Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 5/15 maq. 15-20
  • Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melemo e Tšoarellang
  • A Molemo ho Bohle
  • Bala Lentsoe la Molimo ka Lentsoe le Phahameng
  • Mokhoa oa ho Ithuta ho ea ka Lihlooho
  • Tsamaea ’Neteng Kamehla
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Inehele ho Baleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Latela Mohlala oa Marena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Amohela Bibele ka Seo e Hlileng e Leng Sona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 5/15 maq. 15-20

Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete

“Nthute, Uena Jehova, mabapi le litsela tsa hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.”—PESALEME EA 86:11, NW.

1. Ha e le hantle, tokollo ea pele ea makasine ee e itse’ng ka ’nete?

JEHOVA o romela leseli le ’nete. (Pesaleme ea 43:3) Hape o re fa matla a ho bala Lentsoe la hae, Bibele, le ho ithuta ’nete. Tokollo ea pele ea makasine ena—ea July 1879—e itse: “’Nete, joaloka palesa e nyenyane e fokolang lefeelleng la bophelo, e pota-potiloe ’me e batla e pupelitsoe ke lehola le tlokomang la leshano. Haeba u ka e fumana u tlameha hore u lule u lebetse. Haeba u ka bona botle ba eona u tlameha hore kapele u hlaole lehola la leshano le meutloa ea leeme. Haeba u ka e fumana u tlameha ho itheola boemong bo phahameng e le hore u ka e fumana. Se khotsofalle palesa e le ’ngoe ea ’nete. Haeba e le ’ngoe e ne e lekane ho ne ho ke ke ha e-ba le tse ling tse eketsehileng. Bokella kamehla, batla tse eketsehileng.” Ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo ho re nolofalletsa ho fumana tsebo e nepahetseng le ho tsamaea ’neteng ea hae.—Pesaleme ea 86:11.

2. Phello e bile efe ha Esdrase le ba bang ba balla Bajuda Molao oa Molimo Jerusalema ea boholo-holo?

2 Ka mor’a hore marako a Jerusalema a ahoe bocha ka 455 B.C.E., moprista Esdrase le ba bang ba ile ba balla Bajuda Molao oa Molimo. Sena se ile sa lateloa ke Mokete o thabisang oa Metlotloane, ho ipolela libe le ho etsa “tumellano.” (Nehemia 8:1–9:38) Rea bala: “Ba ’na ba bala bukeng ea molao oa Molimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, ’me ba hlahlisa se baloang.” (Nehemia 8:8) Ba bang ba bontša hore Bajuda ba ne ba sa utloisise Seheberu hantle le hore ho ile ha hlalosoa taba ka Searame. Empa taba e ngotsoeng ha e bontše ho hlakisoa feela tjee ha puo. Esdrase le ba bang ba ile ba qaqisa Molao e le hore batho ba ka utloisisa melao-motheo ea oona le ho e sebelisa. Lingoliloeng tsa Bokreste le liboka le tsona li sebeletsa ho “hlalosa” Lentsoe la Molimo. Le baholo ba khethiloeng, ba “tšoanelehelang ho ruta” ba etsa joalo.—1 Timothea 3:1, 2; 2 Timothea 2:24.

Melemo e Tšoarellang

3. E meng ea melemo e fumanoang ka ho bala Bibele ke efe?

3 Ha malapa a Bakreste a bala Bibele hammoho, ho ka etsahala hore a latsoe melemo e tšoarellang. A tloaelana le melao ea Molimo ’me a ithuta ’nete mabapi le lithuto tsa motheo, litaba tsa boprofeta le litaba tse ling. Ka mor’a hore karolo e itseng ea Bibele e baloe, hlooho ea lelapa e ka ’na ea botsa: See se lokela ho re ama joang? See se amana joang le lithuto tse ling tsa Bibele? Re ka sebelisa lintlha tsee joang ha re bolela litaba tse molemo? Lelapa le fumana temohisiso e eketsehileng ha le bala Bibele haeba le etsa patlisiso ka ho sebelisa Watch Tower Publications Index kapa li-index tse ling. Ho ka fumanoa melemo ka ho hlola meqolo e ’meli ea Insight on the Scriptures.

4. Joshua o ne a lokela ho sebelisa taelo e tlalehiloeng ho Joshua 1:8 joang?

4 Melao-motheo e tsoang Mangolong e ka re tataisa bophelong. Ho feta moo, ho bala le ho ithuta ‘lingoliloeng tse halalelang, ho ka khona ho re hlalefisetsa poloko.’ (2 Timothea 3:15) Haeba re lumella Lentsoe la Molimo hore le re tataise, re tla tsoela pele ho tsamaea ’neteng ea hae ’me litakatso tsa rōna tsa se lokileng li tla phethahala. (Pesaleme ea 26:3; 119:130) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re batle kutloisiso, joalokaha Joshua, mohlahlami oa Moshe a ile a etsa. ‘Buka ea molao’ e ne e sa lokela ho tloha molomong oa hae, ’me o ne a lokela ho e bala motšehare le bosiu. (Joshua 1:8) Ho se lumelle ‘buka ea molao’ ho tloha molomong oa hae ho ne ho bolela hore Joshua o ne a sa lokela ho lesa ho bolella ba bang lintho tse rutang tseo e neng e li bua. Ho bala Molaong motšehare le bosiu ho ne ho bolela hore Joshua o ne a lokela ho thuisa ka oona, o ne a lokela ho ithuta oona. Ka ho tšoanang moapostola Pauluse o ile a phehella Timothea ho “nahanisisa”—ho thuisa ka—boitšoaro ba hae, tšebeletso le thuto. Joaloka moholo oa Mokreste, ho ne ho hlokahala hore Timothea a be hlokolosi ka ho khethehileng hore bophelo ba hae e be bo behang mohlala le hore a rute ’nete ea Mangolo.—1 Timothea 4:15.

5. Ho hlokahala eng hore re fumane ’nete ea Molimo?

5 ’Nete ea Molimo ke letlotlo la bohlokoahali. Ho e fumana ho hloka ho fata, ho phenya Mangolo ka ho phehella. Ke feela haeba re le joaloka barutoana ba kang bana ba Morupeli e Moholo re ka fumanang bohlale ’me ra utloisisa tšabo ea Jehova e nang le tlhompho. (Liproverbia 1:7; Esaia 30:20, 21) Ho hlakile hore re lokela ho paka lintho ka Mangolo. (1 Petrose 2:1, 2) Bajuda ba Berea “ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng haholoanyane ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka taba-tabelo e khōlō ka ho fetisisa ea kelello, ka hloko ba hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena [tseo Pauluse a neng a li bua] li ne li le joalo.” Baberea ba ile ba babatsoa ho e-na le ho nyatsuoa bakeng sa ho etsa sena.—Liketso 17:10, 11.

6. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a bontša hore ho phenya Mangolo ho ne ho sa tsoele Bajuda ba itseng molemo?

6 Jesu o ile a bolella Bajuda ba itseng, a re: “Le phenya Mangolo, hobane le nahana hore ka ’ona le tla ba le bophelo bo sa feleng; ’me ana ke ’ona a mpakang. ’Me leha ho le joalo ha le batle ho tla ho ’na e le hore le ka ba le bophelo.” (Johanne 5:39, 40) Ba ne ba phenya Mangolo ka sepheo se nepahetseng—sa hore a ne a ka ba tataisetsa bophelong. Ka sebele, Mangolo a ne a e-na le boprofeta ba Mesia bo neng bo supa ho Jesu e le tsela ea bophelo. Empa Bajuda ba ile ba mo hana. Ka hona, ho phenya Mangolo ha hoa ka ha ba tsoela molemo.

7. Ho hōla kutloisisong ea Bibele ho hloka eng, hona hobane’ng?

7 E le hore re hōle kutloisisong ea rōna ea Bibele, re hloka tataiso ea moea oa Molimo kapa matla a sebetsang. “Moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo” e le hore o ka totobatsa moelelo oa tsona. (1 Bakorinthe 2:10) Bakreste ba Thesalonika ba ne ba lokela ho ‘nepisisa lintho tsohle’ boprofeteng leha e le bofe boo ba neng ba bo utloa. (1 Bathesalonika 5:20, 21) Ha Pauluse a ne a ngolla Bathesalonika (hoo e ka bang ka 50 C.E.), karolo feela ea Mangolo a Segerike e neng e se e ngotsoe e ne e le Kosepele ea Matheu. Ka hona ho ka etsahala hore ebe Bathesalonika le Baberea ba ne ba ka nepisisa lintho tsohle, mohlomong ka ho hlahloba phetolelo ea Segerike ea Septuagint ea Mangolo a Seheberu. Ho ne ho hlokahala hore ba bale le ho ithuta Mangolo, ’me le rōna re lokela ho etsa joalo.

A Molemo ho Bohle

8. Ke hobane’ng ha baholo ba khethiloeng ba lokela ho ipabola tsebong ea Bibele?

8 Baholo ba khethiloeng ba lokela ho ipabola tsebong ea Bibele. E tlameha ho ba ba “tšoanelehelang ho ruta” ’me e tlameha ho ba ba “tšoarellang ka ho tiea lentsoeng le tšepahalang.” Timothea eo e neng e le molebeli o ne a tlameha ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (1 Timothea 3:2; Tite 1:9; 2 Timothea 2:15) ’Mè oa hae, Eunise le nkhono oa hae Loise ba ne ba mo rutile mangolo a halalelang ho tloha boseeng, ba kenya ‘tumelo e se nang boikaketsi’ ka ho eena, le hoja ntate oa hae a ne a sa lumela. (2 Timothea 1:5; 3:15) Bo-ntate ba lumelang ba lokela ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” ’me ka ho khetheha baholo bao e leng bo-ntate ba tlameha ho ba ‘le bana ba lumelang ba sa qosoeng ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe.’ (Baefese 6:4; Tite 1:6) Joale, ho sa tsotellehe maemo a rōna, re lokela ho nka ka ho teba tlhokahalo ea ho bala, ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta Bibele re kopane le Bakreste ba habo rōna?

9 Hape re lokela ho ithuta Bibele re kopane le balumeli ba habo rōna. Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Thesalonika ba buisane ka keletso ea hae. (1 Bathesalonika 4:18) Ho chorisa kutloisiso ea rōna ea ’nete, ha ho letho le molemo ho feta ho kopana le liithuti tse ling tse inehetseng ho hlahlobeng Mangolo. Maele ana ke ’nete: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17) Thulusi ea tšepe e ka ba mafome haeba e sa sebelisoe le ho leotsoa. Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore re kopane kamehla le ho leotsana ka ho arolelana tsebo eo re e fumaneng ka ho bala, ho ithuta le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo la ’nete. (Baheberu 10:24, 25) Ho feta moo, ena ke tsela e ’ngoe ea ho tiisa hore re fumana molemo mahlaseling a leseli la moea.—Pesaleme ea 97:11; Liproverbia 4:18.

10. Ho tsamaea ’neteng ho bolela’ng?

10 Ha re ithuta Mangolo, re ka rapela Molimo ka ho loketseng joalokaha mopesaleme a ile a etsa: “Romela leseli la hao le ’nete ea hao, li tle li ntsamaise.” (Pesaleme ea 43:3) Haeba re batla ho amoheloa ke Molimo, re tlameha ho tsamaea ’neteng ea hae. (3 Johanne 3, 4) Sena se akarelletsa ho sebetsa tumellanong le seo a se hlokang le ho mo sebeletsa ka botšepehi le ka tieo. (Pesaleme ea 25:4, 5; Johanne 4:23, 24) Re tlameha ho sebeletsa Jehova ka ’nete, joalokaha ho bontšitsoe ka Lentsoeng la hae ebile ho hlakisitsoe ka har’a lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Sena se hloka tsebo e nepahetseng ea Mangolo. Joale, re lokela ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo joang? Na re lokela ho qala ho le bala ho tloha ho Genese khaolo ea 1, temana ea 1, ho pholletsa le libuka tse 66? E, Mokreste e mong le e mong ea nang le Bibele e feletseng ka puo ea hae o lokela ho e bala ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo. ’Me sepheo sa rōna sa ho bala Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste e lokela ho ba ho eketsa kutloisiso ea rōna ea karolo e khōlō ea ’nete ea Mangolo eo Molimo a entseng hore e fumanehe ka “lekhoba le tšepahalang.”

Bala Lentsoe la Molimo ka Lentsoe le Phahameng

11, 12. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore Bibele e baloe ka lentsoe le phahameng libokeng?

11 Re ka ’na ra bala re khutsitse ha re le bang. Leha ho le joalo, mehleng ea boholo-holo, ho balla boinotšing ho ne ho etsoa ka lentsoe le phahameng. Ha leqhalaha la Moethiopia le ne le palame koloi ea lona ea lipere, moevangeli Filipi o ile a le utloa le bala boprofeta ba Esaia. (Liketso 8:27-30) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “bala” ha e le hantle le bolela ho “bitsa.” Ka hona bao qalong ba sa khoneng ho bala ba khutsitse ebe ba utloisisa seo ba se balang ha baa lokela ho tlohelisoa ho bitsa lentsoe le leng le le leng ka lentsoe le phahameng. Ntho e ka sehloohong ke ho ithuta ’nete ka ho bala Lentsoe la Molimo le ngotsoeng.

12 Ho molemo ha Bibele e baloa ka lentsoe le phahameng libokeng tsa Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a phehella mosebetsi-’moho le eena Timothea: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.” (1 Timothea 4:13) Pauluse o ile a bolella Bakolose: “’Me ha lengolo lena le baliloe har’a lōna, le lokisetse hore hape le baloe phuthehong ea Balaodisia le hore le lōna le bale le tsoang Laodisia.” (Bakolose 4:16) ’Me Tšenolo 1:3 e re: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; etsoe nako e behiloeng e haufi.” Ka hona, sebui sa phatlalatsa se lokela ho bala litemana tsa Bibele ho tšehetsa seo se se bolellang phutheho.

Mokhoa oa ho Ithuta ho ea ka Lihlooho

13. Mokhoa oa ho ithuta linnete tsa Bibele o tsoetseng pele ka ho fetisisa ke ofe, ’me ke’ng se ka re thusang ho fumana mangolo?

13 Ho ithuta ho ea ka lihlooho ke mokhoa o tsoetseng pele ka ho fetisisa oa ho ithuta linnete tsa Mangolo. Lik’honk’hodense tse thathamisang mantsoe a Bibele ka alfabeta ho latela hore na ho buuoa ka ’ona moelelong ofe ho ea ka buka, khaolo le temana, li etsa hore ho be bonolo ho fumana litemana tse amanang le taba e itseng. ’Me ho ka etsoa hore mangolo a joalo a lumellane hobane Mongoli oa Bibele ha a ikhanyetse. Ka moea o halalelang, o ile a bululela banna ba ka bang 40 hore ba ngole Bibele ka makholo a 16 a lilemo, ’me ho ithuta eona ho latela lihlooho ke tsela ea ho ithuta ’nete, e ipakileng e sebetsa ka nako e telele.

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta Mangolo a Seheberu le a Segerike a Bakreste hammoho?

14 Kananelo ea rōna ea ’nete ea Bibele e lokela ho re susumeletsa ho bala le ho ithuta Mangolo a Segerike a Bakreste hammoho le Mangolo a Seheberu. Sena se tla bontša kamoo Mangolo a Segerike a amanang le morero oa Molimo ’me se tla hlakisa boprofeta ba Mangolo a Seheberu. (Baroma 16:25-27; Baefese 3:4-6; Bakolose 1:26) New World Translation of the Holy Scriptures e molemo haholo tabeng ena. E lokiselitsoe ke bahlanka ba Molimo ba inehetseng, ba ileng ba fumana molemo tsebong e eketsehileng e fumanehang mabapi le taba e ngotsoeng ea pele-pele ea Bibele esita le semelo sa eona le lipolelo tsa eona tsa maele. Lithuso tsa ho ithuta Bibele tseo Jehova a faneng ka tsona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le tsona ke tsa bohlokoa.

15. U ne u ka paka joang hore ho qotsa mona le mane ka Bibeleng ho loketse?

15 Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Lingoliloeng tsa lōna li qotsa Bibeleng ka makhetlo a likete, empa ke hobane’ng ha le qotsa mona le mane?’ Lingoliloeng tsena ha li qotsa mona le mane libukeng tsa Bibele tse 66, li sebelisa lipaki tse ngata tse bululetsoeng ho paka bonnete ba thuto e itseng. Jesu ka boeena o ile a sebelisa mokhoa ona oa ho ruta. Ha a ne a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng, o ile a qotsa Mangolong a Seheberu ka makhetlo a 21. Thuto eo e fupere litaba tse qotsitsoeng likarolong tse tharo tsa Exoda, tse peli tsa Levitike, e le ’ngoe ea Numere, tse tšeletseng tsa Deuteronoma, e le ’ngoe ea Marena a Bobeli, tse ’ne tsa Lipesaleme, tse tharo tsa Esaia le e le ’ngoe ea Jeremia. Ka ho etsa sena, na Jesu o ne a ‘leka ho paka ntho efe kapa efe’? Che, hobane ‘o ne a ruta joaloka motho ea nang le matla a ho laela, eseng joaloka bangoli.’ Ho ne ho le joalo hobane Jesu o ne a tšehetsa thuto ea hae ka matla a ho laela a Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. (Matheu 7:29) Le moapostola Pauluse o ile a etsa joalo.

16. Ho Baroma 15:7-13 Pauluse o ile a qotsa Mangolo afe?

16 Karolong ea mangolo e fumanoang ho Baroma 15:7-13, Pauluse o ile a qotsa likarolong tse tharo tsa Mangolo a Seheberu—Molaong, Baprofeteng le Lipesalemeng. O ile a bontša hore Bajuda le Balichaba ba ne ba tla tlotlisa Molimo, ’me Bakreste ba lokela ho amohela batho ba lichaba tsohle. Pauluse o itse: “Amohelanang ka mofuthu, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela ka mofuthu, ka tebello ea khanya ho Molimo. Etsoe ke bolela hore ha e le hantle Kreste e ile ea e-ba mosebeletsi oa ba bolotseng bakeng sa ho ba le ’nete ha Molimo, e le ho netefatsa litšepiso tseo A ileng a li etsetsa baholo-holo ba bona, le hore lichaba li ka tlotlisa Molimo bakeng sa mohau oa hae. Feela joalokaha ho ngoliloe [ho Pesaleme ea 18:49, NW]: ‘Ke ka lebaka leo ka sebele ke tla bolela pepenene hore ke u ela hloko har’a lichaba ’me lebitso la hao ka sebele ke tla le binela lipina tsa thoriso.’ ’Me hape o re [ho Deuteronoma 32:43, NW]: ‘Thabang, lōna lichaba, le batho ba hae.’ ’Me hape [ho Pesaleme ea 117:1, NW]: ‘Rorisang Jehova, lōna lichaba tsohle, ’me lihlopha tsohle tsa batho a li mo rorise.’ ’Me hape Esaia 11:1, 10, NW] e re: ‘Ho tla ba le motso oa Jese, ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba; holim’a hae lichaba li tla beha tšepo ea tsona.’ E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lōna, e le hore le ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang.” Ka mokhoa ona oa ho latela lihlooho, Pauluse o ile a bontša mokhoa oa ho qotsa mangolo ho paka linnete tsa Bibele.

17. Bakreste ba qotsa mona le mane ka har’a Bibele eohle tumellanong le mohlala ofe?

17 Lengolo la pele la moapostola Petrose le bululetsoeng le fupere likarolo tse 34 tse qotsitsoeng libukeng tse leshome tsa Molao, Baprofeta le Lipesaleme. Lengolong la hae la bobeli, Petrose o qotsa libukeng tse tharo ka makhetlo a tšeletseng. Kosepele ea Matheu e na le likarolo tse 122 tse qotsitsoeng ho tloha ho Genese ho ea ho Malakia. Libukeng tse 27 tsa Mangolo a Segerike, ho na le likarolo tse 320 tse qotsitsoeng ka ho toba ho tloha ho Genese ho ea ho Malakia esita le litšupiso tse ling tse makholo tse lebisang Mangolong a Seheberu. Tumellanong le mohlala oo Jesu a o behileng le oo baapostola ba hae ba ileng ba o latela, ha Bakreste ba kajeno ba ithuta taba e itseng ea Mangolo ho ea ka sehlooho sa eona, ba qotsa mona le mane ka har’a Bibele eohle. Sena se tšoaneleha ka ho khethehileng “matsatsing [ana] a ho qetela,” ha boholo ba Mangolo a Seheberu le a Segerike bo phethahala. (2 Timothea 3:1) “Lekhoba le tšepahalang” le sebelisa Bibele ka tsela eo ka har’a lingoliloeng tsa lona, empa le ka mohla ha le eketse Lentsoe la Molimo kapa hona ho tlosa ho hong ho lona.—Liproverbia 30:5, 6; Tšenolo 22:18, 19.

Tsamaea ’Neteng Kamehla

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho “tsamaea ’neteng”?

18 Re tlameha hore re se ke ra tlosa letho Bibeleng, hobane lithuto tsohle tsa Bokreste tse Lentsoeng la Molimo ke “’nete” kapa “’nete ea litaba tse molemo.” Ho khomarela ’nete ena—ho “tsamaea” ho eona—ke habohlokoa bakeng sa pholoho. (Bagalata 2:5; 2 Johanne 4; 1 Timothea 2:3, 4) Kaha Bokreste ke “tsela ea ’nete,” ka ho thusa ba bang ho ntšetsa lithahasello tsa eona pele, re ba “basebetsi-’moho ’neteng.”—2 Petrose 2:2; 3 Johanne 8.

19. Re ka “tsoela pele ho tsamaea ’neteng” joang?

19 E le hore re ka “tsoela pele ho tsamaea ’neteng,” re tlameha ho bala Bibele re be re fumane thuso ea moea eo Molimo a fanang ka eona ka “lekhoba le tšepahalang.” (3 Johanne 4) E se eka re ka etsa sena molemong oa rōna ka borōna le oa hore re be boemong ba ho ruta ba bang ka Jehova Molimo, Jesu Kreste le morero o halalelang. ’Me a re leboheng hore ebe moea oa Jehova o re thusa ho utloisisa Lentsoe la hae le ho atleha ho mo sebeletsa ka ’nete.

U ka Araba Joang?

◻ Melemo e meng e tšoarellang ea ho bala Bibele ke efe?

◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta Bibele re kopane le balumeli ba habo rōna?

◻ Ke hobane’ng ha ho qotsa libakeng tse sa tšoaneng ho pholletsa le Bibele ho loketse?

◻ Ho “tsamaea ’neteng” ho bolela’ng, ’me re ka etsa seo joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Batsoali, rutang bana ba lōna Mangolo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a qotsa likarolong tse sa tšoaneng tsa Mangolo a Seheberu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela