Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ba leq. 30
  • Na ke Buka e U Loketseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Buka e U Loketseng?
  • Buka ea Batho Bohle
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Ruang Molemo o Moholohali
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Mehato e Supileng e ka Tsoelang Motho Molemo ha a Bala Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea Batho Bohle
ba leq. 30

Na ke Buka e U Loketseng?

Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, Solomone o ile a bolela tjena: “Ho ngoloa ha libuka ha ho fele.” (Moeklesia 12:12, BPN) Pono eo ke e loketseng kajeno ho feta leha e le neng pele. Ho phaella ho tsa khale, selemo se seng le se seng ho hatisoa libuka tse ncha tse likete. Ha ho e-na le libuka tse ngata hakaale tseo u ka khethang ho tsona, ke hobane’ng ha u lokela ho bala Bibele?

BATHO ba bangata ba bala libuka hore ba ithabise kapa hore ba be le tsebo, kapa mohlomong ka mabaka ao ka bobeli. E ka ba ’nete le ka ho bala Bibele. E ka ba ’malo o hlasimollang moeeng, esita le o thabisang. Empa Bibele e etsa ho fetang hoo. Ke mohloli o ikhethang oa tsebo.—Moeklesia 12:9, 10.

Bibele e araba lipotso tseo batho ba ’nileng ba ipotsa tsona nako e telele—lipotso ka nako ea rōna e fetileng, ea hona joale le bokamoso ba rōna. Ba bangata baa ipotsa: Re tsoa hokae? Morero oa bophelo ke eng? Re ka fumana thabo joang bophelong? Na kamehla ho tla ’ne ho be le bophelo lefatšeng? Bokamoso bo re tšoaretse eng?

Bopaki bohle bo nang le matla bo bokeletsoeng bo hlahisitsoeng mona bo tiisa ka ho hlakileng hore Bibele e nepahetse ’me e amoheloa e le ’nete. Re se re hlahlobile hore na keletso ea eona e sebetsang e ka re thusa joang hore re phele bophelo bo nang le morero le bo thabileng kajeno. Kaha likarabo tsa eona ka nako ea hona joale ke tse khotsofatsang, ka sebele likarabo tsa eona ka nako e fetileng le boprofeta ba eona ka bokamoso li lokela ho eloa hloko.

Kamoo U ka Ruang Molemo o Moholohali

Batho ba bangata ba ile ba qala ho bala Bibele empa ba khaotsa ha ba fumana likarolo tsa eona ho le thata ho li utloisisa. Haeba u bile le phihlelo e joalo, ho na le lintho tse ling tseo e ka ’nang ea e-ba thuso ho uena.

Khetha phetolelo e tšepahalang ka puo ea kajeno, e kang New World Translation of the Holy Scriptures.a Batho ba bang ba qala ka ho bala litlaleho tsa Kosepele ea bophelo ba Jesu, eo lithuto tsa hae tse bohlale, tse kang tse fumanoang Thutong ea Thabeng, li senolang tlhokomelo e hloahloa ea sebōpeho sa batho tseo hape li lokolisang mokhoa oa ho ntlafatsa tsela eo re phelang ka eona.—Bona Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7.

Ho phaella ho baleng Bibele eohle, mokhoa oa ho ithuta ho ea ka lihlooho e ka ba o rutang haholo. Sena se akarelletsa ho hlahloba seo Bibele e se buang ka taba e itseng e ikhethang. U ka ’na ua makala ho tseba seo Bibele e hlileng e se buang ka lihlooho tse joaloka moea, leholimo, lefatše, bophelo le lefu, hammoho le ’Muso oa Molimo—hore na ke eng le hore na o tla finyella eng.b Lipaki tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele ho ea ka lihlooho ka ho latellana, le fanoang ntle ho tefo. U ka ’na ua botsa ka lona ka ho ngolla bahatisi, u sebelisa aterese e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Ka mor’a ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba fihletse qeto ea hore Bibele e tsoa ho Molimo, eo Mangolo a mo khethollang e le “Jehova.” (Pesaleme ea 83:18) E ka ’na eaba ha ua kholiseha hore Bibele e simoloha ho Molimo. Empa ke hobane’ng ha u sa itlhahlobele eona? Rea tšepa hore ka mor’a hore u tsoele pele ho ithuta, ho thuisa mohlomong le ho iponela molemo oa ho sebetsa ha bohlale ba eona bo ke keng ba lekanyetsoa ka nako, u tla ba le maikutlo a hore efela kannete Bibele e le buka e loketseng batho bohle, ’me ka holimo ho moo—e le buka e u loketseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Buka e thusitseng ba bangata ho ithuta Bibele ka lihlooho ka ho latellana ke Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela