Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ba maq. 4-5
  • Buka e Emeloang Hampe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka e Emeloang Hampe
  • Buka ea Batho Bohle
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Moelelo oa ’Nete oa Lipolelo Tsa Bibele
  • E Ile ea Emeloa Hampe ke Bolumeli
  • “Leha ho le Joalo Lea Sisinyeha!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Galileo
    Tsoha!—2015
  • Moo Khohlano ea Saense le Bolumeli e Qalileng Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Saense le Bibele—Na Ehlile Lia Hanyetsana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Buka ea Batho Bohle
ba maq. 4-5

Buka e Emeloang Hampe

“Thuto ea hore lefatše le potoloha ka litsela tse peli motheong oa lona le hore le potoloha letsatsi ke bohata, ’me e hanana ka ho feletseng le Mangolo a Halalelang.” Ke kamoo ho boletseng Congregation of the Index ea Kereke ea Roma e K’hatholike molao-taelong oa eona ka 1616.1 Na Bibele e hlile e hanana le linnete tsa saense? Kapa e ’nile ea emeloa hampe?

MARIHENG a 1609/10, Galileo Galilei o ile a shebisa sebonela-hōle sa hae se secha maholimong seo a se qapileng ’me a sibolla likhoeli tse ’nè tse potolohang polanete ea Jupiter. Seo a ileng a se bona se ile sa felisa tumelo e atileng ea hore lihloliloeng tsohle tsa leholimo e tlameha ebe li potoloha lefatše. Pejana, ka 1543, setsebi sa linaleli sa Lepolishe Nicolaus Copernicus se ne se ile sa ba le khopolo ea hore lipolanete li potoloha letsatsi. Galileo o ile a tiisa hore sena e ne e le ’nete ea saense.

Leha ho le joalo, ho litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa K’hatholike, sena e ne e le bokhelohi. E ne e le khale kereke e e-na le maikutlo a hore lefatše ke khubu ea bokahohle.⁠2 Pono ena e ne e thehiloe tlhalosong ea lentsoe ka lentsoe ea mangolo a bontšang lefatše e le le tiisitsoeng “metheong ea lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” (Pesaleme ea 104:5) Hoba a bitsetsoe Roma, Galileo o ile a hlaha ka pel’a Lekhotla le Otlang Bakhelohi. A le tlas’a tlhahlobo e thata-thata, o ile a qobelloa ho latola seo a se fumaneng, ’me a qeta bophelo bohle ba hae a le teronkong ntlong ea hae.

Ka 1992, lilemo tse ka bang 350 ka mor’a hore Galileo a shoe, Kereke e K’hatholike e qeteletse e lumetse hore ha e le hantle o ne a nepile.3 Empa haeba Galileo o ne a nepile, joale na Bibele e ne e fositse?

Ho Fumana Moelelo oa ’Nete oa Lipolelo Tsa Bibele

Galileo o ne a lumela hore Bibele ke ’nete. Ha seo a se sibolotseng ka saense se hanana le tlhaloso e atileng ea litemana tse itseng tsa Bibele, o ile a beha lebaka la hore litsebi tsa thuto ea bolumeli li ne li lahleheloa ke moelelo oa ’nete oa lipolelo tseo. Ho feta moo, o ile a ngola, “linnete tse peli ha ho mohla li hananang.”4 O ile a etsa tlhahiso ea hore mantsoe a tobileng a saense ha a hanane le mantsoe a letsatsi le letsatsi a Bibele. Empa litsebi tsa thuto ea bolumeli ha lia ka tsa rata ho kholisoa. Li ile tsa tsitlallela hore lipolelo tsohle tsa Bibele tse buang ka lefatše li lokela ho nkuoa joalokaha li le joalo. Ka lebaka leo, ha lia ka tsa hana seo Galileo a se sibolotseng feela empa hape li ile tsa lahleheloa ke moelelo oa ’nete oa lipolelo tse joalo tsa Mangolo.

Ka sebele ho ba le kahlolo e molemo ho lokela ho re bolella hore ha Bibele e bua ka ‘likhutlo tse ’ne tsa lefatše,’ ha e bolele hore bangoli ba Bibele ba ne ba utloisisa hore lefatše le hlile le na le mahlakore a mane a lekanang. (Tšenolo 7:1) Bibele e ngotsoe ka puo ea batho ba tloaelehileng, hangata e sebelisa mekhabo-puo e phelang. Kahoo ha e bua ka lefatše e le le nang le ‘likhutlo tse ’ne,’ “methèo” e tiileng, “litšiea” le “lejoe la ntlha,” Bibele ha e fane ka tlhaloso ea saense ea lefatše; ka ho hlakileng e bua ka tšoantšetso, joalokaha hangata re etsa puong ea letsatsi le letsatsi.a—Esaia 51:13, BPN; Jobo 38:6.

Bukeng ea hae Galileo Galilei, mongoli oa histori ea bophelo ba motho L. Geymonat o ile a hlokomela: “Litsebi tsa thuto ea bolumeli tse se nang ponelo-pele tse batlang ho khina saense motheong oa mabaka a Bibele, ha e le hantle li ne li ke ke tsa etsa letho haese ho nyelisa Bibele ka boeona.”5 Ke sona seo li se entseng. Ha e le hantle, e bile ho hlalosa Bibele ha litsebi tsena tsa thuto ea bolumeli—eseng Bibele ka boeona—ho ileng ha fana ka lithibelo tse sa utloahaleng saenseng.

Ka ho tšoanang, kajeno ba tsitlallelang litumelo tsa bona tsa bolumeli ba sotha Bibele ha ba tsitlallela hore lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. (Genese 1:3-31) Pono e joalo ha e lumellane le saense kapa Bibele. Ka Bibeleng, joaloka puong ea letsatsi le letsatsi, lentsoe “letsatsi” ke lentsoe le tenyetsehang, le bolelang likarolo tsa nako tse fapanang ka bolelele. Ho Genese 2:4, matsatsi ’ohle a tšeletseng a pōpo ho buuoa ka ’ona e le “letsatsi” le le leng le a akaretsang kaofela. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “letsatsi” ka Bibeleng le ka bolela feela “nako e telele.”6 Kahoo, ha ho na lebaka la Bibele la ho tsitlallela hore matsatsi a pōpo e ne e le a lihora tse 24 le le leng. Ka ho ruta se fapaneng, ba tsitlallelang litumelo tsa bona tsa bolumeli ba emela Bibele hampe.—Bona le 2 Petrose 3:8.

Ho pholletsa le histori, litsebi tsa thuto ea bolumeli hangata li ’nile tsa sotha Bibele. Nahana ka litsela tse ling tseo ka tsona malumeli a Bokreste-’mōtoana a ileng a emela seo Bibele e se buang hampe kateng.

E Ile ea Emeloa Hampe ke Bolumeli

Liketso tsa ba bolelang hore ba latela Bibele hangata li silafatsa botumo ba buka eo ba bolelang hore baa e hlompha. Ba bitsoang Bakreste ba tšolotse mali a ba bang ka lebitso la Molimo. Empa, Bibele e eletsa balateli ba Kreste hore ba “ratane.”—Johanne 13:34, 35; Matheu 26:52.

Baruti ba bang ba kuta mehlape ea bona, ba fumana lichelete tsa eona tseo e li sebelelitseng ka thata ka qeko—e leng ntho e fapaneng hōle le taelo ea Mangolo: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8; 1 Petrose 5:2, 3.

Ka ho hlakileng, Bibele e ke ke ea ahloloa ho ea ka mantsoe le liketso tsa ba mpang ba e qotsa feela kapa ba ipolelang hore ba phela tumellanong le eona. Kahoo, motho ea kelello e bulehileng a ka ’na a batla ho iphumanela seo Bibele e leng sona le hore na ke hobane’ng ha e le buka e tsotehang hakana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, esita le litsebi tsa linaleli kajeno tse nang le tšekamelo ea ho bua lintho joalokaha li le joalo li tla bua ka “ho chaba” le “ho likela” ha letsatsi, linaleli le lihlopha tsa linaleli—le hoja ha e le hantle, tsena li bonahala eka lia tsamaea feela ka lebaka la ho potoloha ha lefatše.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Libonela-hōle tse peli tsa Galileo

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Galileo a tobane le ba mo phenya-phenyang ka lipotso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela