Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 20 maq. 199-208
  • “O Bohlale” Empa o Ikokobelitse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O Bohlale” Empa o Ikokobelitse
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Jehova a Iponahatsang a Ikokobelitse Kateng
  • Ka Boikokobetso Jehova o Abela ba Bang Boikarabelo le ho ba Mamela
  • Jehova ha a Manganga
  • Jehova o Bontša Joang Hore ha a Manganga?
  • Jehova o Nahanela Maemo!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova o Senolela ba Ikokobelitseng Khanya ea Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 20 maq. 199-208
Ntate o khumame o shebile mora oa hae a bososetse.

KHAOLO EA 20

“O Bohlale” Empa o Ikokobelitse

1-3. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o ikokobelitse?

NTATE o batla ho ruta ngoana oa hae e monyenyane thuto ea bohlokoa. O batla ho mo finyella pelo. O lokela ho mo atamela joang? Na o lokela ho ema pel’a ngoana ka tsela e tšosang le ho mo komotela? Kapa na o lokela ho theohela boemong ba ngoana e le hore a bue le eena ka tsela e bonolo le e ipiletsang? Ka sebele, ntate ea bohlale le ea ikokobelitseng o ne a tla khetha ho sebelisa katamelo e bonolo.

2 Jehova ke Ntate oa mofuta ofe? Ea ikhohomosang kapa ea ikokobelitseng? Ea bohale kapa ea bonolo? Jehova o tseba tsohle, o na le bohlale bohle. Empa na u hlokometse hore tsebo le bohlale ha li etse hore batho ba ikokobetse? Joalokaha Bibele e bolela, “tsebo e etsa hore motho a ikhohomose.” (1 Bakorinthe 3:19; 8:1) Empa Jehova ea “bohlale” o ikokobelitse. (Jobo 9:4) Sena ha se bolele hore o boemong bo tlase kapa hore o haelloa ke boholo ka tsela leha e le efe, empa se bolela hore ha a ikhohomose. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

3 Jehova oa halalela. Kahoo ha a na boikhohomoso, e leng tšobotsi e silafatsang. (Mareka 7:20-22) Ho phaella moo, hlokomela seo moprofeta Jeremia a ileng a se bolella Jehova ha a ne a re: “[Jehova] u tla nkhopola, u tle ho ’na u be u nthuse.”a (Lillo Tsa Jeremia 3:20) Ak’u nahane feela! Jehova ’Musi oa Lintho tsohle, o ne a ikemiselitse ‘ho tla’ kapa ho theohela boemong ba Jeremia, e le hore a ele motho eo ea sa phethahalang hloko. (Pesaleme ea 113:7) Ka sebele, Jehova o ikokobelitse. Empa Jehova o bontša joang hore o ikokobelitse? Boikokobetso ba hae bo amana joang le bohlale? Ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa ho rona?

Kamoo Jehova a Iponahatsang a Ikokobelitse Kateng

4, 5. (a) Boikokobetso ke eng, bo bonahala joang, hona ke hobane’ng ha bo sa lokela ho ferekanngoa le bofokoli kapa boi? (b) Jehova o ile a bonahatsa boikokobetso litšebelisanong tsa hae le Davida joang, hona boikokobetso ba Jehova ke ba bohlokoa hakae ho rona?

4 Boikokobetso ke ho se iphahamise le ho se ikhohomose. Ke tšobotsi e ka hare ea pelo, bo bonahatsoa ke litšobotsi tse kang bonolo, mamello le ho ba le kahlolo e molemo. (Bagalata 5:22, 23) Leha ho le joalo, le ka mohla litšobotsi tsena tsa Molimo ha lia lokela ho nkoa e le bofokoli kapa boi. Ha li hanane le khalefo ea Jehova e lokileng kapa ho sebelisa ha hae matla a ho timetsa. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso le ka bonolo ba hae, Jehova o bonahatsa bonatla ba hae bo hlollang, matla a hae a ho ithiba ka ho phethahetseng. (Esaia 42:14) Boikokobetso bo amana joang le bohlale? Buka e ’ngoe ea litšupiso tsa Bibele e re: “Ha re lihela likhala boikokobetso bo hlalosoa . . . e le ho hloka boithati le motheo oa bohlale bohle.” Ka hona, bohlale ba sebele bo ke ke ba e-ba teng kantle ho boikokobetso. Boikokobetso ba Jehova bo re tsoela molemo joang?

Ntate ea bohlale o tšoara bana ba hae ka boikokobetso le ka bonolo

5 Morena Davida o ile a binela Jehova a re: “U mpha thebe ea hao ea poloko, letsoho la hao le letona lea ntšehetsa, boikokobetso ba hao boa mphahamisa.” (Pesaleme ea 18:35) Ha e le hantle, Jehova o ile a itheolela tlase e le hore a sebelisane le motho enoa ea sa phethahalang, a mo sireletse le ho mo tšehetsa ka matsatsi ’ohle. Davida o ile a hlokomela hore o ne a ka bolokeha, a ba a qetella a finyeletse boholo bo itseng e le morena feela ka lebaka la ho ikemisetsa ha Jehova ho ikokobetsa ka tsela ena. Ka sebele, ke mang oa rona ea neng a ka ba le tšepo ea ho bolokeha haeba Jehova a ne a sa ikokobetsa, a sa ikemisetsa ho itheolela tlase e le hore a sebelisane le rona e le Ntate ea lerato le ea bonolo?

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha ho se mohla Bibele e buang ka Jehova e le ea inyenyefatsang? (b) Bonolo bo amana joang le bohlale, hona ke mang ea behang mohlala o ikhethang ka ho fetisisa ntlheng ee?

6 Ke habohlokoa ho hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa boikokobetso le boinyenyefatso. Boinyenyefatso ke tšobotsi e ntle eo batho ba tšepahalang ba lokelang ho e hlaolela. Ho tšoana le boikokobetso, e amahanngoa le bohlale. Ka mohlala, Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Empa ha ho mohla Bibele e buang ka Jehova e le ea inyenyefatsang. Hobane’ng? Tsela eo boinyenyefatso bo sebelisitsoeng ka eona ka Mangolong e fana ka maikutlo a ho hlokomela ka ho loketseng meeli eo motho a nang le eona. Ea Matla ’Ohle ha a na meeli ha e se eo a ipehetseng eona ka lebaka la litekanyetso tsa hae tse lokileng. (Mareka 10:27; Tite 1:2) Ho feta moo, kaha ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ha a ikarabelle ho motho leha e le ofe. Ka hona taba ea boinyenyefatso ha e sebetse ho hang ho Jehova.

7 Leha ho le joalo, Jehova o ikokobelitse ebile o bonolo. O ruta bahlanka ba hae hore bonolo ke motheo oa bohlale ba sebele. Lentsoe la hae le re motho o ba bonolo hobane a le bohlale.b (Jakobo 3:13) Nahana ka mohlala oa Jehova ntlheng ena.

Ka Boikokobetso Jehova o Abela ba Bang Boikarabelo le ho ba Mamela

8-10. (a) Ke hobane’ng ha e le ho tsotehang hore ebe Jehova o ikemiselitse ho abela ba bang boikarabelo le ho ba mamela? (b) Ea Matla ’Ohle o ’nile a tšoara mangeloi a hae ka boikokobetso joang?

8 Bopaki bo amang maikutlo ba boikokobetso ba Jehova bo bontšoa ke boikemisetso ba hae ba ho abela ba bang boikarabelo le ho ba mamela. Le hore ebe oa mamela ka bohona ke taba e tsotehang hobane Jehova ha a hloke thuso kapa keletso ea letho. (Esaia 40:13, 14; Baroma 11:34, 35) Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka makhetlo-khetlo hore Jehova o itheolela tlase ka litsela tsena.

9 Ka mohlala, nahana ka ketsahalo e ’ngoe e ikhethang bophelong ba Abrahama. O ile a ba le baeti ba bararo, a ba a bitsa e mong oa bona “Jehova.” Ha e le hantle baeti bao e ne e le mangeloi, empa le leng la ’ona le ne le tlile ka lebitso la Jehova ’me le etsa lintho lebitsong la hae. Ha e le hantle, ha lengeloi leo le ne le bua le ha le ne le etsa lintho, e ne e le Jehova ea buang le ea etsang lintho. A sebelisa lona, Jehova o ile a bolella Abrahama hore o utloile “kamoo batho ba tletlebang kateng ka Sodoma le Gomora.” Jehova o ile a re: “Ke tla ea ke e’o bona hore na lintho tseo batho ba tletlebang ka tsona ke ’nete. Ke tla tseba haeba ha ho joalo.” (Genese 18:3, 20, 21) Ho hlakile hore molaetsa oa Jehova o ne o sa bolele hore Ea Matla ’Ohle o tla ea ka seqo. Ho e-na le hoo, o ile a roma mangeloi hore e be baemeli ba hae. (Genese 19:1) Hobane’ng? Na Jehova ea bonang hohle o ne a ka sitoa ho tseba se hlileng se etsahalang sebakeng seo ntle le hore a romeletse? Ruri o ne a ka tseba. Empa ka boikokobetso Jehova o ile a fa mangeloi ao kabelo ea hore a lekole boemo le hore a etele Lota le lelapa la hae Sodoma.

10 Ho feta moo, Jehova oa mamela. Ka nako e ’ngoe o ile a kopa mangeloi a hae hore a bolele litsela tse sa tšoaneng tseo ho ka lihuoang Morena Akabe ea khopo ka tsona. Jehova o ne a sa hloke thuso eo. Leha ho le joalo, o ile a amohela tlhahiso ea lengeloi le leng ’me a le laela hore le etse kamoo le boletseng kateng. (1 Marena 22:19-22) Na boo e ne e se boikokobetso?

11, 12. Abrahama o ile a hlokomela boikokobetso ba Jehova joang?

11 Jehova o ikemiselitse ho mamela esita le batho ba sa phethahalang ba lakatsang ho hlahisa seo ba amehileng ka sona. Ka mohlala, qalong ha Jehova a bolella Abrahama hore o rerile ho timetsa Sodoma le Gomora, monna eo ea tšepahalang o ile a tsieleha. Abrahama o ile a re: “Ha ho utloahale hore u bolaee batho ba lokileng le ba khopo.” O ile a boela a re: “Kannete ha ho utloahale hore u etse joalo hobane u Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.” O ile a botsa Jehova hore na o ne a tla qenehela metse eo haeba ho ka fumanoa batho ba 50 ba lokileng ho eona. Jehova o ile a mo tiisetsa hore o ne a tla e qenehela. Empa Abrahama a boela a botsa, a theolela palo eo ho 45, a ntan’o e isa ho 40, a ’na a e theola joalo-joalo. Le hoja Jehova a ne a ntse a mo tiisetsa, Abrahama o ile a ’na a qophella ho fihlela palo eo e theohetse ho leshome. Mohlomong Abrahama o ne a e-s’o utloisise ka ho feletseng hore na Jehova o mohau hakaakang. Leha ho le joalo, ka mamello le ka boikokobetso, Jehova o ile a lumella Abrahama eo e neng e le motsoalle oa hae ebile e le mohlanka oa hae, ho hlahisa seo a amehileng ka sona ka tsela ena.—Genese 18:23-33.

12 Ke batho ba bakae ba bohlale le ba rutehileng ba neng ba ka mamela motho eo ba mo fetang hole ka tsebo?c Molimo oa rona o ile a mamela ’me ka tsela eo a bontša boikokobetso bo boholo. Puisanong eo, Abrahama o ile a boela a hlokomela hore Jehova o ‘lieha ho halefa.’ (Exoda 34:6) E ka ’na eaba o ile a elelloa hore ha a na tokelo ea ho belaella tsela eo Ea Phahameng ka ho Fetisisa a etsang lintho eona. Kahoo Abrahama o ile a kopa ka makhetlo a mabeli a re: “Jehova, ke kopa hore u se ke oa nkhalefela.” (Genese 18:30, 32) Ke ’nete hore Jehova ha aa ka a halefa. O fela a le bonolo hobane a le bohlale.

Jehova ha a Manganga

13. Ka Bibeleng, poleloana “ho se be manganga” e bolela eng, hona ke hobane’ng ha e loketse ho hlalosa Jehova?

13 Boikokobetso ba Jehova bo bonahala tšobotsing e ’ngoe e babatsehang ea ho se be manganga. Tšobotsi ena e haella habohloko har’a batho ba sa phethahalang. Ha se feela hore Jehova o ikemiselitse ho mamela libopuoa tsa hae tse bohlale empa o boetse o ikemiselitse ho tenyetseha ha ho se letho le hohlanang le melao-motheo e lokileng. Poleloana “ho se be manganga,” kamoo e sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, ha e le hantle e bolela ho “tenyetseha.” Tšobotsi ena le eona ke pontšo ea bohlale ba Molimo. Jakobo 3:17 e re: “Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong . . . ha a manganga.” Jehova ea nang le bohlale bohle ha a manganga ka kutloisiso efe? Har’a tse ling, o fetoha le maemo. Hopola hore lebitso la hae ka bolona le re ruta hore o tla ba seo a khethang ho ba sona e le hore a phethahatse merero ea hae. (Exoda 3:14) Na seo ha se bontše boikutlo ba ho fetoha le maemo le ba ho se be manganga?

14, 15. Pono ea Ezekiele ea koloi ea Jehova ea leholimo e re ruta’ng ka mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o leholimong, hona o fapana joang le mekhatlo ea batho?

14 Ho na le litemana tsa Bibele tse tsotehang tse re thusang ho utloisisa ho itseng kamoo Jehova a fetohang le maemo kateng. Moprofeta Ezekiele o ile a fuoa pono ea mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo o entsoeng ka libopuoa tsa moea. O ile a bona “koloi” ea Jehova e hlollang ka boholo, eo a e tataisang ka linako tsohle. Ho thahasellisang le ho feta ke tsela eo e neng e tsamaea ka eona. Mabili a eona a maholohali a ne a e-na le mahlakore a mane a bile a tletse mahlo hohle. Kahoo a ne a khona ho bona hohle ’me a ne a ka nka tsela e fapaneng ka ho panya ha leihlo, a sa eme kapa a sa tjeke. E ne e ka tsamaea ka lebelo la lehalima ebile e ne e ka tjeka lik’honeng mabili a eona a sa tjeka. (Ezekiele 1:1, 14-28) E, joaloka ’Musi ea matla ’ohle ea o tataisang, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o feto-fetoha le maemo le litlhoko tse lulang li fetoha tseo o lokelang ho sebetsana le tsona.

15 Batho ba ka leka feela ho etsisa bokhoni bo joalo ba ho fetoha le maemo ka tsela e phethahetseng. Leha ho le joalo, hangata batho le mekhatlo ea bona ke bo-ha-ke-fetohe ebile ba manganga ’me ha ba tenyetsehe. Ka mohlala, sekepe se seholo se nkang litanka kapa terene e tsamaisang thepa, e ka ba tse hlollang ha ho nahanoa ka boholo le matla a tsona. Empa na leha e le efe ea tsona e ka ipapisa le maemo a fetohang ka tšohanyetso? Haeba tšitiso e ka ba teng seporong ka pel’a terene e tsamaisang thepa, ho hlakile hore e ke ke ea khona ho tjeka. Ho boetse ho thata hore e eme tsi! hang-hang. Terene e kholo e tsamaisang thepa e ka ’na ea tsamaea lik’hilomithara tse ka bang peli pele e ema ka mor’a hore ho hatoe mariki! Ka ho tšoanang, sekepe se seholo se nkang litanka se ka ’na sa tsamaea lik’hilomithara tse ling tse robeli ka mor’a hore ho tingoe lienjene. Esita le haeba lienjene li chencheloa likereng tse se khutlisetsang morao, sekepe seo se ka ’na sa ea pele lik’hilomithara tse ling tse tharo! Hoa tšoana le ka mekhatlo ea batho e manganga le e sa tenyetseheng. Ka lebaka la boikhohomoso, hangata batho ba hana ho fetoha le litlhoko le maemo. Ho se tenyetsehe hoo ho entse hore mekhatlo ea khoebo e putlame ha ba ha liha le mebuso. (Liproverbia 16:18) Re thaba hakaakang hore ebe Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ha ba joalo!

Jehova o Bontša Joang Hore ha a Manganga?

16. Jehova o ile a bontša joang hore ha a manganga ha a sebelisana le Lota pele Sodoma le Gomora li timetsoa?

16 Nahana hape ka timetso ea Sodoma le Gomora. Lengeloi la Jehova le ile la fa Lota le ba lelapa la hae litaelo tse hlakileng, la re: “Balehelang lithabeng.” Leha ho le joalo, Lota o ne a sa batle ho balehela moo. O ile a re: “Jehova, ke kopa ho ea sebakeng se seng eseng moo.” A kholisehile hore o ne a tla shoa ha a ka balehela lithabeng, Lota o ile a kopa tumello ea hore a balehele motseng o haufi o bitsoang Zooare le lelapa la hae. Hopola hore Jehova o ne a rerile ho timetsa motse oo. Ho feta moo, tšabo ea Lota e ne e hlile e se na motheo. ’Nete ke hore Jehova o ne a ka sireletsa Lota lithabeng! Leha ho le joalo, Jehova o ile a sekehela kopo ea Lota tsebe ’me a qenehela Zooare. Lengeloi le ile la re ho Lota: “Ho lokile, ke tla u hauhela hape.” (Genese 19:17-22) Kannete Jehova ha aa ka a ba manganga.

17, 18. Jehova o ile a bontša joang hore o fetoha le maemo ha a sebetsana le batho ba Ninive?

17 Jehova o boetse o amohela pako e tlohang pelong. Kamehla o bontša mohau ’me o etsa se nepahetseng. Nahana ka se ileng sa etsahala ha moprofeta Jonase a romeloa motseng o khopo, o tletseng pefo oa Ninive. Ha Jonase a ntse a tsamaea literateng tsa Ninive, o ne a phatlalatsa molaetsa o bonolo o tsoang ho Molimo o reng motse oo o matla o ne o tla timetsoa ka mor’a matsatsi a 40. Leha ho le joalo, maemo a ile a fetoha haholo. Batho ba Ninive ba ile ba baka!—Jonase khaolo ea 3.

18 Ho bapisa tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le ho fetoha hona ha maemo ka eona le eo Jonase a ileng a itšoara ka eona ho re ruta ho hongata. Boemong bona Jehova o ile a fetoha le maemo, a iketsa ea tšoarelang libe ho e-na le ho ba “mohale ea matla.”d (Exoda 15:3) Ka lehlakoreng le leng, Jonase eena o ne a sa tenyetsehe a bile a hloka mohau. Ho fapana le hore a etsise Jehova, o ile a itšoara joaloka terene e tsamaisang thepa kapa sekepe se seholo tse boletsoeng pejana. O ne a phatlalalitse timetso, kahoo timetso e ne e tlameha ho tla! Leha ho le joalo, ka mamello Jehova o ile a ruta moprofeta oa hae oa sefela-peloana thuto e sa lebaleheng ea ho fetoha le maemo le ho ba mohau.—Jonase khaolo ea 4.

Mor’abo rona ea mocha o thusa mor’abo rona ea holileng ha ba le tšimong.

Jehova o fetoha le maemo ’me o utloisisa mefokolo ea rona

19. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova oa utloisisa hore maemo a rona ha a tšoane ebile aa fetoha? (b) Liproverbia 19:17 e bontša joang hore Jehova ke Monghali ea ‘lokileng le ea bonolo’ le ea ikokobelitseng ka ho tebileng?

19 Ntlha ea ho qetela ke hore Jehova oa utloisisa hore maemo a rona ha a tšoane ebile aa fetoha. Morena Davida o ile a re: “O tseba hantle tsela eo re bopiloeng ka eona, oa hopola hore re lerole.” (Pesaleme ea 103:14) Jehova o utloisisa mefokolo ea rona le ho se phethahale ha rona ho feta kamoo re e utloisisang kateng. Ha ho mohla a lebellang hore re etse se fetang seo re ka se khonang. Bibele e bontša phapang pakeng tsa benghali ba batho “ba lokileng le ba bonolo” le bao “ho leng thata ho ba khotsofatsa.” (1 Petrose 2:18) Jehova ke Monghali oa mofuta ofe? Hlokomela seo Liproverbia 19:17 e se buang ha e re: “Ea hauhelang mofutsana o alima Jehova.” Ka ho hlakileng, Jehova ke monghali ea lokileng le ea bonolo ea elang hloko ketso e ’ngoe le e ’ngoe e mosa e etsetsoang bafutsana. Ho feta moo, lengolo lena le bontša hore ha e le hantle ’Mopi oa lintho tsohle o inka a kolota batho ba etsang liketso tse bontšang mohau. Bona ke boikokobetso bo tebileng ka ho fetisisa.

20. Ho na le tiiso efe ea hore Jehova o utloa lithapelo tsa rona le hore oa li arabela?

20 Jehova o ntse a le bonolo ebile a fetoha le maemo ha a sebelisana le bahlanka ba hae kajeno. Ha re rapela ka tumelo, oa mamela. Le hoja a sa romele mangeloi hore a tl’o buisana le rona, ha rea lokela ho nahana hore ha a arabele lithapelo tsa rona. Hopola hore ha moapostola Pauluse a ne a kopa balumeli-’moho le eena hore ba ‘lule ba mo rapella’ hore a lokolloe chankaneng, o ile a boela a re: “Le rapelle hore ke khutlele ho lona haufinyane.” (Baheberu 13:18, 19) Kahoo ha e le hantle lithapelo tsa rona li ka ’na tsa susumelletsa Jehova hore a etse ntho eo mohlomong a neng a ke ke a e etsa!—Jakobo 5:16.

21. Re lokela ho utloisisa eng ka boikokobetso ba Jehova?

21 Taba ea hore Jehova o bonolo, o ikemiselitse ho mamela, oa mamella ebile o fetoha le maemo, ha e bolele hore o sekisetsa melao-motheo ea hae e lokileng. Baruti ba ka ’na ba nahana hore ba fetoha le maemo ha ba tsikinyetsa batho litsebe ka ho hlapolla melao ea Jehova ea boitšoaro. (2 Timothea 4:3) Empa tšekamelo ea batho ea ho sekisetsa molemong oa ho finyella pakane eo motho a e habileng feela, ha ho moo e kopanang teng le ho fetoha le maemo ha Molimo. Jehova oa halalela ebile le ka mohla a ke ke a silafatsa melao ea hae e lokileng. (Levitike 11:44) Ka hona, re ananela hakaakang hore ebe Jehova o fetoha le maemo hobane seo se bontša hore o ikokobelitse. Na ha u thabe ha u nahana hore Jehova Molimo, e leng eena ea bohlale ka ho fetisisa bokahohleng, o ikokobelitse ka tsela e ikhethang? Ke ho thabisang hakaakang ho atamela ho Molimo eo ea re susumetsang hore re mo hlomphe ka ho tebileng empa a le bonolo, a e-na le mamello a bile a fetoha le maemo.

a Bangoli ba boholo-holo, kapa Basoferime ba ile ba fetola temana ena ba etsa hore e re ke Jeremia ea tlang, eseng Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba nka hore ho fosahetse ho hlalosa Molimo a theohela boemong bo tlase hakaalo. Ka lebaka leo, liphetolelo tse ngata li lahla ntlha e temaneng ena e babatsehang. Leha ho le joalo, The New English Bible ka nepo e re Jeremia o ile a re ho Molimo: “Hopola, hopola hle, ’me u nkinamele.”

b Liphetolelo tse ling li re “boikokobetso bo hlahisoa ke bohlale” le hore “mosa ke pontšo ea bohlale.”

c Ka ho thahasellisang, Bibele e bontša phapang pakeng tsa mamello le boikhohomoso. (Moeklesia 7:8) Mamello ea Jehova e fana ka bopaki bo eketsehileng ba boikokobetso ba hae.—2 Petrose 3:9.

d Pesaleme ea 86:5 e re Jehova ‘o molemo ebile o ikemiselitse ho tšoarela.’ Ha pesaleme eo e ne e fetoleloa Segerikeng, poleloana “ikemiselitse ho tšoarela” e ile ea fetoleloa e le e·pi·ei·kesʹ kapa “ho fetoha le maemo.”

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Exoda 32:9-14 Jehova o ile a bontša boikokobetso joang ha a arabela kopo ea Moshe bakeng sa Iseraele?

  • Baahloli 6:36-40 Jehova o ile a bontša ho ba le mamello le ho fetoha le maemo joang ha a arabela lintho tseo Gideone a neng a li kopa?

  • Pesaleme ea 113:1-9 Jehova o bontša joang hore o ikokobelitse ha a sebetsana le batho?

  • Luka 1:46-55 Maria o ne a lumela hore Jehova o talima batho ba ikokobelitseng le bafutsana joang? Tsela eo a talimang lintho ka eona e ka re ama joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela