Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr maq. 6-7
  • Seo Bana ba se Hlokang ho Batsoali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Bana ba se Hlokang ho Batsoali
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr maq. 6-7

Seo Bana ba se Hlokang ho Batsoali

MOTSOALI e mong le e mong o kopanela ketsahalong eo ho leng thata hore batho ba e utloisise ka ho feletseng. E mong le e mong oa bona o nehelana ka karolo e itseng ea hae. Ka lebaka leo, se hōlang ka hare ho ’mè ke motho ea feletseng ea phelang. Kahoo, hase ho makatsang hore ebe ha ngoana a hlaha, batho ba bua ka ketsahalo eo e le “mohlolo oa tsoalo.”

Ha e le hantle, ho ba le bana e mpa e le qalo feela ea mosebetsi oa batsoali. Qalong, masea a batla a itšetlehile ka ho feletseng ka batsoali ba ’ona, empa ha a ntse a hōla, ha a sa hloka ho hlokomeloa ’meleng feela. A hloka ho thusoa ho hōla kelellong, maikutlong, boitšoarong le moeeng.

E le hore ba hōle ka tsela e atlehileng, bana ka ho khetheha ba hloka lerato la batsoali. Le hoja ho ba bolella ka molomo hore ua ba rata e le habohlokoa, ho hlokahala liketso ho tšehetsa mantsoe ao. E, bana ba hloka ho beheloa mohlala o motle ke batsoali. Ba hloka tataiso ea boitšoaro le melao-motheo eo ba tla phela ka eona. ’Me ba e hloka ho tloha ha ba sa le lilemong tse tlaase. Ho ka etsahala lintho tse utloisang bohloko ’me ha e le hantle lia etsahala ha bana ba sa thusoe ho fihlela ba se ba hōlile.

Melao-motheo e molemo ka ho fetisisa e ka fumanoa ka Bibeleng. Taeo e thehiloeng Bibeleng e molemo ka tsela e ikhethang. Ka taeo e joalo, bana ba qala ho hlokomela hore seo ba se bolelloang ha se itsoele feela ho motho ea itseng, empa ke seo ’Mōpi oa bona, Ntate oa bona oa leholimo, a se buang. Sena se etsa hore taeo e be le matla ao ho seng a ka lekanngoang le ’ona.

Bibele e khothalletsa batsoali hore ba sebetse ka thata ho hatisa melao-motheo e nepahetseng likelellong tsa bana ba bona. Leha ho le joalo, ha bana ba ntse ba hōla, batsoali ba fumana hore ho ea ho ntse ho thatafala ho buisana le bona ka lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. Buka ena, Ithute ho Mosuoe e Moholo, e reretsoe ho thibela seo hore se se ke sa etsahala. E tla fa batsoali le bana ba bona boitsebiso ba moea boo ba ka bo balang hammoho. Empa ho feta moo, e tla khothalletsa puisano pakeng tsa bana le batho ba balang buka ena le bona.

U tla hlokomela hore buka ena e hloka hore bana ba arabele. Buka ena e na le lipotso tse ngata tse loketseng. Ha u fihla ho tsona, u tla bona motoa (—). O tla u hopotsa hore u khefutse ’me u khothalletse ngoana hore a itlhalose. Bana ba rata ho kenyelletsoa tabeng. Ha ngoana a sa kenyelletsoe tabeng, o tla felloa ke thahasello kapele.

Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta ke hore lipotso tsena li tla u thusa ho tseba seo ngoana a se nahanang. Ke ’nete hore ngoana a ka ’na a fana ka likarabo tse sa nepahalang. Empa boitsebiso bo tlang ka mor’a potso ka ’ngoe bo reretsoe ho thusa ngoana hore a hlaolele tsela e molemo ea ho nahana.

Tšobotsi e ikhethang ea buka ena ke litšoantšo tsa eona tse fetang 230. Boholo ba tsona li na le mantsoe a tsamaisanang le tsona a hlokang hore ngoana a ntše maikutlo a hae, a itšetlehile ka seo a se bonang le seo a se balileng. Kahoo hlahloba litšoantšo tseo le ngoana. Li ka thusa haholo tabeng ea ho ruta le ho hatisa lithuto tsa bohlokoa tse rutoang.

Ha ngoana a ithuta ho bala, mo khothalletse hore a u balle buka le hore a ipalle eona. Ha a ntse a e bala khafetsa, keletso ea eona e molemo e tla hatiseha haholoanyane kelellong le pelong ea hae. Empa, e le hore u matlafatse maqhama a lerato le tlhompho pakeng tsa hao le ngoana oa hao, u lokela ho bala buka ena le eena le hona kamehla.

Bana ba pepeselitsoe boitšoaro bo sa lokang ba ho kopanela liphate, tšebelisano le meea le mekhoa e meng e silafatsang, ka tsela eo ho neng ho se motho ea neng a ka e nahana lilemong tse seng kae tse fetileng. Kahoo ba hloka ho sireletsoa, e leng seo buka ena e se etsang ka tsela e hlomphehang empa e le e tobileng. Leha ho le joalo, bana ka ho khetheha ba hloka ho lebisoa ho Mohloli oa bohlale bohle, e leng Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo. Sena ke sona seo Jesu, Mosuoe e Moholo, a neng a lula a se etsa. Re tšepa ka tieo hore buka ena e tla u thusa, uena le ba lelapa la hao, ho fetola bophelo ba lōna e le hore e be bo khahlisang Jehova, e leng ho tla le tlisetsa tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela