Thuto 9
Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Feto-fetola molumo oa lentsoe la hao. Thutong ena re tšohla ho fetoha ha molumo, lebelo le ho phahama le ho teba ha lentsoe.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ho feto-fetoha ho loketseng ha molumo oa lentsoe ho phelisa puo, ho susumetsa maikutlo ’me ho susumelletsa motho ho nka khato.
Ho se feto-fetohe ha molumo oa lentsoe ho ka fana ka maikutlo a hore ha u thahaselle taba ea hao.
HO SEBELISA ha hao mokhoa o bonolo oa ho hatisa mohopolo ho thusa bamameli ho utloisisa seo u se bolelang. Empa ha u sebelisa hamolemo molumo o sa tšoaneng, lebelo le ho phahama le ho teba ha lentsoe, e tla ba ho thahasellisang haholo ho mamela puo ea hao. Ho feta moo, ho ka bontša bamameli ba hao hore na u ikutloa joang ka seo u se buang. Boikutlo ba hao ka boitsebiso boo bo ka susumetsa tsela eo ba ikutloang ka eona ka boitsebiso boo. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na u bua u le sethaleng kapa u bua le motho tšebeletsong ea tšimo.
Lentsoe la motho ke sesebelisoa se hlollang, le khona ho etsa lintho tse sa tšoaneng. Haeba le sebelisoa ka nepo, le ka etsa hore puo e phele, la ama pelo, la susumetsa maikutlo le ho susumetsa motho hore a nke khato e itseng. Leha ho le joalo, sena se ke ke sa etsoa feela ka hore u tšoaee leqephe leo u ngotseng lintlha tsa puo ea hao ho lona ho bontša moo u lokelang ho fetola molumo, ho fetola lebelo, kapa ho fetola ho phahama le ho teba ha lentsoe. Ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe ho thehiloeng matšoaong a joalo ho tla utloahala e se ha tlhaho. Ho e-na le ho etsa hore puo ea hao e be le bophelo le ho susumetsa, ho tla etsa hore bamameli ba hao ba ikutloe ba sa phutholoha. Ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe ka nepo ke ntho e tsoang pelong.
Haeba ho sebelisoa ka bohlale, ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe ho ke ke ha lebisa tlhokomelo e sa lokelang ho sebui. Ho e-na le hoo, ho tla thusa bamameli ho utloisisa taba e ntseng e tšohloa.
Fetola Molumo. Tsela e ’ngoe ea ho etsa hore ho be le ho se tšoane ho seo u se buang ke ka ho fetola molumo oa hao. Empa sena ha ea lokela ho ba tloaelo feela ea ho eketsa kapa ho theola molumo ka mokhoa o se nang sepheo. Ho etsa joalo ho tla sotha moelelo oa seo u se buang. Haeba u phahamisa molumo khafetsa, seo se ka ’na sa fetisa maikutlo a seng matle.
Molumo oa hao o lokela ho tšoanela taba. Ho sa tsotellehe hore na u bala taelo e potlakileng, e kang e fumanoang ho Tšenolo 14:6, 7 kapa ho Tšenolo 18:4, kapa polelo e bontšang kholiseho e matla, joalokaha e tlalehiloe ho Exoda 14:13, 14, ho hlokahala hore u eketse molumo ka tsela e loketseng. Ka ho tšoanang, haeba u bala kahlolo e matla ka Bibeleng, e kang e fumanoang ho Jeremia 25:27-38, ho fetola molumo oa hao ho tla tiisa hore lipolelo tse itseng li hlahella hantle ka holim’a tse ling kaofela.
Hape, hlahloba pakane ea hao. Na u batla ho susumelletsa bamameli ba hao hore ba nke khato? Na u batla ho etsa hore lintlha tsa sehlooho tsa nehelano ea hao li totobale? Molumo o phahameng haholoanyane, ha o sebelisoa ka temoho, o thusa ho finyella lipakane tsena. Leha ho le joalo, ho eketsa molumo feela ho ka senya morero oa hao. Joang? Seo u se buang se ka ’na sa hloka hore u chesehe le ho bontša boikutlo bo mofuthu ho e-na le ho eketsa molumo. Re tla tšohla sena Thutong ea 11.
Ha ho sebelisoa ka temoho, ho theola molumo ho ka tsosa tjantjello. Empa ka tloaelo seo se hloka hore kapele ka mor’a moo u chesehe haholoanyane. Molumo o tlaase o kopantsoeng le cheseho o ka sebelisoa bakeng sa ho fetisa boikutlo bo bontšang ho tšoenyeha kapa tšabo. Molumo o tlaase o ka boela oa sebelisoa ho bontša hore se boletsoeng se nka sebaka sa bobeli ka bohlokoa ha se bapisoa le se se potolohileng. Leha ho le joalo, haeba kamehla u buela tlaase, sena se ka ’na sa fetisa maikutlo a hore ha ua tiiseha kapa ha ua kholiseha kapa hore ha u hlile ha u thahaselle taba ea hao. Ho totobetse hore molumo o tlaase haholo o lokela ho sebelisoa ka temoho.
Fetola Lebelo la Hao. Puong ea letsatsi le letsatsi, mantsoe a itlela feela ha re ntse re hlalosa se leng mehopolong ea rōna. Ha re khahliloe ke ntho e itseng, re atisa ho bua ka potlako. Ha re batla hore ba bang ba hopole hantle seo re se buang, lebelo leo re buang ka lona lea fokotseha.
Leha ho le joalo, libui tse ngata tse qalang ho bua sethaleng sa phatlalatsa ha li fetole lebelo la tsona. Hobane’ng? Li lebisa tlhokomelo e ngata haholo mantsoeng ao li a sebelisang. Mohlomong lentsoe le leng le le leng le ngotsoe fatše. Esita leha puo e sa baloe, mohlomong mantsoe a eona kaofela a tšoeroe ka hlooho. Ka lebaka leo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoa ka lebelo le lekantsoeng. Ho ithuta ho bua u sebelisa kemiso ea puo ho tla u thusa ho lokisa bofokoli bona.
Qoba ho eketsa lebelo la hao ka tšohanyetso hoo le ka hopotsang motho katse e ntseng e itsamaela feela ’me e qhoma ka tšohanyetso ha e bona ntja. ’Me le ka mohla u se ke ua bua ka potlako hoo u qetellang u sa bitse mantsoe hantle.
E le hore u atlehe tabeng ea ho feto-fetola lebelo la hao, u se ke ua potlaka le ho theola lebelo feela nako le nako. Mokhoa o joalo oa ho bua o tla etsa hore ho be le ho itseng ho lahlehang boitsebisong boo u fanang ka bona, ho e-na le ho bo ntlafatsa. Ho fetola lebelo ho lokela ho tšoanela seo u se buang, boikutlo boo u batlang ho bo fetisa le pakane ea hao. Fana ka puo ea hao ka lebelo le itekanetseng. Ha u batla ho fetisa boikutlo ba nyakallo, bua ka potlako, joalokaha u ne u tla etsa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Sena se boetse se loketse ha u bolela lintlha tseo e seng tsa bohlokoa haholo kapa ha u pheta liketsahalo tse sa hlokeng hore u fane ka makolopetso. Sena se tla etsa hore ho be le ho se tšoane ’me ho tla thusa ho etsa hore puo ea hao e se ke ea utloahala e tebile haholo. Ka lehlakoreng le leng, litaba tse tebileng haholoanyane, lintlha tsa sehlooho le likarolo tse hlahelletseng tsa puo hangata li hloka hore u bue butle.
Feto-fetola ho Phahama le ho Teba ha Lentsoe la Hao. Nahana ka motho ea bapalang seletsa sa ’mino ka nako e ka etsang hora kapa ho feta. Nakong eo eohle, o letsa molumo o le mong o tšoanang—qalong o se letsetsa holimo, ebe o se letsetsa tlaase, ka linako tse ling o se letsa ka potlako, ebe o se letsa butle. Molumo le lebelo lia feto-fetoha, empa ho phahama le ho teba ha molumo ha ho feto-fetohe, “’mino” oo ha o ipiletse hakaalo. Ka ho tšoanang, haeba ho phahama le ho teba ha lentsoe ho sa feto-fetohe, lentsoe la rōna le ke ke la utloahala hamonate litsebeng tsa batho.
Ho ke ho hlokomeloe hore ho feto-fetola ho phahama le ho teba ha lentsoe ha ho be le phello e tšoanang lipuong kaofela. Puong e itšetlehileng ka molumo oa ho bitsoa ha mantsoe, joaloka Sechaena, ho fetola ho phahama le ho teba ha lentsoe ho ka fetola moelelo oa lentsoe. Ho sa tsotellehe hoo, esita le puong e joalo, ho na le lintho tseo motho a ka li etsang ho etsa hore ho be le ho se tšoane ho hoholoanyane linthong tseo a li buang. A ka sebeletsa ho ntlafatsa ho feto-fetola lentsoe la hae empa a ntse a bolokile litekanyo tse loketseng bakeng sa melumo e sa tšoaneng. Kahoo a ka etsa hore melumo e phahameng e be holimonyana ’me a fokotse melumo e tlaase.
Esita le lipuong tse sa itšetlehang ka molumo oa ho bitsoa ha mantsoe, ho fetola ho phahama le ho teba ha lentsoe ho ka fetisa likhopolo tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ho eketsa ho phahama le ho teba ha lentsoe hanyenyane ka ho eketsa molumo ho ka ’na ha sebelisoa bakeng sa ho hatisa mohopolo. Kapa ho fetola ho phahama le ho teba ha lentsoe e ka ’na ea e-ba tsela ea ho bontša boholo kapa bohōle ba sebaka. Ho phahamisa lentsoe bofelong ba poleloana ho ka bontša hore ho botsoa potso. Lipuo tse ling li ka hloka hore u theole lentsoe.
Boikutlo ba nyakallo le cheseho bo ka bontšoa ka ho phahamisa lentsoe. (Puong e itšetlehileng ka molumo oa ho bitsoa ha mantsoe, seo se ka ’na sa hloka ho feto-fetoha ho hoholoanyane ha lentsoe.) Masoabi le matšoenyeho li ka ’na tsa hloka molumo o tlaase. (Kapa puong e itšetlehileng ka molumo oa ho bitsoa ha mantsoe, seo se ka ’na sa hloka ho feto-fetoha ho honyenyane ha lentsoe.) Maikutlo a boletsoeng mona a thusa sebui ho finyella pelo. Ha u batla ho a bontša, u se ke ua bua mantsoe feela. Sebelisa lentsoe la hao ka tsela e bontšang hore le uena ua ameha.
Ho Rala Motheo. Joale, taba ea ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe e qala hokae? Ka ho khetha boitsebiso bakeng sa puo ea hao. Haeba u akarelletsa ho beha mabaka feela kapa ho fana feela ka khothatso, u tla ba le monyetla o fokolang oa ho kenyelletsa lintho tse sa tšoaneng puong ea hao. Kahoo hlahlobisisa kemiso ea hao ea puo ’me u tiise hore u na le metsoako e hlokahalang bakeng sa nehelano e hlakileng, le e rutang.
Ha re nke hore ha u le bohareng ba puo ea hao, u bona ho hlokahala hore u kenyelletse lintho tse sa tšoaneng kahobane nehelano ea hao e sa susumetse. U lokela ho etsa joang? Fetola mokhoa oo u nehelang boitsebiso ba hao ka oona. Joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho phetla Bibele, ho kōpa bamameli hore ba phetle tsa bona ’me u bale lengolo ho e-na le ho bua feela. Kapa u fetole polelo e itseng u e etse potso, u etse khefu bakeng sa ho hatisa. Kenyelletsa papiso e bonolo. Ena ke mekhoa e sebelisoang ke libui tse nang le phihlelo. Empa ho sa tsotellehe phihlelo eo u nang le eona, u ka sebelisa likhopolo tse joalo ha u lokisetsa boitsebiso ba hao.
Ho ka boleloa hore ho feto-fetola molumo oa lentsoe ke senoko se natefisang puo. Haeba ho sebelisoa se loketseng le se lekaneng, se tla natefisa boitsebiso ba hao le ho etsa hore bamameli ba hao ba bo thabele.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Fetola molumo ha u bolela litaelo tse potlakileng, kholiseho e matla kapa likahlolo. Nahana ka hloko ka likarolo tsa puo ea hao tse hlokang hore u eketse molumo.
Fetola lebelo ka ho bua ka potlako lintlheng tseo e seng tsa bohlokoa haholo ’me u bue butle litabeng tsa bohlokoa le lintlheng tsa sehlooho. Ha u batla ho bontša boikutlo ba nyakallo, bua ka potlako.
Feto-fetola ho phahama le ho teba ha lentsoe, haeba ho loketse, bakeng sa ho fetisa maikutlo a itseng le ho finyella lipelo. Puong e itšetlehileng ka molumo oa ho bitsoa ha mantsoe, feto-fetola lentsoe la hao haholoanyane kapa hanyenyane.
Ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe ho qala ka hore u khethe boitsebiso bakeng sa puo ea hao.
BOITLHAKISO: (1) Ipalle 1 Samuele 17:17-53, u hlokomele menyetla ea ho feto-fetola molumo ka ho loketseng, lebelo, ho phahama le ho teba ha lentsoe. Joale e bale ka lentsoe le phahameng ka mokhoa o hlalosang empa e se o feteletseng. Etsa sena ka makhetlo a ’maloa. (2) Ha u batla ho etsa hore lentsoe la hao le tenyetsehe, bala litemana tsa 1Sa 17:48-51 ka lentsoe le phahameng ka potlako kamoo u ka khonang kateng u sa khitlele. U ntse u loanela ho bitsa mantsoe hantle, e bale ka makhetlo a mangata, nako le nako u ntse u eketsa lebelo la hao. Joale bala boitsebiso boo butle haholo, u bue butle. Joale potlaka ’me u ee butle ho fihlela lentsoe la hao le etsa seo u batlang hore le se etse.