Thuto ea 1
Kamoo U ka Fumanang Seo Molimo a se Hlokang
Ke boitsebiso bofe ba bohlokoa bo fuperoeng ke Bibele? (1)
Mongoli oa Bibele ke mang? (2)
Ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta Bibele? (3)
1. Bibele ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo. E tšoana le lengolo le tsoang ho ntate ea lerato le eang ho bana ba hae. E re bolella ’nete ka Molimo—hore na ke mang le hore na litekanyetso tsa hae ke life. E hlalosa kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho le mathata le kamoo ho ka fumanoang thabo ea ’nete. Ke Bibele feela e re bolellang seo re tlamehang ho se etsa ho thabisa Molimo.—Pesaleme ea 1:1-3; Esaia 48:17, 18.
2. Bibele e ile ea ngoloa ke banna ba sa tšoaneng ba ka bang 40 ka nako e fetang lilemo tse 1 600, ho qala ka 1513 B.C.E. E entsoe ka libukana tse 66. Ba ileng ba ngola Bibele ba ne ba bululetsoe ke Molimo. Ba ile ba ngola likhopolo tsa hae, e seng tsa bona. Kahoo Molimo ea leholimong, e seng motho leha e le ofe lefatšeng, ke eena Mongoli oa Bibele.—2 Timothea 3:16, 17; 2 Petrose 1:20, 21.
3. Molimo o ile a etsa bonnete ba hore Bibele e kopitsoa ka ho nepahala le ho sireletsoa. Ho ’nile ha hatisoa Libibele tse ngata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Hase motho e mong le e mong ea tlang ho thabela ho bona u ithuta Bibele, empa u se ke ua lumella seo ho u thibela. Bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng bo itšetlehile ka hore u tsebe Molimo le ho etsa thato ea hae ho sa tsotellehe khanyetso leha e le efe.—Matheu 5:10-12; Johanne 17:3.