Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ie leq. 21
  • Ke Hobane’ng ha re E-shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re E-shoa?
  • Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Utloe ho Tlisa Lefu
  • “Lefu la Namela ho Batho Bohle”
  • Ke Hobane’ng re Tsofala Ebile re Shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
ie leq. 21

Ke Hobane’ng ha re E-shoa?

“Holim’a marallana ’ohle hona joale ho khutsitse, litlhōrōng tsohle tsa lifate ke ka seoelo ho nang le phefumoloho; linonyana li robetse lifateng: butle; haufinyane le uena u tla phomola joaloka tsona.”—JOHANN WOLFGANG VON GOETHE, SEROKI SA LEJEREMANE.

1, 2. (a) Batho ba ile ba bōptjoa ba e-na le takatso efe? (b) Batho ba babeli ba pele ba ne ba thabela bophelo ba mofuta ofe?

MOLIMO o bōpile batho ba e-na le tabatabelo ea ho phela ka ho sa feleng. Ka sebele, Bibele e bolela hore o “kentse boikutlo ba bosafeleng lipelong tsa bona.” (Moeklesia 3:11, Beck) Empa Molimo o entse ho fetang ho fa batho takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Hape o ba file le monyetla oa ho etsa joalo.

2 Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba bōpiloe ba phethahetse, ba se na bofokoli kelellong kapa ’meleng. (Deuteronoma 32:4) Nahana—ho se ho se na mahlaba a sa feleng le ho opeloa, ho se na tšabo e se nang mabaka kapa matšoenyeho! Ho feta moo, Molimo o ile a ba beha lehaeng le ratehang la paradeise. Molimo o ne a rerile hore motho a phele ka ho sa feleng le hore ka mor’a nako lefatše le tlale bana ba hae ba phethahetseng. (Genese 1:31; 2:15) Joale, ke hobane’ng ha re e-shoa?

Ho se Utloe ho Tlisa Lefu

3. Bophelo bo sa feleng bakeng sa Adama le Eva bo ne bo itšetlehile ka eng?

3 Molimo o ile a laela Adama: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Kahoo bophelo bo sa feleng bakeng sa Adama le Eva bo ne bo itšetlehile ka maemo; bo ne bo itšetlehile ka ho utloa ha bona Molimo.

4. Ha Adama le Eva ba ne ba etsa sebe, ke hobane’ng ha ba ile ba lahleheloa ke tebello ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng?

4 Leha ho le joalo, ka masoabi Adama le Eva ba ile ba hlompholla molao oa Molimo. (Genese 3:1-6) Ka ho etsa joalo, ba ile ba fetoha baetsalibe, hobane “sebe ke ho se ee ka molao.” (1 Johanne 3:4) Ka lebaka leo, Adama le Eva ba ne ba se ba se na tebello ea bophelo bo sa feleng. Hobane’ng? Hobane “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Kahoo, ha a liha kahlolo holim’a Adama le Eva, Molimo o ile a re: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” Joale batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lelekoa lehaeng la bona la Paradeise. Letsatsing leo ba ileng ba etsa sebe ka lona, Adama le Eva ba ile ba qala tšebetso e tlang butle empa e le e iketlileng ea ho shoa.—Genese 3:19, 23, 24.

“Lefu la Namela ho Batho Bohle”

5. Lefu le ile la namela molokong oohle oa batho joang?

5 Joale Adama le Eva ba ne ba e-na le sebe se hatisehileng ka ho teba liphatseng tsa bona tsa lefutso. Kahoo, ba ne ba ke ke ba tsoala bana ba phethahetseng, feela joalokaha foromo e sa phethahalang e ke ke ea hlahisa ntho e phethahetseng. (Jobo 14:4) Ka sebele, ho tsoaloa ho hong le ho hong ha motho ho tiisa hore batsoali ba rōna ba pele ba lahlile bophelo bo phethahetseng ba ’mele le bophelo bo sa feleng bakeng sa bona le bana ba bona. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12; bapisa le Pesaleme ea 51:5.

6. Ke hobane’ng ha re e-shoa?

6 Kajeno bo-rasaense ha ba tsebe hore na ke hobane’ng ha batho ba tsofala ’me ba e-shoa. Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa hore re shoa hobane re tsoetsoe re e-na le sebe, e leng boemo boo re bo futsitseng ho batsoali ba rōna ba pele ba batho. Empa ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela