Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 6 leq. 101-leq. 104 ser. 4
  • Ho Hatisoa ho Loketseng ha Mohopolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hatisoa ho Loketseng ha Mohopolo
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangolo a Baliloe ka Khatiso e Loketseng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 6 leq. 101-leq. 104 ser. 4

Thuto 6

Ho Hatisoa ho Loketseng ha Mohopolo

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Hatisa mantsoe le lipoleloana ka tsela e tla etsa hore bamameli ba nolofalloe ho utloisisa mehopolo e hlalosoang.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho hatisoa ho loketseng ha mohopolo ho thusa sebui ho hapa thahasello ea bamameli ba sona hammoho le ho ba kholisa kapa ho ba susumetsa.

HA U bua kapa u bala ka lentsoe le phahameng, habohlokoa hase feela ho bua mantsoe ka nepo empa ke ho hatisa mantsoe a sehlooho le lipoleloana tse fupereng mohopolo oa taba ka tsela e fetisang mehopolo ka ho hlaka.

Ho hatisoa ho loketseng ha mohopolo ho akarelletsa ho fetang ho hatisa ka matla mantsoe a seng makae kapa esita le a mangata. Mantsoe a nepahetseng a lokela ho hatisoa. Haeba ho hatisoa mantsoe a fosahetseng, moelelo oa seo u se buang o ka ’na oa se ke oa hlaka ho bamameli ba hao, ’me ka lehlakoreng le leng, seo se ka etsa hore mehopolo ea bona e khelohele linthong tse ling. Le hoja boitsebiso bo ka ba molemo, nehelano e sa hatiseng mohopolo ka nepo e ke ke ea atleha ho susumetsa bamameli.

Khatiso e eketsehileng e ka fetisoa ka mekhoa e sa tšoaneng, eo hangata e sebelisoang e kopane: ka ho eketsa molumo, ka boikutlo bo matla, ka ho hlalosa lintho butle, ka ho etsa khefu pele kapa ka mor’a polelo (kapa ho li etsa ka bobeli), le ka boitšisinyo le ka ponahalo ea sefahleho. Lipuong tse ling, khatiso e boetse e etsoa ka ho theola kapa ho phahamisa molumo. Nahanela boitsebiso le maemo ha u etsa qeto ea hore na ke hofe ho hlileng ho loketseng.

Ha u etsa qeto ea hore na u lokela ho hatisa eng, nahana ka lintho tse latelang. (1) Ka har’a polelo leha e le efe, mantsoe a lokelang ho hatisoa haholo ha a laoloe feela ke se boleloang ke polelo eo kaofela empa a boetse a laoloa ke taba e e potolohileng. (2) Ho hatisoa ha mohopolo ho ka sebelisetsoa ho hatisa ho qaleha ha mohopolo o mocha, ebang ke ntlha ea sehlooho kapa ke feela ho fetoloa ha mokhoa oa ho beha mabaka. Hape ho ka ’na ha lebisa tlhokomelo sephethong sa mokhoa o itseng oa ho beha mabaka. (3) Sebui se ka ’na sa hatisa mohopolo ka ho bontša kamoo se ikutloang kateng ka taba. (4) Ho hatisoa ho loketseng ha mohopolo ho ka boela ha sebelisetsoa ho totobatsa lintlha tsa sehlooho tsa puo.

E le hore sebui kapa sebali sa phatlalatsa se sebelise ho hatisoa ha mohopolo ka litsela tsena, se lokela ho utloisisa boitsebiso ba sona hantle ’me se be le takatso e tiileng ea hore bamameli ba sona ba bo utloisise. Mabapi le thuto e ileng ea fanoa mehleng ea Esdrase, Nehemia 8:8 e re: “Ba tsoela pele ho balla holimo ho tsoa bukeng, ho tsoa molaong oa Molimo oa ’nete, ha o ntse o qaqisoa, ’me o ntse o kenngoa moelelo; ba tsoela pele ho etsa hore ’malo o utloisisoe.” Ho hlakile hore ba neng ba bala le ho hlalosa Molao oa Molimo ketsahalong eo ba ile ba hlokomela bohlokoa ba ho thusa bamameli ba bona ho utloisisa moelelo oa se neng se baloa, ho se hopola le ho se sebelisa.

Se ka ’Nang sa Baka Bothata. Batho ba bangata ba khona ho hlakisa seo ba se bolelang moqoqong o tloaelehileng oa letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, ha ba bala boitsebiso bo ngotsoeng ke motho e mong, ho tseba hore na ke mantsoe afe kapa lipolelo life tseo ba lokelang ho li hatisa e ka ’na ea e-ba phephetso. Ntho ea bohlokoa ke ho utloisisa boitsebiso ka ho hlaka. Seo se hloka hore motho a ithute ka hloko se ngotsoeng. Kahoo ha u kōptjoa hore u bale boitsebiso bo itseng sebokeng sa phutheho, u lokela ho lokisetsa ka khothalo.

Batho ba bang ba sebelisa se bitsoang “ho hatisa ho etsoang nako le nako” ho e-na le ho hatisa mohopolo. Ba hatisa mantsoe libakeng tse itseng ka ho khetheha, ho sa tsotellehe hore na ho hatisa ho joalo hoa utloahala kapa che. Ba bang ba hatisa mantsoe a amang sebōpeho-puo, mohlomong ka ho hatisa lihokelo le mantsoe a kopanyang ka mokhoa o feteletseng. Haeba ho hatisa ho sa thuse ho hlakisa mohopolo, habonolo feela ho fetoha mokhoanyana o itseng o sitisang.

Libui tse ling ha li leka ho hatisa mohopolo, li phahamisa lentsoe ka tsela e ka etsang hore bamameli ba ikutloe eka baa omanngoa. Ho hlakile hore ke ka seoelo hoo ho hlahisang liphello tse molemohali. Haeba ho hatisoa ha mohopolo ho sa etsoe ka mokhoa oa tlhaho, seo se ka ’na sa fana ka maikutlo a hore sebui se khella bamameli ba sona fatše. Ho molemo hakaakang ho ipiletsa ho bona ka lerato le ho ba thusa ho bona hore se ntseng se buuoa se thehiloe Mangolong ebile sea utloahala!

Kamoo U ka Ntlafatsang Kateng. Hangata motho ea nang le bothata tabeng ea ho hatisoa ha mohopolo ha a bo hlokomele. Ho ka ’na ha hlokahala hore motho e mong a mo hlokomelise bona. Haeba ho hlokahala hore u ntlafatse ntlheng ena, molebeli oa hao oa sekolo o tla u thusa. Hape, ikutloe u lokolohile ho kōpa thuso ho mang kapa mang eo e leng sebui se hloahloa. Mo kōpe hore a u mamele ka hloko ha u bala leha u bua ’me a u fe litlhahiso tsa ho ntlafatsa.

Qalong, moeletsi oa hao a ka ’na a fana ka tlhahiso ea hore u sebelise sehlooho sa Molula-Qhooa bakeng sa ho itlhakisa. Ntle ho pelaelo o tla u bolella hore u hlahlobe polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho bona hore na ke mantsoe afe kapa lipoleloana life tse lokelang ho hatisoa e le hore ho ka ba bonolo ho utloisisa moelelo. A ka ’na a u hopotsa hore u lebise tlhokomelo e khethehileng mantsoeng a itseng a ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng. Hopola hore mantsoe a leng polelong e le ’ngoe a tsamaea hammoho. Hangata, sehlopha sa mantsoe ke sona se lokelang ho hatisoa, eseng lentsoe feela le ikemetseng. Lipuong tse ling, liithuti li ka ’na tsa khothalletsoa ho ela hloko haholo seo matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe a se bontšang mabapi le ho hatisoa ho loketseng ha mohopolo.

Bakeng sa bohato bo latelang ba ho tseba seo u lokelang ho se hatisa, moeletsi oa hao a ka ’na a u khothalletsa ho hlahloba moelelo o pharaletseng oa taba ho feta polelo ka boeona. Ke mohopolo ofe oa sehlooho o hōlisoang serapeng seo kaofela? Seo se lokela ho ama seo u se hatisang polelong ka ’ngoe joang? Sheba sehlooho sa taba e ithutoang le lihloohoana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya tseo boitsebiso ba hao bo hlahang ka tlas’a tsona. Li amana joang le lipoleloana tseo u khethileng ho li hatisa? U lokela ho hlahloba lintlha tsena kaofela. Empa u hlokomele hore u se ke ua hatisa mantsoe a mangata haholo ka matla.

Ho sa tsotellehe hore na u tla be u bua u sa sheba pampiring kapa u tla be u bala, moeletsi oa hao a ka boela a u khothalletsa hore u etse hore mokhoa oo u behang mabaka ka oona o susumetse tsela eo u hatisang mohopolo ka eona. U lokela ho hlokomela libaka tseo mokhoa o itseng oa ho beha mabaka o fellang ho tsona kapa moo nehelano e tlohang mohopolong o mong oa bohlokoa ho ea ho o mong. Bamameli ba tla thaba haeba nehelano ea hao e ba hlokomelisa ka libaka tsena. Sena se ka etsoa ka ho hatisa mantsoe a kang pele ho tsohle, joale, qetellong, kahoo le ka ho utloahalang.

Hape moeletsi oa hao o tla lebisa tlhokomelo ea hao mehopolong eo u lokelang ho kenya boikutlo bo khethehileng ho eona. Hore u etse sena mohlomong u ka hatisa mantsoe a kang haholo, ka sebele, ho hang, le hanyenyane, ke habohlokoa le kamehla. Ho etsa joalo ho ka susumetsa tsela eo bamameli ba hao ba ikutloang ka eona ka seo u se buang. Taba ena e tla tšohloa haholoanyane ho Thuto ea 11, “Mofuthu le Boikutlo.”

E le hore u ntlafatse ho hatisa ha hao mohopolo, u tla khothalletsoa hape hore u hopole hantle lintlha tsa sehlooho tseo u batlang hore bamameli ba hao ba li hopole. Taba ena e tla hlahlojoa hape ho nahanetsoe taba ea ho bala phatlalatsa Thutong ea 7, “Lintlha Tse Khōlō li Hatisitsoe,” hape ho nahanetsoe le taba ea ho bua Thutong ea 37, “Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe.”

Haeba u ntse u leka ho ntlafatsa tšebeletsong ea hao ea tšimo, ela hloko ka ho khethehileng tsela eo u balang mangolo ka eona. Itloaetse ho ipotsa hore na ‘Ke hobane’ng ha ke bala temana ee?’ Ha hoa lekana hore feela mosuoe a bitse mantsoe ka nepo. Esita le ho bala temana ka boikutlo ho ka ’na ha se ke ha khotsofatsa. Haeba u araba potso ea motho kapa u ruta ’nete ea motheo, ho molemo hore u hatise mantsoe kapa lipoleloana tse itseng lengolong leo tse tšehetsang se ntseng se tšohloa. Ho seng joalo, motho eo u mo ballang a ka ’na a se ke a utloisisa ntlha ea bohlokoa.

Kaha ho hatisa mohopolo ho akarelletsa ho hatisa mantsoe kapa lipoleloana tse itseng haholoanyane, sebui se se nang phihlelo se ka ’na sa e-ba le tšekamelo ea ho hatisa mantsoe le lipoleloana ka matla haholo. Liphello li tla batla li tšoana le linoto tse letsoang ke motho ea qalang ho ithuta seletsa sa ’mino. Leha ho le joalo, ha a ntse a tloaela, “noto” ka ’ngoe e tla fetoha karolo ea “’mino” e bontšang bokhabane.

Ha u se u ithutile lintho tsa motheo, u tla rua molemo ka ho sheba libui tse nang le phihlelo. Kapele u tla hlokomela se ka finyelloang ka ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho hatisa. Hape u tla lemoha bohlokoa ba ho sebelisa mokhoa oa ho hatisa ka litsela tse sa tšoaneng bakeng sa ho hlakisa se boleloang. Ho hōlisa mokhoa oa ho hatisa mohopolo ka nepo ho tla ntlafatsa haholo tsebo ea hao ea ho bala le ho bua.

U se ke ua khotsofalla ho ithuta mokhoa oa motheo feela oa ho hatisa mohopolo. E le hore u bue ka katleho, tsoela pele u sebeletsa ntlheng ena ho fihlela u tseba hantle mokhoa oa ho hatisa mohopolo ’me u khona ho o sebelisa ka tsela e utloahalang e le ea tlhaho litsebeng tsa ba bang.

KAMOO U KA HO NTLAFATSANG KATENG

Itloaetse ho khetholla mantsoe a sehlooho le lihlopha tsa mantsoe lipolelong. Lebisa tlhokomelo e khethehileng tabeng ea ho etsa sena ho latela moelelo oa taba.

Leka ho sebelisa mokhoa oa ho hatisa ho bontša (1) ho fetoha ha mohopolo le (2) kamoo u ikutloang kateng ka seo u se buang.

Ha u bala mangolo, itloaetse ho hatisa mantsoe a tšehetsang ka ho toba lebaka la hao la ho bua ka litemana tseo.

BOITLHAKISO: (1) Khetha mangolo a mabeli ao u a sebelisang khafetsa tšebeletsong ea tšimo. Etsa qeto mabapi le hore na u leka ho hlakisa eng temaneng ka ’ngoe. Bala litemana tseo ka lentsoe le phahameng ka mokhoa o hatisang mantsoe kapa lihlopha tsa mantsoe tse tšehetsang lintlha tseo. (2) Ithute Baheberu 1:1-14. Ke hobane’ng ha mantsoe “baprofeta” (Heb 1 tem. 1), “Mora” (Heb 1 tem. 2), le “mangeloi” (Heb 1 litem. 4, 5) a lokela ho hatisoa ka ho khethehileng e le hore a bontše ka ho hlaka mokhoa oa ho beha mabaka o sebelisitsoeng khaolong ee? Itloaetse ho bala khaolo eo ka lentsoe le phahameng ka ho hatisa mohopolo ka tsela e etsang hore mokhoa oa ho beha mabaka o hlake.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela