Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 25 maq. 132-136
  • Na Batho ba Etsang Lintho Tse Mpe ba ka Fetoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Batho ba Etsang Lintho Tse Mpe ba ka Fetoha?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Khetha Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Tseleng e Eang Damaseka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 25 maq. 132-136

Khaolo ea 25

Na Batho ba Etsang Lintho Tse Mpe ba ka Fetoha?

NA E ne e ke ke ea e-ba ho babatsehang haeba batho bohle ba ne ba etsa se nepahetseng?— Empa ha ho motho ea etsang se nepahetseng kamehla. Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling re etsa lintho tse mpe, le hoja re batla ho etsa tse ntle?— Ke hobane kaofela ha rōna re tsoetsoe re e-na le sebe. Empa batho ba bang ba etsa lintho tse ngata tse mpe haholo. Ba hloea batho ba bang le ho ba utloisa bohloko ka boomo. Na u nahana hore ba ka fetoha ’me ba ithuta ho etsa se setle?—

Sheba mohlankana enoa ea lebetseng liaparo tsa ka ntle tsa batho ba tlepetsang Setefane ka majoe. Lebitso la hae la Seheberu ke Saule, empa la Seroma ke Pauluse. O thabile hore ebe Setefane, eo e leng morutuoa oa Mosuoe e Moholo, oa bolaoa. A re ke re bone hore na ke hobane’ng ha Saule a etsa lintho tsena tse mpe.

Saule ke setho sa sehlopha sa bolumeli ba Sejuda se bitsoang Bafarisi. Bafarisi ba na le Lentsoe la Molimo, empa ba amehile haholo ka lithuto tsa baeta-pele ba bang ba bona ba bolumeli. Sena se etsa hore Saule a etse lintho tse mpe.

Saule o teng ha Setefane a tšoaroa Jerusalema. Setefane o isoa khotla, moo baahloli ba bang e leng Bafarisi. Le hoja ho buuoa lintho tse mpe ka Setefane, ha aa tšoha. O bua ka sebete ’me o fana ka bopaki bo botle mabapi le Jehova Molimo le Jesu ka pel’a baahloli bao.

Empa baahloli bao ha ba rate seo ba se utloang. Ba se ba ntse ba tseba ho hongata ka Jesu. Ha e le hantle, pejana ho sena, ba ne ba ile ba laela hore Jesu a bolaoe! Empa ka mor’a moo Jehova o ile a khutlisetsa Jesu leholimong. Joale, ho e-na le hore baahloli bana ba fetole litsela tsa bona, ba loantša barutuoa ba Jesu.

Baahloli bana ba tšoara Setefane ba mo isa ka ntle ho motse. Ba mo otla ho fihlela a oela fatše ba ntan’o mo betsa ka majoe. ’Me joalokaha u bona setšoantšong mona, Saule ke eo o shebeletse. O nahana hore ke ntho e loketseng ho bolaea Setefane.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Saule a ne a nahana ka tsela ee?— Saule e bile Mofarisi ka nako e telele, ’me o ne a lumela hore lithuto tsa Bafarisi li nepahetse. O ne a nka banna bao e le mehlala, kahoo a ba etsisa.—Liketso 7:54-60.

Ha Setefane a qeta ho bolaoa, Saule o etsa’ng?— O leka ho tlosa barutuoa ba bang bohle ba Jesu tseleng! O ea malapeng a bona ’me o fihla a hulela banna le basali ka ntle. Ebe o etsa hore ba koalloe chankaneng. Barutuoa ba bangata ba tlameha ho tloha Jerusalema, empa ha ba khaotse ho bolela ka Jesu.—Liketso 8:1-4.

Sena se etsa hore Saule a hloee barutuoa ba Jesu le ho feta. Kahoo o ea ho Moprista ea Phahameng Kaifase hore a mo fe tumello ea ho tšoara Bakreste motseng oa Damaseka. Saule o batla hore a ba tlise Jerusalema e le batšoaruoa e le hore ba ka fuoa kotlo. Empa ha a le tseleng e eang Damaseka, ho etsahala ntho e ’ngoe e makatsang.

Ho hlaha leseli leholimong, ’me lentsoe le re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?” Ke Jesu ea buang a le leholimong! Leseli leo le khanya hoo le foufatsang Saule, ’me batho ba ntseng ba tsamaea le Saule ba tlameha ho mo tataisa ho mo isa Damaseka.

Matsatsi a mararo hamorao Jesu o itlhahisa ka pono Damaseka ho morutuoa e mong oa hae ea bitsoang Ananiase. Jesu o re Ananiase a etele Saule, e le hore a boele a bone, ’me a bue le eena. Ha Ananiase a bua le eena, Saule o amohela ’nete e mabapi le Jesu. O boetse oa bona. O fetola tsela eohle ea hae ea ho phela, ’me e ba mosebeletsi ea tšepahalang oa Molimo.—Liketso 9:1-22.

Na joale ua bona hore na ke hobane’ng ha Saule a ne a etsa lintho tse mpe?— Ke hobane o ne a rutiloe lintho tse fosahetseng. O ne a latetse batho ba sa tšepahaleng ho Molimo. Hape o ne a le sehlopheng sa batho ba etelletsang pele likhopolo tsa batho ho e-na le Lentsoe la Molimo. Empa ke hobane’ng ha Saule a fetola bophelo ba hae ’me a qala ho etsa se nepahetseng, le hoja Bafarisi ba bang ba tsoela pele ho loantša Molimo?— Ke hobane hase hore Saule o hloile ’nete. Kahoo ha a bontšoa se nepahetseng, oa se etsa.

Na ua tseba hore na hamorao Saule e ile ea e-ba mang?— E, o ile a tsebahala e le moapostola Pauluse, moapostola oa Jesu. Hape hopola hore Pauluse o ile a ngola libuka tse ngata tsa Bibele ho feta motho leha e le ofe e mong.

Ho na le batho ba bangata ba kang Saule ba ka fetohang. Empa ha ho bonolo hobane ho na le motho e mong ea sebetsang ka thata ho etsa hore batho ba etse lintho tse mpe. Na ua tseba hore na motho eo ke mang?— Jesu o ile a bua ka eena ha a ne a itlhahisa ho Saule tseleng e eang Damaseka. Moo Jesu o ile a bua le Saule a le leholimong a re: ‘Ke u roma hore u bule batho mahlo, u ba tlose lefifing u ba ise leseling hape u ba ntše matleng a Satane u ba tlise ho Molimo.’—Liketso 26:17, 18.

E, ke Satane Diabolose ea lekang ho etsa hore motho e mong le e mong a etse lintho tse mpe. Na ka linako tse ling u fumana ho le thata ho etsa se nepahetseng?— Kaofela ha rōna re ho fumana ho le thata. Satane o etsa hore ho be thata. Empa ho na le lebaka le leng le etsang hore ka linako tse ling ho se ke ha e-ba bonolo ho etsa se nepahetseng. Na u tseba lebaka leo?— Ke hobane re tsoetsoe re e-na le sebe.

Ke sebe sena se etsang hore hangata ho be bonolo ho etsa se fosahetseng ho e-na le ho etsa se nepahetseng. Kahoo, re lokela ho etsa’ng?— E, re lokela ho loanela ho etsa se nepahetseng. Ha re etsa seo re ka kholiseha hore Jesu, ea re ratang, o tla re thusa.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša lerato ho batho ba neng ba etsa lintho tse mpe empa ba etsa liphetoho. O ne a tseba kamoo ho bileng thata kateng hore ba fetohe. Ka mohlala, ho ne ho e-na le basali ba bang ba neng ba kopanela liphate le banna ba bangata. Ke ’nete hore sena se ne se fosahetse. Bibele e re basali bana e ne e le liotsoa, kapa matekatse.

Ka lekhetlo le leng, e mong oa basali bao o ile a utloela ka Jesu, ’me a tla ho eena ka tlung ea Mofarisi. O ile a tšela oli maotong a Jesu ’me a phumola meokho ea hae e maotong a Jesu ka moriri oa hae. O ne a soabetse libe tsa hae, kahoo Jesu a mo tšoarela. Empa Mofarisi o ne a nahana hore ha aa lokela ho tšoareloa.—Luka 7:36-50.

Na ua tseba hore na Jesu o ile a re’ng ho Bafarisi ba bang?— O ile a re ho bona: ‘Liotsoa li le etella pele ho kena ’musong oa Molimo.’ (Matheu 21:31) Jesu o ile a bua sena hobane liotsoa tsena li ne li e-na le tumelo ho eena ’me li fetotse litsela tsa tsona tse mpe. Empa Bafarisi bona ba ile ba tsoela pele ho etsa lintho tse mpe ho barutuoa ba Jesu.

Ka hona ha Bibele e re bontša hore seo re se etsang se fosahetse, re lokela ho ikemisetsa ho fetoha. ’Me ha re tseba seo Jehova a batlang hore re se etse, re lokela ho thahasella ho se etsa. Kahoo re tla thabisa Jehova ’me o tla re fa bophelo bo sa feleng.

Ho re thusa ho qoba ho etsa se fosahetseng, a re bale hammoho Pesaleme ea 119:9-11; Liproverbia 3:5-7; le 12:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 133]

Ke hobane’ng ha Saule a nahana hore ho nepahetse ho bolaea Setefane?

[Setšoantšo se leqepheng la 135]

Ke mang ea buang le Saule, hona O roma Saule ho ea etsa’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 136]

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tšoarela mosali eo ea ’nileng a etsa lintho tse mpe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela