Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 2 maq. 4-5
  • Molimo ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ke Mang?
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Lokela ho Rapeloa ka Litšoantšo?
    Tsoha!—2008
  • Hantle ho na le Phapang Efe Pakeng Tsa Molimo le Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Molimo ke Mang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 2 maq. 4-5

Thuto ea 2

Molimo ke Mang?

Molimo oa ’nete ke mang, ’me lebitso la hae ke mang? (1, 2)

O na le ’mele oa mofuta ofe? (3)

Litšoaneleho tsa hae tse hlahelletseng ke life? (4)

Na re lokela ho sebelisa litšoantšo le matšoao ha re mo rapela? (5)

Ke litsela life tse peli tseo re ka ithutang Molimo ka tsona? (6)

1. Batho ba rapela lintho tse ngata. Empa Bibele e re bolella hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’NETE. O bōpile ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le e lefatšeng. Kaha o re file bophelo, ke eena feela a le Mong eo re lokelang ho mo rapela.—1 Bakorinthe 8:5, 6; Tšenolo 4:11.

2. Molimo o na le litlotla tse ngata empa o na le lebitso le le leng feela. Lebitso leo ke JEHOVA. Libibeleng tse ngata, lebitso la Molimo le tlositsoe ’me le nketsoe sebaka ka litlotla MORENA kapa MOLIMO. Empa ha Bibele e ne e ngoloa, lebitso Jehova le ne le hlaha ho eona ka makhetlo a ka bang 7 000!—Exoda 3:15; Pesaleme ea 83:18.

3. Jehova o na le ’mele, empa ha o tšoane le oa rōna. Bibele e re “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Moea ke mofuta oa bophelo o phahametseng oa rōna haholo. Ha ho motho ea kileng a bona Molimo. Jehova o phela leholimong, empa o khona ho bona lintho tsohle. (Pesaleme ea 11:4, 5; Johanne 1:18) Leha ho le joalo, moea o halalelang ke’ng? Hase motho joaloka Molimo. Ho e-na le hoo, ke matla a sebetsang a Molimo.—Pesaleme ea 104:30.

4. Bibele e re senolela botho ba Jehova. E bontša hore litšoaneleho tsa hae tse hlahelletseng ke lerato, toka, bohlale le matla. (Deuteronoma 32:4; Jobo 12:13; Esaia 40:26; 1 Johanne 4:8) Bibele e re bolella hore o boetse o mohau, o mosa, oa tšoarela, o seatla se bulehileng hape o na le mamello. Rōna, joaloka bana ba mamelang, re lokela ho leka ho mo etsisa.—Baefese 5:1, 2.

5. Na re lokela ho khumamela kapa ho rapela litšoantšo tse betliloeng, litšoantšo tse toroiloeng, kapa matšoao borapeling ba rōna? Che! (Exoda 20:4, 5) Jehova o re re tlameha ho rapela eena feela. A ke ke a arolelana khanya ea hae le mang kapa mang kapa ntho leha e le efe e ’ngoe. Litšoantšo ha li na matla a ho re thusa.—Pesaleme ea 115:4-8; Esaia 42:8.

6. Re ka tseba Molimo hamolemo joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho hlokomela lintho tseo a li bōpileng le ho nahana ka ho teba ka seo li re bolellang sona. Lintho tseo Molimo a li bōpileng li re bontša hore o na le matla a maholo le bohlale. Re bona lerato la hae ho tsohle tseo a li entseng. (Pesaleme ea 19:1-6; Baroma 1:20) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka ithutang ka Molimo ke ka ho ithuta Bibele. Ka har’a eona o re bolella ho hongata mabapi le hore na ke Molimo oa mofuta ofe. O boetse o re bolella ka morero oa hae le seo a batlang hore re se etse.—Amose 3:7; 2 Timothea 3:16, 17.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Re ithuta ka Molimo pōpong le Bibeleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela