Na Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?
’MUELLI e mong oa molao o ne a sa tsoa bolela hore e le hore re fumane “bophelo bo sa feleng,” re lokela ho rata Molimo ka pelo eohle le ho rata baahelani ba rōna joalokaha re ithata. Jesu o ile a babatsa ’muelli eo oa molao ’me a mo bolella: “U arabile ka nepo; ‘u ’ne u tsoele pele ho etsa sena ’me u tla fumana bophelo.’” (Luka 10:25-28; Levitike 19:18; Deuteronoma 6:5) Empa monna eo, ka ho batla ho ipaka a lokile, a botsa: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?”
Ha ho pelaelo hore ’muelli eo oa molao o ne a lebeletse hore Jesu a re, “Ke Bajuda ba heno.” Empa Jesu o ile a pheta pale ea Mosamaria ea neng a e-na le moea oa boahelani, e ileng ea bontša hore batho ba lichaba tse ling e ntse e le baahelani ba rōna. (Luka 10:29-37; Johanne 4:7-9) Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a hatisa hore ho rata Molimo le ho rata moahelani oa rōna ke tsona litaelo tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa ’Mōpi oa rōna.—Matheu 22:34-40.
Leha ho le joalo, na ho na le sehlopha leha e le sefe sa batho se kileng sa hla sa rata baahelani ba sona? Na ruri ho ka etsahala hore batho bohle ba ratane?
Mohlolo oa Lekholong la Pele la Lilemo
Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba ne ba tla hlokomeleha ka lerato le phahametseng meeli ea morabe, ea bochaba le e meng eohle. O itse: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane.” Eaba o phaella ka hore: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:34, 35; 15:12, 13.
Lithuto tsa Jesu mabapi le lerato, li tšehelitsoe ke mohlala oa hae, li ile tsa etsa mohlolo lekholong la pele la lilemo. Balateli ba hae ba ile ba etsisa Monghali oa bona, ba ithuta ho ratana ka tsela e ileng ea hapa thahasello le ho tsotoa ke ba bangata. Tertullian, sengoli sa lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E., o ile a qotsa batho bao e neng e se Bakreste ha ba ne ba babatsa balateli ba Jesu: ‘Bonang kamoo ba ratanang kateng le kamoo ba ikemiselitseng ho shoelana kateng.’
Ka sebele, moapostola Johanne o ile a ngola: “Re tlas’a tlamo ea ho nehelana ka lisoule tsa rōna bakeng sa barab’abo rōna.” (1 Johanne 3:16) Jesu o ile a ba a ruta balateli ba hae hore ba rate lira tsa bona. (Matheu 5:43-45) Phello e ba efe ha batho ba hlile ba ratana joalokaha Jesu a ba rutile?
Motheong oa bopaki bo fanoeng, moprofesa e mong oa saense ea lipolotiki o ile a nahanisisa ka potso eo. Kahoo o ile a botsa, joalokaha ho tlalehiloe ho The Christian Century: “Na ho na le motho ea ka nahanang Jesu a akhela seqhomane sa letsoho ho lira tsa hae, a sebelisa sethunya sa morathatha, a sebelisa sethunya se ntšang mollo, a liha libomo tsa nyutlelie kapa a tsoibila limisaele tse lebisitsoeng k’honthinenteng e ’ngoe tse neng li tla bolaea kapa ho holofatsa bo-’mè le bana ba likete?”
Ha a arabela, moprofesa eo o itse: “Potso ena ha e utloahale hoo ho sa hlokahaleng hore e arabeloe.” Kahoo, o ile a phahamisa potso: “Haeba Jesu o ne a ke ke a etsa lintho tsena, joalokaha seo se ne se tla hanana le botho ba hae, joale ke joang re ka etsang lintho tsee ’me ra ipaka re mo tšepahalla?” Ka hona, ha rea lokela ho makatsoa ke boemo ba ho se nke lehlakore bo ileng ba nkoa ke balateli ba Jesu ba pele, bo pakiloeng ke libuka tse ngata tsa histori. Nahana ka mehlala e ’meli feela.
Our World Through the Ages, e ngotsoeng ke N. Platt le M. J. Drummond, e re: “Boitšoaro ba Bakreste bo ne bo fapane haholo le ba Baroma. . . . Kaha Kreste o ne a rutile khotso, ba ile ba hana ho ba masole.” ’Me The Decline and Fall of the Roman Empire, e ngotsoeng ke Edward Gibbon, e re: “[Bakreste ba pele] ba ile ba hana ho kopanela ka tsela leha e le efe tsamaisong ea sechaba kapa lebothong la tšireletso la ’muso. . . . Ho ne ho ke ke ha etsahala hore Bakreste e be masole ntle le haeba ba tlohela tšebeletso e halalelang haholoanyane.”
Ho Thoe’ng ka Mehla ea Kajeno?
Na ho na le ba bontšang lerato le kang la Kreste mehleng ee? Encyclopedia Canadiana ea hlokomela: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke ho tsosolosa le ho hlongoa hape ha Bokreste ba pele bo neng bo sebelisoa ke Jesu le barutuoa ba hae . . . Kaofela ke bara ba motho.”
Seo se bolela’ng? Se bolela hore Lipaki tsa Jehova ha li lumelle letho—ebang ke morabe, bochaba kapa semelo sa morabe—ho li etsa hore li hloee baahelani ba tsona. Leha e le hore li ka bolaea motho e mong, hobane ka tsela ea tšoantšetso, li teile lisabole tsa tsona mehoma le marumo a tsona lisekele, joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele hore bahlanka ba ’nete ba Molimo ba ne ba tla ba joalo.—Esaia 2:4.
Ha ho makatse ha mohlophisi oa Sacramento Union ea California a ile a hlokomela: “Hoa tšoaneleha ho bolela hore haeba lefatše lohle le ne le ka phela ka ho latela thuto ea motheo ea bolumeli ba Lipaki tsa Jehova, tšollo ea mali le lehloeo li ne li tla fela, ’me lerato le ne le tla busa e le morena”!
Ka tsela e tšoanang, mongoli oa makasine ea Ring ea Hungary o ile a re: “Ke fihletse qeto ea hore haeba Lipaki tsa Jehova e ne e le tsona feela tse phelang lefatšeng, lintoa li ne li tla fela, ’me mosebetsi oa mapolesa e ne e tla ba ho laola sephethephethe le ho fana ka liphasepoto feela.”
Makasineng ea Italy ea kereke, Andare alle genti, moitlami e mong oa mosali oa Roma e K’hatholike le eena o ile a ngola ka Lipaki ka tsela e li tsotang: “Li hana mokhoa leha e le ofe oa pefo empa li sa fetohe marabele, li mamella liteko tse ngata tseo li thulanang le tsona ka lebaka la tumelo ea tsona . . . Lefatše e ne e tla ba le fapaneng hakaakang haeba hoseng ho hong re ne re ka tsoha kaofela re entse qeto e tiileng ea ho se hlole re nka lihlomo, ho sa tsotellehe hore na re ne re tla lahleheloa ke eng kapa lebaka e le lefe, feela joaloka Lipaki tsa Jehova!”
Lipaki li tsebahala ka ho ikemisetsa ho thusa baahelani ba tsona. (Bagalata 6:10) Bukeng ea hae ea Women in Soviet Prisons, moahi e mong oa Latvia o itse o ne a kule haholo ha a ne a sebetsa kampong ea mahloriso ea Potma bohareng ba bo-1960. “Nakong eohle ea ho kula ha ka, [Lipaki] e ile ea e-ba baoki ba khothetseng. Ke ne ke sa lebella tlhokomelo e molemo joalo, haholo-holo tlas’a maemo a ho ba kampong.” O ile a eketsa: “Lipaki tsa Jehova li ho nka e le boikarabelo ba tsona ho thusa motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore na ke oa bolumeli bofe kapa bochaba bofe.”
Haufinyane tjena, khatiso e ’ngoe ea sechaba Czech Republic e ile ea hlokomela boitšoaro bo joalo ba Lipaki likampong tsa mahloriso. Ha e bua ka filimi ea “The Lost Home,” e hlahisitsoeng Brno, koranta ea Severočeský deník e ile ea hlokomela: “Hoa hlokomeleha hore le bona batho bana ba ka tšepjoang [baphonyohi ba Bajuda ba Czech Republic le Maslovak], ka ho ananela ho totobetseng ba ile ba fana ka bopaki bo buang batšoaruoa ba Lipaki tsa Jehova hantle. Ba bangata baa hlalosa: ‘E ne e le batho ba sebete haholo, bao ka linako tsohle ba neng ba re thusa ka mokhoa leha e le ofe oo ba ka o khonang, le hoja hoo ho ne ho ba beha kotsing ea ho bolaoa. Ba ile ba re rapella joalokaha eka re karolo ea lelapa la bona; ba ile ba re khothatsa hore re se ke ra tela.’”
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho rata ba hlileng ba re hloileng? Na hoo ho ka etsahala?
Lerato le Hlōla Lehloeo
Thuto ea Jesu ea ho rata lira e lumellana le maele a Bibele: “Ekare ha sera sa hao se lapile, se fe ho ja bohobe; ha se nyoriloe, u se nee metsi, se noe.” (Liproverbia 25:21; Matheu 5:44) Mabapi le phello e ntle e bakiloeng ke ho fumana tlhokomelo e lerato e tsoang ho bao pele e neng e le lira tsa hae, mosali e mong oa motho e motšo eo haufinyane e bileng e mong oa Lipaki tsa Jehova o ngotse: “Ka linako tse ling, pelo ea ka e nyakalla hoo ke sitoang ho thiba likeleli ha ke fumana lerato la sebele la Lipaki tsa makhooa, batho bao pejana ke neng nka ba bolaea ke sa tsilatsile e le ho ntšetsa pele morero oa ho fetohela ’muso.”
Paki e ’ngoe ea Mofora e ile ea pheta hore moahelani oa bona o ne a tlalehe ’mè oa eona ho Gestapo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Morali eo o ile a hlalosa: “Ka lebaka la seo, ’Mè o ile a qeta lilemo tse peli a le likampong tsa mahloriso Jeremane, moo a ileng a batla a shoela teng. Ka mor’a ntoa, mapolesa a Mafora a ne a batla hore ’Mè a tekene pampiri e qosang mosali enoa ka hore o ne a sebelisana le Majeremane. Empa ’Mè o ile a hana.” Hamorao, moahelani eo oa rōna o ile a tšoaroa ke kankere e bolaeang. Morali eo o re: “’Mè o ile a qeta lihora tse ngata a etsa hore likhoeli tsa ho qetela tsa bophelo ba mosali eo li be bonolo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Nke ke ka hlola ke lebala tsela ena eo lerato le ileng la hlōla lehloeo ka eona.”
Ntle ho pelaelo, batho ba ka ithuta ho ratana. Bao pele e neng e le lira—Matutsi le Mahutu, Majuda le Maarabia, Maarmenia le Maturkey, Majapane le Maamerika, Majeremane le Marussia, Maprostanta le Mak’hatholike—kaofela ba kopantsoe hammoho ke ’nete ea Bibele!
Kaha batho ba limilione bao pele ba neng ba hloeane hona joale baa ratana, ka sebele batho bohle ba lefatše ba ka khona. Leha ho le joalo, re lokela ho lumela hore ho tla hlokahala ho be le phetoho e khōlō lefatšeng lohle haeba batho bohle ba tla ratana. Phetoho eo e tla ba teng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Makhooa le batho ba batšo Afrika Boroa
Majuda le Maarabia
Mahutu le Matutsi
Ka tsela ea tšoantšetso, Lipaki li teile lisabole tsa tsona mehoma