Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 40 maq. 207-211
  • Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Etsa’ng Hore U be Motsoalle oa Molimo?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Phela ka Tsela e Khahlisang Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jobo o Tšepahala ho Molimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 40 maq. 207-211

Khaolo ea 40

Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng

RE KA etsa’ng ho thabisa Molimo? Na re ka mo fa ntho e itseng?— Jehova o re: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru ke ea ka.” O boetse o re: “Silevera ke ea ka, le khauta ke ea ka.” (Pesaleme ea 24:1; 50:10; Hagai 2:8) Leha ho le joalo, ho na le ho hong hoo re ka ho fang Molimo. Na ua tseba hore na ke’ng?—

Jehova o re lumella hore re ikhethele hore na re tla mo sebeletsa kapa che. Ha a re qobelle hore re etse seo a batlang hore re se etse. A re ke re leke ho bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a entse hore re ikhethele hore na re tla mo sebeletsa kapa che.

Mohlomong ua tseba hore na roboto ke’ng. Ke mochine o etselitsoeng hore o etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo moetsi oa oona a batlang hore o e etse. Kahoo roboto ha e na boikhethelo. Jehova o ne a ka ’na a etsa hore kaofela ha rōna re tšoane le liroboto. O ne a ka ’na a etsa hore re etse feela seo a batlang hore re se etse. Empa Molimo ha aa ka a etsa joalo. Na u tseba lebaka?— Lintho tse ling tsa ho bapala li tšoana le liroboto. Ha ho tobetsoa konopo, li etsa seo moetsi oa tsona a li etselitseng hore li se etse. Na u se u kile ua bona ntho e joalo ea ho bapala?— Hangata batho baa khathala ke ho bapala ka ntho e etsang ntho e le ’ngoe feela eo e etselitsoeng hore e e etse. Molimo ha a batle hore re mo mamele hobane re le liroboto tse etselitsoeng hore li mo sebeletse. Jehova o batla hore re mo sebeletse hobane re mo rata le hobane re batla ho mo mamela.

U nahana hore Ntate oa rōna oa leholimo o ikutloa joang ha re mo mamela hobane re batla ho mo mamela?— Joale ak’u mpolelle, tsela eo u itšoarang ka eona e etsa hore batsoali ba hao ba ikutloe joang?— Bibele e re mora ea bohlale “o thabisa ntat’ae” empa mora ea booatla “ke mesarelo ea ’m’ae.” (Liproverbia 10:1) Na u hlokometse hore ha u etsa seo ’mè oa hao kapa ntate oa hao ba u kōpang hore u se etse, seo sea ba thabisa?— Empa ba ikutloa joang ha u sa ba mamele?—

Joale a re ke re nahane ka Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. O re bolella seo re ka se etsang ho mo thabisa. Ke kōpa u nke Bibele ea hao ebe u phetla Liproverbia 27:11. Moo Molimo o bua le rōna o re: “Mora oa ka [kapa, mohlomong re ka ’na ra boela ra re, morali oa ka], hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” Na ua tseba hore na ho nyelisa motho e mong ke ho etsa’ng?— E, motho a ka ’na a u nyelisa ka ho u tšeha le ho re u sitoa ho etsa seo u itseng u ka se etsa. Satane o nyelisa Jehova joang?— A re ke re bone.

Hopola hore Khaolong ea 8 ea buka ena re ile ra ithuta hore Satane o batla ho ba Nkokonono le hore o batla hore batho bohle ba mo mamele. Satane o re batho ba rapela Jehova feela hobane Jehova a tla ba fa bophelo bo sa feleng haeba ba mo rapela. Ka mor’a hore Satane a etse hore Adama le Eva ba se ke ba mamela Jehova, Satane o ile a phephetsa Molimo. O ile a re ho Molimo: ‘Batho ba u sebeletsa feela ka lebaka la seo u ba fang sona. E-re ke u bontše feela, nka etsa hore motho e mong le e mong a u furalle.’

Ke ’nete hore mantsoe a tšoanang le ao hantle ha a eo ka Bibeleng. Empa ha re bala ka monna e mong ea bitsoang Jobo, hoa hlaka hore Satane o ile a bua ntho e isang moo ho Molimo. Satane le Jehova ba ne ba hlile ba thahasella taba ea hore na Jobo o ne a tšepahala ho Molimo kapa che. A re phetle Libibele tsa rōna ho Jobo khaolo ea 1 le ea 2 ho bona se ileng sa etsahala.

Hlokomela hore khaolong ea 1 Satane o ne a le teng leholimong ha mangeloi a mang a itlhahisa ho Jehova. Kahoo Jehova o ile a botsa Satane a re: “U tsoa hokae?” Satane o ile a araba ka hore o ne a ntse a solla lefatšeng. Kahoo Jehova o ile a mo botsa a re: ‘Na u hlokometse hore Jobo oa ntšebeletsa le hore ha a etse letho le lebe?’—Jobo 1:6-8.

Hona hoo Satane o ile a qala ho ikemela. ‘Jobo o mpa a u sebeletsa feela hobane a se na mathata. Haeba u ka khaotsa ho mo sireletsa le ho mo hlohonolofatsa, o tla u rohaka pontšeng.’ Kahoo Jehova a araba a re: ‘Ho lokile, Satane, u ka etsa Jobo ntho leha e le efe eo u e ratang, empa u se ke ua mo ntša kotsi.’—Jobo 1:9-12.

Satane o ile a etsa’ng?— O ile a etsa hore batho ba utsoe likhomo le litonki tsa Jobo ’me ba bolaee batho ba li hlokomelang. Ha ntan’o otla letolo, la bolaea linku le bahlokomeli ba tsona. Ka mor’a moo, batho ba tla ’me ba utsoa likamele le ho bolaea batho ba li hlokomelang. Qetellong, Satane a etsa hore ho be le sefefo se ileng sa heletsa ntlo eo bana ba leshome ba Jobo ba neng ba le ka ho eona, ’me ba shoa kaofela ha bona. Le har’a tsena tsohle, Jobo o ile a ’na a tsoela pele ho sebeletsa Jehova.—Jobo 1:13-22.

Ha Jehova a boela a bona Satane, Jehova o ile a bolela kamoo Jobo a ntseng a tšepahala kateng. Satane o ile a ikemela ka ho re: ‘Haeba u ka ntumella feela hore ke mo utloise bohloko ’meleng, o tla u rohaka pontšeng.’ Kahoo Jehova o ile a lumella Satane hore a utloise Jobo bohloko ’meleng, feela a mo lemosa hore a se ke a bolaea Jobo.

Satane o ile a hlokofatsa Jobo ka ho etsa hore ’mele oohle oa hae o tlale liso. Liso tsena li ne li nkha habohloko hoo ho neng ho se motho ea batlang ho atamela haufi le eena. Esita le mosali oa Jobo o ile a re ho eena: “Rohaka Molimo ’me u shoe!” Batho ba neng ba iketsa eka ke metsoalle ea Jobo ba ile ba mo etela ’me ba mo nyahamisa le ho feta ka ho re e tlameha ebe o entse lintho tse mpe ha e le mona a tleloa ke khathatso ena eohle. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata le bohloko boo Satane a ileng a bo bakela Jobo, Jobo o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.—Jobo 2:1-13; 7:5; 19:13-20.

U nahana hore botšepehi ba Jobo bo ile ba etsa hore Jehova a ikutloe joang?— Bo ile ba mo thabisa hobane Jehova o ne a ka re ho Satane: ‘Bona Jobo! O ntšebeletsa hobane a batla ho ntšebeletsa.’ Na le uena u tla tšoana le Jobo, u be motho eo Jehova a ka mo supang e le mohlala ho paka hore Satane o leshano?— Ha e le hantle, ke tokelo ho fana ka karabo qosong ea Satane ea hore a ka furallisa leha e le mang ho sebeletsa Jehova. Ka sebele, Jesu o ile a ho nka e le tokelo.

Ha ho mohla Mosuoe e Moholo a kileng a lumella Satane hore a Mo etsise ntho e fosahetseng. Ak’u nahane kamoo mohlala oa hae o ileng oa thabisa Ntate oa hae kateng! Jehova o ne a ka supa Jesu ’me a araba Satane a re: ‘Bona Mora oa ka! O lutse a tšepahala ka ho feletseng ho ’na hobane a nthata!’ Hape ak’u nahane kamoo Jesu a thabelang kateng ho thabisa pelo ea Ntate oa hae. Ka lebaka la thabo eo, Jesu o bile a mamella lefu thupeng ea tlhokofatso.—Baheberu 12:2.

Na u batla ho tšoana le Mosuoe oa rōna e Moholo ’me u thabise Jehova?— Joale tsoela pele u ithuta ka seo Jehova a batlang hore u se etse, ’me u mo thabise ka ho se etsa!

Bala ka seo Jesu a ileng a se etsa ho thabisa Molimo le ka seo le rōna re lokelang ho se etsa, ho Liproverbia 23:22-25; Johanne 5:30; 6:38; 8:28; le 2 Johanne 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 207]

Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a etsa hore re tšoane le roboto ee?

[Setšoantšo se leqepheng la 208]

U ka thabisa Jehova le batsoali ba hao joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 209]

Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Satane o ile a phephetsa Jehova joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 210]

Jobo o ile a mamella eng, hona ke hobane’ng ha see se ile sa thabisa Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela