Kingdom News No. 35
Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?
Lerato la Moahelani le Folile
BATHO ba limilione ba ikutloa ba nyahame ebile ba hlomoha pelo, ho se moo ba ka retelehelang teng bakeng sa thuso. Rakhoebo e mong oa mosali ea seng a phomotse mosebetsing o ile a hlokomela: ‘Mantsiboeeng a mang mohlolohali ea lulang mokatong o le mong le ’na o ile a kokota monyakong oa ka ’me a bolela hore o jeoa ke bolutu. Ke ile ka mo bolella ka mokhoa o motle empa e le sefahla-mahlo hore ke phathahane. O ile a kōpa tšoarelo ka ho ntšoenya ’me a tsamaea.’
Ka masoabi, mantsiboeeng ’ona ao, mohlolohali eo o ile a ipolaea. Ka mor’a moo, rakhoebo enoa oa mosali o ile a bolela hore o ithutile “thuto e bohloko.”
Hangata ho haella ha lerato la moahelani ho kotsi. Nakong ea lintoa tsa morabe Bosnia le Herzegovina, tseo pele e neng e le karolo ea Yugoslavia, batho ba fetang milione ba ile ba ntšoa ka mahahapa malapeng a bona ’me ba likete tse mashome ba bolaoa. Ke bo-mang ba neng ba etsa seo? Ngoanana ea balehileng motsaneng oa habo o ile a re: “Ke baahisani ba rōna. Re ne re ba tseba.”
Rwanda batho ba likete tse makholo ba ile ba bolaoa, hangata ba bolaoa ke baahelani ba bona. The New York Times e ile ea tlaleha: “Mahutu le Matutsi a [lula] hammoho, aa nyallana, ha a tsotelle kapa hona ho tseba hore na Mohutu ke ofe le hore na Motutsi ke ofe.” “Eaba ho etsahala ntho e ’ngoe ka tšohanyetso,” ’me “lipolao tsa qaleha.”
Ka tsela e tšoanang, Bajuda le Maarabe Iseraele ba lula sebakeng se le seng, empa ba bangata ba hloeane. Boemo boa tšoana ka Mak’hatholike a mangata le Maprostanta Ireland le ka manane a mangata a batho lefatšeng ka bophara linaheng tse ling. Historing ha ho mohla lefatše le kileng la haelloa ke lerato hakana.
Ke Hobane’ng ha Lerato la Moahelani le Folile?
’Mōpi oa rōna o fana ka karabo. Lentsoe la Hae, Bibele, le bitsa mehla ena eo re phelang ho eona ‘matsatsi a ho qetela,’ e leng nako eo ka eona boprofeta ba Bibele bo bolelang hore batho e tla ba “ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” Mabapi le ‘linako tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ tseo hape Mangolo a li bitsang “qetello ea tsamaiso ea lintho,” Jesu Kreste o boletse esale pele hore “lerato la palo e khōlō le tla fola.”—2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3, 12.
Ka lebaka leo, ho haella ha lerato kajeno ke bo bong ba bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela a lefatše lena. Ka thabo, sena se boetse se bolela hore lefatše lena la batho ba sa tšabeng Molimo haufinyane le tla nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la ho loka le busoang ke lerato.—Matheu 24:3-14; 2 Petrose 2:5; 3:7, 13.
Empa na ka sebele re na le lebaka la ho lumela hore phetoho e joalo e tla etsahala—hore batho bohle ba tla ithuta ho ratana le ho phelisana hammoho ka khotso?
Lerato la Moahelani—Ntho ea Sebele
’MUELLI oa molao oa lekholong la pele la lilemo o ile a botsa Jesu: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Ntle ho pelaelo o ne a lebeletse hore Jesu a re, ‘Ke Bajuda ba heno.’ Empa paleng ea Mosamaria ea nang le moea oa boahisani, Jesu o bontšitse hore batho ba lichaba tse ling e boetse ke baahelani ba rōna.—Luka 10:29-37; Johanne 4:7-9.
Jesu o ile a hatella hore, lerato le hlahlamang lerato la rōna ho Molimo, e leng lerato la moahelani, le lokela ho laola bophelo ba rōna. (Matheu 22:34-40) Empa na ho na le sehlopha leha e le sefe sa batho seo ka sebele se kileng sa rata baahelani ba sona e le kannete? Bakreste ba pele ba ho entse! Ba ile ba hlokomeloa ka lerato leo ba neng ba e-na le lona e mong ho e mong.—Johanne 13:34, 35.
Ho thoe’ng kajeno? Na ho na le leha e le mang ea sebelisang lerato le kang la Kreste? Encyclopedia Canadiana e ile ea hlokomela: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke ho tsosolosa le ho hloma Bokreste ba pele bo neng bo sebelisoa ke Jesu le barutuoa ba hae . . . Bohle ke bara ba motho.”
Seo se bolela eng? Se bolela hore Lipaki tsa Jehova ha li lumelle letho—morabe, bochaba kapa semelo sa morabe—ho li etsa hore li hloee baahelani ba tsona. Leha e le hore li tla ke li bolaee motho e mong, hobane ka tšoantšetso li teile lisabole tsa tsona mehoma le marumo a tsona lisekele. (Esaia 2:4) Ha e le hantle, Lipaki li tsebahala ka ho nka bohato ba pele ho thusa baahelani ba tsona.—Bagalata 6:10.
Ha ho makatse ha mohlophisi oa Sacramento Union ea California a ile a hlokomela: “Ho lekane ho bolela hore haeba lefatše lohle le ne le ka phela ho latela thuto ea motheo ea bolumeli ea Lipaki tsa Jehova, tšollo ea mali le lehloeo li ne li tla fela, ’me lerato e ne e tla ba lona morena ea busang.” Mongoli makasineng ea Ring ea Hungary o ile a hlokomela: “Ke fihletse qeto ea hore haeba Lipaki tsa Jehova e ne e le tsona feela tse phelang mona lefatšeng, lintoa li ne li tla fela, ’me mosebetsi oa mapolesa e ne e tla ba ho laola sephethephethe le ho nehelana ka liphasepoto feela.”
Leha ho le joalo, ho ke ke ha latoloa hore ho tla hlokahala liphetoho tse khōlō hore batho bohle ba tle ba ratane. Phetoho eo e tla tla joang? (Ka kōpo bona leqephe le ka morao.)
Nako eo Batho Bohle ba Tla Ratana ka Eona
THAPELO eo Jesu Kreste a e rutileng e bontša hore phetoho e khōlō e haufi. Thutong ea hae ea Thabeng e tummeng, Jesu o ile a re ruta ho rapela: “’Muso oa hao a o tle; thato ea hao e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.”—Matheu 6:10, Bibele—Phetolelo e Ncha.
’Muso oa Molimo ke eng? Ke ’muso oa sebele, o busang o le leholimong. Ke ka lebaka leo o bitsoang “’muso oa maholimo.” Jesu, ‘Morena oa Khotso,’ o khethiloe ke Ntate oa hae ho ba ’musi oa oona.—Matheu 10:7; Esaia 9:6, 7; Pesaleme ea 72:1-8.
Ha ’Muso oa Molimo o fihla, ho tla etsahala eng ka lefatše lena le tletseng lehloeo? “Muso” oo o “tla robaka o felise” mebuso eohle e silafetseng ea lefatše lena. (Daniele 2:44) Bibele ea hlalosa: “Lefatše lea feta . . . , empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
Mabapi le lefatše le lecha la Molimo, Bibele e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:9-11, 29; Liproverbia 2:21, 22) Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Esita le bafu ba tla phela hape, ’me lefatše lohle le tla fetoloa paradeise ea sebele.—Esaia 11:6-9; 35:1, 2; Luka 23:43; Liketso 24:15.
Hore re tle re phele lefatšeng leo le lecha la Molimo, re tlameha ho ratana, joalokaha Molimo a re ruta ho etsa joalo. (1 Bathesalonika 4:9) Seithuti se seng sa Bibele sa Bochabela se ile sa re: “Ke lebeletse nako eo ka eona, joalokaha Bibele e tšepisa, batho bohle ba tla beng ba ithutile ho ratana.” Re ka kholiseha hore Molimo o tla boloka litšepiso tsa hae! O re: “Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.”—Esaia 46:11.
Empa hore u tle u thabele litlhohonolofatso tlas’a ’Muso oa Molimo, u tlameha ho fumana tsebo ea Bibele feela joalokaha ho etsa batho ba limilione ba lipelo li tšepahalang. (Johanne 17:3) Bukana e maqephe a 32 ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e tla u thusa. Fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka amohelang kopi ka ho tlatsa setlankane se leng leqepheng le fetileng le ho se romela atereseng e haufi le haeno.
□ Ke tla thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo nka amohelang kopi ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
□ Ka kōpo iteanyeng le ’na bakeng sa thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Sniper and funeral in Bosnia: Reuters/Corbis-Bettmann