Ho Tloha Egepeta ho ea Naheng e Tšepisitsoeng
HOHLE batho ba tseba ka taba ea Ho Falla Egepeta. Empa Moshe le batho ba Molimo ba ne ba letetsoe ke eng ka mor’a ho tšela Leoatle le Lefubelu? Ba ile ba ea hokae, ’me ba tšela Nōka ea Jordane joang e le hore ba ka kena Naheng e Tšepisitsoeng?
Pakane ea bona e ne e le ho kena naheng ea Kanana, empa Moshe ha aa ka a khetha tsela e khaoletsang—e ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 400 e sikang le lebōpo le lehlabathe—e leng ho ka beng ho entse hore ba fete naheng ea lira ea Filistia. Ebile ha aa ka a tsamaea le khubung ea naha e bataletseng ea Hloahloa ea Sinai, moo ho neng ho chesa haholo ’me ho omeletse. Che, Moshe o ile a lebisa sechaba boroa, ho theosa le lebōpo la leoatle le nammeng le patisaneng. Sebaka seo ba ileng ba hloma litente ho sona ka lekhetlo la pele ke Mara, moo Jehova a ileng a etsa hore metsi a babang a be monate.a Ka mor’a hore ba tlohe Elime batho ba ile ba belaela ka lijo; Molimo a romela likoekoe hamorao a romela manna. Ha ba le Refidime, batho ba boela ba belaela ka metsi, Baamaleke ba hlaselang ba hlōloa, ’me mohoe oa Moshe a mo khothalletsa ho batla thuso ho banna ba nang le litšoaneleho tse hlokahalang.—Ex, khao. 15-18.
Ka mor’a moo Moshe a lebisa Baiseraele lithabeng ho ella ka boroa, ba hloma litente Thabeng ea Sinai. Ha ba le moo, batho ba Molimo ba amohela Molao, ba haha tabernakele le ho etsa mahlabelo. Selemong sa bobeli, ba leba leboea ba tsamaea ho pholletsa le “lefeella . . . lohle le leholo le tšosang,” e leng leeto le eang Kadeshe (Kadeshe-barnea), kamoo ho bonahalang kateng ba nkile matsatsi a 11. (De 1:1, 2, 19; 8:15) Ka lebaka la ho tšosoa ke litlaleho tse nyahamisang tsa lihloela tse leshome, batho ba ile ba tlameha ho lelera ka lilemo tse 38. (Nu 13:1–14:34) Libaka tse ling tseo ba ileng ba emisa ho tsona li akarelletsa Abrona le Ezione-gebere, eaba ba khutlela Kadeshe.—Nu 33:33-36.
Ha ho fihla nako ea hore Baiseraele ba kene Naheng e Tšepisitsoeng ha baa ka ba leba leboea. Tsela eo ba tsamaileng ka eona e ile ea etsa hore ba fete le motse-moholo oa Edomo ba kene “tseleng ea morena,” e leng Tsela e Khōlō ea Morena. (Nu 21:22; De 2:1-8) Ho ne ho se bonolo hore sechaba sohle—se nang le bana, liphoofolo le litente—se tsamaee tseleng ena. Ba ne ba tlameha ho theosa le ho nyolosa ba tsoa likhohlong tse tšosang—ea Zerede le ea Arnone (tse ka bang botebo ba limithara tse 520).—De 2:13, 14, 24.
Qetellong, Baiseraele ba fihla Thabeng ea Nebo. Miriame o ne a shoeletse Kadeshe ’me Arone a shoeletse Thabeng ea Hore. Moshe eena a shoa a le lintšing tsa naha eo a neng a lakatsa ho kena ho eona. (De 32:48-52; 34:1-5) Joshua a jara boikarabelo ba ho etella Baiseraele pele ho kena naheng eo, e leng se ileng sa phetha leeto le qaliloeng lilemong tse 40 tse fetileng.—Jos 1:1-4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho tsejoe hantle hore na libaka tse ngata tseo ba ileng ba hloma litente ho tsona li ne li le hokae.
[Lebokose leqepheng la 8]
LIBUKA TSA BIBELE TSE NGOTSOENG HO TLOHA KA NAKO ENA:
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Jobo
Lipesaleme (karolo e itseng)
[’Mapa o leqepheng la 9]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Tsela ea ho Falla
Tsela eo Baiseraele ba Tsamaileng ka Eona
A7 EGEPETA
A5 Ramsese?
B5 Sukothe?
C5 Ethame?
C5Pihahirothe
D6 Mara
D6 Elime
E6 LEFEELLA LA SINE
E7 Dofeka
F8 Refidime
F8 Thaba ea Sinai (Horebe)
F8 LEFEELLA LA SINAI
F7 Kibrothe-hatava
G7 Hazerothe
G6 Rimone-pereze
G5 Risa
G3 Kadeshe
G3 Bene-jakane
G5 Hore-hagidegade
H5 Jotbatha
H5 Abrona
H6 Ezione-gebere
G3 Kadeshe
G3 LEFEELLA LA ZINE
H3 Thaba ea Hore
H3 Zalmona
I3 Punone
I3 Iye-abarime
I2 MOABE
I1 Dibone
I1 Almone-diblathaime
H1 Jeriko
[Libaka tse ling]
A3 GOSHENE
A4 One
A5 Memfise (Nofe)
B3 Zooane
B3 Takpanese
C5 Migdole
D3 SHURE
D5 LEFEELLA LA ETHAME
F5 LEFEELLA LA PARANE
G1 FILISTIA
G1 Ashdode
G2 Gaza
G2 Beerseba
G3 Azmone
G3 NEGEBE
H1 Jerusalema
H1 Hebrone (Kiriathe-arba)
H2 Arade (Mokanana)
H4 SEIRE
H4 EDOMO
I7 MIDIANE
Litsela Tse Khōlō
Tsela e Eang Naheng ea Bafilista
Tsela e Eang Shure
I4 Tsela ea Morena
Tsela ea Sehlopha sa Batsamai
Tsela ea El Haj
[Lithaba]
F8 Thaba ea Sinai (Horebe)
H3 Thaba ea Hore
I1 Thaba ea Nebo
[Moo ho Nang le Metsi]
E2 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
D7/G7 Leoatle le Lefubelu
I1 Leoatle la Letsoai
[Linōka le melapo]
A6 Nōka ea Nile
F3 P.M.P. ea Egepeta
I2 Arnone
I3 Zerede
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Sehlopha sa batsamai se ile sa tšela Hloahloa ea Sinai
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Baiseraele ba ile ba hloma litente ka pel’a Thaba ea Sinai
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Metsi a ne a fumaneha lilibeng tsa Kadeshe kapa pel’a eona
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Baiseraele bohle ba ile ba lokela ho tšela phula ea molapo o phoroselang ea Arnone