Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 4 maq. 26-31
  • Molimo o na le Lebitso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o na le Lebitso
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso
    Tsoha!—2004
  • Buka ea Bibele ea 2—Exoda
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 4 maq. 26-31

Khaolo ea 4

Molimo o na le Lebitso

HANGATA u etsa’ng ha u qala ho itsebisa motho?— U mo botsa lebitso la hae. Kaofela ha rōna re na le mabitso. Molimo o ile a fa motho oa pele lefatšeng lebitso. O ile a mo reha lebitso la Adama. Mosali oa Adama o ile a rehoa lebitso la Eva.

Leha ho le joalo, hase batho feela ba nang le mabitso. Nahana ka lintho tse ling tseo le tsona li nang le mabitso. Akere ha motho a u fa popi kapa phoofotsoana e itseng hore u e hlokomele, u e reha lebitso?— E, ho ba le lebitso ke habohlokoa haholo.

Sheba holimo bosiu, u bone linaleli tse ngata-ngata. Na u nahana hore li na le mabitso?— E, Molimo o file naleli e ’ngoe le e ’ngoe e sepakapakeng lebitso. Bibele ea re bolella: “O bala palo ea linaleli; kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.”—Pesaleme ea 147:4.

U ne u ka re motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng ke mang?— E, ke Molimo. Na u nahana hore o na le lebitso?— Jesu o ile a re O na le lona. Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a re ho Molimo thapelong: ‘Ke tsebisitse balateli ba ka lebitso la hao.’ (Johanne 17:26) Na u tseba lebitso la Molimo?— Molimo ka boeena o re bolella lona. O re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” Ka hona lebitso la Molimo ke JEHOVA.—Esaia 42:8.

U ikutloa joang ha batho ba hopola lebitso la hao?— Akere ua thaba?— Jehova le eena o batla hore batho ba tsebe lebitso la hae. Kahoo re lokela ho sebelisa lebitso Jehova ha re bua ka Molimo. Mosuoe e Moholo o ne a sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, ha a bua le batho. Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle.”—Mareka 12:30.

Jesu o ne a tseba hore “Jehova” ke lebitso la bohlokoa haholo. Kahoo o ile a ruta balateli ba hae hore ba sebelise lebitso la Molimo. Hape o ile a ba ruta hore ba bitse lebitso la Molimo ha ba rapela. Jesu o ne a tseba hore Molimo o batla ha batho bohle ba tseba lebitso la Hae, e leng Jehova.

Mehleng ea khale Molimo o ile a bontša monna e mong ea bitsoang Moshe, eo e neng e le Moiseraele, bohlokoa ba lebitso la hae. Baiseraele ba ne ba phela naheng e bitsoang Egepeta. Batho ba naha eo ba ne ba bitsoa Baegepeta. Ba ne ba entse Baiseraele makhoba ba bile ba ba tšoere hampe. Ha Moshe a ntse a hōla, o ile a leka ho thusa e mong oa batho ba habo. Sena se ile sa halefisa Faro, morena oa Egepeta. O ile a batla ho bolaea Moshe! Kahoo Moshe o ile a baleha Egepeta.

Moshe o ile a balehela naheng e ’ngoe. Naheng ea Midiane. Moshe ha a le moo o ile a nyala ’me a ba le lelapa. O ne a boetse a lisa, a hlokomela linku. Ka letsatsi le leng Moshe o ne a ntse a lisitse linku haufi le thaba ha a tla bona ntho e ’ngoe e makatsang. Sehlahla se ne se tuka, empa se sa che! Moshe a atamela e le hore a bone hantle se etsahalang.

Na ua tseba hore na ho ile ha etsahala’ng?— Moshe o ile a utloa lentsoe le mo bitsa le tsoa sehlahleng seo se tukang. Lentsoe le ile la re, “Moshe! Moshe!” Ke mang ea neng a bua?— Ke Molimo ea neng a bua! Molimo o ne a e-na le mosebetsi o mongata oo a batlang hore Moshe a o etse. Molimo o ile a re: ‘Tloo ke u rome ho Faro, morena oa Egepeta, ’me u ntše sechaba sa ka, bara ba Iseraele, Egepeta.’ Molimo o ile a tšepisa Moshe hore o tla mo thusa ho etsa seo.

Empa Moshe a re ho Molimo: ‘A re re ke fihla ho bara ba Iseraele, Egepeta, ’me ke re ho bona Molimo o nthomile ho lōna. Ha ba re ho ’na, “Lebitso la hae ke mang?” Ke tla re’ng ho bona?’ Molimo o ile a re Moshe a bolelle bara ba Iseraele ho re: ‘Jehova o nthomile ho lōna. Jehova ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’ (Exoda 3:1-15) Sena se bontša hore Molimo o ne a tla ’ne a sebelise lebitso Jehova. Ha ho mohla a neng a tla le fetola. Molimo o ne a batla hore a tsejoe ka lebitso la hae, e leng Jehova, ka ho sa feleng.

Ha Moshe a khutlela Egepeta, Baegepeta ba ile ba nka hore Jehova ke molingoana feela tjee oa Baiseraele. Ba ne ba sa nke hore ke Molimo oa lefatše lohle. Kahoo Jehova o ile a re ho morena oa Egepeta: ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le tsebahale lefatšeng lohle.’ (Exoda 9:16) Jehova o ile a fela a etsa hore lebitso la hae le tsebahale. Na ua tseba hore na o ile a etsa seo joang?—

O ile a etsa hore Moshe a etelle pele sechaba sa Iseraele ho tsoa Egepeta. Ha se fihla Leoatleng le Lefubelu, Jehova o ile a bula tsela e omileng mahareng a lona. Baiseraele ba ile ba feta mobung o omileng ba sireletsehile. Empa ka mor’a hore Faro le lebotho lohle la hae ba kene bolibeng ba leoatle le omileng, metsi a neng a emisitsoe ka mahlakoreng a mabeli a oela holim’a Baegepeta, ’me ba shoa kaofela.

Nakoana hamorao batho lefatšeng lohle ba qala ho utloa ka seo Jehova a se entseng Leoatleng le Lefubelu. Re tseba joang hore ba ile ba utloa ka seo?— Lilemo tse ka bang 40 hamorao, Baiseraele ba ile ba fihla Kanana, e leng naha eo Jehova a neng a tšepisitse ho ba fa eona. Ha ba le moo, mosali e mong e mocha ea bitsoang Rahaba o ile a re ho banna ba babeli ba Baiseraele: “Re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna ha le tsoa Egepeta.”—Joshua 2:10.

Kajeno batho ba bangata ba tšoana le Baegepeta bao. Ha ba lumele hore Jehova ke Molimo oa lefatše lohle. Kahoo Jehova o batla hore batho ba hae ba bolelle ba bang ka eena. Sena ke seo Jesu a se entseng. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, o ile a re ho Jehova thapelong: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.”—Johanne 17:26.

Na u batla ho tšoana le Jesu? Joale bolella ba bang hore lebitso la Molimo ke Jehova. U ka ’na ua fumana hore batho ba bangata ha ba le tsebe. U ka ’na ua ba bontša lengolo ka Bibeleng ho Pesaleme ea 83:18. A re nke Bibele hona joale ebe re sheba lengolo lena hammoho. Le re: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”

Re ithuta’ng ka seo re se balang moo?— Re ithuta hore Jehova ke lebitso la bohlokoa ho feta a mang ’ohle. Ke lebitso la Molimo ea Matla ’Ohle, Ntate oa Jesu le Ea entseng lintho tsohle. Hape hopola, Jesu o itse re lokela ho rata Jehova Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna. Na u rata Jehova?—

Re ka bontša joang hore re rata Jehova?— Tsela e ’ngoe ke ka ho mo tseba e le Motsoalle. Tsela e ’ngoe ke ka ho bolella ba bang lebitso la hae. Re ka ba bontša ka ho toba ka Bibeleng hore lebitso la hae ke Jehova. Hape re ka ba bolella lintho tse babatsehang tseo Jehova a li bōpileng le lintho tse ntle tseo a li entseng. Sena se thabisa Jehova haholo hobane o batla hore batho ba mo tsebe. Akere le rōna re ka kopanela ho etseng seo?—

Hase batho bohle ba tla batla ho mamela ha re bua ka Jehova. Batho ba bangata ha baa ka ba mamela ha Jesu, Mosuoe e Moholo, a bua ka Eena. Empa seo ha sea ka sa thibela Jesu ho bua ka Jehova.

Kahoo a re etsiseng Jesu. A re tsoeleng pele re bua ka Jehova. Haeba re etsa joalo, re tla thabisa Jehova Molimo hobane re bontša hore re rata lebitso la hae.

Joale a re bale hammoho litemana tse ling tse seng kae ka Bibeleng tse bontšang bohlokoa ba lebitso la Molimo: Esaia 12:4, 5; Matheu 6:9; Johanne 17:6; le Baroma 10:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Na u ne u tseba hore linaleli kaofela li na le mabitso?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Moshe o ile a ithuta thuto efe ea bohlokoa sehlahleng se tukang?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Molimo o ile a tsebahatsa lebitso la hae joang Leoatleng le Lefubelu?

[Litšoantšo tse leqepheng la 30]

Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Molimo. Na u ka supa lebitso la Molimo ka Bibeleng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela