Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bhs khao. 12 maq. 124-134
  • U ka Etsa’ng Hore U be Motsoalle oa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng Hore U be Motsoalle oa Molimo?
  • Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bala le Seo Bibele e se Rutang (bh)
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA O SIRELETSA METSOALLE EA HAE
  • SATANE O QOSA BATHO
  • SATANE O HLASELA JOBO
  • LE UENA SATANE OA U QOSA
  • MAMELA LITAELO TSA JEHOVA
  • ITHUTE HO RATA LINTHO TSEO MOLIMO A LI RATANG
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Jobo o Ile a Mamella—Le Rōna Re ka Mamella!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
bhs khao. 12 maq. 124-134

KHAOLO EA 12

U Ka Etsa’ng Hore U Be Motsoalle Oa Molimo?

1, 2. E meng ea metsoalle ea Jehova e ne e le bo-mang?

KE MOTHO ea joang eo u ka ratang hore e be motsoalle oa hao? Ke motho eo u mo ratang, eo le bonang lintho ka tsela e tšoanang, ea mosa le ea nang le makhabane ao u a ratang.

2 Ho na le batho ba bang bao e neng e le metsoalle ea Molimo. Ka mohlala, Abrahama e ne e le e mong oa bona. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Jehova o ne a boetse a rata Davida. O ile a re Davida ‘ke monna ea ratoang ke pelo ea hae.’ (Liketso 13:22) Moprofeta Daniele o ne ‘a khahleha haholo’ ho Jehova.—Daniele 9:23.

3. Ke hobane’ng ha Abrahama, Davida le Daniele e ile ea e-ba metsoalle ea Jehova?

3 Ho tlile joang hore Abrahama, Davida le Daniele e be metsoalle ea Jehova? Jehova o ile a re ho Abrahama: “U mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:18) Jehova e ba motsoalle oa batho ba mo mamelang. Batho bohle e ka ba metsoalle ea hae. O ile a bua le Baiseraele a re: “Mamelang lentsoe la ka, ’me ke tla ba Molimo oa lōna, ’me le tla ba sechaba sa ka.” (Jeremia 7:23) Kahoo, le uena u lokela ho mamela Jehova haeba u batla ho ba motsoalle oa hae.

JEHOVA O SIRELETSA METSOALLE EA HAE

4, 5. Jehova o sireletsa metsoalle ea hae joang?

4 Bibele e re Jehova o batla ho ‘bontša matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.’ (2 Likronike 16:9) Ho Pesaleme ea 32:8, Jehova o re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”

5 Ho na le sera se matla se batlang ho re thibela ho ba metsoalle ea Molimo. Empa Jehova o batla ho re sireletsa. (Bala Pesaleme ea 55:22.) Kaha re metsoalle ea Jehova, re mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa rona. Rea mo tšepahalla le maemong a boima ’me re mo tšepa joalokaha mopesaleme a ne a mo tšepa. O ile a bua ka Jehova a re: ‘Kahobane o ka letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.’ (Pesaleme ea 16:8; 63:8) Satane o etsa’ng ho leka ho re thibela hore re se ke ra ba metsoalle ea Molimo?

SATANE O QOSA BATHO

6. Satane o qosa batho ka eng?

6 Khaolong ea 11, re ithutile hore Satane o ile a qosa Jehova ka hore o leshano ebile o khopo. O ne a nka hore Jehova o lokela ho tlohella Adama le Eva hore ba ipuse. Buka ea Jobo e re Satane o boetse o qosa batho ba batlang ho ba metsoalle ea Molimo. O re ba sebeletsa Molimo hobane feela a ba hlohonolofatsa, eseng hobane ba mo rata. Ebile o re a ka etsa hore motho leha e le ofe a khaotse ho sebeletsa Molimo. A re bone hore na re ithuta’ng tabeng ea Jobo le hore na Jehova o ile a mo sireletsa joang.

7, 8. (a) Jehova o ne a ikutloa joang ka Jobo? (b) Satane o ile a re’ng ka Jobo?

7 Jobo ke mang? Ke monna ea lokileng ea phetseng lilemo tse ka bang 3 600 tse fetileng. Ho ne ho se na motho ea tšoanang le eena lefatšeng. O ne a hlompha Molimo haholo ’me a hloile lintho tseo Jehova a li hloileng. (Jobo 1:8) Ha e le hantle, Jobo e ne e le motsoalle oa Jehova.

8 Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Jehova hobane feela a shebile ho hlohonolofatsoa. O ile a bua le Jehova a re: “Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona? U hlohonolofalitse mosebetsi oa matsoho a hae, ’me liphoofolo tsa hae tse ruiloeng li hasane hohle lefatšeng. Empa, ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:10, 11.

9. Jehova o ile a lumella Satane hore a etse’ng?

9 Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Jehova hobane feela a mo hlohonolofalitse. A boela a re a ka etsa hore Jobo a khaotse ho sebeletsa Jehova. Jehova ha aa ka a lumellana le Satane, empa o ile a mo tlohella hore a leke Jobo e le hore ho hlake hore na Jobo o sebeletsa Jehova hobane a mo rata kapa che.

SATANE O HLASELA JOBO

10. Satane o ile a hlasela Jobo joang, hona Jobo o ile a etsa’ng?

10 Satane o ile a qala ka ho etsa hore liphoofolo tse ling tsa Jobo li utsuoe ’me tse ling a li bolaea. Ka mor’a moo a bolaea bahlanka ba Jobo ba bangata. Jobo o ile a lahleheloa ke sohle. Satane o ile a qetella ka ho bolaea bana ba Jobo ba leshome ka sefefo. Empa Jobo o ile a lula a tšepahalla Jehova. “Ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.”—Jobo 1:12-19, 22.

Jobo le lelapa la hae le thabileng

Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo kaha o ne a tšepahala

11. (a) Satane o ile a boela a hlasela Jobo joang? (b) Jobo o ile a etsa’ng?

11 Satane ha aa ka a tela. O ile a bua le Molimo a re: ‘Ama lesapo la hae le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.’ (Jobo 2:5, 7) Kahoo, Satane o ile a otla Jobo ka boloetse bo bohloko. Empa Jobo o ile a tsoela pele a tšepahalla Jehova. O ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na [kapa ka khaotsa ho tšepahala] ho fihlela ke shoa!”—Jobo 27:5.

12. Jobo o ile a paka joang hore Satane o leshano?

12 Jobo o ne a sa tsebe letho ka liqoso tsa Satane le hore na ke hobane’ng ha a hlaheloa ke lintho tse bohloko. O ne a nahana hore ke Jehova ea mo bakelang mathata. (Jobo 6:4; 16:11-14) Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahalla Jehova. Ho ile ha hlaka hore e ne e se moithati. O ne a rata Molimo ’me e le motsoalle oa hae. Liqoso tsohle tsa Satane e ne e le leshano.

13. Ho tšepahala ha Jobo ho ile ha fella ka eng?

13 Le hoja Jobo a ne a sa tsebe se etsahalang leholimong, o ile a tšepahalla Molimo ’me a bontša hore Satane o khopo. Kaha Jobo e ne e le motsoalle ea tšepahalang, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.—Jobo 42:12-17.

LE UENA SATANE OA U QOSA

14, 15. Satane o qosa batho bohle ka ho re’ng?

14 U ka ithuta thuto ea bohlokoa ho se etsahalletseng Jobo. Satane o re qosa ka hore re sebeletsa Jehova hobane feela re shebile hore a re hlohonolofatse. Ho Jobo 2:4, Satane o re: “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” Kahoo, Satane o ne a sa qose Jobo feela, empa o ne a qosa le batho bohle ka hore ke baithati. Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Jobo, Satane o ne a ntse a nyefola Jehova le ho qosa bahlanka ba hae. Ka mohlala, Liproverbia 27:11 e re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”

15 U ka khetha ho mamela Jehova le ho ba motsoalle oa hae ’me u bontše hore Satane o leshano. E le hore u be motsoalle oa Molimo, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse kholo bophelong ba hao ’me ho li etsa ho tla u tsoela molemo haholo. Ho bohlokoa haholo ho li etsa. Satane o re u ke ke oa tšepahalla Molimo ha u ba le mathata ebile o leka ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Molimo.

16. (a) Satane o sebelisa mekhoa efe ho leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova? (b) Diabolose a ka ’na a etsa’ng ho leka ho u thibela ho sebeletsa Jehova?

16 Satane o sebelisa mekhoa e mengata ho leka ho re sitisa ho ba metsoalle ea Molimo. O hlasela “joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) U se ke oa makala ha metsoalle, beng ka uena kapa batho ba bang ba leka ho u thibela ho ithuta Bibele le ho mamela likeletso tsa eona. U ka ’na oa utloa eka oa hlaseloa.a (Johanne 15:19, 20) Satane o boetse o ikhakanya joaloka “lengeloi la leseli.” Kahoo, a ka ’na a leka ho re khelosa hore re se ke ra mamela Jehova. (2 Bakorinthe 11:14) Hape, Satane o leka ho re sitisa ho ba metsoalle ea Jehova ka ho etsa hore re nyahame ’me re se ke ra batla ho sebeletsa Molimo.—Liproverbia 24:10.

MAMELA LITAELO TSA JEHOVA

17. Ke hobane’ng ha re mamela Jehova?

17 Ha re mamela Jehova, re bontša hore Satane o leshano. Ke’ng e tla re thusa hore re mo mamele? Bibele e re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5) Re mamela Jehova hobane re mo rata. Ha re ntse re rata Jehova le ho feta, re tla mo mamela. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

18, 19. (a) Ke lintho life tse ling tseo Jehova a reng li fosahetse? (b) Re tseba joang hore Jehova ha a re laele ho etsa lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa?

18 Ke lintho life tseo Jehova a reng li fosahetse? Ho thathamisitsoe tse ling tsa tsona lebokoseng le reng: “Hloea Lintho Tseo Jehova a li Hloileng.” Qalong u ka ’na oa nahana hore tse ling tsa lintho tsena ha li mpe hakaalo. Empa ha u bala litemana tsa Bibele tse bontšitsoeng ’me u nahanisisa ka tsona, u tla bona hore ho molemo ho mamela melao ea Jehova. U ka ’na oa elelloa hore u lokela ho etsa liphetoho tse itseng bophelong. Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa liphetoho ka linako tse ling, ha u li etsa u tla thaba hobane u le motsoalle oa Molimo. (Esaia 48:17, 18) Re tseba joang hore re ka khona ho etsa liphetoho tsee?

19 Le ka mohla Jehova a ke ke a re laela hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. (Deuteronoma 30:11-14) Kaha ke motsoalle oa sebele, o re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng. O tseba lintho tseo re ka khonang ho li etsa le tseo re ka hlolehang ho li etsa. (Pesaleme ea 103:14) Moapostola Pauluse o re: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Re ka kholiseha hore kamehla Jehova o tla re fa matla a ho etsa se nepahetseng. O tla u fa “matla a fetang se tloaelehileng” ho u thusa hore u mamelle mathata. (2 Bakorinthe 4:7) Ka mor’a hore Jehova a thuse Pauluse ho mamella mathata, Pauluse o ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.

ITHUTE HO RATA LINTHO TSEO MOLIMO A LI RATANG

20. Re lokela ho ba le makhabane afe, hona hobane’ng?

20 Haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova, re lokela ho khaotsa ho etsa lintho tseo Jehova a reng li fosahetse. (Baroma 12:9) Empa re lokela ho rata lintho tseo Molimo a li ratang. Li boletsoe ho Pesaleme ea 15:1-5. (E bale.) Re lokela ho ba le makhabane ao Jehova a nang le ona, a kang ‘lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro.’—Bagalata 5:22, 23.

21. U lokela ho etsa’ng e le hore u be le makhabane ao Molimo a nang le ’ona?

21 U ka etsa’ng hore u be le makhabane aa? U lokela ho bala le ho ithuta Bibele kamehla e le hore u tsebe hore na Jehova o batla hore u itšoare joang. (Esaia 30:20, 21) Ha u ntse u ithuta eona, u tla rata Jehova le ho feta ’me u tla mo mamela.

22. Ho tla etsahala’ng haeba u mamela Jehova?

22 Liphetoho tseo u ka ’nang oa lokela ho li etsa bophelong li ka tšoana le ha u hlobola liaparo tsa khale ’me u apara tse ncha. Bibele e re u lokela ‘ho hlobola botho ba khale ’me u apare bo bocha.’ (Bakolose 3:9, 10) Le hoja re ka ’na ra thatafalloa ho etsa liphetoho tsena le ho mamela Jehova, o tšepisa hore o tla re putsa haholo. (Pesaleme ea 19:11) Ka hona, khetha ho mamela Jehova ’me u bontše hore Satane o leshano. Sebeletsa Jehova hobane u mo rata, eseng hobane u batla hore a u hlohonolofatse. Ka tsela eo, u tla ba motsoalle oa hae.

a Ha se hore Satane ke eena ea laolang batho ba lekang ho u thibela ho ithuta Bibele. Empa Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” ’me ‘lefatše lohle le rapaletse matleng a hae.’ Kahoo, ha ho makatse ha batho ba bang ba leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova.—2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19.

HLOEA LINTHO TSEO JEHOVA A LI HLOILENG

  • Ho bolaea

    Exoda 20:13; 21:22, 23

  • Boitšoaro bo bobe

    Levitike 20:10, 13, 15, 16; Baroma 1:24, 26, 27, 32; 1 Bakorinthe 6:9, 10

  • Ho sebelisana le bademona

    Deuteronoma 18:9-13; 1 Bakorinthe 10:21, 22; Bagalata 5:20, 21

  • Ho rapela litšoantšo

    1 Bakorinthe 10:14

  • Botahoa

    1 Bakorinthe 5:11

  • Ho utsoa

    Levitike 6:2, 4; Baefese 4:28

  • Ho bua leshano

    Liproverbia 6:16, 19; Bakolose 3:9; Tšenolo 22:15

  • Meharo

    1 Bakorinthe 5:11

  • Ntoa

    Pesaleme ea 11:5; Liproverbia 22:24, 25; Malakia 2:16; Bagalata 5:20, 21

  • Ho seba batho le ho rohakana

    Levitike 19:16; Baefese 5:4; Bakolose 3:8

  • Ho tšeloa mali le ho a ja

    Genese 9:4; Liketso 15:20, 28, 29

  • Ho se batle ho hlokomela lelapa

    1 Timothea 5:8

  • Ho kenella lintoeng kapa lipolotiking

    Esaia 2:4; Johanne 6:15; 17:16

  • Ho tsuba le ho sebelisa lithethefatsi hampe

    Mareka 15:23; 2 Bakorinthe 7:1

KAKARETSO

MOLAETSA OA BIBELE 1: RE LOKELA HO MAMELA JEHOVA E LE HORE RE BE METSOALLE EA HAE

“Mamelang lentsoe la ka, ’me ke tla ba Molimo oa lōna, ’me le tla ba sechaba sa ka.”—Jeremia 7:23

Na re ka khona ho ba metsoalle ea Jehova?

  • Genese 22:18; Jakobo 2:23

    Abrahama e ile ea e-ba motsoalle oa Jehova hobane o ne a mamela Jehova a bile a e-na le tumelo.

  • 2 Likronike 16:9

    Jehova o tla thusa batho ba mo mamelang.

  • Pesaleme ea 25:14; 32:8

    Jehova o thusa metsoalle ea hae hore e utloisise Lentsoe la hae.

  • Pesaleme ea 55:22

    Jehova o tla thusa metsoalle ea hae ha e le mathateng.

MOLAETSA OA BIBELE 2: JOBO E NE E LE MOTSOALLE OA MOLIMO ’ME O ILE A LULA A TŠEPAHALA

“Ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.”—Jobo 1:22

Satane o ile a hlasela Jobo joang, hona Jobo o ile a etsa’ng?

  • Jobo 1:10, 11

    Satane o ile a re Jobo o ne a icheba boeena ebile o ne a sa rate Molimo.

  • Jobo 1:12-19; 2:7

    Jehova o ile a tlohella Satane hore a nke lintho tsohle tsa Jobo. Satane o ile a ba a etsa hore Jobo a tšoaroe ke lefu le tšosang.

  • Jobo 27:5

    Jobo o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a ne a hlaheloa ke mathata a mangata hakaalo, empa o ile a lula a tšepahalla Jehova.

MOLAETSA OA BIBELE 3: SATANE O BATLA HO ETSA HORE U SE KE OA RATA JEHOVA

“Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.”—Jobo 2:4

Satane o etsa’ng ho senya setsoalle sa rona le Jehova?

  • 2 Bakorinthe 11:14

    Satane o leka ho re qhekella e le hore re se ke ra mamela Jehova.

  • Liproverbia 24:10

    Satane o etsa hore re nyahame ’me re se ke ra batla ho sebeletsa Molimo.

  • 1 Petrose 5:8

    Satane oa re hlasela.

  • Liproverbia 27:11

    Khetha ho mamela Jehova le ho ba motsoalle oa hae ’me u bontše hore Satane o leshano.

MOLAETSA OA BIBELE 4: RE MAMELA JEHOVA HOBANE RE MO RATA

“Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.”—1 Johanne 5:3

U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Jehova?

  • Deuteronoma 6:5

    Bontša hore u rata Jehova e le hore u tle u khone ho mo mamela.

  • Esaia 48:17, 18

    Ho mamela Jehova ho tla u tsoela molemo.

  • Deuteronoma 30:11-14

    Jehova a ke ke a u laela hore u etse ntho eo u ke keng oa khona ho e etsa.

  • Bafilipi 4:13

    Jehova o tla u fa matla a ho etsa se nepahetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela