Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 16 maq. 158-167
  • “U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phehella ho Loka
  • Litaba Tse Monate le Toka ea Molimo
  • Kamoo re Tšoarang ba Bang Kateng
  • Baholo ba Etsa Lintho ka “Toka”
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Toka e ke e Hlahe”—Senotlolo sa ho Tseba Molimo
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Jehova O Rata ho Loka le Toka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 16 maq. 158-167
Baholo ba babeli ba etetse morali oa bo rona le bana ba hae ba babeli. Ba mametse ka hloko ha a ntse a bua.

KHAOLO EA 16

“U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo

1-3. (a) Ke hobane’ng ha re kolota Jehova? (b) Ke’ng seo Mopholosi oa rona ea lerato a se batlang ho rona?

AK’U nahane u qabeletsoe ka sekepeng se tebang. Hang ha u qala ho felloa ke tšepo, ho fihla mosebeletsi oa pholoso ’me o u isa moo ho sireletsehileng. U utloa ho bile hore kokololo! ha mosebeletsi eo oa pholoso a u tlosa kotsing ’me a re: “U sireletsehile joale”! Na u ne u ke ke oa ikutloa u kolota motho eo ho hong? Ha e le hantle, u ne u tla be u mo kolota bophelo ba hao.

2 Ka tsela e itseng, sena se bontša seo Jehova a re etselitseng sona. Ha e le hantle rea mo kolota. Etsoe o fane ka tefo ea topollo, a re nolofalletsa ho pholosoa litleneng tsa sebe le lefu. Re ikutloa re sireletsehile ha re tseba hore hafeela re bontša tumelo sehlabelong seo sa bohlokoa, libe tsa rona lia tšoareloa, ’me bokamoso ba rona ba ho phela ka ho sa feleng bo sireletsehile. (1 Johanne 1:7; 4:9) Joalokaha re bone Khaolong ea 14, tefo ea topollo ke ponahatso e kholo ka ho fetisisa ea lerato la Jehova le toka ea hae. Re lokela ho etsa’ng?

3 Ke ho loketseng hore re hlahlobe seo Mopholosi oa rona ea lerato a se batlang ho rona. Jehova o buile mantsoe ana a sebelisa moprofeta Mikea: “Uena motho, Molimo o u boleletse se molemo. Jehova o lebeletse eng ho uena? O lebeletse hore u etse lintho ka toka, u rate ho tšepahala le hore u tsamaee le Molimo oa hao u ikokobelitse.” (Mikea 6:8) Hlokomela hore e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a li batlang ho rona ke hore re “etse lintho ka toka.” Re ka li etsa joang?

Ho Phehella ho Loka

4. Re tseba joang hore Jehova o lebeletse hore re phele ka tsela e lumellanang le litekanyetso tsa hae tse lokileng?

4 Jehova o lebeletse hore re phele ka litekanyetso tsa hae tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Kaha litekanyetso tsa hae ha li na leeme ebile li lokile, re phehella toka le ho loka ha re ipapisa le tsona. Esaia 1:17 e re: “Ithuteng ho etsa lintho tse lokileng, sebetsang lintho ka toka.” Lentsoe la Molimo le re phehella hore re ‘sebeletse ho etsa lintho tse lokileng.’ (Sofonia 2:3) Le boetse le re khothalletsa hore re “apare botho bo bocha boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae.” (Baefese 4:24) Ho loka ha ’nete, e leng toka ea ’nete, ho fokotsa lintoa, ho se hloeke le boitšoaro bo hlephileng, kaha lintho tsena li silafatsa se halalelang.—Pesaleme ea 11:5; Baefese 5:3-5.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho phela ka litekanyetso tsa Jehova e se moroalo ho rona? (b) Bibele e bontša joang hore ho phehella ho loka ke khato e tsoelang pele?

5 Na ho phela ka litekanyetso tsa Jehova tse lokileng ke moroalo ho rona? Che. Motho eo pelo ea hae e leng haufi le Jehova ha a thatafalloe ke ho etsa seo Jehova a se lebeletseng. Kaha re rata Molimo oa rona le sohle seo a se emelang, re batla ho phela ka tsela e mo thabisang. (1 Johanne 5:3) Hopola hore Jehova “o rata liketso tse lokileng.” (Pesaleme ea 11:7) Haeba re tla fela re etsise toka ea Molimo, kapa ho loka ha hae, re tlameha ho hlaolela ho rata seo Jehova a se ratang le ho hloea seo a se hloileng.—Pesaleme ea 97:10.

6 Ha ho bonolo hore batho ba sa phethahalang ba phehelle ho loka. Re lokela ho hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona tsa boetsalibe ’me re apare bo bocha. Bibele e re botho bo bocha ke boo “Molimo a re thusang hore re be le bona ha re ntse re ithuta ka eena.” (Bakolose 3:9, 10) Poleloana boo “a re thusang hore re be le bona” e bontša hore ho apara botho bo bocha ke khato e tsoelang pele, e hlokang boikitlaetso. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae ho etsa se nepahetseng, kaha ha rea phethahala ka linako tse ling re ka iphumana re buile, re entse kapa re nahanne lintho tse fosahetseng.—Baroma 7:14-20; Jakobo 3:2.

7. Re lokela ho talima lintho tse re sitisang ho phehella ho loka joang?

7 Re lokela ho talima lintho tse re sitisang ho phehella ho loka joang? Ke ’nete hore ha re batle ho nyenyefatsa ho teba ha sebe. Ka nako e tšoanang, ha rea lokela ho tela, re nke hore mefokolo ea rona e re etsa ba sa tšoaneleheng ho sebeletsa Jehova. Molimo oa rona ea mohau o entse tokisetso ea ho boela a amohela ba bontšang pako ka tieo. Nahana ka mantsoe ana a khothatsang a moapostola Johanne: “Ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe.” A ntan’o phaella ka mantsoe ana a utloahalang: “Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe [ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng], re na le mothusi ea lokileng ea ho Ntate, e leng Jesu Kreste.” (1 Johanne 2:1) E, Jehova o fane ka sehlabelo sa Jesu e le tefo ea topollo e le hore re ka mo sebeletsa ka tsela e amohelehang ho sa tsotellehe boetsalibe ba rona. Na seo ha se re susumelletse ho batla ho etsa sohle se matleng a rona ho khahlisa Jehova?

Litaba Tse Monate le Toka ea Molimo

8, 9. Ho phatlalatsoa ha litaba tse monate ho bonahatsa toka ea Jehova joang?

8 Re ka etsa lintho ka toka ’me ra etsisa toka ea Molimo ka ho kopanela ka botlalo ho bolelleng ba bang litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Toka ea Jehova e amana joang le litaba tse monate?

9 Jehova ha a na ho felisa tsamaiso ena e khopo a sa fana ka temoso pele. Boprofeteng ba hae bo mabapi le se neng se tla etsahala nakong ea bofelo, Jesu o ile a re: “Litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mareka 13:10; Matheu 24:3) Ho sebelisoa ha lentsoe “pele” ho bontša hore liketsahalo tse ling li ne li tla latela mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara. Liketsahalo tseo li akarelletsa mahlomola a maholo a boletsoeng esale pele, a tlang ho timetsa ba khopo le ho hlekela lefatše le lecha la ho loka tsela. (Matheu 24:14, 21, 22) Ka sebele, ha ho le ea mong eo ka nepo a ka qosang Jehova ka hore o hlokela ba khopo toka. Ka ho laela hore ho fanoe ka temoso, o ba fa monyetla o lekaneng oa hore ba fetole litsela tsa bona ’me ka tsela eo ba pheme timetso.—Jonase 3:1-10.

10, 11. Ho kopanela ha rona boboleling ba litaba tse monate ho bonahatsa toka ea Molimo joang?

10 Ho bolela ha rona litaba tse monate ho bonahatsa toka ea Molimo joang? Ntlha ea pele, ho loketse hore re etse sohle seo re ka se khonang ho thusa ba bang ho fumana poloko. Ak’u boele u nahane ka papiso ela ea ho pholosoa sekepeng se tebang. Ntle ho pelaelo, ha u se u sireletsehile u le ka seketsoaneng sa pholoho, u ne u tla batla ho thusa ba bang ba ntseng ba le ka metsing. Ka ho tšoanang, re tlameha ho thusa ba ntseng ba qaputsa ka “metsing” a lefatše lena le khopo. Ke ’nete hore ba bangata ba hana molaetsa oa rona. Empa hafeela Jehova a sa mameletse, re na le boikarabelo ba ho ba fa monyetla oa hore “ba bake,” kahoo ba be mocheng oa ho pholoha.—2 Petrose 3:9.

11 Re bontša toka ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa ka ho bolella batho bohle bao re kopanang le bona litaba tse monate, re sa ee ka tšobotsi. Hopola hore “Molimo ha a leeme empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.” (Liketso 10:34, 35) Haeba re batla ho etsisa toka ea hae, ha rea lokela ho ahlola batho ka leeme. Ho e-na le hoo, re lokela ho bolella ba bang litaba tse monate ho sa tsotellehe morabe, maemo a bona a bophelo kapa a lichelete. Ka tsela eo re fa bohle ba tlang ho mamela monyetla oa ho utloa le ho amohela litaba tse monate.—Baroma 10:11-13.

Kamoo re Tšoarang ba Bang Kateng

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho potlakela ho ahlola ba bang? (b) Temoso ea Jesu e reng “khaotsang ho ahlola” le e reng “le khaotse ho tšoaea” e bolela’ng? (Sheba naletsana.)

12 Re ka boela ra etsa lintho ka toka ka ho tšoara ba bang ka tsela eo Jehova a re tšoarang ka eona. Ho bonolo ho ahlola ba bang, ho ba tšoaea-tšoaea liphoso le ho phenya-phenya mabaka ao ba etsang lintho ka ’ona. Empa ke mang ho rona ea ka ratang ha Jehova a ka phenya-phenya mabaka ao re etsang lintho ka ’ona le mefokolo ea rona ka tsela e hlokang mohau? Jehova ha a etse joalo. Mopesaleme o ile a re: “Haeba u ne u sheba liphoso, Jehova, ke mang eo u neng u tla mo fumana a se na molato?” (Pesaleme ea 130:3) Na ha re lebohe hore ebe Molimo oa rona ea nang le toka le ea mohau ha a khethe ho lula a nahana ka liphoso tsa rona? (Pesaleme ea 103:8-10) Joale, re lokela ho tšoara ba bang joang?

13 Haeba re ananela toka ea Molimo e mohau, ha re na ho potlakela ho ahlola ba bang litabeng tse sa re ameng kapa tse sa reng letho. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.” (Matheu 7:1) Ho ea ka tlaleho ea Luka, Jesu o ile a boela a re: “Le khaotse ho tšoaea ba bang liphoso e le hore le lona le se ke la tšoauoa liphoso.”a (Luka 6:37) Jesu o ile a bontša hore oa elelloa hore batho ba sa phethahalang ba na le tšekamelo ea ho ahlola ba bang. Leha e le mang ho ba neng ba mo mametse ea neng a tloaetse ho ahlola ba bang ka tsela e sehloho o ne a lokela ho khaotsa ho etsa joalo.

Morali oa bo rona o pakela ngoanana le ntate-moholo ea holofetseng.

Re bonahatsa toka ea Molimo ha re bolella ba bang litaba tse monate re se na leeme

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘khaotsa ho ahlola’ ba bang?

14 Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘khaotsa ho ahlola’ ba bang? Lebaka le leng ke hore bolaoli ba rona bo lekanyelitsoe. Morutuoa Jakobo o re hopotsa hore: “Ke Molimo feela ea fanang ka molao le ea ahlolang,” e leng Jehova. Kahoo Jakobo o botsa a sa hlathe koana le koana: “U mang hore u ahlole moahisani oa hao?” (Jakobo 4:12; Baroma 14:1-4) Ho feta moo, boetsalibe ba rona bo ka etsa hore ho be bonolo feela ho ahlola ka leeme. Maikutlo le litšusumetso tse ngata tse akarelletsang leeme, ho theoloa seriti, mohono le ho itokafatsa li ka sotha tsela eo re talimang batho ba bang ka eona. Re boetse re na le mefokolo e meng, ’me ho nahana ka eona ho lokela ho re thibela ho potlakela ho tšoaea-tšoaea ba bang liphoso. Re ke ke ra bona se ka pelong hape re ke ke ra tseba maemo ’ohle a batho ba bang. Joale, re bo-mang hore re ka re balumeli-’moho le rona ba na le sepheo se fosahetseng kapa hore re nyatsa-nyatse boiteko ba bona ba ho sebeletsa Molimo? E ka ba hantle hakaakang ha re ka etsisa Jehova ka hore re shebe se molemo ho bara le barali ba bo rona ho e-na le ho tsepamisa kelello mefokolong ea bona.

15. Barapeli ba Molimo ha baa lumelloa ho sebelisa mantsoe a mofuta ofe le tšoaro ea mofuta ofe, hona hobane’ng?

15 Ho thoe’ng ka ho ahlola litho tsa malapa a rona? Lapeng e lokela ho ba sebaka se sireletsehileng ka ho fetisisa empa ka masoabi ke moo batho ba tšoaroang hampe le ho feta. Ke ho tloaelehileng ho utloa ka banna, basali kapa batsoali ba hlekefetsang litho tsa malapa a bona ’meleng kapa ka mantsoe. Empa barapeli ba Molimo ho hang ha baa lokela ho sebelisa lipuo tse hlabang, ho soma le ho hlekefetsa. (Baefese 4:29, 31; 5:33; 6:4) Keletso ea Jesu ea hore re ‘khaotse ho ahlola’ le hore re “khaotse ho tšoaea” ha e khaotse ho sebetsa ha re le lapeng. Hopola hore ho sebelisa toka ho akarelletsa ho tšoara ba bang ka tsela eo Jehova a re tšoarang ka eona. ’Me ha ho mohla Molimo oa rona a re tšoarang ka tsela e khahlapetsang kapa e sehloho. Ho e-na le hoo, “o lerato” ho ba mo ratang. (Jakobo 5:11) Ke mohlala o motle hakaakang oo re ka o etsisang!

Baholo ba Etsa Lintho ka “Toka”

16, 17. (a) Jehova o lebeletse eng ho baholo? (b) Ho lokela ho etsoa’ng ha mofosi a sa bontše pako ea sebele, hona hobane’ng?

16 Kaofela ha rona re na le boikarabelo ba ho etsa lintho ka toka, empa ke baholo ka ho khetheha ba jereng boikarabelo bona ka phuthehong ea Bokreste. Hlokomela kamoo boprofeta bo tlalehiloeng ke Esaia bo hlalosang “likhosana,” kapa baholo kateng: “Morena o tla busa ka ho loka le likhosana li tla busa ka toka.” (Esaia 32:1) E, Jehova o lebeletse hore baholo ba etse lintho ka toka. Ba ka etsa see joang?

17 Banna bana ba tšoanelehang baa hlokomela hore phutheho e lokela e bolokoe e hloekile e le hore ho be le toka kapa ho loka. Ka linako tse ling, baholo ba tlameha ho ahlola linyeoe tsa sebe se tebileng. Ha ba etsa sena, baa hopola hore ba emetse Jehova, Jehova ke Molimo ea nang le toka ’me le bona ba lokela ho bontša mohau ha maemo a lumela. Kahoo ba leka ho tataisetsa mofosi pakong. Empa ho thoe’ng haeba mofosi a hloleha ho bontša pako ea sebele ho sa tsotellehe boiteko bo joalo ba ho mo thusa? Ka toka e feletseng, Lentsoe la Jehova le laela hore ho nkoe khato e tiileng: “Tlosang moetsalibe eo har’a lona.” Seo se bolela ho mo tlosa ka phuthehong. (1 Bakorinthe 5:11-13; 2 Johanne 9-11) Baholo ba utloa bohloko ha ba tlameha ho nka khato ena, empa baa hlokomela hore ea hlokahala e le hore ho sireletsoe bohloeki ba phutheho boitšoarong le moeeng. Leha ho le joalo, ba tšepa hore ka letsatsi le leng mofosi o tla hlaphoheloa ’me a khutlele ka phuthehong.—Luka 15:17, 18.

18. Baholo ba hopola eng ha ba fa ba bang keletso e thehiloeng Bibeleng?

18 Ho etsa lintho ka toka ho boetse ho akarelletsa ho fana ka keletso e thehiloeng Bibeleng ha ho hlokahala. Ke ’nete hore baholo ha ba khoase liphoso tsa ba bang. Kapa hona hore ba nke monyetla o mong le o mong hore ba fane ka khalemelo. Empa molumeli-’moho a ka ’na a etsa “ntho e fosahetseng a sa hlokomele.” Ho hopola hore toka ea Molimo ha e sehloho le hore e na le kutloelo-bohloko ho tla susumelletsa baholo ho ‘leka ho thusa motho eo ka bonolo.’ (Bagalata 6:1) Kahoo, baholo ha ba na ho omanya mofosi le ha e le ho sebelisa lipuo tse hlabang. Ho e-na le hoo, keletso e fanoang ka lerato e khothatsa ea e fuoang. Esita leha ba fana ka khalemelo e tobileng ho mofosi ba mo bontša ka ho hlaka liphello tsa tsela ea hae e booatla. Baholo ba ntse ba hopola hore molumeli-’moho le bona ea fositseng ke nku ea mohlape oa Jehova.b (Luka 15:7) Ha ho hlakile hore keletso kapa khalemelo e susumetsoa ke lerato ’me e fanoa ka lerato, ho batla ho le bonolo hore e khutlisetse mofosi tseleng.

19. Baholo ba lokela ho etsa liqeto life, hona ba tlameha ho theha liqeto tseo hokae?

19 Hangata baholo ba lokela ho etsa liqeto tse amang balumeli-’moho le bona. Ka mohlala, nako le nako baholo baa kopana ho buisana ka hore na bara ba bo rona ba itseng ka phuthehong baa tšoaneleha bakeng sa ho buelloa e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Baholo ba tseba bohlokoa ba ho se be leeme. Ba lumella hore seo Molimo a se hlokang ho ba khethoang ka tsela eo e be sona se ba tataisang liqetong tseo ba li etsang, ha ba itšetlehe feela ka maikutlo a bona a botho. Kahoo, ha ba na “leeme kapa khethollo.”—1 Timothea 5:21.

20, 21. (a) Ke eng seo baholo ba ikitlaelletsang ho ba sona, hona hobane’ng? (b) Baholo ba ka etsa eng ho thusa “ba nyahameng”?

20 Baholo ba etsa lintho ka toka joaloka Molimo ka litsela tse ling hape. Ka mor’a ho bolela esale pele hore baholo ba ne ba tla etsa lintho ka “toka,” Esaia o ile a boela a re: “Khosana ka ’ngoe e tla ba sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo. E tla ba joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e omeletseng.” (Esaia 32:1, 2) Kahoo, baholo ba ikitlaelletsa ho ba mohloli oa matšeliso le khatholoho ho barapeli-’moho le bona.

21 Kajeno ba bangata ba hloka khothatso ka lebaka la mathata a mangata a nyahamisang. Baholo, le ka etsa’ng ho thusa “ba nyahameng”? (1 Bathesalonika 5:14) Ba mameleng ka kutloelo-bohloko. (Jakobo 1:19) Mohlomong ba hloka ho buisana le motho e mong eo ba mo tšepang ka matšoenyeho a ba tetebetsang pelo. (Liproverbia 12:25) Ba tiisetseng hore Jehova le bara le barali ba bo bona baa ba hloka, baa ba ananela le hore baa ba rata. (1 Petrose 1:22; 5:6, 7) Ho feta moo, le ka rapela le bona le ho ba rapella. Ho utloa moholo a ba etsetsa thapelo e tsoang pelong e ka ba ho tšelisang haholo. (Jakobo 5:14, 15) Molimo oa toka o tla hlokomela boiteko ba lona bo lerato ba ho thusa ba nyahameng.

Baholo ba bonahatsa toka ea Jehova ha ba khothatsa ba nyahameng

22. Re ka etsisa toka ea Jehova ka litsela life, hona molemo e tla ba ofe?

22 Ka sebele, re atamela haholoanyane ho Jehova ha re etsisa toka ea hae. Ha re phela ka litekanyetso tsa hae tse lokileng, ha re bolella ba bang litaba tse monate tse pholosang bophelo le ha re khetha ho tsepamisa kelello ho se molemo seo ba bang ba se etsang ho e-na le ho khoasa liphoso tsa bona, re bonahatsa toka ea Molimo. Baholo, le bonahatsa toka ea Molimo ha le sireletsa bohloeki ba phutheho, ha le fana ka keletso e hahang ea Mangolo, ha le etsa liqeto tse se nang leeme le ha le khothatsa ba nyahameng. E tlameha ebe ho thabisa pelo ea Jehova hakaakang ha a talima a le maholimong ’me a bona batho ba hae ba etsa sohle se matleng a bona ho ‘etsa lintho ka toka’ ha ba tsamaea le Molimo oa bona!

a Liphetolelo tse ling li re “le se ke la ahlola” hape “le se ke la nyatsa.” Liphetolelo tseo li fana ka maikutlo a hore “le se ke la qala ho ahlola” le a hore “le se ke la qala ho nyatsa.” Leha ho le joalo, bangoli ba Bibele mona ba sebelisa litaelo tse khalemelang tse bonakong ba setsoelisa-bojoale. Kahoo liketso tse hlalosoang mona li ne li ntse li etsahala ka nako eo empa li ne li lokela ho khaotsa.

b Ho 2 Timothea 4:2, Bibele e re ka linako tse ling baholo ba lokela ‘ho khalemela, ho lemosa hape ba eletse.’ Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘eletsa’ (pa·ra·ka·leʹo) le ka bolela “ho khothatsa.” Lentsoe le leng la Segerike le amanang le leo, e leng pa·raʹkle·tos, le ka bolela ’muelli litabeng tsa molao. Kahoo, esita leha baholo ba fana ka khalemelo e tiileng, ba lokela ho thusa ba hlokang ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Deuteronoma 1:16, 17 Jehova o ne a hloka eng ho baahloli Iseraeleng, hona baholo ba ka ithuta eng ho see?

  • Jeremia 22:13-17 Jehova o re lemosa mekhoa efe ea ho hloka toka, hona ho hlokahala eng ho etsisa toka ea hae?

  • Matheu 7:2-5 Ke hobane’ng ha re sa lokela ho potlakela ho phenya-phenya liphoso tsa balumeli-’moho le rona?

  • Jakobo 2:1-9 Jehova o talima leeme joang, hona re ka sebelisa keletso ee joang litšebelisanong tsa rona le ba bang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela