Ho Hlompha ba Nang le Matla a ho Laela—Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
KE MANG ea sa leboheng hore ebe mapolesa a na le matla a ho tšoara linokoane tse utsoang thepa ea rōna kapa tse sokelang malapa a rōna? Na ha re ananele hore ebe makhotla a na le matla a ho otla linokoane e le hore a sireletse sechaba?
Litšebeletso tse ling tsa sechaba tse molemo, tse kang ho lokisoa ha litsela, tsamaiso ea likhoerekhoere le thuto—tseo hangata li lefelloang ka makhetho a bokelloang ka taolo ea ’muso—le tsona li ka ’na tsa hopoloa. Bakreste ba ’nete ba ka pele-pele tabeng ea ho lumela hore hoa hlokahala hore ho hlomphuoe ba nang le matla a ho laela ba khethiloeng ka tšoanelo. Empa tlhompho e joalo e fella hokae? Hona ke maemong afe a bophelo moo ho hlokahalang hore ho hlomphuoe ba nang le matla a ho laela?
Matla a ho Laela Sechabeng
Bibele e bolella batho bohle, ebang ke balumeli kapa hase balumeli, hore ba hlomphe matla a ho laela a sechaba, ’me sena se molemong oa sechaba. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena ba Roma ka sena, ’me ho molemo ho hlahloba seo a se buang, joalokaha se tlalehiloe ho Baroma 13:1-7.
Pauluse e ne e le moahi oa Roma, ’me Roma e ne e le ’muso oa lefatše ka nako eo. Lengolo la Pauluse, le ngotsoeng hoo e ka bang ka 56 C.E., le ile la eletsa Bakreste hore e be baahi ba behang mohlala. O ile a ngola: “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela, kaha ha ho matla a ho laela haese ka Molimo; ba leng teng ba nang le matla a ho laela ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”
Mona Pauluse o hlalosa hore ho ne ho ke ke ha e-ba le matla afe kapa afe a ho laela a batho haeba a ne a sa lumelloa ke Molimo. Ka kutloisiso eo ba phahameng ba nang le matla a ho laela ba boemong bo lekanyelitsoeng tokisetsong ea morero oa Molimo. Ka lebaka leo ha ho pelaelo hore “ea hanyetsang matla a ho laela o eme khahlanong le tokisetso ea Molimo.”
Le hoja baahi ba etsang se molemo ba ka rorisoa ke ba phahameng ba nang le matla a ho laela, bana ba nang le matla a ho laela ba boetse ba fuoa matla a ho khalemela bafosi. Ba etsang bobe ba na le mabaka a mangata a ho tšaba tokelo ea ba nang le matla a ho laela ea ho sebeletsa e le ‘bapheteletsi,’ kaha mebuso e etsa seo e le ‘basebeletsi ba Molimo.’
Pauluse o phetha taba ea hae ka ho re: “Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lōna. Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha ke bahlanka ba Molimo sechabeng bao ka mehla ba sebeletsang morero oona ona.”
Boikarabelo ba tšebeliso ea makhetho ke ba ba phahameng ba nang le matla a ho laela, eseng ba motho ea lefang lekhetho. E le moahi ea tšepahalang, Mokreste o lula a e-na le letsoalo le letle. Oa tseba hore ka ho ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela le ka ho lefa makhetho a tšoanelang, hase feela hore o tšehetsa boemo ba sechaba seo a lulang har’a sona empa o boetse o phela tumellanong le seo Molimo a se hlokang.
Lelapa le Matla a ho Laela
Ho thoe’ng ka matla a ho laela ka lapeng? Ha lesea le sa tsoa hlaha, hangata le hula tlhokomelo ka ho lla kapa esita le ka ho bokolla. Empa motsoali ea bohlale o lemoha hore na ha e le hantle lesea lena le hloka’ng a sa lumelle khalefo hore e mo laole. Bana ba bang, ha ba ntse ba hōla, ba tlohelloa hore ba itaole ’me ba lumelloa hore ba ipehele litekanyetso. Ka lebaka la ho hloka phihlelo, ba ka ’na ba kopanela tlōlong ea molao kapa phosong e ’ngoe, ba ferekanya lelapa le sechaba kaofela, joalokaha ba bangata ba nang le matla a ho laela sebakeng ka seng ba tseba sena hantle.
Rosalind Miles, mongoli oa Children We Deserve, o re: “Batsoali ba laea bana ba bona e se e le morao haholo. Nako ea ho qala ke ha ngoana a hlaha.” Haeba ho tloha qalong batsoali ba bua ka lentsoe la molaoli ea mosa, ea tsotellang ’me ba sa feto-fetohe ho seo ba se etsang, kapele bana ba bona ba tla ithuta ho amohela matla ao a ho laela le taeo e lerato e tsoang ho bona.
Bibele e fupere boitsebiso bo bongata mabapi le matla a ho laela ka lapeng. Bukeng ea Liproverbia, Solomone, monna ea bohlale, o hulela tlhokomelo bonngoeng ba batsoali ba tšabang Molimo ka pel’a bana ba bona ha a re: “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 1:8, NW) Ha batsoali ba boloka mofuta oo oa bonngoe bo bontšang kahlolo e molemo ka pel’a bana, bana baa tseba hore na ba eme hokae. Ba ka ’na ba leka ho qabanya batsoali ka boiteko ba ho tsoella mererong ea bona, empa matla a ho laela a batsoali a kopanetsoeng ke tširelo ho bacha.
Bibele e hlalosa hore monna o na le boikarabelo bo ka sehloohong bakeng sa boiketlo ba moea, eseng feela ba bana empa le ba mosali oa hae. Sena se hlalosoa e le bohlooho. Bohlooho boo bo lokela ho sebelisoa joang? Pauluse o bontša hore joalokaha Kreste e le Hlooho ea phutheho, ka ho tšoanang monna ke hlooho ea mosali oa hae. Joale Pauluse oa eketsa: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho [monyaluoa oa hae oa moea] ’me a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa eona.” (Baefese 5:25) Ha monna a latela mohlala oa Jesu a bile a sebelisa bohlooho ka tsela e lerato, moputso oa hae e tla ba “tlhompho e tebileng” ea mosali oa hae. (Baefese 5:33) Bana ba lelapa le joalo le bona ba tla bona molemo oa matla a ho laela ao Molimo a a lokiselitseng ’me ba khothalletsoe ho a amohela.—Baefese 6:1-3.
Batsoali ba se nang balekane, ho akarelletsa le ba lahlehetsoeng ke balekane ka lefu, ba ka sebetsana joang le taba ee? Ebang ke ntate kapa ke ’mè, ba ka ipiletsa ka ho toba matleng a ho laela a Jehova Molimo le Jesu Kreste. Kamehla Jesu o ne a bua ka matla a ho laela—a Ntate oa hae le a Mangolo a bululetsoeng.—Matheu 4:1-10; 7:29; Johanne 5:19, 30; 8:28.
Bibele e fana ka melao-motheo e mengata e mabapi le mathata ao bana ba talimanang le ’ona. Ka ho fumana melao-motheo ena le ka ho e latela, motsoali o tla nolofalloa ke ho eletsa bana ba hae ka lerato le ka tsela e molemo. (Genese 6:22; Liproverbia 13:20; Matheu 6:33; 1 Bakorinthe 15:33; Bafilippi 4:8, 9) Batsoali ba ka boela ba fuputsa boitsebisong bo thehiloeng Bibeleng boo ka ho toba bo hlophiselitsoeng ho ba thusa ho koetlisetsa bana ba bona ho ananela melemo ea ho hlompha matla a ho laela a Mangolo.a
Phutheho ea Bokreste le Matla a ho Laela
“Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Matheu 17:5) Mantsoe ana, a buuoang ke Jehova Molimo ka boeena, a ne a bontša hore Jesu o bua ka matla a ho laela a bomolimo. Seo a se buileng se tlalehiloe litlalehong tse ’nè tsa Kosepele tseo re ka li qotsang habonolo.
Pejana feela a nyolohela leholimong, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ke filoe matla ’ohle a ho laela leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) E le Hlooho ea phutheho ea hae, hase feela hore Jesu o bile seli ho lebela balateli ba tlotsitsoeng ba hae ba hatang moo a hatileng teng ba lefatšeng empa, esale ho tšolloa moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., o boetse o ba sebelisa e le mocha oa ’nete, e le “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47; Liketso 2:1-36) O entse’ng ho finyella sena sohle e le hore a matlafatse phutheho ea Bokreste? “Ha a nyolohela holimo o ile . . . a fana ka limpho tseo e leng banna.” (Baefese 4:8) ‘Limpho tsena tseo e leng banna’ ke baholo ba Bakreste ba khethiloeng ke moea o halalelang ’me ba filoe matla a ho hlokomela lithahasello tsa moea tsa balumeli-’moho le bona.—Liketso 20:28.
Ka lebaka lena Pauluse oa eletsa: “Hopolang ba etellang pele har’a lōna, ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.” Kaha banna bana ba tšepahalang ba hata haufi-ufi le moo Jesu a hatileng teng, ka sebele ho etsisa tumelo ea bona ke bohlale. Joale Pauluse oa eketsa: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, [“le tsoele pele ho amohela matla a bona a ho laela holim’a lōna,” The Amplified Bible] kaha ba lula ba lebetse lisoule tsa lōna joaloka ba tla fana ka tlaleho; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheberu 13:7, 17.
Ho etsahala eng ha tataiso e joalo e hlokomolohuoa? Litho tse ling tsa phutheho ea pele ea Bokreste li ile tsa etsa sona seo ’me ea e-ba bakoenehi. Ho buuoa ka Hymenease le Filetase e le banna ba ileng ba senya tumelo ea ba bang le bao lipuo tsa bona tsa lefeela li neng li ‘silafatsa se halalelang.’ Polelo e ’ngoe ea bona e ne e le hore tsoho e ne e se e etsahetse, ebang ke ea moea kapa ea tšoantšetso, ka lebaka leo ha ho na tsoho e ’ngoe nakong e tlang tlas’a ’Muso oa Molimo.—2 Timothea 2:16-18.
Ba nang le matla a ho laela ba khethiloeng ba ile ba pholosa. Baholo ba Bakreste ba ne ba khona ho hanyetsa liphehisano tse joalo hobane joaloka baemeli ba Jesu Kreste, ba ne ba sebelisa matla a boitsebiso ba Mangolo. (2 Timothea 3:16, 17) Kajeno hoa tšoana ka phuthehong ea Bokreste, e hlalosoang e le “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Ha ho mohla lithuto tsa bohata li tla lumelloa ho senya “mohlala oa mantsoe a phelisang,” oo re o boloketsoeng e le letlotlo le molemo ka Bibeleng.—2 Timothea 1:13, 14.
Le hoja ho hlompha ba nang le matla a ho laela ho ntse ho fela ka potlako lefatšeng, Bakreste ba hlokomela hore ba nang le matla a ho laela a loketseng sechabeng, lelapeng le ka phuthehong ea Bokreste ba behiloe molemong oa rōna. Ho hlompha ba nang le matla a ho laela hoa hlokahala bakeng sa bophelo ba rōna bo botle ’meleng, maikutlong le moeeng. Ka ho amohela le ho hlompha ba joalo ba nang le matla a ho laela bao Molimo a faneng ka bona, re tla sireletsoa ke ba nang le matla a ho laela ba baholo ka ho fetisisa—Jehova Molimo le Jesu Kreste—molemong oa rōna oa ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 119:165; Baheberu 12:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, ka bobeli li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Bibele e fupere boitsebiso bo bongata mabapi le matla a ho laela ka lapeng
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Batsoali ba se nang balekane ba ka ipiletsa ka ho toba matleng a ho laela a loketseng a Jehova Molimo le Jesu Kreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Bakreste ba hlokomela hore ba nang le matla a ho laela a loketseng ka lapeng, ka phuthehong ea Bokreste, le sechabeng ba behiloe molemong oa bona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Photo by Josh Mathes, Collection of the Supreme Court of the United States