“Leha ho le Joalo Lea Sisinyeha!”
RASAENSE oa Letaliana le moqapi oa lekholong la bo16 la lilemo Galileo Galilei o ile a re: “Bibele e ruta mokhoa oa ho ea leholimong, eseng se etsang hore maholimo a sebetse kamoo a sebetsang ka teng.” Litumelo tse kang ena li ile tsa etsa hore a be le likhohlano le Kereke ea Roma e K’hatholike, e ileng ea mo tšosa ka hore e tla mo hlokofatsa e be e mo kenye teronkong. Lilemo tse 350 hamorao, kereke e ile ea hlahloba bocha tsela eo e ileng ea tšoara Galileo ka eona. Se ileng sa etsahala nakong ea Galileo se ile sa bitsoa “khohlano pakeng tsa saense eo ho eona ho etsoang liqeto ho itšetlehiloe ka se etsahalang le phihlelo le ho tsitlallela likhopolo tse sa thehoang holim’a mabaka a utloahalang.”
Kajeno, batho ba batlang ’nete ba ka ithuta ho hong phihlelong ea Galileo. Empa ke hobane’ng ha khohlano e joalo e ile ea ba teng? Ho hlahloba lipono tsa saense tse neng li amoheleha mehleng ea hae ho tla fana ka karabo.
Bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo, ho ne ho nahanoa hore lefatše ke khubu ea bokahohle. Ho ne ho nahanoa hore lipolanete li potoloha ka har’a litselana tse entseng lilika-likoe tse chitja ka mokhoa o phethahetseng. Le hoja sena se ne se e-s’o tiisoe ka mekhoa ea saense, maikutlo ana a ne a amoheloa ka ntle ho pelaelo joaloka ’nete e tiisitsoeng. Ka sebele, ho ne ho sa khonehe hore saense ka “likhopolo tse makatsang” tsa eona e arohanngoe le bolumeli.
Galileo o hlahetse lefatšeng le joalo lelapeng le hlomphehang Pisa [Italy] ka 1564. Ntate oa hae o ne a batla hore a ithutele bongaka, empa moshemane ea laba-labelang ho tseba lintho tse ngata o ile a haptjoa ke thuto ea lipalo (mathematics). Ha nako e ntse e-ea, joaloka moprofesa oa saense, o ile a hlokomela melao-motheo ea inertia. Ha a utloa tsela eo liferekekere tsa pele-pele tsa Madutch li hlalosoang ka eona, o ile a ntlafatsa moetso oa tsona haholo ’me a haha sesebelisoa sa hae sa boleng bo phahameng. O ile a se shebisa maholimong ’me a ngola seo a ileng a ithuta sona bukeng ea hae ea pele, Sidereus Nuncius (Lenģosa le Sebetsanang le Linaleli), e neng e tsebisa batho ba moloko oa hae likhoeli tse ’nè tsa Jupitere. Ka 1611 o ile a bitsetsoa Roma, moo a ileng a nehelana ka seo a se fumaneng Collegio Romano (Kolecheng ea Roma) ea Majesuti. Ba ile ba mo tlōtla ka seboka seo ho sona ba ileng ba amohela litšibollo tsa hae.
Lithuto Tseo Kereke e Neng e li Hanyetsa
Ho bontša hore ho ne ho e-na le bokhopo bo tlang ho etsoa, pele Galileo a tloha Roma, Mojesuti ea nang le tšusumetso e matla, Mok’hadinale Bellarmine, o ile a hlohlelletsa hore ho etsoe patlisiso lithutong tsa Galileo. Galileo o ne a lumela hore pōpo e laoloa ke melao eo batho ba ka e utloisisang ka ho ithuta eona. Kereke e K’hatholike e ile ea hanyetsa pono ena.
Esita le ba bang ba litsebi tsa linaleli ba ile ba hanyetsa maikutlo a Galileo. Ba ne ba lumela hore ferekekere e ke ke ea khona ho bontša seo e leng ’nete le hore sesebelisoa sena se qapiloeng e ne e le se thetsang. Moprista e mong o ile a ba a etsa tlhahiso ea hore linaleli tseo batho ba li bonang li hahelletsoe ka lenseng! Ha Galileo a hlokomela lithaba tse teng khoeling, tse tiisang hore lihloliloeng tsa leholimo hase lilika-likoe tse chitja ka mokhoa o phethahetseng, moprista Clavius o ile a hanyetsa taba eo ka hore khoeli e pota-potiloe ke kristale e bonaletsang, hoo le hoja motho a ka ’na a bona lithaba ka har’a eona, e ntseng e le selika-likoe se chitja ka mokhoa o phethahetseng! Ha a arabela Galileo o ile a re: “Sena ke se inahaneloang, seo eseng ’nete.”
Thahasello e matla ea Galileo ea ho bala “Buka ea Tlhaho,” joalokaha a ne a bitsa thuto ea pōpo, e ile ea mo tataisetsa mosebetsing oa setsebi sa linaleli sa Lepolishe Nicolaus Copernicus. Ka 1543, Copernicus o ile a hatisa buka eo ho eona a phehang khang ea hore lefatše le potoloha letsatsi. Galileo o ile a tiisa sena. Leha ho le joalo, sena se ile sa etsa hore Galileo a be khahlanong le tsamaiso ea saense, ea lipolotiki, le ea bolumeli ea mehleng ea hae.
Ha Kereke e K’hatholike e ne e sebelisa bolepi ba linaleli ba Copernicus bakeng sa ho beha matsatsi, a kang Easter, pono ea Copernicus e ne e e-s’o amoheloe ka molao. Sehlopha se busang sa kereke se ile sa tšehetsa khopolo ea Aristotle ea hore lefatše ke khubu ea bokahohle. Leha ho le joalo, likhopolo tse ncha tsa Galileo, li ile tsa phephetsa botumo ba bona le matla.
Le hoja bo-rasaense ba lokolohileng ho pholletsa le Europe ba ne ba sebeletsa ho tiisa bonnete ba lithuto tsa Copernicus, ba ne ba khotsofalletse ho buisana ka tsona le bo-rasaense ba bang feela. Motheong oo Kereke e K’hatholike e ile ea ba tlohela. Galileo o ile a ngola ka Setaliana sa batho feela ba tloaelehileng eseng ka Selatine ’me ka tsela ena a etsa hore seo a se fumaneng se tsejoe ke batho bohle. Baruti ba ile ba ba le maikutlo a hore ha a phephetse bona feela empa o phephetsa le Lentsoe la Molimo.
Hase Buka ea Saense
Ho hlakile hore, ho fumana linnete ka bokahohle ha e le hantle hase ho phephetsa Lentsoe la Molimo. Liithuti tsa Lentsoe leo li hlokomela hore Bibele hase buka ea saense, le hoja e nepahetse ha e bua ka litaba tsa saense. E ngolletsoe ho etsa hore balumeli ba hōle moeeng, eseng ho ba ruta physics kapa mofuta o mong oa saense ea tlhaho. (2 Timothea 3:16, 17) Galileo o ne a lumela sena. O ile a etsa tlhahiso ea hore ho na le mefuta e ’meli ea puo: mantsoe a tobileng a saense le mantsoe a sebelisoang letsatsi le letsatsi a bangoli ba bululetsoeng. O ile a ngola: “Hoa hlokahala hore ka Mangolong . . . ho hlakisoe Mangolo ana e le hore batho feela ba tloaelehileng ba a utloisise, ho boleloe lintho tse ngata tseo ho bonahalang li fapane (mabapi le moelelo oa mantsoe) le ’nete e phethahetseng.”
Ho na le mehlala ea sena litemaneng tse sa tšoaneng tsa Bibele. Mohlala o mong ke Jobo 38:6, moo Bibele e buang ka lefatše e le le nang le “litšiea” le “lejoe la ntlha.” Batho ba bang ba ile ba sebelisa sena hampe e le bopaki ba hore lefatše ha le sisinyehe. Lipolelo tse joalo ha lia rereloa hore e be tsela ea saense ea ho hlalosa lefatše empa, ho e-na le hoo, ka mokhoa oa thothokiso li bapisa pōpo ea lefatše le ho thehoa ha mohaho, ’me Jehova e le Sehahi se ka Sehloohong.
Joalokaha mongoli oa histori ea batho L. Geymonat a bontša bukeng ea hae Galileo Galilei: “Litsebi tsa thuto ea bolumeli tse se nang pono e nepahetseng tse neng li batla ho lekanyetsa saense motheong oa tsela eo Bibele e behang mabaka ka eona li ne li ke ke tsa etsa letho haese ho senya botumo bo botle ba Bibele ka boeona.” Ka mabaka a boithati batho ba manganga ba entse sona seo hantle. Ho ile ha romeloa lengolo Ofising e Halalelang le kōpang hore ho etsoe patlisiso ka Galileo.
Ka February 19, 1616, litsebi tsa thuto ea bolumeli ea K’hatholike li ile tsa fuoa litlhahiso tse peli: (1) “letsatsi ke khubu ea bokahohle” le (2) “lefatše hase khubu ea bokahohle.” Ka February 24 ba ile ba etsa qeto ea hore maikutlo ana ke a booatla ebile ke a bokhelohi. Galileo o ile a laeloa hore a se ke a khomarela kapa a ruta likhopolo tse joalo.
Galileo o ile a khutsisoa. E ne e se Kereke e K’hatholike feela e neng e le khahlanong le eena empa metsoalle ea hae ha e-ea ka ea e-ba le matla a ho mo thusa. O ile a inehela phuputsong. Hoja ha se ke ha ba le mopapa e mong ka 1623, mohlomong re ka be re sa ka ra hlola re utloa litaba tsa hae hape. Leha ho le joalo, mopapa e mocha, Urban VIII, e ne e le mohlalefi le motšehetsi oa Galileo. Galileo o ile a utloa hore mopapa enoa ha a hanyetse buka e ncha. O ile a ba a ba le puisano le mopapa. Ka morao ho sena se neng se bonahala e le pontšo ea ho hloka leeme ha mopapa, Galileo o ile a qala ho ngola buka ena.
Le hoja Dialogue Concerning the Two Chief World Systems ea Galileo e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele ka laksense ea K’hatholike ka 1632, cheseho ea mopapa e ile ea phakisa ea fela. Ha a le lilemo li 70, Galileo o ile a bitsoa hore a e’o hlaha ka pel’a Lekhotla le Otlang Bakhelohi ka lekhetlo la bobeli. Qoso ea ho belaelloa ka bokhelohi e ne e hloka hore tumello ea kereke ea ho hatisa buka e hlalosoe pele, ’me ho ile ha etsoa qoso ea hore ka bolotsana Galileo o ile a pata thibelo ea pele thutong ea Copernicus. Kaha Dialogue e ne e bapisa lithuto tsa linaleli, ho akarelletsa le ea Copernicus, ho ile ha etsoa qoso ea hore e ne e tlōla molao oa thibelo eo.
Galileo o ile a arabela ka hore buka ea hae e ne e tšoaea Copernicus liphoso. E ne e le boitšireletso bo thekeselang, hobane ka bukeng ena ho ne ho e-na le taba e kholisang ka ho fetisisa e ngotsoeng tumellanong le Copernicus. Ho feta moo, ka har’a buka ena mantsoe a mopapa a ne a buuoa ke motšoantšisi ea sethoto ka ho fetisisa, Simplicio, kahoo seo se ile sa khopisa Mopapa Urban VIII.
Galileo o Ahloleloa Bokhelohi
Galileo o ile a fumanoa a le molato. A se a ntse a kula ’me a tšositsoe ka hore o tla hlokofatsoa haeba feela a sa lumele hore o entse phoso, o ile a etsa joalo. A khumame ka mangole o ile a ikana: “Ke soabela . . . liphoso tse boletsoeng le bokhelohi . . . ha ke sa tla hlola ke bua . . . lintho tse joalo tse ka ’nang tsa etsa hore ke belaelloe ka mokhoa ona.” Hoa thahasellisa hore ebe pale e bontša hore ha a ema, o ile a otla lefatše eaba oa honotha o re, “Eppur si muove! [Leha ho le joalo lea sisinyeha!]”
Kahlolo ea hae e ile ea e-ba ho kenngoa teronkong le ho hlorisoa ho fihlela a e-shoa, e leng ho ileng ha etsahala lilemo tse robong hamorao. Lengolong leo a ileng a le ngola ka 1634 o itse: “Hase khopolo leha e le efe ea ka e ileng ea qholotsa ntoa, empa ke ho se amoheloe ha ka ke Majesuti.”
Ka 1822 thibelo e neng e entsoe libukeng tsa hae e ile ea tlosoa. Empa e bile feela ka 1979 ha Mopapa John Paul II a boela a hlahloba taba ena ’me a lumela hore Galileo o ile a “hlokofatsoa haholo . . . ke batho le mekhatlo ea Kereke.” Koranteng ea Vatican, LʼOsservatore Romano, Mario DʼAddio, setho se tsebahalang sa komisi e khethehileng e ileng ea thehoa ke Mopapa John Paul II bakeng sa ho hlahloba bocha kahlolo ea Galileo ea 1633, o itse: “Sena se bitsoang bokhelohi ba Galileo ha se bonahale eka se na le motheo oa thuto ea bolumeli kapa oa molao oo e leng karolo ea mangolo a halalelang.” Ho latela DʼAddio, Lekhotla lena le Otlang Bakhelohi le ile la fetela ka ’nģane ho moeli oa matla a lona—likhopolo tsa Galileo li ne li sa tlōle karolo leha e le efe ea tumelo. Koranta ea Vatican e ile ea lumela hore kahlolo ea Galileo bakeng sa bokhelohi e ne e se na motheo.
Re ithuta eng ka phihlelo ea Galileo? Mokreste o lokela ho hlokomela hore Bibele hase buka ea melao-motheo e ngotsoeng ea saense. Ha ho bonahala eka khohlano ea hlaha pakeng tsa Bibele le saense, ha ho hlokahale hore a leke ho lumellanya “phapang” e ’ngoe le e ’ngoe. Ha e le hantle, tumelo ea Bokreste e thehiloe holim’a “lentsoe la Kreste,” eseng matleng a saense. (Ba-Roma 10:17) Kantle ho moo, saense e ntse e tsoela pele ho fetoha. Khopolo e bonahalang e hanyetsa Bibele ebile e le e tloaelehileng kajeno e ka ’na ea fumanoa e fosahetse ea ba ea lahloa hosasa.
Leha ho le joalo, ha re bua ka taba ea Galileo ho bontša ho hatella ha bolumeli saense, e ne e ka ba hantle hore bo-rasaense ba hopole hore se fumanoeng ke Galileo se ne se sa amohelehe ho latela se fumanoeng liphuputsong tse ileng tsa etsoa mehleng ea hae. Ho fapana le monahano oa mehleng eo, Bibele e ne e lumellana le ’nete eo. Ho ne ho sa hlokahale hore Lentsoe la Molimo le ngoloe bocha. E ne e le mokhoa o fosahetseng oo Kereke e K’hatholike e neng e hlalosa Bibele ka oona o ileng oa baka bothata bona.
Tumellano e phethahetseng le molao oa tlhaho tse teng bokahohleng li lokela ho susumelletsa motho e mong le e mong hore a ananele ’Mōpi, Jehova Molimo. Galileo o ile a botsa: “Na Mosebetsi oa ’Mōpi ha o khabane joaloka Lentsoe la Hae?” Moapostola oa arabela: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona [Molimo], e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa.”—Ba-Roma 1:20.