Khaolo ea 14
U Lokela ho Amohela Matla a Mang a ho Laela?
1, 2. Na mefuta eohle ea matla a ho laela e kotsi? Hlalosa.
“MATLA A HO LAELA” ke mantsoe a sa rateheng ho batho ba bangata. Ke ntho e utloahalang, hobane matla a ho laela hangata a sebelisoa hampe—mosebetsing, lapeng, le mebusong. Ka tsela ea sebele Bibele e re: ‘Batho ba rena holim’a ba bang, ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) E, ba bangata ba ’nile ba busa ba bang ka mokhoa oa bohatelli le oa ho ameha ka lithahasello tsa botho feela.
2 Empa hase matla ’ohle a ho laela a kotsi. Ka mohlala, ho ka ’na ha thoe ’mele ea rōna e na le matla a ho re laela. E re “laela” ho hema, ho ja, ho noa, le ho robala. Na ee ke khatello? Che. Ho lumellana le lintho tsena tse batloang ho molemong oa rōna. Le hoja ho ikokobeletsa seo ’mele ea rōna e se hlokang ho etsoa ntle le boikhethelo, ho na le mefuta e meng ea matla a ho laela e hlokang ho ikokobetsa ha rōna ka boithaopo. Nahana ka mehlala e meng.
MATLA A PHAHAMENG KA HO FETISISA A HO LAELA
3. Ke hobane’ng ha ka nepo Jehova a bitsoa “’Musi Morena”?
3 Ka makhetlo a fetang 300 ka Bibeleng Jehova o bitsoa “Morena ’Musi.” ’Musi ke ea nang le matla a phahameng ka ho fetisisa a ho laela. Ke eng se fang Jehova tokelo ea boemo boo? Tšenolo 4:11 e-ea arabela: “Ua tšoaneleha, Jehova, uena Molimo oa rōna, ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa ba teng ’me tsa bōptjoa.”
4. Jehova o khetha ho sebelisa matla a hae a ho laela joang?
4 Kaha ke ’Mōpi oa rōna, Jehova o na le tokelo ea ho sebelisa matla a hae a ho laela kamoo a ratang. Sena se ka ’na sa bonahala se tšosa, haholo-holo ha re nahana hore Molimo o na le ‘matla a maholo.’ O bitsoa “Molimo o matla ’ohle”—polelo eo ka Seheberu e fetisang khopolo ea matla a sefutho se fetisisang. (Esaia 40:26; Genese 17:1) Leha ho le joalo, Jehova o bontša matla a hae ka tsela e molemo, hobane tšobotsi ea hae e ka sehloohong ke lerato.—1 Johanne 4:16.
5. Ke hobane’ng ha ho se thata ho ikokobelletsa matla a Jehova a ho laela?
5 Le hoja Jehova a ile a lemosa hore o ne a tla tlisa kotlo holim’a bafosi ba sa bakeng, Moshe o ile a mo tseba haholo-holo e le “Molimo, Molimo o tšepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang litaelo tsa oona, selekane le ’nete.” (Deuteronoma 7:9) Nahana feela! Ea Phahameng ka ho Fetisisa Ea nang le Matla a ho Laela ha a re qobelle hore re mo sebeletse. Ho e-na le hoo, re hulehela ho eena ka lebaka la lerato la hae. (Baroma 2:4; 5:8) Ho ikokobelletsa matla a Jehova a ho laela ebile hoa thabisa, hobane kamehla melao ea hae e sebeletsa molemong oa rōna ka ho feletseng.—Pesaleme ea 19:7, 8.
6. Tseko ea matla a ho laela e hlahile joang tšimong ea Edene, hona e le ka phello efe?
6 Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba qhela borena ba Molimo. Ba ile ba batla ho iketsetsa liqeto ka se setle le se sebe. (Genese 3:4-6) Ka lebaka leo, ba ile ba ntšoa lehaeng la bona la Paradeise. Ka morao ho moo Jehova o ile a lumella batho hore ba etse tokisetso ea matla a ho laela e neng e tla ba nolofalletsa ho phela mokhatlong o hlophisehileng, le hoja o sa phethahala. A mang a matla aa a ho laela ke afe, ’me ke ho isa bohōleng bofe Molimo a lebelletseng hore re ikokobelletse ’ona?
“BA PHAHAMENG BA NANG LE MATLA A HO LAELA”
7. “Ba phahameng ba nang le matla a ho laela” ke bo-mang, hona boemo ba bona bo amana joang le matla a Molimo a ho laela?
7 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela, kaha ha ho matla a ho laela haese ka Molimo.” “Ba phahameng ba nang le matla a ho laela” ke bo-mang? Mantsoe a Pauluse litemaneng tse latelang a bontša hore ke matla a ho laela a mebuso ea batho. (Baroma 13:1-7; Tite 3:1) Jehova ha a ka a qala matla a ho laela a mebuso ea motho, empa e teng ka tumello ea hae. Kahoo Pauluse o ne a ka ngola: “Ba leng teng ba nang le matla a ho laela ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” Hoo ho bontša eng ka matla a ho laela a lefatšeng? Hore a ka tlaasana, kapa aa fokola, ho matla a Molimo a ho laela. (Johanne 19:10, 11) Ka hona, ha ho e-na le khohlano pakeng tsa molao oa motho le molao oa Molimo, Bakreste ba tlameha ho tataisoa ke matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele. Ba “lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
8. U rua molemo joang ho ba phahameng ba nang le matla a ho laela, hona u ka bontša ho ikokobelletsa bona joang?
8 Leha ho le joalo, boholo ba nako ba phahameng ba nang le matla a ho laela ba mebuso ba sebetsa joaloka ‘mosebeletsi oa Molimo ho rōna molemong oa rōna.’ (Baroma 13:4) Ka litsela life? Nahana ka litšebeletso tse ngata tseo ba phahameng ba nang le matla a ho laela ba li etsang, tse kang ho tsamaisa poso, sepolesa le tšireletso ea mollo, bohloeki, le thuto. Pauluse o ile a ngola: “Ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha ke bahlanka ba Molimo sechabeng bao ka mehla ba sebeletsang morero oona ona.” (Baroma 13:6) Mabapi le makhetho kapa tlamo leha e le efe ea molao, re lokela “ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.
9, 10. (a) Ba phahameng ba nang le matla a ho laela ba kena joang tokisetsong ea Molimo? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho tla ba phoso ho hanyetsa ba phahameng ba nang le matla a ho laela?
9 Ka linako tse ling, ba phahameng ba nang le matla a ho laela ba sebelisa matla a bona hampe. Na see se re lokolla boikarabellong ba rōna ba ho lula re ikokobelletsa bona? Che, ha ho re lokolle. Jehova o bona liketso tse fosahetseng tsa bana ba nang le matla a ho laela. (Liproverbia 15:3) Ho lumella ha hae puso ea motho ha ho bolele hore o robela bobolu ba bona leihlo; leha e le hore o lebelletse hore re etse joalo. Ka sebele, haufinyane Molimo o tla ‘robaka a felise mebuso eo kaofela,’ a e nkela sebaka ka puso ea ’muso oa hae o lokileng. (Daniele 2:44) Empa ho fihlela sena se etsahala, ba phahameng ba nang le matla a ho laela ba sebeletsa morero o molemo.
10 Pauluse o ile a hlalosa: “Ea hanyetsang matla a ho laela o eme khahlanong le tokisetso ea Molimo.” (Baroma 13:2) Ba phahameng ba nang le matla a ho laela ke “tokisetso” ea Molimo ka hore ba boloka tekanyo e itseng ea taolo, eo ka ntle ho eona ho neng ho tla rena pherekano e feletseng le mofere-fere. Ho ba hanyetsa ho ne ho tla ba khahlanong le Mangolo ’me e be ho hloka kelello. Ho etsa mohlala: Nka hore u ile ua buuoa ’me moroko oa leqeba o ne o sirelelitse leqeba. Le hoja likhole e se karolo ea ’mele, li sebeletsa morero oa nakoana. Ho ntša likhole tsa oona pele ho nako ho ne ho ka ba kotsi. Ka ho tšoanang, ba nang le matla a ho laela ba mebuso ea batho e ne e se karolo ea morero oa Molimo oa qalong. Leha ho le joalo, ho fihlela ha ’Muso oa hae o busa lefatšeng ka ho feletseng, mebuso ea batho e sa bolokile mokhatlo oa batho o le hammoho, e etsa mosebetsi o nyallanang le thato ea Molimo bakeng sa nako ea hona joale. Ka hona re lokela ho lula re ikokobelletsa ba phahameng ba nang le matla a ho laela, ha re ntse re etelletsa pele molao oa Molimo le matla a hae a ho laela.
MATLA A HO LAELA KA LAPENG
11. U ne u tla hlalosa molao-motheo oa bohlooho joang?
11 Lelapa ke karolo ea motheo ea mokhatlo oa batho. Ka hare ho lona monna le mosali ba ka fumana bolekane bo putsang, ’me bana ba ka sireletsoa le ho koetlisetsoa ho ba batho ba baholo. (Liproverbia 5:15-21; Baefese 6:1-4) Tokisetso e joalo e hlomphehang ho hlokahala e hlophisoe ka tsela e tla nolofalletsa litho tsa lelapa hore li phele ka khotso le ka kutloano. Tsela ea Jehova ea ho finyella sena ke ka molao-motheo oa bohlooho, o akarelitsoeng ka mantsoe ana, a fumanoang ho 1 Bakorinthe 11:3: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.”
12, 13. Hlooho ea lelapa ke mang, ’me ho ka ithutoa eng tseleng eo Jesu a ileng a sebelisa bohlooho ka eona?
12 Monna ke hlooho ea lelapa. Leha ho le joalo, ho na le hlooho ka holim’a hae—Jesu Kreste. Pauluse o ile a ngola: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa eona.” (Baefese 5:25) Monna o bonahatsa boikokobetso ba hae ho Kreste ha a tšoara mosali oa hae ka tsela eo Jesu kamehla a ’nileng a tšoara phutheho ka eona. (1 Johanne 2:6) Matla a maholo a ho laela a filoe Jesu, empa o a sebelisa ka bonolo, lerato le ho nahanela ho hoholo haholo. (Matheu 20:25-28) E le motho, ha ho mohla Jesu a ileng a sebelisa boemo ba hae ba matla a ho laela hampe. O ne a na le ‘maikutlo a bonolo ’me a ikokobelitse pelong,’ ’me o ne a bitsa balateli ba hae “metsoalle” ho e-na le “makhoba.” O ile a ba tšepisa: “Ke tla le khatholla,” ’me ke sona seo a ileng a se etsa.—Matheu 11:28, 29; Johanne 15:15.
13 Mohlala oa Jesu o ruta banna hore bohlooho ba Bokreste hase boemo ba puso e thata. Ho e-na le hoo, ke ba ho hlompha le ba lerato la boitelo. Ka ho hlakileng hona ho ne ho tla behella ka thōko taba ea ho tšoara molekane hampe ’meleng kapa ka lipuo. (Baefese 4:29, 31, 32; 5:28, 29; Bakolose 3:19) Haeba monna oa Mokreste a ne a ka tšoara mosali oa hae hampe, mesebetsi e meng ea hae e ne e tla ba e se nang thuso, ’me lithapelo tsa hae li ne li tla sitisoa.—1 Bakorinthe 13:1-3; 1 Petrose 3:7.
14, 15. Tsebo ea Molimo e thusa mosali joang ho ikokobelletsa monna oa hae?
14 Ha monna a etsisa mohlala oa Kreste, ho bonolo ho mosali oa hae hore a lumellane le mantsoe a Baefese 5:22, 23: “Basali a ba ipehe tlas’a banna ba bona joaloka ho Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.” Feela joalokaha monna a lokela ho ipeha ka tlaase ho Kreste, mosali o tlameha ho ipeha ka tlaase ho monna oa hae. Bibele e boetse e-ea hlakisa hore basali ba khabane ba lokeloa ke tlhompho le thoriso bakeng sa bohlale le mahlahahlaha a bona a bomolimo.—Liproverbia 31:10-31.
15 Ho ipeha ha mosali oa Mokreste ka tlaase ho monna oa hae ho lekanyelitsoe. Hona ho bolela hore Molimo o tlameha ho utluoa ho e-na le motho haeba ho ikokobetsa tabeng e itseng ho ne ho tla fella ka ho tlōla molao oa Molimo. Esita leha ho le joalo, ho ema ha mosali a tiile ho lokela ho kopanngoa le “moea o thōtseng le o bonolo.” Ho lokela ho totobala hore tsebo ea Molimo e mo entse mosali ea molemo. (1 Petrose 3:1-4) Ho lokela ho ba joalo le ho monna oa Mokreste eo mosali oa hae e seng molumeli. Ho lumellana ha hae le melao-motheo ea Bibele ho lokela ho mo etsa monna ea molemo.
16. Bana ba ka etsisa mohlala oa Jesu joang ha a ne a sa le mocha?
16 Baefese 6:1 e thathamisa karolo ea bana, e re: “Le mamele batsoali ba lōna kopanong le Morena, kaha sena se lokile.” Bana ba Bakreste ba latela mohlala oa Jesu, ea ileng a ’na a utloa batsoali ba hae ha a ntse a hōla. E le moshanyana ea mamelang, o ile a “tsoela pele ho hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele le ho amoheleheng ho Molimo le batho.”—Luka 2:51, 52.
17. Tsela eo batsoali ba sebelisang matla a ho laela ka eona e ka ’na ea e-ba le phello efe ho bana ba bona?
17 Tsela eo batsoali ba nkang boikarabelo ba bona ka eona e ka ’na ea ba le tšusumetso mabapi le hore na bana ba bona ba tla hlompha matla a ho laela kapa ba tla a fetohela. (Liproverbia 22:6) Kahoo batsoali ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na ke sebelisa matla a ka a ho laela ka lerato kapa ka thata? Na ke lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe?’ Motsoali ea tšabang Molimo o lebelletsoe ho ba ea lerato le ea nahanelang, empa a tiile mabapi le ho khomarela melao-motheo ea bomolimo. Ka nepo, Pauluse o ile a ngola: “Bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna [ka ho toba, ‘ho ba qholotsa hore ba halefe’], empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4; Bakolose 3:21.
18. Taeo ea botsoali e lokela ho sebelisoa joang?
18 Batsoali ba lokela ho hlahlobisisa mekhoa ea bona ea ho koetlisa, haholo-holo haeba ba lakatsa hore bana ba bona ba mamele ’me kahoo ba ba tlisetse thabo. (Liproverbia 23:24, 25) Ka Bibeleng, taeo ke mofuta o ka sehloohong oa thupelo. (Liproverbia 4:1; 8:33) E hokahanngoa le lerato le bonolo, eseng le bohale le bobatana. Kahoo, batsoali ba Bakreste ho hlokahala ba nke bohato ka bohlale ’me ba itšoare ha ba laea bana ba bona.—Liproverbia 1:7.
MATLA A HO LAELA KA PHUTHEHONG
19. Molimo o lokiselitse taolo e ntle joang ka phuthehong ea Bokreste?
19 Kaha Jehova ke Molimo ea laolehileng, ke ho utloahalang hore o ne a tla fana ka boeta-pele bo nang le matla a ho laela le bo hlophisitsoeng hantle bakeng sa batho ba hae. Ka lebaka leo, o khethile Jesu e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (1 Bakorinthe 14:33, 40; Baefese 1:20-23) Ka tlas’a boeta-pele bo sa bonahaleng ba Kreste, Molimo o thehile tokisetso eo ho eona baholo ba khethiloeng phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ba lisang mohlape ka cheseho, ka boithaopo le ka lerato. (1 Petrose 5:2, 3) Bahlanka ba sebeletsang ba ba thusa ka litsela tse sa tšoaneng ’me ba etsa tšebeletso ea bohlokoa ka phuthehong.—Bafilippi 1:1.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobelletsa baholo ba Bakreste ba khethiloeng, hona ke hobane’ng ha see se le molemo?
20 Mabapi le baholo ba Bakreste, Pauluse o ile a ngola: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse lisoule tsa lōna joaloka ba tla fana ka tlaleho; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheberu 13:17) Ka bohlale, Molimo o tšepetse balebeli ba Bakreste boikarabelo ba ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa ba ka phuthehong. Baholo bana ha ba bōpe sehlopha sa baruti. Ke bahlanka le makhoba a Molimo, ba sebeletsang litlhoko tsa barapeli-’moho le bona, feela joalokaha Monghali oa rōna, Jesu Kreste, a ile a etsa. (Johanne 10:14, 15) Ho tseba hore banna ba tšoanelehang ho ea ka Mangolo ba thahasella tsoelo-pele ea rōna le khōlo ea rōna ea moea ho re khothalletsa hore re sebelisane le bona le ho ba ba ikokobetsang.—1 Bakorinthe 16:16.
21. Baholo ba khethiloeng ba lakatsa ho thusa Bakreste hammoho le bona moeeng joang?
21 Ka linako tse ling, nku e ka ’na ea kheloha kapa ea behoa kotsing ke lintho tsa lefatše. Tlas’a boeta-pele ba Molisa ea ka Sehloohong, baholo e le balisa ba tlaasana ba hlokolosi ho bona litlhoko tsa ba tlhokomelong ea bona ’me ka mafolo-folo ba ba fa tlhokomelo ea botho. (1 Petrose 5:4) Ba etela litho tsa phutheho ’me baa li khothatsa. Ka ho tseba hore Diabolose o batla ho senya khotso ea batho ba Molimo, baholo ba sebelisa bohlale bo tsoang holimo ha ba sebetsana le mathata leha e le afe. (Jakobo 3:17, 18) Ba sebetsa ka thata ho boloka bonngoe le tumelo e kopaneng, e leng ntho eo Jesu ka boeena a ileng a e rapella.—Johanne 17:20-22; 1 Bakorinthe 1:10.
22. Baholo ba fana ka thuso efe ha ho entsoe phoso?
22 Ho thoe’ng haeba Mokreste a oela bobeng kapa a nyahama hobane a entse sebe? Keletso ea Bibele e thobang le lithapelo tsa baholo tse tlohang botebong ba pelo molemong oa hae li ka thusa ho mo tsosolosa hore a phele hantle moeeng. (Jakobo 5:13-15) Banna bana, ba khethiloeng ke moea o halalelang, ba boetse ba na le matla a ho laela a ho sebelisa taeo le ho khalemela mang kapa mang ea phehellang tsela e fosahetseng kapa a le kotsi bohloeking ba moea le ba boitšoaro ba phutheho. (Liketso 20:28; Tite 1:9; 2:15) E le ho boloka phutheho e hloekile, ho ka ’na ha hlokahala hore batho ka bomong ba tlalehe phoso e tebileng. (Levitike 5:1) Haeba Mokreste ea entseng sebe se tebileng a amohela taeo ea Mangolo le khalemelo ’me a bontša bopaki ba pako ea ’nete, o tla thusoa. Leha ho le joalo, batlōli ba phehellang le ba sa bakeng ba molao oa Molimo baa khaoloa.—1 Bakorinthe 5:9-13.
23. Balebeli ba Bakreste ba fana ka eng molemong oa phutheho?
23 Bibele e ile ea bolela esale pele hore tlas’a Jesu Kreste e le Morena, banna ba hōlileng moeeng ba ne ba tla khethoa hore ba fane ka matšeliso, tšireletso, le khatholoho ho batho ba Molimo. (Esaia 32:1, 2) Ba ne ba tla etella pele e le baevangeli, balisa, le mesuoe e le hore ba ka khothalletsa khōlo ea moea. (Baefese 4:11, 12, 16) Le hoja ka linako tse ling balebeli ba Bakreste ba ka ’na ba nyatsa, ba khalemela ka thata, le ho khothatsa balumeli-’moho le bona, ho sebelisa ha bona thuto e phelisang e theiloeng Lentsoeng la Molimo ho thusa ho boloka bohle ba le tseleng e isang bophelong.—Liproverbia 3:11, 12; 6:23; Tite 2:1.
AMOHELA PONO EA JEHOVA KA MATLA A HO LAELA
24. Letsatsi le letsatsi re lekoa ka tseko efe?
24 Monna le mosali ba pele ba ile ba lekoa ka tseko ea ho ipeha tlas’a matla a ho laela. Hase ho makatsang, teko e tšoanang e tobana le rōna letsatsi le letsatsi. Satane Diabolose o hōlisitse moea oa borabele har’a moloko oa batho. (Baefese 2:2) Tsela ea ho ipusa e entsoe hore e bonahale e hohela ho feta ea ho ikokobetsa.
25. Ke melemo efe e teng ea ho hana moea oa borabele oa lefatše le ho ikokobelletsa matla a ho laela ao Molimo aa sebelisang kapa aa lumellang?
25 Leha ho le joalo, re tlameha ho hanela moea oa borabele oa lefatše. Ka ho etsa joalo, re tla fumana hore boikokobetso ba bomolimo bo tlisa meputso e enneng. Ka mohlala, re tla qoba matšoenyeho le ho ferekana tse tloaelehileng ho ba imemelang khathatso ho ba nang le matla a ho laela ba lefatše. Re tla fokotsa khohlano e atileng malapeng a mangata. ’Me re tla thabela melemo ea kopano e mofuthu, le e lerato le balumeli-hammoho le rōna ba Bakreste. Ka holim’a tsohle, ho ikokobetsa ha rōna ha bomolimo ho tla fella ka kamano e ntle le Jehova, Ea Phahameng ka ho Fetisisa Ea nang le Matla a ho Laela.
LEKA TSEBO EA HAO
“Ba phahameng ba nang le matla a ho laela” ke bo-mang, hona re lula re ipeha ka tlaase ho bona joang?
Ke boikarabelo bofe boo molao-motheo oa bohlooho o bo behang ho setho se seng le se seng sa lelapa?
Re ka bontša boikokobetso joang ka phuthehong ea Bokreste?
[Lebokose le leqepheng la 134]
LIA IKOKOBETSA, HA LI HLANOHELE
Ka tšebeletso ea tsona ea boboleli ba phatlalatsa, Lipaki tsa Jehova li supa ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ho moloko oa batho bakeng sa khotso ea ’nete le tšireletseho. Empa baboleli bana ba chesehang ba ’Muso oa Molimo ho hang ha ba hlanohele mebuso eo ba leng tlas’a eona. Ho fapana le moo, Lipaki li har’a baahi ba hlomphehang ka ho fetisisa le ba bolokang molao. Mohlanka e mong oa ’muso naheng e ’ngoe ea Afrika o ile a re: “Hoja lihlopha tsohle tsa bolumeli li ne li tšoana le lipaki tsa Jehova, re ne re ke ke ra ba le babolai, ho thuuoa ha matlo, botlokotsebe, batšoaruoa le libomo tsa athomo. Mamati a ne a ke ke a notleloa nyene le bosiu.”
Ha ba hlokomela sena, bahlanka ba ’muso linaheng tse ngata ba lumelletse mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki hore o tsoele pele o sa sitisoe. Linaheng tse ling, lithibelo li tlositsoe ha ba nang le matla a ho laela ba hlokomela hore Lipaki tsa Jehova ke tšusumetso bakeng sa botle. Ho joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola ka ba utloang ba phahameng ba nang le matla a ho laela: “U ’ne u etse molemo, ’me u tla fumana thoriso e tsoang ho ’ona.”—Baroma 13:1, 3.