Khaolo ea 13
Lebaka Leo ho Phela Bophelo ba Bomolimo ho Tlisang Thabo
1. Ke hobane’ng ha re bolela hore tsela ea Jehova e tlisa thabo?
Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore u thabele bophelo. (1 Timothea 1:11) Ka ho tsamaea tseleng ea hae, u ka ithuela molemo le ho latsoa khutso e tebileng le e sa feleng, joaloka nōka e sa khaotseng ho phalla. Ho tsamaea tseleng ea Molimo ho boetse ho susumelletsa motho hore a tsoele pele ho etsa liketso tsa ho loka, “joalo ka maqhubu a leoatle.” Hona ho tlisa thabo ea ’nete.—Esaia 48:17, 18.
2. Bakreste ba ka thaba joang le hoja ka linako tse ling ba tšoaroa hampe?
2 Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa, ‘Ka linako tse ling batho ba utloa bohloko ka lebaka la ho etsa se nepahetseng.’ Ke ’nete, ’me seo ke se etsahalletseng baapostola ba Jesu. Leha ho le joalo, le hoja ba ile ba hlorisoa, ba ile ba thaba ’me ba tsamaea ba “bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste.” (Liketso 5:40-42) Re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho sena. E ’ngoe ke hore ho phela ha rōna bophelo ba bomolimo ha ho fane ka tiiso ea hore kamehla re tla tšoaroa hantle. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Lebaka la sena ke hore Satane le lefatše la hae ba khahlanong le ba phelang ka tsela ea bomolimo. (Johanne 15:18, 19; 1 Petrose 5:8) Empa thabo ea ’nete ha e-ea itšetleha ka lintho tse ka ntle. Ho e-na le hoo, e hlaha kholisehong ea hore re etsa se nepahetseng ’me ka hona re amoheloa ke Molimo.—Matheu 5:10-12; Jakobo 1:2, 3; 1 Petrose 4:13, 14.
3. Ho rapela Jehova ho lokela ho ama bophelo ba motho joang?
3 Ho na le batho ba nang le boikutlo ba hore ba ka fumana mohau oa Molimo ka ho etsa liketso tsa boinehelo seoelo empa hore ba ka mo lebala ka linako tse ling. Borapeli ba ’nete ba Jehova Molimo ha bo joalo. Bo ama boitšoaro ba motho lihoreng tsohle tseo a phaphameng ka tsona, letsatsi le letsatsi, selemo le selemo. Ke ka lebaka leo bo boetseng bo bitsoa “Tsela Eo.” (Liketso 19:9; Esaia 30:21) Ke tsela ea bomolimo ea ho phela e re hlokang hore re bue le ho nka bohato tumellanong le Lentsoe la Molimo.
4. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa liphetoho e le hore ho ka pheloa tumellanong le litsela tsa Molimo?
4 Ha liithuti tse ncha tsa Bibele li bona hore ho hlokahala li etse liphetoho e le hore li ka thabisa Jehova, li ka ’na tsa ipotsa, ‘Na bophelo ba bomolimo bo hlile bo tšoaneloa ke ho pheloa?’ U ka kholiseha hore ho joalo. Hobane’ng? Hobane “Molimo ke lerato,” ka hona litsela tsa hae li reretsoe ho re tsoela molemo. (1 Johanne 4:8) Molimo o boetse o bohlale ’me o tseba se molemohali bakeng sa rōna. Kaha Jehova Molimo o matla ’ohle, o khona ho re matlafatsa ho phethahatsa takatso ea rōna ea ho mo thabisa ka ho khaotsa mokhoa o mobe. (Bafilippi 4:13) A re hlahlobeng e meng ea melao-motheo e amehang bophelong ba bomolimo ’me re bone kamoo ho e sebelisa ho tlisang thabo kateng.
BOTŠEPEHI BO FELLA KA THABO
5. Bibele e re’ng ka ho bua leshano le bosholu?
5 Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Ha ho pelaelo hore u lakatsa ho latela mohlala oa hae ’me u tsejoe u le motho oa ’nete. Botšepehi bo lebisa boitlhomphong le boikutlong ba boiketlo. Kaha ho hloka botšepehi ho tloaelehile haholo lefatšeng lena la boetsalibe, Bakreste ba hloka khopotso ena: “Le bue ’nete e mong le e mong oa lōna le moahelani oa hae . . . Ea utsoang a a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a a etse mosebetsi o thata . . . e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:25, 28) Bahiruoa ba Bakreste ba etsa mosebetsi oa letsatsi ka botšepehi. Ntle leha mohiri oa bona a ba fa tumello, ha ba inkele lintho tsa hae. E bang ke mosebetsing, sekolong, kapa hae, morapeli oa Jehova o tlameha hore a ‘tšepahale linthong tsohle.’ (Baheberu 13:18) Mang kapa mang ea itloaetsang ho bua leshano kapa ho utsoa a ke ke a fumana mohau oa Molimo.—Deuteronoma 5:19; Tšenolo 21:8.
6. Botšepehi ba motho ea tšabang Molimo bo ka tlisa thoriso ho Jehova joang?
6 Ho ba ea tšepahalang ho fella ka mahlohonolo a mangata. Selina ke mohlolohali oa Moafrika ea futsanehileng ea ratang Jehova Molimo le melao-motheo ea hae e lokileng. Ka letsatsi le leng, o ile a thola mokotlana o tšetseng bukana ea banka le chelete e ngata. Ka ho sebelisa buka ea lithelefono, o ile a khona ho fumana mong’a oona—mohlokomeli oa lebenkele ea neng a utsoelitsoe. Monna eo o ne a sa lumele seo a se bonang ha Selina, le hoja a ne a kula haholo, a mo etela ’me a khutlisa tsohle tse neng li le ka mokotlaneng. “Botšepehi bo joalo bo tlameha ho putsoa,” a rialo ’me a mo fa chelete e itseng. Habohlokoa le ho feta, monna enoa o ile a rorisa bolumeli ba Selina. E, liketso tsa botšepehi li khabisa thuto ea Bibele, li rorisa Jehova Molimo, ’me li tlisetsa barapeli ba hae ba tšepahalang thabo.—Tite 2:10; 1 Petrose 2:12.
HO FANA KA SEATLA SE BULEHILENG HO TLISA THABO
7. Ho phoso ke eng ka ho becha?
7 Ho na le thabo ka ho ba ea fanang ka seatla se bulehileng, ha batho ba meharo ba ke ke ba “rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:10) Mokhoa o tloaelehileng oa meharo ke ho becha, e leng boiteko ba ho etsa chelete ka ho lahleheloa ha ba bang. Jehova ha a amohele ba “meharo ea leruo la ho se tšepahale.” (1 Timothea 3:8) Esita le moo ho becha ho lumelletsoeng ka molao ’me motho a becha bakeng sa boithabiso, a ka fetoha ea ho lemalletseng ’me ea e-ba ea buellang mokhoa ona o sentseng bophelo ba ba bangata. Hangata ho becha ho tlisa mathata lelapeng la ea bechang, eo mohlomong a setseng ka chelete e nyenyane ea ho reka lintho tse hlokahalang tse kang lijo le liaparo.—1 Timothea 6:10.
8. Jesu o ile a beha mohlala o motle oa ho fana ka seatla se bulehileng joang, ’me re ka ba ba fanang ka seatla se bulehileng joang?
8 Ka lebaka la ho fana ha bona ho lerato ka seatla se bulehileng, Bakreste ba thabisoa ke ho thusa ba bang, haholo-holo balumeli-’moho le bona ba hlokang. (Jakobo 2:15, 16) Pele Jesu a tla lefatšeng, o ile a hlokomela ho fana ha Molimo ka seatla se bulehileng ho moloko oa batho. (Liketso 14:16, 17) Jesu ka boeena o ile a fana ka nako ea hae, litalenta tsa hae, esita le bophelo ba hae molemong oa moloko oa batho. Kahoo, o ne a tšoaneleha hantle hore a re: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) Jesu o ile a boela a bua hantle ka mohlolohali ea futsanehileng eo ka seatla se bulehileng a ileng a nokela licheletana tse peli polokelong ea letlotlo la tempele, hobane o ne a fane ka “sohle seo a neng a phela ka sona.” (Mareka 12:41-44) Baiseraele ba boholo-holo le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba fana ka mehlala ea thabo ea ho fana ka seatla se bulehileng ka ho tšehetsa ka lintho tse bonahalang phuthehong le mosebetsing oa ’Muso. (1 Likronike 29:9; 2 Bakorinthe 9:11-14) Ho phaella ho etseng menehelo ea lintho tse bonahalang bakeng sa merero ena, Bakreste ba kajeno ka thabo ba rorisa Molimo ’me ba sebelisa bophelo ba bona tšebeletsong ea hae. (Baroma 12:1; Baheberu 13:15) Jehova o ba hlohonolofaletsa ho sebelisa nako ea bona, matla, le matlotlo a mang, ho akarelletsa le lichelete tsa bona, ho tšehetsa borapeli ba ’nete le ho ntšetsa pele mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Liproverbia 3:9, 10.
MABAKA A MANG A HŌLISANG THABO
9. Ho phoso ke eng ka ho noa lino tse tahang ka ho feteletseng?
9 Hore e be ba thabileng, Bakreste ba tlameha le ‘ho lebela matla a bona a kelello.’ (Liproverbia 5:1, 2) Hona ho hloka hore ba bale le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse hahang tsa Bibele. Empa ho na le lintho tse lokelang ho qojoa. Ka mohlala, ho noa lino tse tahang ho feta tekano ho ka etsa hore motho a lahleheloe ke ho laola ho nahana ha hae. Boemong bo joalo, batho ba bangata ba ameha boitšoarong bo bobe, ba itšoara ka mabifi, ’me ba baka likotsi tse bolaeang. Hase feela Bibele e reng matahoa a ke ke a ja lefa la ’Muso oa Molimo! (1 Bakorinthe 6:10) Ba ikemiselitse ho lula e le “ba hlaphohetsoeng likelellong,” Bakreste ba ’nete ba qoba botahoa, ’me hona ho thusa ho hōlisa thabo har’a bona.—Tite 2:2-6.
10. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa sebelise koae? (b) Ke melemo efe e hlahisoang ke ho hlōla mekhoa ea ho lemalla ho itseng?
10 ’Mele o hloekileng o tlatsetsa thabong. Empa, batho ba bangata ba lemalla lintho tse kotsi. Ka mohlala, nahana ka ho sebelisa koae. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlaleha hore ho tsuba “ho bolaea batho ba limilione tse tharo selemo le selemo.” Ho khaotsa ho tsuba koae ho ka ba thata ka lebaka la matšoao a ho khaotsa ho e sebelisa ka nakoana. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba seng ba sa tsube ba fumana hore ba phela hantle ebile ba na le chelete e eketsehileng bakeng sa litlhoko tsa lelapa. E, ho hlōla tloaelo ea koae kapa ho lemalla ntho e ’ngoe e kotsi ho tla tlatsetsa ’meleng o hloekileng, letsoalong le hloekileng, le thabong ea ’nete.—2 Bakorinthe 7:1.
THABO LENYALONG
11. Ho hlokoa eng ho ba le lenyalo la molao le le hlomphehang le tiisetsang?
11 Ba phelang hammoho e le monna le mosali ba lokela ho etsa bonnete ba hore lenyalo la bona le ngolisitsoe ka nepo ka molao. (Mareka 12:17) Hape ho hlokahala ba talime lenyalo e le boikarabelo bo tebileng. Ke ’nete, karohano e ka ’na ea hlokahala mabakeng a ho se hlokomele lelapa ka boomo, tšoaro e mpe e feteletseng, kapa ho beoa kotsing ka ho feletseng moeeng. (1 Timothea 5:8; Bagalata 5:19-21) Empa mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Bakorinthe 7:10-17 a khothalletsa balekane ba lenyalo ho lula hammoho. Bakeng sa ho ba le thabo ea ’nete, ba tlameha ho tšepahala e mong ho e mong. Pauluse o ile a ngola: “Lenyalo a le hlomphehe har’a bohle‚ le liphate tsa lenyalo li hloke litšila‚ kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Mantsoe “liphate tsa lenyalo” a bolela kamano ea botona le botšehali pakeng tsa monna le mosali ba nyalaneng ka molao. Ha ho kamano e ’ngoe ea botona le botšehali, e kang lenyalo ho basali ba bang ntle ho a le mong, e ka hlalosoang e le e ‘hlomphehang har’a bohle.’ Ho feta moo, Bibele e nyatsa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo le bosodoma.—Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 6:18.
12. Tse ling tsa litholoana tse mpe tsa bohlola ke life?
12 Bohlola bo ka ’na ba tlisa metsotso e seng mekae ea monate oa nama, empa ha bo felle ka thabo ea ’nete. Ha bo thabise Molimo ’me bo ka senya letsoalo la motho. (1 Bathesalonika 4:3-5) Liphello tse bohloko tsa kamano ea botona kapa botšehali eo eseng ea molao e ka ’na ea e-ba AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Tlaleho e ’ngoe ea bongaka e re: “Ho ’nile ha hakanngoa hore batho ba fetang limilione tse 250 lefatšeng ka bophara selemo le selemo ba tšoaetsoa ke qhoshola, ’me ba ka bang limilione tse 50 ke mokaola.” Ho boetse ho na le bothata ba kemaro e sa batleheng. International Planned Parenthood Federation e tlaleha hore, lefatšeng lohle, banana ba fetang limilione tse 15 ba pakeng tsa lilemo tse 15 le 19 e ba baimana selemo le selemo, ’me karolo ea boraro ea bona e ntša limpa. Phuputso e bontšitse hore naheng e ’ngoe ea Afrika, mathata a ho ntša limpa a fella ka ho shoa ha banana bohle ba lilemong tsa bocha ba etsang karolo ea 72 lekholong. Lihlola tse ling li ka ’na tsa phonyoha mafu le kemaro empa eseng tšenyeho maikutlong. Ba bangata ba lahleheloa ke boitlhompho e bile baa inyonya.
13. Ke mathata afe a eketsehileng a bakoang ke bofebe, ’me ba tsoelang pele ho ba lihlola le bafebi ba letetsoe ke eng?
13 Le hoja bofebe bo ka tšoareloa, ke motheo o tiileng oa Mangolo bakeng sa tlhalo ka lehlakoreng la molekane ea se nang molato. (Matheu 5:32; bapisa le Hosea 3:1-5.) Ha boitšoaro bo joalo bo bobe bo fella ka ho qhalana ha lenyalo, hona ho ka ’na ha siea lebali le tebileng la maikutlo ho molekane ea se nang molato le ho bana. Molemong oa lelapa la batho, Lentsoe la Molimo le totobatsa hore kahlolo ea hae e boima e tla oela lihlola le bafebi ba sa bakeng. Ho feta moo, le bontša ka ho hlaka hore ba tloaetseng boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali “ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19, 21.
“HASE KAROLO EA LEFATŠE”
14. (a) Mefuta e meng ea borapeli ba litšoantšo ke efe e qojoang ke motho ea tšabang Molimo? (b) Ho fanoa ka tataiso efe ho Johanne 17:14 le Esaia 2:4?
14 Ba lakatsang ho khahlisa Jehova le ho thabela mahlohonolo a ’Muso ba qoba mofuta leha e le ofe oa borapeli ba litšoantšo. Bibele e bontša hore ho fosahetse ho etsa litšoantšo le ho li rapela, ho kopanyelletsa le tsa Kreste, kapa tsa ’mè oa Jesu, Maria. (Exoda 20:4, 5; 1 Johanne 5:21) Kahoo, Bakreste ba ’nete ha ba hlomphe litšoantšo, lifapano le liemahale. Ba boetse ba qoba mefuta e batlang e potelletse ea borapeli ba litšoantšo, e kang liketso tsa boinehelo lifolageng le ho bineng lipina tse tlotlisang lichaba. Ha ba qobelloa ho etsa liketso tse joalo, ba hopola mantsoe a Jesu ho Satane: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:8-10) Jesu o ile a bolela hore balateli ba hae “hase karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Hona ho bolela ho se jele pate litabeng tsa lipolotiki le ho phela ka khotso tumellanong le Esaia 2:4, e reng: “Jehova [Molimo] o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”
15. Babylona e Moholo ke eng, ’me liithuti tsa Bibele tse ngata tse ncha li etsa eng ho tsoa ho eona?
15 ‘Ho se be karolo ea lefatše’ ho boetse ho bolela ho khaola maqhama ’ohle le “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Borapeli bo litšila bo ile ba jaleha ho tloha Babylona ea boholo-holo ho fihlela bo nkile taolo e kotsi ea moea holim’a batho lefatšeng ka bophara. “Babylona e Moholo” e akarelletsa malumeli ’ohle ao lithuto tsa ’ona le mekhoa li sa lumellaneng le tsebo ea Molimo. (Tšenolo 17:1, 5, 15) Ha ho morapeli oa Jehova ea tšepahalang ea tlang ho kopanela litšebeletsong tsa tumelo e kopanetsoeng ka ho kopanela borapeli le malumeli a fapaneng kapa ka ho ba le botsoalle ba moea le karolo leha e le efe ea Babylona e Moholo. (Numere 25:1-9; 2 Bakorinthe 6:14) Ka hona, liithuti tse ncha tse ngata tsa Bibele li rometse mangolo mokhatlong oa bolumeli oo e neng e le litho tsa oona a hore ba a o tsoa. Hona ho ba atamelitse haufi le Molimo oa ’nete, joalokaha ho tšepisitsoe: “‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘’me le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ka sebele ke tla le amohela.’” (2 Bakorinthe 6:17; Tšenolo 18:4, 5) Na ho amoheloa ho joalo ke Ntate oa rōna oa leholimo hase seo u se lakatsang ka matla?
HO HLAHLOBA MEKETE EA SELEMO LE SELEMO
16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa keteke Keresemese?
16 Bophelo ba bomolimo bo re lokolla mathateng ao hangata e leng a ho keteka matsatsi a phomolo a lefatše. Ka mohlala, Bibele ha e senole letsatsi le tobileng la tsoalo ea Jesu. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Ke ne ke nahana hore Jesu o tsoetsoe ka la 25 December!’ Hona ho ne ho ke ke ha etsahala hobane o ile a shoa selemo ka 33 C.E. a le lilemo li 33 1/2. Ho feta moo, nakong eo a tsoaloang ka eona, balisana ba ne ba ‘phela naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.’ (Luka 2:8) Naheng ea Iseraele, qetellong ea December ke nako ea selemo e batang, ea lipula, e leng nakong eo linku li neng li lula li koaletsoe bosiu ho li sireletsa boemong ba leholimo ba mariha. Ha e le hantle, la 25 December le ne le behetsoe ka thōko ke Baroma e le letsatsi la tsoalo la molimo oa bona, letsatsi. Makholo a lilemo ka mor’a hore Jesu a be lefatšeng, Bakreste ba bakoenehi ba ile ba amohela letsatsi lena bakeng sa ho keteka tsoalo ea Kreste. Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete ha ba keteke Keresemese kapa letsatsi leha e le lefe le leng la phomolo le theiloeng litumelong tsa bolumeli tsa bohata. Kahobane ba neha Jehova boinehelo bo khethehileng, hape ha ba boloke matsatsi a phomolo a etsang batho ba baetsalibe kapa lichaba melingoana.
17. Ke hobane’ng ha batho ba tšabang Molimo ba sa etse mekete ea matsatsi a tsoalo, hona ke hobane’ng ha bana ba Bakreste ba thabile leha ho le joalo?
17 Ka ho toba Bibele e bolela mekete e ’meli feela ea letsatsi la tsoalo, eo ka bobeli e amang banna ba neng ba sa sebeletse Molimo. (Genese 40:20-22; Matheu 14:6-11) Kaha Mangolo ha a senole letsatsi la tsoalo la monna ea phethahetseng Jesu Kreste, ke hobane’ng ha rōna re ka lebisa tlhokomelo e khethehileng matsatsing a tsoalo a batho ba sa phethahalang? (Moeklesia 7:1) Ha e le hantle, batsoali ba tšabang Molimo ha ba emele letsatsi le khethehileng hore ba bontše bana ba bona lerato. Ngoanana e mong oa Mokreste ea lilemo li 13 o ile a re: “’Na le lelapa leso re ba le lintho tse ngata tse thabisang. . . . Ke atamelane haholo le batsoali ba ka, ’me ha bana ba bang ba mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa keteke matsatsi a phomolo, ke ba bolella hore ke keteka letsatsi le leng le le leng.” Mocha oa Mokreste ea lilemo li 17 o itse: “Lapeng heso, ho fana limpho ke ntho ea selemo ho pota.” Thabo e khōlō e ba teng ha limpho li fanoa ka boithaopo.
18. Ke mokete ofe oa selemo le selemo oo Jesu a ileng a laela balateli ba hae hore ba o boloke, ’me o re hopotsa eng?
18 Ho ba phehellang bophelo ba bomolimo, ho na le letsatsi le le leng selemong leo ka ho khetheha le lokelang ho bolokoa. Ke Sejo sa Morena sa Mantsiboea, hangata se bitsoa Sehopotso sa lefu la Kreste. Mabapi le sona, Jesu o ile a laela balateli ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19, 20; 1 Bakorinthe 11:23-25) Ha Jesu a ne a theha sejo sena bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., o ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu, tse emelang ’mele oa hae oa botho o se nang sebe le mali a hae a phethahetseng. (Matheu 26:26-29) Litšoantšetso tsena li jeoa ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang oa Molimo. Ba nketsoe selekaneng se secha le selekaneng bakeng sa ’Muso, ’me ba na le tšepo ea leholimo. (Luka 12:32; 22:20, 28-30; Baroma 8:16, 17; Tšenolo 14:1-5) Leha ho le joalo, melemo e fumanoa ke bohle ba bang teng moketeng ona mantsiboeeng a tsamaisanang le la 14 Nisane almanakeng ea Sejode ea boholo-holo. Ba hopotsoa ka lerato leo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba le bontšitseng sehlabelong sa thekollo sa ho tšoarela libe se etsang hore bophelo bo sa feleng bo khonehe ho ba fumaneng mohau oa bomolimo.—Matheu 20:28; Johanne 3:16.
MOSEBETSI LE BOITHABISO
19. Bakreste ba tobana le phephetso efe bakeng sa ho iphelisa?
19 Bakreste ba ’nete ba tlamehile ho sebetsa ka thata le ho hlokomela litlhoko tsa bona. Ho finyella sena ho tlisetsa lihlooho tsa malapa boikutlo ba khotsofalo. (1 Bathesalonika 4:11, 12) Empa, haeba mosebetsi oa Mokreste o hohlana le Bibele, sena se ne se tla mo amoha thabo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho thata hore Mokreste a fumane mosebetsi o lumellanang le litekanyetso tsa Bibele. Ka mohlala, bahiruoa ba bang ba lebelletsoe hore ba qhekelle bareki. Ka lehlakoreng le leng, bahiri ba bang ba tla amohela likōpo tse itseng e le hore ba lumellane le letsoalo la mosebetsi ea tšepahalang, ba sa batle ho lahleheloa ke mohiruoa ea tšepahalang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho hlaha’ng, u ka kholiseha hore Molimo o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao hore u fumane mosebetsi o tla u siea ka letsoalo le hloekileng.—2 Bakorinthe 4:2.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba ba hloaeang ha re khetha boithabiso?
20 Kaha Molimo o batla ha bahlanka ba hae ba thabile, ho hlokahala re leka-lekanye mosebetsi o thata le linako tse khathollang tsa boithabiso le phomolo. (Mareka 6:31; Moeklesia 3:12, 13) Lefatše la Satane le buella boithabiso boo e seng ba bomolimo. Empa hore re tle re khahlise Molimo, re tlameha ho hloaea libuka tseo re li balang, mananeo a seea-le-moea le ’mino oo re o mamelang, le likonsarete, lifilimi, lipapali, mananeo a thelevishene, le livideo tseo re li shebellang. Haeba boithabiso boo re ileng ra bo khetha nakong e fetileng bo hohlana le litemoso tse mangolong a kang Deuteronoma 18:10-12, Pesaleme ea 11:5, le Baefese 5:3-5, re tla khahlisa Jehova ’me re tla thaba haholoanyane haeba re etsa liphetoho.
HO HLOMPHA BOPHELO LE MALI
21. Ho hlompha ha rōna bophelo ho lokela ho ama pono ea rōna ka ho ntša mpa joang, hammoho le mekhoa ea rōna le boitšoaro?
21 Hore re tle re be le thabo ea ’nete, ho hlokahala re talime bophelo ba batho bo halalela, joaloka Jehova. Lentsoe la hae le re thibela ho bolaea. (Matheu 19:16-18) Ha e le hantle, Molao oa Molimo ho Iseraele o bontša hore o talima lesea le ka pōpelong e le bophelo ba bohlokoa—eseng e le ntho e ka felisoang. (Exoda 21:22, 23) Ka lebaka leo, re tlameha hore re se ke ra nka bophelo habobebe ka ho sebelisa koae, re hlekefetsa ’mele ea rōna ka lithethefatsi kapa joala, kapa ka ho beha bophelo kotsing ho sa hlokahale. Leha e le hore re lokela ho tšoareha linthong leha e le life tse sokelang bophelo kapa ho hlokomoloha mehato ea tšireletso, ho ka ’nang ha fella ka molato oa mali.—Deuteronoma 22:8.
22. (a) Pono ea bomolimo ke efe ka mali le tšebeliso ea ’ona? (b) Ke mali a mang feela ao a pholosang bophelo e le kannete?
22 Jehova o ile a bolella Noe le lelapa la hae hore mali a emela soule, kapa bophelo. Ka hona, Molimo oa ba thibela ho ja mali leha e le afe. (Genese 9:3, 4) Kaha re litloholo tsa bona, molao oo o-oa re tlama kaofela ha rōna. Jehova o ile a bolella Baiseraele hore mali a ne a lokela ho tšolleloa fatše ’me a ne a sa lokela ho sebelisetsoa merero ea motho. (Deuteronoma 12:15, 16) ’Me molao oa Molimo ka mali o ile oa phetoa ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba laeloa: “Le ’ne le ile . . . mali.” (Liketso 15:28, 29) Ka lebaka la ho hlompha khalalelo ea bophelo, batho ba tšabang Molimo ha ba amohele litšelo tsa mali, esita le haeba ba bang ba hatella hore mokhoa o joalo o tla pholosa bophelo. Meriana e meng e mengata e ka sebelisoang ke lingaka e amohelehang ho Lipaki tsa Jehova e ipakile e sebetsa haholo ’me ha e pepesetse motho likotsing tsa litšelo tsa mali. Bakreste baa tseba hore ke mali a tšolohileng a Jesu feela a pholosang bophelo e le kannete. Tumelo ho oona e tlisa tšoarelo le tebello ea bophelo bo sa feleng.—Baefese 1:7.
23. E meng ea meputso ea tsela ea bomolimo ea bophelo ke efe?
23 Ka ho hlakileng, ho phela bophelo ba bomolimo ho hloka boiteko. Ho ka ’na ha fella ka hore litho tsa lelapa kapa metsoalle ba u some. (Matheu 10:32-39; 1 Petrose 4:4) Empa meputso ea ho phela bophelo bo joalo e feta hōle liteko leha e le life. Ho fella ka letsoalo le letle ’me ho fana ka botsoalle bo hahang le barapeli-’moho le uena ba Jehova. (Matheu 19:27, 29) Joale, nahana hape ka ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo. (Esaia 65:17, 18) ’Me ke thabo e kaakang ho lumellana le keletso ea Bibele ’me kahoo u thabisa pelo ea Jehova! (Liproverbia 27:11) Hase feela ho phela bophelo ba bomolimo ho tlisang thabo!—Pesaleme ea 128:1, 2.
Mabaka a mang ke afe ao ka ’ona ho phela bophelo ba bomolimo ho tlisang thabo?
Ho phela ka ho tšaba Molimo ho ka hloka liphetoho life?
Ke hobane’ng ha u batla ho phela bophelo ba bomolimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 124, 125]
Ho leka-lekanya mesebetsi ea moea le linako tsa boikhathollo ho ka tlatsetsa thabong ea ba phelang bophelo ba bomolimo