinyane. O ne a tseba lipuo tse ’maloa, ’me o ile a sebelisa tsebo ena ho fetolela lingoliloeng tsa Mokhatlo ka Sefora. Ha mariha a fihla o ne a phohlela lingoliloeng tsa Bibele ka khetsing ea hae ebe o tsamaea ka maoto ho ea Fora, ’me ka linako tse ling o ne a leba ka leboea-bophirimela ho kena Belgium le ka boroa ho kena Italy.

E le ho finyella batho bao a ka ’nang a se ke a teana le bona ka seqo, o ile a kenya liphatlalatso likoranteng le limakasineng, tse lebisang tlhokomelo ho lingoliloeng tse fumanehang bakeng sa thuto ea Bibele. Elie Thérond, karolong e bohareng ea Fora, o ile a arabela ho e ’ngoe ea liphatlalatso tseo, a hlokomela ’nete ho seo a se balileng, ’me kapele a qala ho phatlalatsa molaetsa oo ka boeena. Belgium, Jean-Baptiste Tilmant, E moholo, le eena o ile a bona e ’ngoe ea liphatlalatso ka 1901 ’me a iphumanela meqolo e ’meli ea Millennial Dawn. E bile ho hlollang hakaakang ho eena ha a bona ’nete ea Bibele e hlalosoa ka ho hlaka joalo! O ne a ka qoba joang ho bolella metsoalle ea hae! Selemong se latelang, sehlopha sa thuto se ne se kopana ka mehla lelapeng la hae. Kapele ka mor’a moo mosebetsi oa sehlopha seo se senyenyane o ne o hlahisa litholoana esita le ka leboea ho Fora. Moena Weber o ile a lula a iteanya le tsona, nako le nako a etela lihlopha tse sa tšoaneng tse thehiloeng, a li haha moeeng ’me a li fa litaelo tsa kamoo li ka arolelanang litaba tse molemo le ba bang.

Ha Litaba tse Molemo li Fihla Jeremane

Ka mor’a nako e khutšoaane hoba lingoliloeng tse ling li qale ho hlaha ka Sejeremane, bohareng ba bo-1880, Maamerika a Jeremane a li ananelang a ile a qala ho romela likopi ho beng ka ’ona linaheng tseo a hlahetseng ho tsona. Mooki e mong ea sebetsang sepetlele Hamburg o ile a arolelana likopi tsa Millennial Dawn le ba bang sepetlele. Ka 1896, Adolf Weber, Switzerland, o ne a tsamaisa liphatlalatso likoranteng tsa puo ea Sejeremane ’me a romela lipampitšana ka poso Jeremane. Selemong se latelang ho ile ha buloa setsi sa libuka Jeremane bakeng sa ho tšehetsa kabo ea khatiso ea Sejeremane ea Molula-Qhooa, empa liphello li ile tsa lieha ho tla. Leha ho le joalo, ka 1902, Margarethe Demut, ea neng a ithutile ’nete Switzerland, o ile a fallela Tailfingen, ka bochabela ho Black Forest. Bopaki ba hae bo chesehang bo ile ba rala motheo bakeng sa se seng sa lihlopha tsa pele tsa Liithuti tsa Bibele Jeremane. Samuel Lauper, ea tsoang Switzerland, o ile a fallela Bergisches Land, ka leboea-bochabela ho Cologne, bakeng sa ho phatlalatsa litaba tse molemo sebakeng seo. Ka 1904, liboka li ne li tšoareloa hona moo Wermelskirchen. Har’a ba bileng teng ke monna e mong ea lilemo li 80, Gottlieb Paas, ea neng a ntse a batla ’nete. Ha a le makhatheng a lefu, nakoana e khutšoaane ka mor’a hore liboka tseo li qale, Paas o ile a phahamisa Molula-Qhooa ’me a re: “Hona ke ’nete; itšoarelleng ka eona.”

Butle-butle lenane la ba thahasellang linnete tsena tsa Bibele le ile la eketseha. Le hoja li ne li batla chelete e ngata, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho kenyelletsa likopi tse sa lefelloeng tsa lisampole tsa Molula-Qhooa likoranteng Jeremane. Tlaleho e hatisitsoeng ka 1905 e bolela hore ho ne ho abiloe likopi tse fetang 1 500 000 tsa lisampole tsena tsa Molula-Qhooa. Hoo e bile katleho e khōlō bakeng sa sehlopha seo se senyenyane haholo.

Hase Liithuti tsa Bibele kaofela tse neng li ikutloa hore ka ho finyella batho ba leng haufi le hae li tla be li entse se hlokahalang. Hoo e ka bang mathoasong a 1907, Moena Erler, ea tsoang Jeremane, o ile a nka maeto a eang Bohemia ho seo e neng e le Austria-Hungary nakong eo (eo hamorao e bileng karolo ea Czechoslovakia). O ile a aba lingoliloeng tse lemosang ka Armageddone le tse bolelang ka mahlohonolo a tlang ho tlela batho ka mor’a moo. Ka 1912 Seithuti se seng sa Bibele se ne se abile lingoliloeng tsa Bibele tikolohong ea Memel, ho seo hona joale e leng Lithuania. Ba bangata ba ile ba arabela ka mafolo-folo molaetseng, ’me kapele ho ile ha thehoa lihlopha tse ’maloa tse khōloanyane tsa Liithuti tsa Bibele moo. Leha ho le joalo, ha li ithuta hore Bakreste ba ’nete ba boetse ba tlameha ho ba lipaki, lenane la tsona le ile la qala ho qepha. Leha ho le joalo, ba seng bakae ba ile ba ipaka e le baetsisi ba sebele ba Kreste, “paki e tšepehang, ea ’nete.”—Tšen. 3:14.

Ha Nikolaus von Tornow, sekhorane sa Lejeremane se nang le litša tse khōlō Russia, a le Switzerland hoo e ka bang ka 1907, o ile a fuoa e ’ngoe ea lipampitšana tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Lilemo tse peli hamorao o ile a bonahala Phuthehong ea Berlin, Jeremane, a apere liaparo tsa hae tse ntle ka ho fetisisa ’me a felehelitsoe ke mosebeletsi oa hae. Ho ile ha nka nako e teletsana hore a utloisise lebaka leo ka lona Molimo a behileng linnete tsa bohlokoa tlhokomelong ea batho ba ikokobelitseng joalo, empa seo a se balileng ho 1 Ba-Korinthe 1:26-29 se ile sa mo thusa: “Banab’eso, le lemoheng hle ho bitsoa ha lōna, hobane ba bohlale ka mokhoa oa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae . . . , hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a [Molimo].” A kholisehile hore o fumane ’nete, von Tornow o ile a rekisa litša tsa hae Russia ’me a inehela le ho nehelana ka matlotlo a hae ho ntšetseng pele lithahasello tsa borapeli bo hloekileng.

Ka 1911, ha banyalani ba bacha ba Majeremane, ba Herkendell, ba nyalana, monyaluoa o ile a kōpa hore ntat’ae a mo phahlele ka chelete bakeng sa phomolo ka mor’a lenyalo. Eena le monna oa hae ba ne ba rerile ho nka leeto le hlokang boiteko bo boholo le neng le tla nka likhoeli tse ngata. Phomolo ea bona ka mor’a lenyalo e bile leeto la boboleli Russia ho ea finyella batho ba buang Sejeremane moo. Ka hona ka litsela tse ngata batho ba mefuta eohle ba ne ba arolelana le ba bang seo ba ithutileng sona ka morero oa Molimo o lerato.

Keketseho Tšimong ea Brithani

Ka mor’a kabo e khōlō ea lingoliloeng Brithani ka 1881, ba bang ba kenang kereke ba ile ba bona tlhoko ea ho sebelisa seo ba ithutileng sona. Tom Hart oa Islington, London, ke e mong oa ba ileng ba khahloa ke keletso ea Mangolo ea Molula-Qhooa, “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka”—ke hore, tsoang likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana tsa Babylona ’me le latele thuto ea Bibele. (Tšen. 18:4) O ile a itokolla kerekeng ka 1884, ’me ba bang ba ’maloa ba mo latela.

Ba bangata ba neng ba kopanela le lihlopha tsa thuto ba ile ba hōla ho fihlela e e-ba baevangeli ba atlehileng. Ba bang ba ile ba nehelana ka lingoliloeng tsa Bibele libakeng tsa boikhathollo London le libakeng tse ling moo batho ba iketlileng. Ba bang ba ile ba lebisa tlhokomelo libakeng tsa khoebo. Leha ho le joalo, tsela e tloaelehileng haholoanyane e ne e le ho etsa maeto a ntlo le ntlo.

Sarah Ferrie, ea neng a entse peeletso ea Molula-Qhooa, o ile a ngolla Moena Russell a bolela hore eena le metsoalle e seng mekae Glasgow ba rata ho ithaopela ho kopanela kabong ea lipampitšana. E bile ntho e sa lebelloang hakaakang ha teraka e emisa monyako oa hae e laetse lipampitšana tse 30 000, kaofela ha tsona e le tse abjoang ntle ho tefo! Ba ile ba kena khabong. Minnie Greenlees, hammoho le bara ba hae ba banyenyane ba bararo, ba tsamaea ka kariki e huloang ke pere e le sepalangoang, ba ile ba sebetsa ka thata ho atolosa kabo ea lingoliloeng tsa Bibele libakeng tse mahaeng Scotland. Hamorao, Alfred Greenlees le Alexander MacGillivray, ba tsamaea ka libaesekele, ba ile ba aba lipampitšana ho pholletsa le karolo e khōlō ea Scotland. Ho e-na le ho lefella ba bang hore ba abe lingoliloeng tsena, baithaopi ba inehetseng ba ne ba iketsetsa mosebetsi ka bobona.

Lipelo tsa Bona li Ile tsa ba Susumetsa

Ho se seng sa litšoantšo tsa hae, Jesu o ne a boletse hore batho ba ‘utloileng lentsoe la Molimo ka pelo e ntle le e molemo’ ba tla beha litholoana. Kananelo e hlokang boikaketsi bakeng sa litokisetso tsa Molimo tse lerato e ne e tla ba susumelletsa ho arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Luka 8:8, 11, 15) Ho sa tsotellehe maemo a bona, ba ne ba tla fumana tsela e itseng ea ho etsa sena.

Ka hona motsamai e mong ea tsoang Argentina o ile a fumana karolo ea pampitšana ea Food for Thinking Christians ho motsamaisi oa sekepe oa Letaliana. Ha a le koung ea Peru, motsamai enoa o ile a ngola hore a fumane tse eketsehileng, ’me ka thahasello e eketsehileng o ile a ngola hape, a le Argentina ka 1885, a ngolla mohlophisi oa Molula-Qhooa a kōpa lingoliloeng. Selemong sona seo setho sa Sesole sa Metsing sa Brithani, se ileng sa romeloa hammoho le lebotho la sona Singapore, se ile sa tsamaea se nkile Molula-Qhooa. Se ile sa thabisoa ke seo se ithutileng sona makasineng ’me sa o sebelisa ka bolokolohi ho tsebahatsa pono ea Bibele ka litaba tseo batho ka kakaretso ba buisanang ka tsona. Ka 1910 sekepe seo basali ba babeli ba Bakreste ba neng ba tsamaea ka sona se ile sa ema koung ea Colombo, Ceylon (eo hona joale e leng Sri Lanka). Ba ile ba sebelisa hamolemo monyetla oa ho pakela Monghali Van Twest, ofisiri eo basesisi ba likepe ba ikarabellang ho eona koung eo. Ba ile ba bua le eena ka tieo ka lintho tse ntle tseo ba ithutileng tsona bukeng The Divine Plan of the Ages. Ka baka leo, Monghali Van Twest o ile a fetoha Seithuti sa Bibele, ’me boboleli ba litaba tse molemo bo ile ba tsoela pele Sri Lanka.

Esita le ba sa nkeng maeto ba ile ba batla litsela tsa ho arolelana linnete tsa Bibele tse futhumatsang pelo le batho ba leng linaheng tse ling. Joalokaha ho senoloa ke lengolo la kananelo le hatisitsoeng ka 1905, motho e mong United States o ne a rometse The Divine Plan of the Ages ho monna e mong St. Thomas, ho seo e neng e le Danish West Indies nakong eo. Ka mor’a ho e bala, motho eo ea e amohetseng o ile a oa ka mangole ’me a bolela takatso ea hae e tiileng ea ho sebelisoa ke Molimo ho etsa thato ea hae. Ka 1911, Bellona Ferguson Brazil o ile a bua ka boemo ba hae e le “bopaki bo tiileng, le bo phelang ba hore ha ho batho ba leng hōle haholo hore ba ka finyelloa” ka metsi a ’nete. Kamoo ho bonahalang ka teng o ne a ntse a amohela lingoliloeng tsa Mokhatlo ka poso ho tloha ka 1899. Neng-neng pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, mojaki oa Lejeremane Paraguay o ile a fumana e ’ngoe ea lipampitšana tsa Mokhatlo ka lebokoseng la hae la poso. O ile a odora lingoliloeng tse eketsehileng ’me kapele a khaola maqhaama a hae le likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ho ne ho se motho e mong hape ka har’a naha ea ka ba kolobetsang, kahoo eena le soare sa hae ba ile ba etsa qeto ea ho kolobetsana. Ka sebele, ho ne ho fanoa ka bopaki likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše, ’me bo ne bo beha litholoana.

Leha ho le joalo, Liithuti tse ling tsa Bibele li ile tsa ikutloa li susumelletseha ho ea sebakeng seo tsona kapa batsoali ba tsona ba hlahetseng ho sona ho bolella metsoalle le beng ka tsona ka morero oa Jehova o tsotehang le kamoo ba ka kopanelang ho oona. Ka hona, ka 1895, Moena Oleszynski o ile a khutlela Poland ka litaba tse molemo tse buang ka “thekollo, tsosoloso le pitso ea holimo”; le hoja, ka masoabi, a sa ka a mamella tšebeletsong eo. Ka 1898 eo e kileng ea e-ba moprofesa, ea tsoang Hungary, o ile a tloha Canada ho ea phatlalatsa molaetsa oa Bibele o potlakileng ha habo. Ka 1905 monna ea neng a fetohile Seithuti sa Bibele Amerika o ile a khutlela Greece a il’o paka. ’Me ka 1913 mohlankana e mong o ile a tlosa lipeō tsa ’nete ea Bibele New York a li isa toropong ea habo, Ramallah, thōkoana ho Jerusalema.

Ho Bula Libaka tsa Caribbean

Ha lenane la baevangeli le ntse le eketseha United States, Canada, le Europe, ’nete ea Bibele le eona e ne e qala ho tiea Panama, Costa Rica, Dutch Guiana (eo hona joale e leng Suriname), le British Guiana (eo hona joale e leng Guyana). Joseph Brathwaite, ea neng a le British Guiana ha a thusoa ho utloisisa morero oa Molimo, o ile a ea Barbados ka 1905 bakeng sa ho sebelisa nako ea hae eohle a ruta batho moo. Louis Facey le H. P. Clarke, ba ileng ba utloa litaba tse molemo ha ba ntse ba sebetsa Costa Rica, ba ile ba khutlela Jamaica ka 1897 bakeng sa ho arolelana le ba bang tumelo ea bona eo ba sa tsoa e fumana har’a batho ba habo bona. Ba ileng ba amohela ’nete moo e ne e le basebetsi ba chesehang. Ka 1906 feela, sehlopha se leng Jamaica se ile sa aba lipampitšana tse ka bang 1 200 000 le lingoliloeng tse ling. Mosebetsi e mong ea jakileng, ea ileng a ithuta ’nete Panama, o ile a isa molaetsa oa Bibele oa tšepo Grenada ha a khutlela teng.

Phetohelo e bileng teng Mexico ka 1910-11 e bile ntho e ’ngoe e tlatselitseng ho tlisetseng batho ba lapetseng ’nete molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Batho ba bangata ba ile ba balehela ka leboha United States. Moo ba bang ba bona ba ile ba teana le Liithuti tsa Bibele, ba ithuta ka morero oa Jehova oa ho tlisetsa batho khotso e sa feleng, ’me ba romela lingoliloeng morao Mexico. Leha ho le joalo, e ne e se lekhetlo la pele Mexico e finyelloa ka molaetsa ona. Hoo e ka bang mathoasong a 1893, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hatisa lengolo le tsoang ho F. de P. Stephenson, oa Mexico, ea neng a balile lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower’me a batla ho fumana tse eketsehileng hore a li arolelane le metsoalle ea hae e leng Mexico le Europe.

E le ho bula linaha tse eketsehileng tsa Caribbean bakeng sa boboleli ba ’nete ea Bibele le ho hlophisa liboka tsa ka mehla tsa thuto, Moena Russell o ile a romela E. J. Coward Panama ka 1911 ’me hamorao a mo romela lihleke-hlekeng. Moena Coward e ne e le sebui se matla le se sebelisang puo e mathe-maloli, ’me bamameli bao hangata ba neng ba le makholo ba ne ba phutheha bakeng sa ho tla utloa lipuo tsa hae tse latolang lithuto tsa mollo oa lihele le ho se shoe ha sephefumolohi sa motho, le tse buang ka bokamoso bo khanyang bakeng sa lefatše. O ne a tloha toropong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, le ho tloha sehleke-hlekeng se seng ho ea ho se seng—St. Lucia, Dominica, St. Kitts, Barbados, Grenada, le Trinidad—a finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Hape o ile a bua British Guiana. Ha a le Panama, o ile a teana le W. R. Brown, moena e mocha le ea chesehang oa Jamaica, eo ka mor’a moo a ileng a sebeletsa le Moena Coward lihleke-hlekeng tse ’maloa tsa Caribbean. Hamorao, Moena Brown o ile a bula masimo a mang a eketsehileng.

Ka 1913, Moena Russell o ile a bua Panama, Cuba, le Jamaica. Bakeng sa puo ea phatlalatsa eo a e faneng Kingston, Jamaica, liholo tse peli li ne li tletse, ’me ho sa le joalo batho ba ka bang 2 000 ba ile ba lokela ho khutlisoa. Ha sebui se sa bue letho ka chelete ’me ho sa nkoe koleke, bahatisi ba likoranta ba ile ba hlokomela sena.

Leseli la ’Nete le Fihla Afrika

Afrika le eona e ne e ntse e chabeloa ke leseli la ’nete nakong ena. Lengolo le ileng la romeloa le tsoa Liberia ka 1884 le ile la senola hore ’mali oa Bibele moo o ne a fumane kopi ea Food for Thinking Christians ’me a batla tse eketsehileng bakeng sa ho li arolelana le ba bang. Lilemo tse seng kae ka mor’a moo, ho ile ha tlalehoa hore moruti e mong Liberia o ile a theoha boemong ba hae e le hore a ka lokoloha ho ruta linnete tsa Bibele tseo a neng a ithuta tsona ka thuso ea Molula-Qhooa le hore ho tšoaroa liboka tsa ka mehla moo ke sehlopha sa Liithuti tsa Bibele.

Moruti e mong oa Dutch Reformed ea tsoang Holland o ile a tsamaea a nkile lingoliloeng tse ling tsa C. T. Russell ha a romeloa Afrika Boroa ka 1902. Le hoja a sa ka a rua molemo oa ka ho sa feleng ho tsona, Frans Ebersohn le Stoffel Fourie, ea ileng a bona lingoliloeng tsena laebraring ea hae, bona ba ile ba rua molemo oa ka ho sa feleng. Lilemo tse seng kae hamorao, lenane la ba leng karolong eo ea tšimo le ile la tiisoa ha Liithuti tsa Bibele tse peli tse chesehang li tloha Scotland li ea Durban, Afrika Boroa.

Ka masoabi, har’a ba ileng ba amohela lingoliloeng tse ngotsoeng ke Moena Russell ’me ba ruta ba bang ka tsona, ho bile le ba seng bakae, joaloka Joseph Booth le Elliott Kamwana, ba ileng ba tsoaka likhopolo tsa bona, tse neng li reretsoe ho tsosa pherekano bakeng sa liphetoho sechabeng. Ho ba bang ba shebelletseng Afrika Boroa le Nyasaland (eo hamorao e bileng Malawi), sena se ile sa bonahala se ferekanya hore na bao e hlileng e leng Liithuti tsa Bibele tsa ’nete ke bo-mang. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba utloa le ho bontša kananelo bakeng sa molaetsa o neng o lebisa tlhokomelo ’Musong oa Molimo e le tharollo mathateng a batho.

Leha ho le joalo, boboleli bo pharalletseng Afrika e ne e sa ntsane e le ntho e tla etsahala nakong e tlang.

Ho ea Bochabela le Lihleke-hlekeng tsa Pacific

Nakoana ka mor’a hore lingoliloeng tsa Bibele tse lokiselitsoeng ke C. T. Russell li abjoe ka lekhetlo la pele Brithani, li ile tsa boela tsa fihla Bochabela. Ka 1883, Mofumahatsana C. B. Downing, moromuoa oa Presbytery Chefoo (Yantai), Chaena, o ile a amohela kopi ea Molula-Qhooa. O ile a ananela seo a ithutileng sona ka tsosoloso ’me a arolelana lingoliloeng le baromuoa ba bang, ho akarelletsa le Horace Randle, ea neng a kopanela le Baptist Mission Board. Hamorao, thahasello ea hae e ile ea tsosoa ka ho eketsehileng ke phatlalatso ea Millennial Dawn e ileng ea hlaha ho London Times, ’me e ile ea lateloa ke likopi tsa buka ena ka boeona—e ’ngoe e tsoa ho Mofumahatsana Downing ’me e ’ngoe e rometsoe ke ’mè oa hae ea leng Engelane. Qalong, o ile a tšosoa ke seo a se balileng. Empa hang ha a kholisehile hore Boraro-bo-bong hase thuto ea Bibele, o ile a itokolla Kerekeng ea Baptist ’me a tsoela pele ho arolelana seo a ithutileng sona le baromuoa ba bang. Ka 1900 o ile a tlaleha hore o rometse mangolo a 2 324 le lipampitšana tse ka bang 5 000 ho baromuoa Chaena, Japane, Korea, le Siam (Thailand). Nakong eo haholo-holo bopaki bo ne bo fanoa ho baromuoa ba Bokreste-’mōtoana Bochabela.

Nakong eona eo, lipeō tsa ’nete li ile tsa boela tsa jaloa Australia le New Zealand. “Lipeō” tsa pele tse ileng tsa fihla Australia e ka ’na eaba li ile tsa isoa moo ka 1884 kapa nakoana ka mor’a moo ke monna eo ka lekhetlo la pele a ileng a atameloa ke Seithuti sa Bibele sebakeng sa boikhathollo Engelane. “Lipeō” tse ling li ile tsa fihla ka poso li tsoa ho metsoalle le ba leloko ba leng mose ho maoatle.

Lilemo tse seng kae ka mor’a ho thehoa ha Commonwealth of Australia ka 1901, batho ba makholo moo e ne e le babeeletsi ba Molula-Qhooa. Ka baka la mosebetsi oa ba boneng tokelo ea ho arolelana ’nete le ba bang, lipampitšana tse likete li ile tsa romeloa ho batho bao mabitso a bona a hlahileng lethathamong la ba voutang. Tse eketsehileng li ile tsa abjoa literateng, ’me tse ngata li ne li akheloa lifensetereng tsa literene li lahleloa ho basebetsi le batho ba lulang ba le bang maqhofeng libakeng tse hōle tse mathōkong a liporo tsa terene. Batho ba ne ba tsebisoa ka bofelo bo atamelang ba Linako tsa Balichaba ka 1914. Arthur Williams, E moholo, o ile a bua ka sena ho bohle ba rekang lebenkeleng la hae ka Bophirimela ho Australia ’me a memela batho ba thahasellang lapeng la hae bakeng sa lipuisano tse eketsehileng.

Hona joale ha ho tsejoe hore na ke mang ea ileng a fihla New Zealand pele ka ’nete ea Bibele. Empa ka 1898, Andrew Anderson, moahi oa New Zealand, o ne a balile lingoliloeng tsa Watch Tower tse lekaneng hore a susumelletsehe ho phatlalatsa ’nete moo e le morekisi oa libuka tsa bolumeli. Boiteko ba hae bo ile ba tiisoa ka 1904 ke barekisi ba bang ba libuka tsa bolumeli ba neng ba tsoa Amerika le ofising ea lekala ea Mokhatlo e ileng ea thehoa selemong sona seo Australia. Mofumahali Thomas Barry, oa Christchurch, o ile a amohela meqolo e tšeletseng ea Studies in the Scriptures ho e mong oa barekisi ba libuka tsa bolumeli. Mora oa hae Bill o ile a li bala ka 1909 leetong la sekepe la libeke tse tšeletseng ha a ea Engelane ’me a hlokomela bonnete ba seo li se buang. Ka mor’a lilemo tse seng kae mora oa hae Lloyd o ile a fetoha setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.

Har’a basebetsi ba chesehang ba mehleng eo ea pele e bile Ed Nelson, eo, le hoja a ne a se masene hakaalo, a ileng a nehelana ka nako ea hae eohle ea lilemo tse 50 ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso ho tloha karolong e ka leboea ea New Zealand ho ea ka boroa. Ka mor’a lilemo tse seng kae, o ile a sebetsa ’moho le Frank Grove, ea ileng a hlaolela ho hopola lintho ka hlooho ha hae hore ho nke sebaka sa ho se bone hantle le ea ileng a bula maliboho ka lilemo tse fetang 50 ho fihlela a e-shoa.

Leeto la Lefatše la ho Ntšetsa Pele Boboleli ba Litaba tse Molemo

Ho ile ha etsoa boiteko bo eketsehileng bo boholo ba ho thusa batho ba Bochabela ka 1911-12. International Bible Students Association e ile ea romela komiti ea banna ba supileng, ba etelletsoeng pele ke C. T. Russell, hore ba e’o hlahloba ka bobona maemo moo. Hohle moo ba ileng ba ea teng ba ne ba bua ka morero oa Molimo oa ho tlisetsa batho mahlohonolo ka ’Muso oa Bomessia. Ka linako tse ling bamameli e ne e e-ba ba banyenyane, empa Philippines le India, e bile ba likete. Nakong eo ha baa ka ba tšehetsa phutuho e neng e atile Bokreste-’mōtoaneng ea ho bokella likoleke bakeng sa ho sokolla lefatše. Maikutlo a bona e ne e le hore boiteko ba baromuoa ba Bokreste-’mōtoana bo etsoa lebitsong la ho ntšetsa pele thuto ea lefatše. Empa Moena Russell o ne a kholisehile hore seo batho ba se hlokang ke “Kosepele ea tokisetso ea Molimo e lerato ea ’Muso oa Messia o tlang.” Ho e-na le ho lebella ho sokolla lefatše, Liithuti tsa Bibele li ne li utloisisa ho latela Mangolo hore se lokelang ho etsoa nakong eo ke ho fana ka bopaki le hore sena se tla tlatsetsa ho bokelloeng ha “ba seng bakae ba khethiloeng ho tsoa lichabeng, bathong, mefuteng le lipuong tsohle hore e be litho tsa sehlopha sa Monyaluoa [oa Kreste]—hore ba lule le Eena teroneng ea Hae nakong ea lilemo tse sekete, ba sebelisana ’moho mosebetsing oa ho thusa moloko oa batho ka kakaretso.”a—Tšen. 5:9, 10; 14:1-5.

Ka mor’a ho qeta nako e itseng Japane, Chaena, Philippines, le libakeng tse ling, litho tsa komiti ena li ile tsa nka leeto le leng ka sekepe la lik’hilomithara tse eketsehileng tse 6 400 India. Batho ba bang ba lulang India ba ne ba balile lingoliloeng tsa Mokhatlo ’me ba ne ba ngotse mangolo a bontšang kananelo ea bona bakeng sa tsona hoo e ka bang mathoasong a 1887. Ho ne ho boetse ho fanoe ka bopaki bo mafolo-folo har’a batho ba buang Setamil ho tloha ka 1905 ke mohlankana e mong eo, ha e le moithuti Amerika, a ileng a teana le Moena Russell ’me a ithuta ’nete. Mohlankana enoa o ile a theha lihlopha tsa thuto ea Bibele tse ka bang 40 ka boroa ho India. Empa, ka mor’a ho bolella ba bang, eena ha a ka a amoheloa ka baka la ho lahla litekanyetso tsa Bokreste.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 9:26, 27.

Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka nako e tšoanang, A. J. Joseph, oa Travancore (Kerala), ha ho arabeloa potso eo a ileng a e romela ho setho se hlahelletseng sa Adventist, o ile a romeloa moqolo oa Studies in the Scriptures. O ile a fumana likarabelo tse khotsofatsang tsa Mangolo lipotsong tsa hae ka Boraro-bo-bong. Kapele eena le litho tse ling tsa lelapa ba ile ba ea masimong a reisi le coconut ka boroa ho India ba arolelana le ba bang litumelo tsa bona tseo ba sa tsoa li fumana. Ka mor’a leeto la Moena Russell ka 1912, Moena Joseph o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. O ne a tsamaea ka terene, ka kariki e huloang ke lipholo, ka seketsoana, le ka maoto bakeng sa ho aba lingoliloeng tsa Bibele. Hangata ha a ne a fana ka lipuo tsa phatlalatsa, li ne li sitisoa ke baruti le balateli ba bona. Kundara, ha moruti e mong oa “Mokreste” a sebelisa balateli ba hae ho sitisa seboka se joalo le ho phara Moena Joseph ka bolokoe, motho e mong oa Mohindu ea nang le tšusumetso o ile a tla a tlil’o bona hore na lerata leo le bakoa ke eng. O ile a botsa moruti: ‘Na ke oona mohlala oo Kreste a o behetseng Bakreste hore ba o latele, kapa na seo le se etsang se tšoana le boitšoaro ba Bafarisi ba mehleng ea Jesu?’ Moruti eo o ile a ikhula.

Pele leeto la ho pota lefatše la likhoeli tse ’nè le nkiloeng ke komiti ea IBSA le fela, Moena Russell o ne a lokiselitse hore R. R. Hollister e be moemeli oa Mokhatlo Bochabela le ho latella ho phatlalatsoa ha molaetsa oa tokisetso ea Molimo e lerato ea ’Muso oa Bomessia ho batho moo. Ho ile ha lokisetsoa lipampitšana tse khethehileng ka lipuo tse leshome, ’me tse limillione ho tsona li ile tsa abjoa ho pholletsa le India, Chaena, Japane, le Korea ke baahi ba moo. Eaba libuka li fetoleloa ka lipuo tse ’nè ho tsena ho fana ka lijo tse eketsehileng tsa moea bakeng sa ba bontšang thahasello. E ne e le tšimo e khōlō, ’me ho ne ho sa ntsane ho setse ho hongata ho lokelang ho etsoa. Empa, se neng se finyelletsoe ho fihlela nakong eo e ne e le se makatsang ka sebele.

Ho Ile ha Fanoa ka Bopaki bo Hlollang

Pele ntoa ea pele ea lefatše e timetsang e qhoma, ho ne ho fanoe ka bopaki bo pharalletseng lefatšeng ka bophara. Moena Russell o ne a nkile maeto a ho fana ka lipuo metseng e makholo United States le Canada, a nkile maeto a mangatanyana ho ea Europe, a fane ka lipuo Panama, Jamaica, le Cuba, hammoho le metseng e meholo ea Bochabela. Batho ba mashome a likete ba ne ba utloile lipuo tsa hae tsa Bibele tse susumetsang ’me ba ne ba kile ba mo shebella ha a arabela phatlalatsa ho tsoa ka Mangolong lipotso tse botsoang ke metsoalle le lira. Ka hona ho ile ha tsosoa thahasello e khōlō, ’me likoranta tse likete Amerika, Europe, Afrika Boroa, le Australia li ile tsa hatisa lipuo tsa Moena Russell nako le nako. Libuka tse limillione, hammoho le lipampitšana le lingoliloeng tse ling tse makholo a limillione ka lipuo tse 35, li ne li abiloe ke Liithuti tsa Bibele.

Le hoja karolo ea hae e bile e tsotehang joalo, hase Moena Russell feela ea neng a bolela. Ba bang le bona, ba hasaneng ho pota lefatše, ba ne ba kopanela ka mantsoe a bona e le lipaki tsa Jehova le tsa Mora oa hae, Jesu Kreste. Ba neng ba kopanela e ne e se libui tsa phatlalatsa kaofela. Ba ne ba tsoa mefuteng eohle ea bophelo, ’me ba ne ba sebelisa mokhoa o mong le o mong o loketseng oo ba ka o khonang ho phatlalatsa litaba tse molemo.

Ka January 1914, ha ho fela ha Linako tsa Balichaba ho saletsoe ke nako e ka tlaase ho selemo feela, ho ile ha fanoa ka bopaki bo bong hape bo matla. E bile “Photo-Drama of Creation,” e ileng ea hatisa ka mokhoa o mocha morero oa Molimo ka lefatše. E ile ea etsa sena ka li-slide tse ntle tsa ’mala tse ferefiloeng ka letsoho le libaesekopo, tse tsamaisanang le molumo. Setsi sa khatiso sa sechaba United States se ile sa tlaleha hore ho pholletsa le naha bamameli ba etsang kakaretso ea makholo a likete ba ne ba e shebella beke le beke. Bofelong ba selemo sa pele, lenane-kakaretso la ba bileng teng United States le Canada le ne le fihlile ho ba ka bang limillione tse robeli. London, Engelane, ho bile le matšoele a eketsehileng Opera House le Royal Albert Hall a neng a tlil’o shebella nehelano ena e nang le likarolo tse ’nè tsa bolelele ba lihora tse peli. Nakong ea likhoeli tse tšeletseng, batho ba fetang 1 226 000 ba ne ba bile teng metseng e 98 Lihleke-hlekeng tsa Brithani. Matšoele a leng Jeremane le Switzerland a ile a tlala tsoete liholong tse ling tse fumanehang. E ile ea boela ea shebelloa ke bamameli ba bangata Scandinavia le Pacific Boroa.

Ke bopaki bo tsotehang hakaakang, bo matla, bo fanoeng lefatšeng lohle mathoasong a lilemo tseo tse mashome tsa histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova! Empa, ha e le hantle, e ne e le hona mosebetsi o qalang.

Ke ba makholo a seng makae feela ba neng ba kopanetse ka mafolo-folo ho phatlalatseng ’nete ea Bibele mathoasong a bo-1880. Ka 1914, ho latela litlaleho tse fumanehang, ho bile le ba ka bang 5 100 ba ileng ba kopanela mosebetsing. Mohlomong ka linako tse ling ba bang ba ile ba aba lipampitšana. Basebetsi ba ne ba batla ba fokola.

Sehlopha sena se senyenyane sa baevangeli, ka litsela tse sa tšoaneng, se ne se se se ntse se phatlalalitse boboleli ba sona ba ’Muso oa Molimo linaheng tse 68 karolong e qetellang ea 1914. ’Me mosebetsi oa sona joaloka baboleli le matichere a Lentsoe la Molimo o ile oa thehoa holim’a motheo o tsitsitseng linaheng tse 30 ho tsena.

Libuka tse limillione le lipampitšana tse makholo a limillione li ne li abiloe pele Linako tsa Balichaba li fela. Ho phaella moo, ka 1913 nako le nako hoo e ka bang likoranta tse 2 000 li ne li phatlalatsa lipuo tse lokiselitsoeng ke C. T. Russell, ’me ka selemo sa 1914 kakaretso ea bamameli ba fetang 9 000 000 lik’honthinenteng tse tharo e ile ea shebella “Photo-Drama of Creation.”

Ka sebele, ho ne ho fanoe ka bopaki bo hlollang! Empa ho ne ho sa ntsane ho e-na le ho hongata haholo ho tla tla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlaleho e felletseng ea leeto lena la ho pota lefatše e hlaha ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 15, 1912.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 405]

C. T. Russell ka boeena o ile a fana ka lipuo tsa Bibele metseng e fetang 300 (libakeng tse bontšitsoeng ka matheba) Amerika Leboea le Caribbean—ho e mengata ea eona o ile a li fana ka makhetlo a 10 kapa a 15

[’Mapa]

(Sheba sengoliloeng)

[’Mapa o leqepheng la 407]

(Sheba sengoliloeng)

Maeto a Russell a boboleli Europe, hangata a feta le Engelane

1891

1903

1908

1909

1910 (habeli)

1911 (habeli)

1912 (habeli)

1913

1914

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 408]

Ha a kholisehile hore o fumane ’nete, Andreas Øiseth o ile a aba lingoliloeng tsa Bibele ka cheseho hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea Norway

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

NORWAY

Arctic Circle

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 409]

Adolf Weber, molemi ea ikokobelitseng, o ile a phatlalatsa litaba tse molemo ho tloha Switzerland ho ea linaheng tse ling Europe

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BELGIUM

JEREMANE

SWITZERLAND

ITALY

FORA

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 413]

Bellona Ferguson, Brazil—“ha ho batho ba hōle haholo hore ba ka finyelloa”

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BRAZIL

[’Mapa o leqepheng la 415]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ALASKA

CANADA

GREENLAND

ST. PIERRE & MIQUELON

UNITED STATES OF AMERICA

BERMUDA

BAHAMAS

TURKS & CAICOS ISLANDS

CUBA

MEXICO

BELIZE

JAMAICA

HAITI

DOMINICAN REPUBLIC

PUERTO RICO

CAYMAN ISLANDS

GUATEMALA

EL SALVADOR

HONDURAS

NICARAGUA

COSTA RICA

PANAMA

VENEZUELA

GUYANA

SURINAME

FRENCH GUIANA

COLOMBIA

ECUADOR

PERU

BRAZIL

BOLIVIA

PARAGUAY

CHILE

ARGENTINA

URUGUAY

FALKLAND ISLANDS

VIRGIN ISLANDS (U.S.)

VIRGIN ISLANDS (BRITISH)

ANGUILLA

ST. MAARTEN

SABA

ST. EUSTATIUS

ST. KITTS

NEVIS

ANTIGUA

MONTSERRAT

GUADELOUPE

DOMINICA

MARTINIQUE

ST. LUCIA

ST. VINCENT

BARBADOS

GRENADA

TRINIDAD

ARUBA

BONAIRE

CURAÇAO

LEOATLE LA ATLANTIC

LEOATLE LA CARIBBEAN

LEOATLE LA PACIFIC

[’Mapa o leqepheng la 416, 417]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

GREENLAND

SWEDEN

ICELAND

NORWAY

FAEROE ISLANDS

FINLAND

RUSSIA

ESTONIA

LATVIA

LITHUANIA

BELARUS

UKRAINE

MOLDOVA

GEORGIA

ARMENIA

AZERBAIJAN

TURKMENISTAN

UZBEKISTAN

KAZAKHSTAN

TAJIKISTAN

KYRGYZSTAN

POLAND

JEREMANE

NETHERLANDS

DENMARK

BRITHANI

IRELAND

BELGIUM

LUXEMBOURG

LIECHTENSTEIN

SWITZERLAND

CZECHOSLOVAKIA

AUSTRIA

HUNGARY

ROMANIA

YUGOSLAVIA

SLOVENIA

CROATIA

BOSNIA & HERZEGOVINA

BULGARIA

ALBANIA

ITALY

GIBRALTAR

SPAIN

PORTUGAL

MADEIRA

MOROCCO

WESTERN SAHARA

SENEGAL

ALGERIA

LIBYA

EGEPETA

LEBANON

ISRAEL

CYPRUS

SYRIA

TURKEY

IRAQ

IRAN

BAHRAIN

KUWAIT

JORDAN

SAUDI ARABIA

QATAR

UNITED ARAB EMIRATES

OMAN

YEMEN

DJIBOUTI

SOMALIA

ETHIOPIA

SUDAN

CHAD

NIGER

MALI

MAURITANIA

GAMBIA

GUINEA-BISSAU

SIERRA LEONE

LIBERIA

CÔTE D’IVOIRE

GHANA

TOGO

BENIN

EQUATORIAL GUINEA

ST. HELENA

GUINEA

BURKINA FASO

NIGERIA

CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

CAMEROON

SÃO TOMÉ

CONGO

GABON

ZAIRE

ANGOLA

ZAMBIA

NAMIBIA

BOTSWANA

AFRIKA BOROA

LESOTHO

SWAZILAND

MOZAMBIQUE

MADAGASCAR

RÉUNION

MAURITIUS

RODRIGUES

ZIMBABWE

MAYOTTE

COMOROS

SEYCHELLES

MALAWI

TANZANIA

BURUNDI

RWANDA

UGANDA

FORA

PAKISTAN

AFGHANISTAN

NEPAL

BHUTAN

MYANMAR

BANGLADESH

INDIA

SRI LANKA

GREECE

MALTA

TUNISIA

KENYA

LEOATLE LA ATLANTIC

LEOATLE LA INDIAN

ALASKA

MONGOLIA

DEMOCRATIC PEOPLE’S REPUBLIC OF KOREA

JAPANE

REPHABLIKI EA KOREA

CHAENA

MACAO

TAIWAN

HONG KONG

LAOS

THAILAND

VIETNAM

CAMBODIA

PHILIPPINES

BRUNEI

MALAYSIA

SINGAPORE

INDONESIA

SAIPAN

ROTA

GUAM

YAP

BELAU

CHUUK

POHNPEI

KOSRAE

MARSHALL ISLANDS

NAURU

PAPUA NEW GUINEA

AUSTRALIA

NEW ZEALAND

NORFOLK ISLAND

NEW CALEDONIA

WALLIS & FUTUNA ISLANDS

VANUATU

TUVALU

FIJI

KIRIBATI

TOKELAU

HAWAII

WESTERN SAMOA

AMERICAN SAMOA

NIUE

TONGA

COOK ISLANDS

TAHITI

SOLOMON ISLANDS

LEOATLE LA PACIFIC OCEAN

LEOATLE LA INDIAN

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 421]

A. J. Joseph, oa India, hammoho le morali oa hae Gracie, ea ileng a sebeletsa e le moromuoa ea koetlisitsoeng Gileade

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

INDIA

[Setšoantšo se leqepheng la 411]

Hermann Herkendell, hammoho le monyaluoa oa hae, ba ile ba nka leeto la phomolo ka mor’a lenyalo la likhoeli tse ngata bakeng sa ho bolela har’a batho ba buang Sejeremane Russia

[Litšoantšo tse leqepheng la 412]

Barekisi ba libuka tsa bolumeli Engelane le Scotland ba ile ba etsa boiteko ba ho fa e mong le e mong monyetla oa ho amohela bopaki; esita le bana ba bona ba ne ba ba thusa ho abeng lipampitšana

[Setšoantšo se leqepheng la 414]

E. J. Coward o ile a phatlalatsa ’nete ea Bibele ka cheseho tikolohong ea Caribbean

[Setšoantšo se leqepheng la 418]

Frank Grove (ka ho le letšehali) le Ed Nelson (ba bonoang mona ba na le basali ba bona) ka bomong ba ile ba nehelana ka lilemo tse fetang 50 ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso ka nako e tletseng ho pholletsa le New Zealand

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 420]

C. T. Russell le metsoalle e meraro ba ile ba nka leeto ho pota lefatše ka 1911-12 bakeng sa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela