Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wt khao. 17 maq. 151-158
  • Sebelisa Boinehelo ba Bomolimo Lapeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Boinehelo ba Bomolimo Lapeng
  • Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenyalo le Tla Tšoarella Hakae?
  • E Mong le e Mong a Phethe Karolo ea Hae
  • Moo ho ka Fumanoang Likarabo
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lokisetsa Lelapa la Hao Bokamoso bo Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Etsa Hore Lenyalo la Hao e be Kopano e Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
wt khao. 17 maq. 151-158

Khaolo ea Leshome le Metso e Supileng

Sebelisa Boinehelo ba Bomolimo Lapeng

1. Ho sebelisa tataiso e tsoang Lentsoeng la Molimo ho amme manyalo joang?

JEHOVA ke Moqapi oa lenyalo, ’me Lentsoe la hae le fana ka tataiso e molemohali bakeng sa malapa. Ka lebaka la ho sebelisa tataiso eo, batho ba bangata ba hahile malapa a atlehileng. Ho babatsehang ke hore ba bang ba neng ba itulela hammoho feela ba susumeletsehile ho ngolisa manyalo a bona ka molao. Ba bang ba khaolitse ho kopanela liphate kantle ho lenyalo. Banna ba mabifi ba neng ba otla basali ba bona le bana ba bona ba ithutile ho bontša mosa le bonolo.

2. Ho ameha eng bophelong ba lelapa la Bokreste?

2 Bophelo ba lelapa ba Bokreste bo ama lintho tse ngata, tse kang hore na re talima ho tšoarella ha lenyalo joang, hore na re etsa eng ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ka lapeng le hore na re sebelisana le litho tse ling tsa lelapa joang. (Baefese 5:33–6:4) Le hoja re ka ’na ra tseba hore na Bibele e re’ng ka bophelo ba lelapa, ho sebelisa keletso ea Bibele ke taba e ’ngoe. Ha ho le ea mong ho rōna ea batlang ho tšoana le bao Jesu a ileng a ba nyatsa hobane ba ne ba tlōla melao ea Molimo. Ba ne ba ithetsa ka hore hafeela ba inehetse bolumeling ho lekane. (Matheu 15:4-9) Ha re batle ho ba le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa re sitoa ho bo sebelisa ho ba matlo a rōna. Ho e-na le hoo, re batla ho bonahatsa boinehelo ba ’nete ba bomolimo, boo e leng “mokhoa oa ho rua ho hoholo.”—1 Timothea 5:4; 6:6; 2 Timothea 3:5.

Lenyalo le Tla Tšoarella Hakae?

3. (a) Ho etsahala’ng manyalong a mangata, empa re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng? (b) U sebelisa Bibele ea hao, araba lipotso tse thathamisitsoeng ka tlas’a serapa sena.

3 Litlamo tsa manyalo li ipaka li tetema ka tsela e ntseng e eketseha. Balekane ba bang ba phetseng hammoho ka lilemo tse ngata ba etsa qeto ea ho hlala le ho nyala motho e mong osele. Hape ho se ho tloaelehile ho utloa hore banyalani ba bacha ba arohane ka mor’a nako e khutšoanyane feela ba nyalane. Ho sa tsotellehe hore na ba bang ba etsa eng, re lokela ho ba le takatso ea ho khahlisa Jehova. A re ke re hlahlobeng lipotso tse latelang le mangolo ho bona hore na Lentsoe la Molimo le re’ng ka ho tšoarella ha lenyalo.

Ha monna le mosali ba nyalana, ba ka lebella ho phela hammoho halelele hakae? (Mareka 10:6-9; Baroma 7:2, 3)

Motheo feela o utloahalang oa tlhalo motho a e-na le monyetla oa ho nyala hape ke ofe ka pel’a Molimo? (Matheu 5:31, 32; 19:3-9)

Jehova o ikutloa joang ka tlhalo e sa lumelloeng ke Lentsoe la hae? (Malakia 2:13-16)

Na Bibele e buella karohano e le mokhoa oa ho rarolla mathata a lenyalo? (1 Bakorinthe 7:10-13)

Ke tlas’a maemo afe moo karohano e ka bang e loketseng? (Pesaleme ea 11:5; Luka 4:8; 1 Timothea 5:8)

4. Ke hobane’ng ha manyalo a mang a tšoarella?

4 Manyalo a mang a atlehile, aa tšoarella. Hobane’ng? Ho ema ho fihlela mohlankana le moroetsana ba hōlile ka ho lekaneng ke ntlha ea bohlokoa, empa ho fumana molekane ea nang le lithahasello tse tšoanang le tsa hao le eo le ka shebisanang lintho le eena ka bolokolohi le hona ke habohlokoa. Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta, ke ho fumana molekane ea ratang Jehova le ea hlomphang Lentsoe la hae e le lona motheo oa ho sebetsana le mathata. (Pesaleme ea 119:97, 104; 2 Timothea 3:16, 17) Motho ea joalo a ke ke a ba le boikutlo ba hore haeba lintho li hlōleha, ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe a ka ’na a batla karohano kapa tlhalo. A ke ke a itšoarella ka mefokolo ea molekane oa hae e le phephi ea hore a hlokomolohe boikarabelo ba hae. Ho e-na le hoo, o tla tobana le mathata ’me a fumane tharollo e sebetsang.

5. (a) Ho tšepahala ho Jehova ho kenella joang lenyalong? (b) Esita leha ho tobanoa le khanyetso, ke melemo efe e ka tlisoang ke ho tšoarella litekanyetsong tsa Jehova?

5 Satane o tiisa hore ha re le matšoenyehong, re tla lahla litsela tsa Jehova. (Jobo 2:4, 5; Liproverbia 27:11) Empa boholo ba Lipaki tsa Jehova tse bileng matšoenyehong ka lebaka la ho ba le balekane ba hanyetsang ha boa koenehela likano tsa bona tsa lenyalo. Bo ntse bo tšepahala ho Jehova le litaelong tsa hae. (Matheu 5:37) Ba bang ba ileng ba tiisetsa ba ile ba thabela hore balekane ba bona ba kopanele le bona ho sebeletseng Jehova—esita le ka mor’a lilemo tse ngata tsa khanyetso! (1 Petrose 3:1, 2) Ha e le Bakreste bao balekane ba bona ba sa bontšeng hore ba tla fetoha kapa bao balekane ba bona ba ba lahlileng hobane ba sebeletsa Jehova, bana le bona baa tseba hore ba tla hlohonolofalletsoa ho fana ka bopaki ba boinehelo ba bomolimo lapeng.—Pesaleme ea 55:22; 145:16.

E Mong le e Mong a Phethe Karolo ea Hae

6. E le hore ho be le lenyalo le atlehileng, ke tokisetso efe e lokelang ho hlomphuoa?

6 Ke ’nete, hore lenyalo le atlehe ho hlokahala ho fetang feela ho lula hammoho. Ntho ea motheo e hlokahalang ho molekane e mong le e mong ke tlhompho bakeng sa tokisetso ea Jehova ea bohlooho. Hona ho tlatsetsa taolong e ntle le boikutlong ba ho sireletseha lapeng. Ho 1 Bakorinthe 11:3, rea bala: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.”

7. Bohlooho bo lokela ho sebelisoa joang ka lapeng?

7 Na u hlokometse hore na temana eo e bolela eng pele? E, hore monna e mong le e mong o na le Hlooho, Kreste, eo a lokelang ho ikokobelletsa eona. Hona ho bolela hore monna o lokela ho sebelisa bohlooho ka tsela e bonahatsang litšoaneleho tsa Jesu. Kreste o ikokobelletsa Jehova, o rata phutheho ka ho tebileng, ’me oa e hlokomela. (1 Timothea 3:15) O bile “a inehela bakeng sa eona.” Jesu ha a ikhohomose ebile hase ea sa nahaneleng, empa ‘o na le maikutlo a bonolo ’me o ikokobelitse pelong.’ Ba tlas’a bohlooho ba hae ba “fumanela meea ea [bona] khatholoho.” Ha monna a tšoara lelapa la hae ka tsela ena, o bontša hore o ikokobelletsa Kreste. Joale mosali oa Mokreste o lokela ho ho fumana ho le molemo ebile ho khatholla ho sebelisana le monna oa hae le ho ikokobelletsa bohlooho ba hae.—Baefese 5:25-33; Matheu 11:28, 29; Liproverbia 31:10, 28.

8. (a) Malapeng a mang, ke hobane’ng ha ho ka ’na ha bonahala eka mekhoa ea Bokreste ha e hlahise liphello tse lakatsehang? (b) Re lokela ho etsa eng haeba re talimane le boemo bo joalo?

8 Leha ho le joalo, ho tla hlaha mathata. Mohlomong e mong ka lapeng o na le tšekamelo e metseng ka metso ea ho hlonamela ho tsamaisoa ke ba bang eo a bileng le eona pele a qala ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Likōpo tse mosa le mokhoa o lerato li ka ’na tsa bonahala eka ha li hlahise liphello. Rea tseba hore Bibele e re re lahle “bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang.” (Baefese 4:31) Empa ha ho bonahala batho ba bang ho se letho leo ba le utloisisang, ho ka etsoa eng? Ke ’nete hore Jesu ha aa ka a etsisa ba sokelang le ba rohakanang, empa o ile a itšetleha ka Ntate oa hae. (1 Petrose 2:22, 23) Kahoo, haeba ho hlaha maemo a lekang ka lapeng, fana ka bopaki ba boinehelo ba bomolimo ka ho rapella thuso ea Jehova ho e-na le ho amohela litsela tsa lefatše.—Liproverbia 3:5-7.

9. Ho e-na le ho tšoaea liphoso, banna ba bangata ba Bakreste ba ithutile ho etsa eng?

9 Hangata liphetoho ha li tle ka potlako, empa keletso ea Bibele eona ea sebetsa ha e sebelisoa ka mamello le ka khothalo. Banna ba bangata ba fumane hore lenyalo le ile la qala ho ntlafala ha ba utloisisa tšebelisano ea Kreste le phutheho. Phutheho eo ha ea etsoa ka batho ba phethahetseng. Leha ho le joalo, Jesu oa e rata, o e behetse mohlala o motle, a bile a sebelisa Mangolo ho e thusa hore e ntlafatse. O ile a tella phutheho bophelo ba hae. (1 Petrose 2:21) Mohlala oa hae o khothalitse banna ba bangata ba Bakreste hore ba sebelise bohlooho bo botle le ho fana ka thuso e lerato e lebisang ho ntlafatseng manyalo a bona. Sena se hlahisa litholoana tse molemo haholo ho feta ho tšoaeana liphoso kapa ho hana ho buisana.

10. (a) Ke ka litsela life monna kapa mosali—esita le eena ea ipolelang hore ke Mokreste—a ka thatafalletsang ba bang bophelo ka lapeng? (b) Ho ka etsoa eng ho ntlafatsa boemo?

10 Ho thoe’ng haeba monna a sa falimehela litlhoko tsa maikutlo tsa lelapa la hae kapa a sa etelle pele ka ho lokisetsa puisano ea lelapa ea Bibele le mesebetsi e meng? Kapa ho thoe’ng haeba mosali a sa sebelisane le monna ’me a sa bontše boikokobetso ba bomolimo? Malapa a mang a ’nile a beha litholoana tse ntle ka ho buisana ka mathata ka mokhoa o hlomphehang. (Genese 21:10-12; Liproverbia 15:22) Empa le haeba liphello e ke ke ea e-ba sohle se neng se lebeletsoe, e mong le e mong oa rōna a ka tlatsetsa hamolemo tikolohong e ntlafetseng ea lehae ka ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo bophelong ba rōna le ka ho nahanela litho tse ling tsa lelapa ka lerato. (Bagalata 5:22, 23) Tsoelo-pele ha e tle ka ho emela motho e mong hore e be eena ea etsang ho hong, empa ka hore re phethe karolo ea rōna, kahoo re bontša hore re sebelisa boinehelo ba bomolimo.—Bakolose 3:18-21.

Moo ho ka Fumanoang Likarabo

11, 12. Jehova o fane ka eng ho re thusa ho atlehisa bophelo ba lelapa?

11 Ho na le mehloli e mengata eo batho ba retelehelang ho eona bakeng sa keletso litabeng tsa malapa a bona. Empa rea tseba hore Lentsoe la Molimo le na le temoso e molemo ka ho fetisisa, ’me rea leboha hore ebe ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang Molimo o re thusa ho e sebelisa. Na u rua molemo o feletseng thusong eo?—Pesaleme ea 119:129, 130; Mikea 4:2.

12 Ho phaella ho eeng libokeng tsa phutheho, na ho na le nako ea kamehla eo le e beheletseng ka thōko bakeng sa thuto ea lelapa ea Bibele? Malapa a etsang joalo a ka sebeletsa ho ba a kopaneng borapeling ba ’ona. Bophelo ba ’ona ba lelapa boa matlafatsoa ha a sebelisa Lentsoe la Molimo maemong a ’ona.—Deuteronoma 11:18-21.

13. (a) Haeba re e-na le lipotso ka litaba tsa lelapa, ke hokae moo hangata re ka fumanang thuso e hlokahalang? (b) Ke eng e lokelang ho bonahala liqetong tsohle tseo re li etsang?

13 E ka ’na eaba u na le lipotso ka litaba tsa lelapa. Ka mohlala, ho thoe’ng ka ho thibela kemolo? Na ho na le mohla ho ntša mpa ho ka lokafatsoang? Haeba ngoana a bontša thahasello e fokolang litabeng tsa moea, o lokela ho kopanela le lelapa borapeling ho isa kae? Lipotso tse ngata tse kang tsena li ’nile tsa tšohloa libukeng tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Ithute ho sebelisa lithuso tsa ho ithuta Bibele, ho akarelletsa le li-index, ho fumana likarabo. Haeba u se na libuka tse bontšoang ka har’a li-index, li shebe laebraring e Holong ea ’Muso. Kapa u ka ’na ua ba le mokhoa oa ho fumana lingoliloeng tsena k’homphieutheng ea hao. U ka boela ua tšohla lipotso tsa hao le banna le basali ba hōlileng ba Bakreste. Empa u se ke ua lebella hore kamehla karabo e be e, kapa che, potsong e ’ngoe le e ’ngoe. Hangata u tlameha ho iketsetsa qeto, kapa ho e etsa le le banyalani. Joale etsa liqeto tse bontšang hore ha u sebelise boinehelo ba bomolimo phatlalatsa feela empa le ka lapeng.—Baroma 14:19; Baefese 5:10.

Tlhahlobo

• Ho tšepahala ho Jehova ho ameha joang tabeng ea ho tšepahala ha motho ho molekane oa hae oa lenyalo?

• Ha re le tlas’a khatello ka lebaka la mathata a lelapa, ke eng e tla re thusa ho etsa se khahlisang Molimo?

• Le haeba ba bang ka lapeng ba fosa, re ka etsa’ng ho ntlafatsa boemo?

[Setšoantšo se leqepheng la 155]

Bohlooho ba monna bo lokela ho bonahatsa litšoaneleho tsa Jesu

[Setšoantšo se leqepheng la 157]

Ho ba le thuto ea Bibele ea kamehla le lelapa ho thusa ho le kopanya

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela