Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ed maq. 10-13
  • Mananeo a Thuto

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mananeo a Thuto
  • Lipaki Tsa Jehova le Thuto
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Likolo Tse Ling
  • Na Ngoana oa ka o Lokela ho Kena Sekolo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Thuto ea Bibele e Khothalletsa Batho ho Ithuta ho Bala le ho Ngola
    Tsoha!—2015
  • Lenaneo le Pharaletseng la Thuto
    Tsoha!—2001
  • Ho Tseba ho Bala le ho Ngola Har’a Batho ba Molimo
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova le Thuto
ed maq. 10-13

Mananeo a Thuto

Lipaki Tsa Jehova li tsebahala lefatšeng ka bophara ka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele.

KA LEBAKA la ho nka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele e le oa bohlokoa, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha li thahaselle thuto ea lefatše. Empa ha ho joalo. E le hore tichere e khone ho ruta ba bang, e tlameha ho ithuta pele, ’me sena se hloka koetliso le thupelo tse loketseng. Ka hona ho phaella ho sebeliseng thuto ea lefatše hamolemo, Lipaki Tsa Jehova ka lilemo tse ngata li ’nile tsa rua molemo mananeong a sa tšoaneng a thuto le likolong tse tsamaisoang ke Mokhatlo oa Watch Tower. Mananeo ana a thusitse Lipaki le ba bang ho intlafatsa likelellong, boitšoarong, le moeeng.

Ka mohlala, linaheng tse ngata Lipaki li ’nile tsa tobana le phephetso e khethehileng—tsela ea ho ruta batho ba bileng le monyetla o fokolang kapa ba sa kang ba ba le monyetla oa ho rutoa ka tsela e loketseng ’me kahoo ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola. Ho finyella se hlokahalang, Mokhatlo oa Watch Tower o lokiselitse mananeo a ho ithuta ho bala le ho ngola.

Ka mohlala, Nigeria Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tšoara litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola ho tloha ka 1949. Ka 1961, Manigeria a likete a ne a ithutile ho bala ka mokhoa oo, ’me litlaleho tse fumanehang li bontša hore pakeng tsa 1962 le 1994, batho ba eketsehileng ba baholo ba 25 599 ba rutiloe ho bala le ho ngola litlelaseng tsena. Patlisiso ea morao tjena e bontšitse hore karolo e ka holimo ho 90 lekholong ea Lipaki Tsa Jehova Nigeria e ne e tseba ho bala le ho ngola, ha ho bapisoa le karolo e ka tlaase ho 50 lekholong ea baahi ba bang. Mexico, Mokhatlo oa Watch Tower o ’nile oa tsamaisa litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola ho tloha ka 1946. Ka 1994, batho ba ka holimo ho 6 500 ba ne ba rutiloe ho bala le ho ngola. Pakeng tsa 1946 le 1994, ba ka holimo ho 127 000 ba ile ba thusoa ho tseba ho bala le ho ngola. Ho boetse ho lokiselitsoe litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola linaheng tse ling tse ngata, tse kang Bolivia, Cameroon, Honduras, le Zambia.

Hangata ba boholong litabeng tsa thuto linaheng tseo mananeo a joalo a ho ithuta ho bala le ho ngola a ileng a qalisoa ho tsona ba ’nile ba a ela hloko. Ka mohlala, Mexico mohlanka oa ’muso o ile a ngola: “Ke leboha tšebelisano ea lōna, ’me lebitsong la ’muso oa naha ena ke fetisetsa ho lōna lithoholetso tsa bona tse molemo tse tsoang botebong ba pelo ka mosebetsi oa lōna oa bohlokoa o tsoelang pele molemong oa batho oa ho tlisa leseli la tsebo ho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. . . . Ke le lakaletsa katleho mosebetsing oa lōna oa thuto.”

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ka lebaka la ho nka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele e le oa bohlokoahali, Lipaki Tsa Jehova li leka ka matla ho ntlafatsa matla a tsona a ho hlalosetsa ba bang lithuto tsa Bibele. E le hore ho ka fanoa ka thuso ea mofuta ona, phuthehong ka ’ngoe ho tse fetang 75 000 lefatšeng ka bophara, seboka se bitsoang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se tšoaroa beke le beke. Bohle ba ngolisitseng, ebang ke Lipaki kapa che, ba ba le monyetla oa ho fana ka puo e khutšoanyane ka pel’a bamameli sehloohong se ileng sa khethoa esale pele. Ho sa tsotellehe hore na liithuti li lilemo li kae, ka mor’a moo li fumana keletso e tsoang ho morupeli ka sepheo sa ho li koetlisa hore li tsebe ho bala le ho bua phatlalatsa. Esita le ba banyenyane haholo, hang ha ba tseba ho bala, ba ka ngolisa ’me ba fumana koetliso ena, e ipakang e le molemo ho bona le likarolong tse ling, ho akarelletsa le thutong ea bona ea lefatše. Matichere a mangata a ’nile a bolela hore liithuti tsa Lipaki li na le tšekamelo ea ho itlhalosa hamolemo haholo.

Ho phaella moo, phutheho ka ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova e khothalletsoa ho ba le laebrari e nang le lithuso tsa ho ithuta Bibele, lidikshinari, le libuka tse ling tsa litšupiso Holong ea eona ea ’Muso, kapa sebaka sa ho kopanela. Laebrari ena e ka sebelisoa ke bohle ba bang teng libokeng Holong ea ’Muso. Ho bala ho khothalletsoa ka mofuthu liphuthehong tsa tsona, ’me lelapa ka leng ka ho tšoanang le khothalletsoa ho ba le laebrari ea lona e nang le libuka tse ngata tse sa tšoaneng bakeng sa ho finyella se hlokoang ke bana le batho ba baholo.

Likolo Tse Ling

Mokhatlo oa Watch Tower o boetse o na le likolo tsa ho koetlisa baromuoa ba banna le ba basali, esita le likolo tsa ho koetlisa banna ba nang le boikarabelo ba bosebeletsi liphuthehong tsa habo bona. Likolo tsena ke bopaki bo eketsehileng ba hore Lipaki Tsa Jehova li nka thuto e le ea bohlokoa haholo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ho bala ho khothalletsoa ka mofuthu liphuthehong tsa tsona, ’me lelapa ka leng ka ho tšoanang le khothalletsoa ho ba le laebrari ea lona e nang le libuka tse ngata tse sa tšoaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Liithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li koetlisetsoa ho bala le ho bua phatlalatsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela