Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wt khao. 16 maq. 144-150
  • “Le Bontšane Lerato le Matla Haholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Bontšane Lerato le Matla Haholo”
  • Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Mathata a Hlaha
  • Batla Litsela Tsa ‘ho Atoloha’
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
  • “Ka Holim’a Lintho Tsohle, le Bontšane Lerato le Matla Haholo”
    Le Lule le Lebetse!
  • Le ’ne le Ratane ka Lerato la Bara ba Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Re ka Etsa’ng e le Hore re Lule re Ratana Haholo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
wt khao. 16 maq. 144-150

Khaolo ea Leshome le Metso e Tšeletseng

“Le Bontšane Lerato le Matla Haholo”

1. Hangata ba qalang ho tla libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ba khahloa ke eng?

HA BATHO ba qala ho tla libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, hangata ba khahloa ke lerato le bontšoang moo. Ba le hlokomela ka botsoalle bo mofuthu le ka kamohelo eo ba amoheloang ka eona. Baeti likopanong tsa rōna le bona ba hlokomela lerato lena. Motlalehi e mong oa litaba o ile a ngola tjena ka kopano e ’ngoe: ‘Ha ho ea tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi kapa tahi. Ha ho ea tlerolang kapa ea hoeletsang. Ha ho sututsanoe. Ha ho qhelanoe. Ha ho mahlapa kapa ea rohakanang. Ha ho mesoaso e mebe kapa puo e litšila. Ha ho ea tsubang. Ha ho bosholu. Ha ho ea lahlelang makotikoti mohloeng. Ka sebele ho ne ho sa tloaeleha.’ Hona hohle ke bopaki ba lerato, mofuta oa lerato ‘le sa itšoareng ka mokhoa o sa hlompheheng, le sa batleng lithahasello tsa lona.’—1 Bakorinthe 13:4-8.

2. (a) Ka mor’a nako, ke eng e lokelang ho totobala mabapi le ho bonahatsa ha rōna lerato? (b) Ha re etsisa Kreste, ho hlokahala hore re hlaolele lerato la mofuta ofe?

2 Lerato la bara ba motho ke letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:35) Ha re ntse re hōla moeeng, re ithuta ho bontša lerato haholoanyane. Moapostola Pauluse o ile a rapella hore eka lerato la Bakreste-’moho le eena “le ka ata ka ho eketsehileng.” (Bafilipi 1:9) Moapostola Johanne o ile a bontša hore lerato la rōna e lokela ho ba la boitelo. O ngotse: “Ka sena re tseba lerato, hobane [Mora oa Molimo] o ile a nehelana ka moea oa hae bakeng sa rōna; ’me re tlamehile ho nehelana ka meea ea rōna bakeng sa barab’abo rōna.” (1 Johanne 3:16; Johanne 15:12, 13) Na re ka hla ra tella barab’abo rōna bophelo ba rōna? Le hoja maemo a mangata a sa hloke hore re etse joalo, re etsa boiteko bo bokae ho ba thusa hona joale, esita leha ho le tšopholi ho etsa joalo?

3. (a) Re ka bontša lerato la rōna ka ho feletseng haholoanyane ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontšana lerato le matla haholo hona joale?

3 Hammoho le liketso tsa rōna tse bontšang moea oa boitelo, ho hlokahala hore re be le boikutlo ba sebele bo mofuthu ka barab’abo rōna. Lentsoe la Molimo lea re khothatsa: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu.” (Baroma 12:10) Kaofela re ikutloa ka tsela eo ka batho ba itseng. Empa na re ka ithuta ho ba le lerato le joalo le ho ba bang? Ha bofelo ba tsamaiso ena ea khale bo ntse bo atamela, ke habohlokoa hore re atamele haufi-ufi le Bakreste-’moho le rōna. Bibele e re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. . . . Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:7, 8.

Ha Mathata a Hlaha

4. (a) Ke hobane’ng ha ho ka hlaha mathata pakeng tsa litho tsa phutheho? (b) Le hoja kamehla re ke ke ra sekamela ho etsa joalo, ke molemo ofe o ka hlahang ka ho sebelisa keletso ea Bibele?

4 Ke ’nete hore hafeela re ntse re sa phethahala, ho tla ba le linako tseo ka tsona re etsang lintho tse khopisang ba bang. Barab’abo rōna le bona ba ka ’na ba re siteloa ka litsela tse ngata. (1 Johanne 1:8) Haeba u iphumana u le boemong bo joalo, u lokela ho etsa eng? Mangolo a fana ka tataiso e hlokahalang. Empa seo a se buang se ka ’na sa hanana le seo rōna joaloka batho ba sa phethahalang re sekametseng ho se etsa. (Baroma 7:21-23) Leha ho le joalo, ho ikitlaetsa ha rōna ka matla ho sebelisa keletso eo Bibele e fanang ka eona ho tla fana ka bopaki ba hore re lakatsa ka tieo ho thabisa Jehova. Ho etsa joalo ho tla boetse ho matlafatsa boleng ba lerato la rōna ho ba bang.

5. Haeba motho e mong a re utloisa bohloko, ke hobane’ng ha re sa lokela ho iphetetsa?

5 Ka linako tse ling ha batho ba utloile bohloko ba batla litsela tsa ho iphetetsa ho mokhopisi. Empa hoo ho mpefatsa litaba le ho feta. Haeba phetetso e hlokahala, re lokela ho e tlohellela Molimo. (Liproverbia 24:29; Baroma 12:17-21) Ba bang ba ka ’na ba leka ho qoba ho kopana le mokhopisi. Empa ha rea lokela ho etsa joalo ho barapeli-’moho le rōna, hobane ho amoheleha ha borapeli ba rōna, ka karolo e ’ngoe, ho itšetlehile ka hore re rate barab’abo rōna. (1 Johanne 4:20) Kahoo Pauluse o ile a ngola: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakolose 3:13) Na u ka ho etsa hoo?

6. (a) Re lokela ho tšoarela barab’abo rōna hangata hakae? (b) Ke ho utloisisa eng ho tla re thusa ho sebetsana le ba re siteloang?

6 Ho thoe’ng haeba motho e mong a re siteloa khafetsa empa a sa etse libe tse tebileng hoo a ka khaoloang ka phuthehong? Bakeng sa libe tse fokolang joalo, moapostola Petrose o ile a etsa tlhahiso ea ho mo tšoarela “ho fihlela makhetlong a supileng.” Empa Jesu a re: “Eseng, Ho fihlela makhetlong a supileng, empa, Ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.” O ile a totobatsa boholo ba molato oa rōna ho Molimo ha o bapisoa le oo motho ofe kapa ofe a ka re kolotang oona. (Matheu 18:21-35) Re siteloa Molimo ka litsela tse ngata letsatsi le leng le le leng—ka linako tse ling ka ketso ea boithati, ka seo re se buang kapa re se nahanang, kapa ka seo re hlōlehang ho se etsa—re sa hlokomele le hore re etsa sebe. (Baroma 3:23) Leha ho le joalo, Molimo o tsoela pele ho re hauhela. (Pesaleme ea 103:10-14; 130:3, 4) O hloka hore re sebelisane le ba bang ka tsela e tšoanang. (Matheu 6:14, 15; Baefese 4:1-3) Ha re etsa joalo, re tla be re sebelisa mofuta oa lerato o sa ‘bolokeng tlaleho ea bobe.’—1 Bakorinthe 13:4, 5; 1 Petrose 3:8, 9.

7. Re lokela ho etsa eng haeba mor’abo rōna a re jere ka pelo?

7 Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona re hlokomelang hore, le hoja re sa koatela mor’abo rōna, eena o re jere ka pelo. Re ka khetha ‘ho ho koahela ka lerato,’ joalokaha 1 Petrose 4:8 e fana ka tlhahiso eo. Kapa ra nka bohato ba pele ra buisana le eena le ho leka ho tsosolosa likamano tsa khotso.—Matheu 5:23, 24.

8. Haeba molumeli-’moho le rōna a etsa lintho tse re khopisang, ho ka etsoa’ng ka hona?

8 Ho ka ’na ha etsahala hore ebe molumeli-’moho le rōna ha a etse ntho e khopisang uena feela empa le ba bang. Na ho ne ho ke ke ha e-ba hotle ho buisana le eena? Mohlomong. Haeba uena ka bouena u ka mo hlalosetsa bothata ka tsela e mosa, hona ho ka ’na ha tlisa liphello tse ntle. Empa pele u lokela ho ipotsa: ‘Na lintho tseo a li etsang li hlile li hanana le Mangolo? Kapa na bothata haholo bo bakoa ke hore setso sa ka le khōliso ea ka li fapane le tsa hae?’ U hlokomele hore u se ke ua beha litekanyetso tsa hao ebe joale u ahlola ka tsona. (Jakobo 4:11, 12) Jehova o amohela batho ba litso tsohle ntle ho khethollo ’me oa ba mamella ha ba ntse ba hōla moeeng.

9. (a) Ke bo-mang ba elang hloko liphoso tse tebileng ka phuthehong? (b) Motho ea sitetsoeng o na le boikarabelo ba ho nka bohato neng, hona e le ka sepheo sefe?

9 Haeba e mong ka phuthehong a oela phosong e tebileng, e kang boitšoaro bo bobe, hoo ho lokela ho eloa hloko ka potlako. Ke bo-mang? Ke baholo. (Jakobo 5:14, 15) Leha ho le joalo, haeba ho sitetsoe motho e mong, mohlomong litabeng tsa khoebo kapa a buuoe hampe ka tsela e kotsi, joale ea sitetsoeng o lokela hore a qale a atamele mokhopisi ba le bang. (Matheu 18:15) Haeba hoo ho sa rarolle taba, ho hlokahala hore ho nkoe bohato bo tsoelang pele, joalokaha bo boletsoe ho Matheu 18:16, 17. Lerato ho mor’abo rōna ea fosang le takatso ea ho mo ‘rua’ e tla re thusa ho etsa sena ka tsela e tlang ho mo finyella pelo.—Liproverbia 16:23.

10. Ha ho hlaha bothata, ke eng e tla re thusa hore re talime taba eo ka tsela e nepahetseng?

10 Ha ho hlaha bothata, ebang bo boholo kapa bo bonyenyane, rea thuseha ha re leka ho utloisisa hore na Jehova o bo talima joang. Ha a lumelle sebe sa mofuta ofe kapa ofe, ’me ka nako ea hae e loketseng, ba etsang libe tse tebileng ba sa bake ba tla ntšoa ka mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Leha ho le joalo, a re se keng ra lebala hore kaofela ha rōna re sitoa ka litsela tse ngata le hore re hloka mamello ea hae le mohau oa hae. Kahoo Jehova o beha mohlala oo re lokelang ho o etsisa ha ba bang ba re siteloa. Ha re le mohau, re bonahatsa lerato la hae.—Baefese 5:1, 2.

Batla Litsela Tsa ‘ho Atoloha’

11. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khothalletsa Bakorinthe hore ba “atolohe”?

11 Pauluse o ile a qeta likhoeli-khoeli a haha phutheho ea Korinthe, Greece. O ne a sebelitse ka thata ho thusa barab’abo moo, ’me o ne a ba rata. Empa ba bang ba ne ba se na botsoalle bo mofuthu ho eena. Ba ne ba mo nyatsa haholo. O ile a ba khothalletsa ‘ho atoloha’ ha ba bontša lerato. (2 Bakorinthe 6:11-13; 12:15) Bohle re lokela ho hlahloba hore na re bontša lerato hakae ho ba bang le ho batla litsela tsa ho atoloha.—1 Johanne 3:14.

12. Lerato la rōna le ka hōla joang ho bohle ka phuthehong?

12 Na ho na le ba bang ka phuthehong bao re fumanang ho le thata ho ba tloaela? Haeba re etsa boiteko ba ho koahela liphapang leha e le life tsa botho—joalokaha re ne re ka rata hore ba etse joalo le ho rōna—hona ho ka thusa hore ho be le kamano e mofuthu lipakeng tsa rōna. Hape boikutlo ba rōna ka bona bo ka ntlafala haeba re batla litšoaneleho tsa bona tse ntle ’me re tsepamisa mohopolo ho tsona. Hona ka sebele ho tla etsa hore lerato la rōna ho bona le hōle.—Luka 6:32, 33, 36.

13. Re ka atoloha joang ha re bontša lerato ho ba ka phuthehong?

13 Ho ke ke ha latoloa hore ho na le meeli ho seo re ka se etsetsang ba bang. Ho ka etsahala hore ho se be bonolo ho lumelisa motho e mong le e mong sebokeng se seng le se seng. Mohlomong ha ho etsahale hore re akarelletse motho e mong le e mong ha re memela metsoalle lijong. Empa na re ka atoloha ka ho ipha metsotso e seng mekae re tloaelana hamolemo le e mong ka phuthehong ea habo rōna? Na ka linako tse ling re ka memela e mong ho bao re sa tloaelanang le bona hore a sebetse le rōna tšebeletsong ea tšimo?

14. Ha re le har’a Bakreste bao ho seng mohla re kileng ra teana le bona, re ka bontša joang hore re na le lerato le matla ho bona?

14 Likopano tse khōlō tsa Bokreste li fana ka monyetla o motle oa ho atoloha leratong la rōna. Ho ka ’na ha e-ba teng ba likete. Re ke ke ra teana le bona kaofela, empa re ka itšoara ka tsela e tla bontša hore re amehile ka boiketlo ba bona ho e-na le ho ameha ka ba rōna. Nakong ea khefutso ea mananeo re ka bontša hore rea ba thahasella ka ho ikhathatsa ho teana le ba bang ba haufi le rōna. Ka letsatsi le leng bohle ba phelang lefatšeng e tla be e le bara le barali babo rōna, ba kopane borapeling ba Molimo oa ’nete le Ntate oa bohle. E tla ba thabo e kaakang ho tsebana! Lerato le matla haholo le tla re susumelletsa hore re rate ho etsa joalo. Ke hobane’ng ha re sa qale hona joale?

Tlhahlobo

• Ha ho hlaha mathata pakeng tsa Bakreste, a lokela ho rarolloa joang, hona hobane’ng?

• Ha re ntse re hōla moeeng, lerato la rōna le Iona le lokela hore le hōle ka litsela life?

• Ho ka khoneha joang ho bontša lerato le matla le ho bao e seng metsoalle ea hlooho-ea-khomo?

[Setšoantšo se leqepheng la 148]

Lerato la Bokreste le bonahatsoa ka litsela tse ngata, joaloka libokeng tsa phutheho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela