Pono ea Lipaki Tsa Jehova ka Thuto
Joaloka batsoali bohle, Lipaki Tsa Jehova li amehile ka bokamoso ba bana ba tsona. Ka lebaka leo li nka thuto e le ea bohlokoa haholo. “Thuto e lokela ho thusa batho hore e be litho tsa sechaba tse molemo. Hape e lokela ho ba thusa ho hlaolela ho lemoha setso sa bona le ho phela bophelo bo khotsofatsang haholoanyane.”
JOALOKAHA taba ena e qotsitsoeng ho The World Book Encyclopedia e bontša, o mong oa merero e meholo ea ho kena sekolo ke ho koetlisetsa bana bophelo ba letsatsi le letsatsi, e leng se akarelletsang ho ba nolofalletsa ho hlokomela litlhoko tsa lelapa nakong e tlang. Lipaki Tsa Jehova li lumela hore bona ke boikarabelo bo halalelang. Bibele ka boeona e re: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Lilemo tse qetoang sekolong li lokisetsa bana boikarabelo boo ba tla bo jara bophelong. Ka hona, Lipaki li ikutloa hore thuto e lokela ho nkoa ka ho teba haholo.
Lipaki li leka ka matla ho phela tumellanong le taelo ea Bibele e reng: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e etse ka lipelo tsa lōna tsohle, joalokaha eka le ne le sebeletsa Morena eseng batho.” (Bakolose 3:23, Today’s English Version) Molao-motheo ona o sebetsa likarolong tsohle tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, ho akarelletsa le sekolong. Kahoo Lipaki li khothalletsa bacha ba tsona ho sebetsa ka thata le ho nka ka ho teba mesebetsi eo ba e abetsoeng sekolong.
Hape Bibele e ruta ho ikokobelletsa melao ea naha eo motho a lulang ho eona. Ka hona, ha ho kena sekolo ho fihlela lilemong tse itseng ho tlama, Lipaki Tsa Jehova li boloka molao ona.—Baroma 13:1-7.
Le hoja re sa nyenyefatse bohlokoa ba koetliso bakeng sa bophelo ba letsatsi le letsatsi, Bibele e bontša hore ona hase oona feela morero oa thuto leha e le hona hore ke o ka sehloohong. Thuto e atlehileng e lokela hore e boele e eketse thabo ea bana ea ho phela le ho ba thusa ho ba le sebaka sechabeng e le batho ba tsitsitseng hantle. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li ikutloa hore ho khetha mesebetsi e etsoang ka mor’a nako ea sekolo ke habohlokoa haholo. Li lumela hore boikhathollo bo molemo, ’mino, lintho tse etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello, ho itlhakisa ’meleng, ho etela lilaebrari le litsi tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, le tse ling tse joalo, li phetha karolo ea bohlokoa thutong e leka-lekaneng. Ho phaella moo, li ruta bana ba tsona ho hlompha batho ba hōlileng le ho batla menyetla ea ho ba thusa.
Ho Thoe’ng ka Thuto e Tlatselletsang?
Ka lebaka la theknoloji e ncha, menyetla ea mesebetsi e fetoha joalo-joalo. Phello ke hore, bacha ba bangata ba tla tlameha ho sebetsa likarolong kapa mesebetsing eo ba sa e koetlisetsoang ka ho khethehileng. Ka lebaka leo, mekhoa ea bona ea ho sebetsa le boikoetliso ba bona ba botho, haholo-holo matla a bona a ho tloaelana le liphetoho, e tla ba tsa bohlokoa bo boholoanyane ho bona. Ka hona, joalokaha mongoli oa meqoqo oa Mehleng ea Liphetoho Montaigne a bontšitse, ho molemo haholoanyane hore liithuti li fetohe batho ba baholo ba nang le ‘lihlooho tse sebelisang tsebo ho e-na le ho ba le lihlooho tse tletseng tsebo.’
Ho hloka mesebetsi, ho leng linaheng tse ruileng le tse futsanehileng, hangata ho beha kotsing bacha ba sa tšoaneleheng ka ho lekaneng bakeng sa menyetla ea mesebetsi. Ka hona, haeba menyetla ea mesebetsi e hloka koetliso e eketsehileng ho phaella ho e tlaase-tlaase e hlokoang ke molao, ho ho batsoali ho tataisa bana ba bona hore ba etse qeto mabapi le thuto e tlatselletsang, ba hlahlobisisa melemo e ka ’nang ea e-ba teng le boitelo boo thuto e joalo e eketsehileng e neng e tla bo akarelletsa.
Leha ho le joalo, mohlomong u tla lumela hore ho atleha bophelong ho akarelletsa se fetang feela ho atleha linthong tse bonahalang. Mehleng ea morao tjena banna le basali ba ’nileng ba tšoareha ka ho feletseng mesebetsing ea bona bophelong bohle ba bona ba ile ba felloa ke morero bophelong ha ba felloa ke mosebetsi. Batsoali ba bang ba tetse bophelo ba bona ba lelapa le nako eo ba ka beng ba ile ba e qeta le bana ba bona, ba lahleheloa ke monyetla o motle oa ho ba thusa ho hōla, hobane ba ne ba tšoarehile ka ho feletseng mesebetsing ea boipheliso.
Ho hlakile hore thuto e leka-lekaneng e lokela ho nahanela hore re hloka ho fetang ho atleha linthong tse bonahalang bakeng sa hore re thabe e le kannete. Jesu Kreste o itse: “Ho ngoliloe: ‘Motho ha a phele ka bohobe feela, empa ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Molimo.’” (Matheu 4:4, New International Version) Joaloka Bakreste, Lipaki Tsa Jehova li utloisisa bohlokoa ba ho hlaolela litšoaneleho tsa boitšoaro le tsa moea hammoho le ho itokisetsa ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Eng kapa eng eo le e etsang, le e etse ka lipelo tsa lōna tsohle, joalokaha eka le ne le sebeletsa Morena.”—Bakolose 3:23, Today’s English Version
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Thuto e lokela ho thusa batho hore e be litho tsa sechaba tse molemo. Hape e lokela ho ba thusa ho hlaolela ho lemoha setso sa bona le ho phela bophelo bo khotsofatsang haholoanyane.”—The World Book Encyclopedia
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Boikhathollo bo molemo, ’mino, lintho tse etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello, ho itlhakisa ’meleng, ho etela lilaebrari le litsi tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa kaofela li phetha karolo ea bohlokoa thutong e leka-lekaneng
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Thuto Mehleng ea Bibele
BIBELE e ruta hore thuto ke ea bohlokoa haholo. E hlalosa Molimo e le ‘Morupeli e Moholo’ oa batho ba hae, ’me ho pholletsa le maqephe a eona e khothalletsa bahlanka ba hae hore ba tebise tsebo ea bona ka eena.—Esaia 30:20, NW.
Mehleng ea Bibele, ke feela lihlopha tse itseng tse khethehileng tse neng li tseba ho bala le ho ngola, tse kang bangoli Mesopotamia le Egepeta. Se fapaneng ka ho hlakileng ke hore e mong le e mong Iseraeleng ea boholo-holo o ne a khothalletsoa ho ithuta ho bala le ho ngola. “Ha ho pelaelo hore phapang e ne e bakoa ke mokhoa oa ho ngola o bonolo haholoanyane oa alfabeta o neng o sebelisoa ke Baheberu. . . . Bohlokoa ba ho ngola ka litlhaku tsa alfabeta historing ea thuto ha boa tšoanela ho hlokomolohuoa. O ile oa tlisa phetoho mekhoeng ea neano ea bangoli ba Egepeta, Mesopotamia, le ba Kanana ea seketeng sa bobeli sa lilemo. Ho tseba ho bala le ho ngola e ne e se e se tšobotsi e khethollang le e ikhethang ea sehlopha sa bangoli le baprista ba litsebi, ba neng ba e-na le tsebo ea mengolo e thata, oa cuneiform le oa litšoantšo.”—Encyclopaedia Judaica.
Mekhoa ea ho Ruta
Iseraeleng ea boholo-holo, ntate le ’mè ba ne ba ruta bana ba sa le banyenyane haholo. (Deuteronoma 11:18, 19; Liproverbia 1:8; 31:26) Ho Dictionnaire de la Bible setsebi sa Bibele E. Mangenot se ile sa ngola: “Ho tloha ha ngoana a qala ho tseba ho bua feela, o ne a ithuta litemana tsa Molao tse seng kae. ’Mè oa hae o ne a pheta-pheta temana; ha a se a e tseba, o ne a mo fa e ’ngoe. Hamorao, bana ba ne ba fuoa litemana tse ngotsoeng tseo ba neng ba se ba tseba ho li pheta ka hlooho. Ba ne ba rutoa ho bala ka tsela eo, ’me ha ba se ba hōla-hōlile, ba ne ba ka ntšetsa pele thuto ea bona ea bolumeli ka ho bala le ho thuisa ka molao oa Morena.”
Lithuso tse sa tšoaneng tsa ho hopola li ne li sebelisoa ho thusa ba bacha le ba hōlileng ho hopola. Tsena li ne li akarelletsa li-acrostic tsa alfabeta (litemana tse latellanang thothokisong tse qalang ka tlhaku e fapaneng ho ea ka tatellano ea litlhaku tsa alfabeta), mantsoe a qalang ka tlhaku e le ’ngoe kapa molumo o tšoanang, le tšebeliso ea linomoro. Hoa thahasellisa hore ebe Almanaka ea Gezer (Archaeological Museum of Istanbul), o mong oa mehlala ea khale ka ho fetisisa ea mongolo oa Seheberu sa boholo-holo, litsebi tse ling li nahana hore ke ho ikoetlisetsa ho tšoara lithuto ka hlooho ho neng ho etsoa ke moshanyana ea kenang sekolo.
Lenaneo la Thuto
Mehleng ea Bibele thuto ea botsoali e ne e akarelletsa koetliso ea ho etsa mosebetsi. Banana ba ne ba rupelloa ho tseba ho etsa mesebetsi ea lelapa. Khaolo ea ho qetela ea buka ea Liproverbia e bontša hore mesebetsi ena e ne e le mengata ebile e sa tšoane; e ne e akarelletsa ho sebetsana le litšebelisano tsa khoebo tse amanang le litša le mehaho le ho tsamaisa khoebo e nyenyane, esita le ho ohla, ho loha, ho pheha, ho reka le ho rekisa, tlhokomelo e akaretsang ea lelapa. Ho ne ho tloaelehile hore bashemane ba rutoe mosebetsi oa boipheliso oa ntate oa bona, ebang ke temo kapa mosebetsi o mong kapa tsebo. Tikolohong ea bolumeli ba Bajode, polelo e latelang e ne e tloaelehile: “Ea sa ruteng mora oa hae mosebetsi o molemo o mo hōlisetsa ho ba lesholu.”
Kahoo, mehleng ea Bibele, thuto e ne e talingoa e le ea bohlokoa bo boholo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Schoolboy’s tablet: By permission of the British Library; Scroll: Bibelmuseum, Münster
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]
Galleria degli Uffizi, Firenze