Thuto 7
Lintlha Tsa Sehlooho li Hatisitsoe
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Ha u bala ka lentsoe le phahameng, hatisa ka ho khethehileng lintlha tsa sehlooho tsa boitsebiso kaofela boo u bo balang, eseng feela polelo ka ’ngoe.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ho tla ba bonolo ho hopola molaetsa oa hao haeba lintlha tsa sehlooho li hatisoa.
MOTHO ea tsebang ho bala ha a bone feela polelo ka ’ngoe, ebile ha a bone feela serapa seo e hlahang ho sona. Ha a bala, o hopola lintlha tse khōlō tse leng boitsebisong kaofela boo a nehelanang ka bona. Sena se bontša moo a lokelang ho beha khatiso teng.
Haeba ho sa lateloe mokhoa ona, nehelano e ke ke ea e-ba le lintlha tse hlahelletseng. Ha ho letho le tla totobala ka ho hlakileng. Ha nehelano e fela, ho ka ’na ha e-ba thata ho hopola ntlha leha e le efe e hlahelletseng.
Hangata ho lebisa tlhokomelo e loketseng ho hatisoeng ha lintlha tsa sehlooho ho ka thusa haholo ho etsa hore ho baloa ha tlaleho e tsoang ka Bibeleng ho ipiletse. Khatiso e joalo e ka etsa hore ho baloa ha lirapa thutong ea lehae ea Bibele kapa sebokeng sa phutheho ho be le moelelo o eketsehileng. Hoo ke habohlokoa ka ho khethehileng ha u fana ka puo e baloang, joalokaha ho etsoa joalo ka linako tse ling likopanong tsa rōna tse khōlō.
Kamoo U ka ho Etsang Kateng. U ka ’na ua abeloa ho bala karolo e itseng ea Bibele sekolong. U lokela ho hatisa eng? Haeba ho e-na le khopolo e itseng ea bohlokoa kapa ketsahalo ea bohlokoa e thehiloeng boitsebisong boo u tla beng u bo bala, e ka ba ho loketseng ho e totobatsa.
Ho sa tsotellehe hore na karolo eo u tla e bala ke lithoko kapa mantsoe feela a tloaelehileng, maele kapa pale e khutšoanyane, bamameli ba hao ba tla rua molemo haeba u e bala hantle. (2 Tim. 3:16, 17) Hore u etse sena u lokela ho nahana ka litemana tseo u tla li bala le ka bamameli ba hao.
Ha u il’o bala buka e itseng ka lentsoe le phahameng thutong ea Bibele kapa sebokeng sa phutheho, ke lintlha life tsa sehlooho tseo u lokelang ho li hatisa? Nka likarabo tsa lipotso tse hatisitsoeng tsa thuto e le tsona lintlha tsa sehlooho. Hape hatisa mehopolo e amanang le sehloohoana se ngotsoeng ka mongolo o motenya seo boitsebiso boo bo hlahang ka tlas’a sona.
Ha ho khothalletsoe hore u itloaetse ho bala lipuo tsa hao ha u fana ka tsona phuthehong. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho lokisetsoa hore lipuo tse ling tsa kopano li baloe e le hore ho ka fanoa ka mehopolo e tšoanang ka tsela e tšoanang likopanong kaofela. E le hore sebui se hatise lintlha tsa sehlooho tabeng e joalo e ngotsoeng, pele se lokela ho hlahloba boitsebiso boo ka hloko. Lintlha tse khōlō ke life? Se lokela ho li bona. Lintlha tse khōlō hase feela likhopolo tseo sebui se nahanang hore lia thahasellisa. Ke mehopolo ea bohlokoa eo boitsebiso boo bo thehiloeng ho eona. Ka linako tse ling polelo e khutšoanyane e hlalosang khopolo ea sehlooho tabeng e ngotsoeng e kenyelletsa tlaleho e khutšoanyane kapa mokhoa o itseng oa ho beha mabaka. Hangata, ho boleloa taba e itseng e matla ka mor’a ho fana ka bopaki bo e tšehetsang. Ha lintlha tsena tse khōlō li se li hlokometsoe, sebui se lokela ho li tšoaea tabeng ea sona e ngotsoeng. Hangata e ba tse seng kae feela, mohlomong li ba ka tlaase ho tse ’nè kapa tse hlano. Ka mor’a moo sebui se lokela ho itloaetsa ho li bala ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo hore bamameli ba li hlokomele. Tsena ke lintlha tse hlahelletseng tsa puo. Haeba boitsebiso bo neheloa ka khatiso e loketseng, ho tla ba bonolo hore lintlha tsena tsa sehlooho li hopolehe. Eo e lokela ho ba pakane ea sebui.
Ho na le litsela tse sa tšoaneng tseo ka tsona sebui se ka hatisang taba ka tsela e loketseng hore se thuse bamameli ho hlokomela lintlha tse khōlō. Se ka ’na sa eketsa mafolofolo, sa fetola lebelo, sa sebelisa boikutlo bo tebileng kapa boitšisinyo bo loketseng, ha re bolela tse seng kae.
LINTLHA TSEO U LOKELANG HO LI HOPOLA
Hlahloba boitsebiso bo hatisitsoeng e le hore u hlokomele lintlha tsa sehlooho tseo bo thehiloeng ho tsona. Li tšoaee.
Ha u bala ka lentsoe le phahameng, eketsa cheseho, u fokotse lebelo kapa u sebelise boikutlo bo tebileng, haeba ho loketse, ho etsa hore lintlha tseo tsa sehlooho li totobale.
BOITLHAKISO: Khetha lirapa tse hlano sehloohong sa Molula-Qhooa se ithutoang. Thalla likarabo tsa lipotso tsa thuto tsa lirapa tseo. Bala lirapa ka lentsoe le phahameng ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo hore motho ea mametseng a bone likarabo.