Phephetso ea ho se Tšoane ha Bolumeli
Joaloka tichere, u tobane le phephetso eo matichere a makholong a fetileng a lilemo a neng a talimana le eona ka seoelo—ho se tšoane ha bolumeli.
HO PHOLLETSA le Mehla e Bohareng, ho ne ho tloaelehile hore baahi ba naha e le ’ngoe e be litho tsa bolumeli bo le bong. Morao tjena qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, Europe e ne e tsebahala ka ho ba le malumeli a seng makae a maholo: Bok’hatholike le Boprostanta ka bophirimela, Boorthodox le Boislam ka bochabela, le Bojode. Ntle ho pelaelo ho se tšoane ha bolumeli ho tloaelehile haholoanyane kajeno Europe le ho pholletsa le lefatše lohle. Ho thehiloe malumeli a sa tloaelehang e le a amohetsoeng ke ba bang har’a matsoalloa ka booona kapa a tlile le bajaki le baphaphathehi.
Kahoo, kajeno linaheng tse kang Australia, Brithani, Fora, Jeremane le United States, re fumana Mamosleme, Mabuddha le Mahindu a mangata. Ka nako e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova, joaloka Bakreste, ka mafolo-folo li sebeletsa linaheng tse fetang 230; e se e le bolumeli ba bobeli ho a maholo ka ho fetisisa Italy le Spain. Naheng ka ’ngoe ho tse 13, palo ea litho tsa tsona tse mafolo-folo e feta 100 000.—Bona lebokose, leqepheng la 15.
Ho se tšoane ha mekhoa ea malumeli a sebakeng ka seng e ka ’na ea e-ba phephetso ho tichere. Ka mohlala, lipotso tse itseng tsa bohlokoa li ka ’na tsa botsoa mabapi le mekete e tloaelehileng: Na seithuti se seng le se seng se lokela ho qobelloa ho kopanela meketeng eohle—ho sa tsotellehe bolumeli ba sona? Ba bangata ba ka ’na ba bona ho se na letho le phoso ka mekete e joalo. Leha ho le joalo, na pono ea malapa ao e leng litho tsa sehlopha se senyenyane seo botho ba sona bo fapaneng le ba batho ba bang ha e-ea lokela hore le eona e hlomphuoe? ’Me ho na le ntlha e ’ngoe e lokelang ho hlahlojoa: Linaheng tseo ho tsona molao o arolang bolumeli ho Mesebetsi ea ’Muso le thuto ea bolumeli e sa lokelang ho kenyelletsoa lenaneong la thuto, na ba bang ba ne ba ke ke ba bona e le ho ikhanyetsa ho etsa hore mekete e joalo e be e qobellang sekolong?
Matsatsi a Tsoalo
Ho se utloisisane ho ka ’na ha hlaha tabeng ea mekete e bonahalang e e-na le kamano e fokolang le bolumeli, haeba e e-na le eona. Sena ke ’nete ka matsatsi a tsoalo, a ketekoang likolong tse ngata. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li hlompha tokelo ea ba bang ea ho keteka matsatsi a tsoalo, ha ho pelaelo hore u hlokometse hore li khetha ho se kopanele meketeng e joalo. Empa mohlomong ha u hlokomele mabaka ao ka ’ona tsona le bana ba tsona li entseng qeto ea ho se kopanele meketeng ena.
Le livre des religions (Buka ea Malumeli), encyclopedia e abjoang ka bophara Fora, e bitsa mokhoa ona neano ’me e o thathamisa har’a “mekete ea lefatše.” Le hoja kajeno e nkoa e le mokhoa oa lefatše o seng kotsi, mekete ea matsatsi a tsoalo ha e le hantle e simolohile boheteneng.
The Encyclopedia Americana (khatiso ea 1991) e re: “Mafatše a boholo-holo a Egepeta, Greece, Roma le Persia a ne a keteka matsatsi a tsoalo ea melimo, marena, le batho ba hlomphehang.” Bangoli Ralph le Adelin Linton ba senola lebaka le ka sehloohong la sena. Bukeng ea bona The Lore of Birthdays, baa ngola: “Mesopotamia le Egepeta, e leng moo tsoelo-pele e simolohileng teng, e boetse ke linaha tsa pele tseo ho tsona batho ba neng ba hopola le ho hlompha matsatsi a bona a tsoalo. Ho boloka tlaleho ea matsatsi a tsoalo e ne e le habohlokoa mehleng ea boholo-holo, haholo-holo hobane letsatsi la tsoalo le ne le hlokahala bakeng sa ho lokisetsa ho noha bophelo ba motho ka linaleli.” Kamano ena e tobileng le bonohe ba linaleli ke sesosa sa kameho e khōlō ho mang kapa mang ea qobang bonohe ba linaleli ka lebaka la seo Bibele e se bolelang ka bona.—Esaia 47:13-15.
Ha ho makatse he, hore ebe re bala sena ho The World Book Encyclopedia: “Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka tsoalo ea Hae [ea Kreste] hobane ba ne ba talima ho keteka tsoalo ea mang kapa mang e le mokhoa oa bahetene.”—Moqolo oa 3, leqepheng la 416.
Re nahanne ka se ka holimo, Lipaki Tsa Jehova li khetha ho se kopanele meketeng ea matsatsi a tsoalo. Ka sebele, tsoalo ea ngoana ke ketsahalo e thabisang le e hlollang. Ka tlhaho, batsoali bohle baa thaba ha bana ba bona ba hōla ba thuthua ha selemo se seng le se seng se feta. Lipaki Tsa Jehova le tsona li thaba haholo ha li bontša lerato la tsona bakeng sa lelapa le metsoalle ka ho fana ka limpho le ho ithabisa hammoho le bona. Leha ho le joalo, ha li nahana ka tšimoloho ea mekete ea matsatsi a tsoalo, li ikhethela ho etsa seo ka linako tse ling ho pholletsa le selemo.—Luka 15:22-25; Liketso 20:35.
Keresemese
Keresemese e ketekoa lefatšeng ka bophara, esita le linaheng tse ngata tseo e seng tsa Bokreste. Kaha bongata ba malumeli a Bokreste-’mōtoana bo amohela letsatsi lena la phomolo, ho ka ’na ha bonahala ho batla ho makatsa hore ebe Lipaki Tsa Jehova li khetha ho se le keteke. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Joalokaha li-encyclopedia tse ngata li bontša ka ho hlaka, letsatsi la tsoalo ea Jesu le ile la behoa e le la 25 December ho latela khetho ea botho e le hore le lumellane le mokete oa bohetene oa Roma. Hlokomela lipolelo tse latelang tse nkiloeng libukeng tse sa tšoaneng tsa litšupiso:
“Letsatsi la tsoalo ea Kreste ha le tsejoe. Likosepele ha li bontše leha e le letsatsi kapa khoeli.”—New Catholic Encyclopedia, Moqolo oa II, leqepheng la 656.
“Bongata ba mekhoa ea Keresemese e atileng Europe hona joale, kapa e tlalehiloeng ho tloha mehleng ea pele, hase mekhoa ea sebele ea Bokreste, empa ke mekhoa ea bohetene e amohetsoeng kapa e lumeletsoeng ke Kereke. . . . Roma, Saturnalia e ne e fana ka mohlala bakeng sa boholo ba mekhoa ea mokete oa nako ea Keresemese.”—Encyclopædia of Religion and Ethics (Edinburgh, 1910), e hlophisitsoeng ke James Hastings, Moqolo oa III, maqepheng a 608-9.
“Keresemese e ’nile ea ketekoa ka la 25 December likerekeng tsohle tsa Bokreste ho tloha lekholong la bone la lilemo. Ka nako eo, lena e ne e le letsatsi la mokete oa bohetene oa ho kena tlung ha letsatsi mariha le bitsoang ‘Tsoalo (Selatine, natale) ea Letsatsi,’ hobane ho ne ho bonahala eka letsatsi le tsoaloa hape ha matsatsi a lelefala hape. Roma, Kereke e ile ea amohela mokhoa ona o tloaelehileng haholo . . . ka ho o fa moelelo o mocha.”—Encyclopædia Universalis, 1968, (Sefora) Moqolo oa 19, leqepheng la 1375.
“Ho ntšetsoa pele ha mokete oa Keresemese ho ile ha susumetsoa ke ho o bapisa le mekete ea bohetene ea Sol Invictus (Mithra). Ka lehlakoreng le leng, la 25 December, kaha ke letsatsi la ho kena tlung ha letsatsi mariha, le ile la amahanngoa le leseli le ileng la hlaha ka potlako lefatšeng ka Kreste, ’me se tšoantšetsoang ke Sol Invictus se ile sa fetisetsoa ho Kreste ka tsela eo.”—Brockhaus Enzyklopädie, (Sejeremane) Moqolo oa 20, leqepheng la 125.
Ba bang ba ’nile ba itšoara joang ha ba ithuta linnete ka Keresemese? The Encyclopædia Britannica e-ea hlokomela: “Ka 1644 maphurithane a Manyesemane a ile a hanela mekete leha e le efe kapa litšebeletso tsa bolumeli ka taelo ea Palamente, motheong oa hore e [Keresemese] ne e le mokete oa bohetene, ’me a laela hore e ketekoe ka ho itima lijo. Charles oa II o ile a tsosolosa mokete ona, empa Mascot a ile a khomarela pono ea Maphurithane.” Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka Keresemese, leha e le hona hore Lipaki Tsa Jehova lia e keteka kajeno kapa hona ho nka karolo mesebetsing e amanang le Keresemese.
Leha ho le joalo, Bibele e bua hantle ka ho fana ka limpho kapa ho memela lelapa le metsoalle lijong tse monate ka linako tse ling. E khothalletsa batsoali ho koetlisa bana ba bona hore ka tieo ba fane ka seatla se bulehileng, ho e-na le ho fana ka limpho feela ha batho ba ba lebeletse ho etsa seo. (Matheu 6:2, 3) Bana ba Lipaki Tsa Jehova ba rutoa hore ba se ke ba loantša lithuto tseo ba sa li lumeleng, ’me e be ba hlomphang, ’me sena se akarelletsa ho hlokomela tokelo ea ba bang ea ho keteka Keresemese. Le bona, baa ananela ha qeto ea bona ea ho se kopanele meketeng ea Keresemese e hlomphuoa.
Mekete e Meng
Lipaki Tsa Jehova li ba boemong bo tšoanang mabapi le matsatsi a phomolo a bolumeli le a nang le litšobotsi tse kang tsa bolumeli a ha likolo li butsoe linaheng tse sa tšoaneng, a kang mekete ea June ho la Brazil, Epiphany ho la Fora, Carnival ho la Jeremane, Setsubun ho la Japane le Halloween ho la United States. Batsoali ba Lipaki kapa bana ba tsona ka sebele ba tla thabela ho araba lipotso leha e le life tseo e ka ’nang eaba u na le tsona mabapi le mekete ena kapa leha e le ofe o khethehileng o sa boleloang mona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]
“Roma, Saturnalia e ne e fana ka mohlala bakeng sa boholo ba mekhoa ea mokete oa nako ea Keresemese.”—Encyclopædia of Religion and Ethics
[Lebokose le leqepheng la 15]
Lipaki Tsa Jehova—Bolumeli ba Lefatše ka Bophara
Litho Tse
Naha Mafolo-folo
Argentina 105 650
Brazil 385 099
Brithani 129 852
Canada 110 659
Fora 123 718
Italy 208 016
Japane 194 608
Jeremane 167 878
Mexico 404 593
Nigeria 180 813
Philippines 118 446
Poland 117 958
U.S. of America 936 264
[Lebokose le leqepheng la 18]
Seo Bana ba se Buang
“Le hoja ke sa fumane limpho ka letsatsi la tsoalo ea ka, batsoali ba ka ba ntse ba nthekela limpho ka linako tse ling. Ke rata ha ho le joalo hobane ke fumana limpho tseo ke sa li lebella.”—Gregory ea lilemo li 11.
“Bana ba bangata ba talima Keresemese e le feela nako ea limpho tse ngata. Empa ke fumana limpho le ho etela libaka selemo ho pota. Lelapa leso le ’nile la nkisa linaheng tse ling, tse kang Fiji, New Zealand le Brazil.”—Caleb ea lilemo li leshome.
“Ke ikhatholla le metsoalle ea ka, ’me re fana limpho tse sa lebelloang nako le nako.”—Nicole ea lilemo li 14.
“Ba bangata sekolong ba mpotsa hore na ke khona joang ho mamella ho se keteke Keresemese kapa matsatsi a mang a phomolo. Ha kea thibeloa ho ikhatholla. ’Na le lelapa leso re atisa ho etsa lintho hammoho. Re na le metsoalle e ikhethang eo re thabelang ho ea phomolong le eona. Rea intša re e’o robala litenteng le ho thelelisa lehloeng, ’me re atisa ho ba le meketjana lapeng heso. Ke nahana hore hoja ba bang ba ne ba tseba hore na re ikhatholla hakaakang, ba ne ba tla makala!”—Andriana ea lilemo li 13.
“Le ka mohla ha ke e-s’o ikutloe ke haelletsoe hobane ke sa keteke Keresemese kapa matsatsi a mang a phomolo. Nakong ea matsatsi a phomolo, ha re sa ea sekolong ’me Ntate a sa ea mosebetsing, re bapala lipapali, re ea libaesekopong, re shebella TV. Re qeta nako e ngata re etsa lintho hammoho re le lelapa.”—Brian ea lilemo li leshome.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lipaki li thabela ho ithabisa hammoho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
Culver Pictures