Ho se Shoe ha Moea—Qaleho ea Thuto Ena
“Ha ho taba e amanang le bophelo ba motho ba ho ba le tsebo e phahametseng kutloisiso ea hae e hapileng mohopolo oa hae joaloka ea boemo ba hae ka mor’a lefu.”—“ENCYCLOPÆDIA OF RELIGION AND ETHICS.”
1-3. Socrates le Plato ba ile ba ntšetsa pele khopolo ea hore moea ha o shoe joang?
SETSEBI se seng se lilemo li 70 seo e bileng e leng tichere se qosoa ka ho hloka tlhompho le ho senya likelello tsa bacha ka thuto ea sona. Le hoja se hlahisa boitšireletso bo tsotehang nyeoeng ea sona, lekhotla la baahloli le leeme le se fumana se le molato ’me le se ahlolela lefu. Lihora tse seng kae feela pele e bolaoa, tichere ena e hōlileng e hlahisa letoto la likhang ka pel’a barutoana ba e pota-potileng ho tiisa hore moea ha o shoe le hore lefu ha lea lokela ho tšajoa.
2 Monna enoa ea ahlotsoeng hase e mong haese Socrates, rafilosofi oa Mogerike ea tummeng oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.a Morutoana oa hae Plato o ile a tlaleha liketsahalo tsena meqoqong e ngotsoeng e bitsoang Apology le Phaedo. Socrates le Plato ba tsejoa ka hore ke bona ba har’a ba pele ba ho ntšetsa pele khopolo ea hore moea ha o shoe. Empa e ne e se bona baqapi ba thuto ena.
3 Joalokaha re tla bona, metso ea khopolo ea ho se shoe ha motho e hlaha mehleng ea pele haholo. Leha ho le joalo, Socrates le Plato ba ile ba ntlafatsa khopolo eo ’me ba e fetolela thutong ea filosofi, kahoo ba e etsa hore e be e ipiletsang haholoanyane lihlopheng tsa ba rutehileng tsa mehleng ea bona le ka morao ho moo.
Ho Tloha ho Pythagoras ho ea ho Liphiramide
4. Pele ho Socrates, maikutlo a Bagerike e ne e le afe ka Bophelo ka Mor’a Lefu?
4 Bagerike ba pele ho Socrates le Plato le bona ba ne ba lumela hore moea o tsoela pele ho phela ka mor’a lefu. Pythagoras, setsebi se tummeng sa lipalo sa Mogerike sa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., o ne a lumela hore moea ha o shoe le hore o ka fetela sebakeng se seng. Pele ho eena, Thales oa Miletase, eo ho nahanoang hore ke eena rafilosofi oa Mogerike oa khale ka ho fetisisa ea tsejoang, o ile a ba le boikutlo ba hore moea o sa shoeng o ne o le teng eseng feela ho batho, liphoofolong le limeleng empa hape le linthong tse kang makenete, kaha li ka tsamaisa tšepe. Bagerike ba boholo-holo ba ne ba bolela hore meea ea bafu e ne e tsamaisoa ka seketsoana ho tšela nōka ea Styx ho ea sebakeng se ka tlas’a lefatše se seholohali se bitsoang lefatše la bafu. Mono, baahloli ba ne ba ahlolela meea tlhokofatso teronkong e marako a malelele kapa tlhohonolofatso Paradeiseng.
5, 6. Bapersia ba ne ba nka moea joang?
5 Iran, kapa Persia, ho ea ka bochabela, moprofeta ea bitsoang Zoroaster o ile a hlaha lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. O ile a qala tsela ea borapeli e ileng ea tla tsejoa e le Bozoroaster. Bona e ne e le bolumeli ba ’Muso oa Persia, o neng o busa lefatše pele Greece e e-ba ’muso o moholo. Mangolo a Zoroaster a re: “Ka Ho se Shoe moea oa Ea Lokileng o tla lula o le Thabong ka ho sa feleng, empa moea oa Ea Leshano ka sebele o tla ba tlhokofatsong. ’Me Melao ena Ahura Mazda [e bolelang, “molimo ea bohlale”] o e hlomamisitse ka matla a Hae a ho laela a borena.”
6 Thuto ea ho se shoe ha moea e ne e boetse e le karolo ea bolumeli ba Iran ba pele ho ba Zoroaster. Ka mohlala, merabe ea boholo-holo ea Iran, e ne e hlokomela meea ea ba tsamaileng ka ho e fa lijo le liaparo hore li tsoele ba lefatšeng la bafu molemo.
7, 8. Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela eng ka moea e le o pholohang lefu la ’mele?
7 Tumelo bophelong ba ka mor’a lefu e ne e le ea bohlokoahali bolumeling ba Baegepeta. Baegepeta ba ne ba lumela hore moea oa motho ea shoeleng o ne o tla ahloloa ke Osiris, molimo ea ka sehloohong oa lefatše la bafu. Ka mohlala, tokomane ea loli eo ho boleloang hore ke ea lekholong la bo14 la lilemo B.C.E. e bontša Anubis, molimo oa bafu, a etella pele moea oa mongoli Hunefer ka pel’a Osiris. E le sekaleng, pelo ea mongoli, e emelang letsoalo la hae, e bekhoa e bapisitsoe le lesiba leo molimotsana oa ’nete le toka a le roalang hloohong. Thoth, molimo e mong, o tlaleha liphello. Kaha pelo ea Hunefer ha ea imeloa ke molato, boima ba eona bo ka tlaase ho ba lesiba, ’me Hunefer o lumelloa ho kena sebakeng sa Osiris ’me o fumana ho se shoe. Loli leo le boetse le bontša kholumolumo e tšehali e eme pel’a sekala seo, e loketse ho harola mofu haeba pelo e hlōleha ho feta teko. Baegepeta le bona ba ne ba bitiela bafu ba bona hore ba se ke ba senyeha ’me ba boloka litopo tsa bo-faro liphiramideng tse khōlōhali kaha ba ne ba nahana hore ho pholoha ha moea ho itšetlehile ka ho boloka ’mele.
8 Ka nako eo, tsoelo-pele e sa tšoaneng ea boholo-holo e ne e e-na le thuto e le ’ngoe e tšoanang—ho se shoe ha moea. Na ba ile ba fumana thuto ee mohloling o le mong?
Moo e Qalileng Teng
9. Ke bolumeli bofe bo ileng ba susumetsa lefatše la boholo-holo la Egepeta, Persia le Greece?
9 Buka ea The Religion of Babylonia and Assyria e re: “Lefatšeng la boholo-holo, Egepeta, Persia le Greece li ile tsa utloa tšusumetso ea bolumeli ba Bababylonia.” Buka ena e tsoela pele ho hlalosa: “Ka lebaka la kamano ea pele pakeng tsa Egepeta le Babylonia, joalokaha e senotsoe ke matlapa a El-Amarna, ka sebele ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea hore lipono le meetlo tsa Bababylonia li kene lihlopheng tsa bolumeli tsa Egepeta. Persia, sehlopha sa bolumeli sa Mithra se senola tšusumetso e hlakileng ea likhopolo tsa Bababylonia . . . Ketso e matla ea ho tsoaka lithuto tsa Sesema ka bobeli litšōmong tsa pele tsa Bagerike le lihlopheng tsa Segerike tsa bolumeli hona joale ka kakaretso e lumeloa ke litsebi hoo e sa hlokeng ho tšohloa ho feta moo. Lithuto tsena tsa Sesema ho isa bohōleng bo itseng ka ho toba ke tsa Babylonia.”b
10, 11. Pono ea Bababylona e ne e le efe ka bophelo ka mor’a lefu?
10 Empa na pono ea Bababylona ka se etsahalang ka mor’a lefu ha ea fapana haholo le ea Baegepeta, Bapersia le Bagerike? Ka mohlala, nahana ka Epic of Gilgamesh ea Babylona. Mohale oa eona ea hōlileng, Gilgamesh, a tšoenngoa ke bonnete ba lefu, o tsoa letšolo ho ea batla ho se shoe empa o hlōleha ho ho fumana. Moroetsana oa veine eo a kopanang le eena nakong ea leeto la hae o bile o mo khothalletsa hore a sebelise bophelo ba hae ba hona joale hamolemo, hobane a ke ke a fumana bophelo bo sa feleng boo a bo batlang. Molaetsa oa thothokiso eo kaofela ke hore lefu le ke ke la qojoa ’me tšepo ea ho se shoe ke thetso. Na hoo ho ne ho tla bontša hore Bababylona ba ne ba sa lumele Bophelong ba ka Mor’a Lefu?
11 Moprofesa Morris Jastrow, e monyenyane, oa Univesithi ea Pennsylvania, U.S.A., o ile a ngola: “Ha ho mohla batho kapa baeta-pele ba monahano oa bolumeli [oa Babylonia] ba kileng ba talimana le monyetla oa hore ho ka etsahala hore bophelo bo kileng ba e-ba teng bo felisoe ka ho feletseng. Lefu [ho ea ka pono ea bona] e ne e le ho fetela mofuteng o mong oa bophelo, ’me ho latola ho se shoe ho ne ho mpa ho hatisa hore ho ke ke ha etsahala hore motho a phonyohe phetoho ea ho ba teng e tlisoang ke lefu.” E, Bababylona le bona ba ne ba lumela hore bophelo ba mofuta o itseng, ka sebōpeho se seng, bo tsoela pele ka mor’a lefu. Ba ne ba bontša sena ka ho pata bafu le lintho tseo ba tla li sebelisa Bophelong ba ka Mor’a Lefu.
12-14. (a) Ka mor’a Moroallo, thuto ea ho se shoe ha moea e ile ea qaleha sebakeng sefe? (b) Thuto ee e ile ea hasana joang lefatšeng lohle?
12 Ka ho hlakileng, thuto ea ho se shoe ha moea e tloha morao koana Babylona ea boholo-holo. Ho ea ka Bibele, buka e nang le letšoao la histori e nepahetseng, motse oa Babele, kapa Babylona, o ile oa thehoa ke Nimrode, setloholoana sa Noe.c Ka mor’a Moroallo oa lefatše lohle mehleng ea Noe, ho ne ho e-na le puo e le ’ngoe feela le bolumeli bo le bong. Ka ho theha motse le ho haha tora moo, Nimrode o ile a qala bolumeli bo bong. Tlaleho ea Bibele e bontša hore ka mor’a ho ferekanngoa ha lipuo Babele, lihahi tsa tora tse sa atlehang li ile tsa qhalana ’me tsa qala bocha, li tsamaea le bolumeli ba tsona. (Genese 10:6-10; 11:4-9) Kahoo lithuto tsa bolumeli tsa Babylona li ile tsa jalana holim’a lefatše.
13 Ho latela neano, Nimrode o ile a shoa lefu le sehlōhō. Ka mor’a lefu la hae ka ho utloahalang Bababylona ba ne ba tla ba le tšekamelo ea ho mo nkela holimo e le mothehi, mohahi le morena oa pele oa motse oa bona. Kaha molimo Marduk (Merodake) o ne a nkoa e le eena mothehi oa Babylona, litsebi tse ling li fane ka maikutlo a hore Marduk o emela Nimrode ea entsoeng molimo. Haeba ho joalo, joale khopolo ea hore motho o na le moea o pholohang lefu e tlameha ebe e ne e le teng bonyane nakong ea lefu la Nimrode. Leha ho le joalo, litlaleho tsa histori li senola hore ka mor’a Moroallo, sebaka seo thuto ea ho se shoe ha moea e qalileng ho sona e ne e le Babele, kapa Babylona.
14 Joale, thuto ee e ile ea e-ba e ka sehloohong joang malumeling a mangata a nakong ea rōna? Karolo e latelang e tla hlahloba ho kena ha eona malumeling a Bochabela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a B.C.E. e bolela “Before the Common Era [Pele ho Mehla e Tloaelehileng].” C.E. e bolela “Common Era [Mehla e Tloaelehileng],” hangata e bitsoa A.D., bakeng sa Anno Domini, e bolelang “selemong sa Morena.”
b El-Amarna ke setša sa lithako tsa motse oa Egepeta, Akhetaton, oo ho boleloang hore o hahiloe lekholong la bo14 la lilemo B.C.E.
c Bona Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, leqepheng la 37-54, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Pono ea Baegepeta ka meea e lefatšeng la bafu
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Socrates o ile a pheha khang ka hore moea ha o shoe