Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 maq. 16-19
  • Nakong eo Batho Bohle ba Tla Ratana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nakong eo Batho Bohle ba Tla Ratana
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo Lefatšeng le Lecha la ho Loka
  • Ho Tšoanelehela ho Phela ka ho sa Feleng
  • Bophelo Lefatšeng Le Lecha la Khotso
    Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso
  • ‘Lefatšeng, Joaloka Leholimong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Bophelo Boo a Etsang Hore bo Fumanehe
    Tsoha!—2006
  • Na Lefatše la Rōna le Tla Felisoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 maq. 16-19

Nakong eo Batho Bohle ba Tla Ratana

THUTONG ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste o ile a bua ka nako eo ka eona batho bohle ba tla ratana. Ha a kenyelletsa litlhaloso tsa hae, Jesu o ile a qotsa Pesaleme ea 37, a re: “Ho lehlohonolo ba bonolo: hobane ba tla ja lefa la lefatše.” Pesaleme eo ea Bibele e boetse e hlalosa hore na boemo bona bo hlollang bo tla phethahala joang, e re: “Ba khopo ba tla felisoa; empa ba letetseng Jehova ba tla rua lefatše.”—Matheu 5:5; Pesaleme ea 37:9; American Standard Version.

Eo e tla ba phetoho e babatsehang hakaakang—ho tlositsoe batho bohle ba khopo lefatšeng ’me ho setse feela batho ba ratanang! Seo se ka etsahala joang? Thutong ea hae e tsebahalang, Jesu o ile a tsoela pele ho bontša hore na seo se tla etsahala joang ha a re ruta ho rapela: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:10) Hlokomela hore na thato ea Molimo e tla etsoa hokae. Eseng leholimong feela. Sehlooho se seng sa The Christian Century se ile sa hatisa: “Re rapela hore thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.”

Kahoo, ’Muso oa Molimo oo Jesu a re rutileng hore re o rapelle ke eng? Ka ho hlakileng, ke puso ea sebele e busang leholimong. Ke ka hona o bitsoang “’Muso oa maholimo.” (Matheu 10:7) ’Musi ea khethiloeng oa ’Muso ona, kapa puso, ke Mora oa Molimo, Jesu Kreste.

Nako e telele pele Jesu a tsoaloa ke Maria, moprofeta oa Jehova, Esaia, o ile a bolela esale pele mabapi le ketsahalo eo ea mohlolo le hore na qetellong ho ne ho tla latela eng: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.” (Esaia 9:6, 7) Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, o ile a lula le Ntate oa hae leholimong, a emetse ho fuoa taelo ea ho qala ho busa e le Morena.—Pesaleme ea 110:1, 2; Baheberu 10:12, 13; Tšenolo 11:15.

Joale qetellong ho tla etsahala eng ka lefatše lee le tletseng lehloeo? Hlokomela hore na Bibele e arabela potso eo joang. Moprofeta oa Molimo, Daniele o boletse esale pele: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Ho hlakile hore boprofeta bona ba Bibele bo supa pele phetohong e khōlōhali e tla etsahala litabeng tsa batho. Tsamaiso ena eohle ea lintho, e kopanyelletsang batho ba lefatše lena bao ka manganga ba hanang ho ikokobelletsa puso ea Molimo, e tla felisoa lefatšeng! Hlokomela se tla e nkela sebaka.

Bophelo Lefatšeng le Lecha la ho Loka

Ha lefatše la khale le fela, ho tla ba le baphonyohi. Bibele ea hlalosa: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) E, ba etsang thato ea Molimo ba tla pholohela lefatšeng le lecha, joalokaha Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha bofelo ba lefatše la mehleng ea bona. Moapostola Petrose o ngotse: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho tsena ho loka ho tla aha.”—2 Petrose 3:5-7, 11-13.

Mabapi le nako ea ha ho tla be ho busa ’Muso oa Molimo feela, Bibele ea tšepisa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ba lokileng ba tla thabela bophelo lefatšeng le hloekileng. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! Haeba ha u e-s’o hlahlobe litlhohonolofatso tse hlalositsoeng Bibeleng tse tšoantšelitsoeng maqepheng a fetileng, ka kōpo etsa joalo.

Na ha ho u thabise pelo ho tseba hore ’Mōpi oa rōna o tšepisa lintho tse hlollang joalo molemong oa ba mo rapelang? Ka sebele, ona e ne e le morero oa Molimo ha a bōpa banyalani ba pele ba batho ’me a ba beha lefatšeng la paradeise! Hlokomela seo Molimo a ileng a ba bolella sona: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—Genese 1:27, 28.

Adama le Eva ba ne ba tla ba le bana, ’me ha bana bao ba hōla, ba ne ba tla kopanela mosebetsing o thabisang oa ho hlokomela lefatše la Paradeise. Nahana ka thabo ea ho atolosa meeli ea serapa sa Edene ha lelapa la motho le ne le ntse le eketseha! Ka ho hlakileng, e ne e le morero oa Molimo hore lefatše lohle le fetohe paradeise. Na morero oo o tla ke o phethahale? Re ka kholiseha hore o tla phethahala, hobane ke Molimo ea boletseng hoo! Oa tšepisa: “Ke boletse . . . ’me ke tla phetha.”—Esaia 46:11; 55:11.

Na u ka thabela ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise le hlalositsoeng mangolong a tšoantšelitsoeng maqepheng a fetileng? Joalokaha ho ka lebelloa, hase motho e mong le e mong ea tla lumelloa ho lula moo ka ho sa feleng. Ho na le litlhokahalo. Ke life?

Ho Tšoanelehela ho Phela ka ho sa Feleng

Pele ho tsohle, ba lulang lefatšeng le lecha la Molimo ba lokela ho ithuta ho ratana, feela joalokaha Molimo a re ruta ho etsa joalo. Bibele e re: “Lōna ka bolōna le rutoa ke Molimo ho ratana.” (1 Bathesalonika 4:9) Molimo o re ruta see joang?

Ka ho khetheha, ke ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, Bibele. Sena se bolela hore e le hore re phele ka ho sa feleng, re lokela ho amohela lithuto tsa Molimo tse ka Bibeleng. Seithuti se seng sa Bibele sa Bochabela se ile sa re: “Ke lebeletse ka thabo nako eo ka eona, joalokaha Bibele e tšepisa, batho bohle ba tla be ba ithutile ho ratana.”

Thapelong ea hae ho Ntate oa hae, Jesu o ile a tsebahatsa tlhokahalo ea bohlokoa. O ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Bukana e maqephe a 32 e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e tla u thusa hore u rue tsebo ena. U ka fumana kopi ea eona ka ho tlatsa setlankana se leqepheng la 32 ’me u se romele ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela