Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gl maq. 32-33
  • Bokreste bo Namela Linaheng Tse Ling

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste bo Namela Linaheng Tse Ling
  • ‘Bona Naha e Ntle’
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mebuso e Hlasela Naha e Tšepisitsoeng
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Linaha Tsa Bibele
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Greece le Roma li Susumetsa Bajuda
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Batho ba Molimo ba Khutlela Naheng ea Habo Bona
    ‘Bona Naha e Ntle’
Bala Tse Ling
‘Bona Naha e Ntle’
gl maq. 32-33

Bokreste bo Namela Linaheng Tse Ling

HA A le Thabeng ea Mehloaare haufi le Bethani, Jesu o ile a laela hore ho etsoe mosebetsi oa boboleli o neng o tla fetola histori ea lefatše. O ne o tla qala lik’hilomithara tse ka bang tharo ho ea ka bophirimela—Jerusalema. Molaetsa oo o ne o tla phatlalatsoa ho ea fihla Judea le Samaria e haufi, ’me qetellong o fihle “karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Lik 1:4, 8, 12.

Ka mor’a nako e khutšoanyane Jesu a buile mantsoe ao, Moketeng oa Pentekonta ho ile ha e-ba teng Bajuda le basokolohi ba tsoang ’Musong oohle oa Roma, ba tsoa libakeng tse bontšitsoeng ’mapeng. Seo moapostola Petrose a ileng a ba bolella sona letsatsing leo se ile sa betla tsela ea hore Bokreste bo phatlalatsoe ka potlako.—Lik 2:9-11.

Ho Nama ha Bokreste

Kapele mahloriso a Jerusalema a ile a etsa hore balateli ba Kreste ba hasane. Petrose le Johanne ba ile ba thusa Basamaria ho utloa litaba tse molemo le ho li amohela. (Lik 8:1, 4, 14-16) Ka mor’a hore Filipi a pakele Moethiopia tseleng e sa tsamauoeng “e tsoang Jerusalema e eang Gaza,” Bokreste bo ile ba phatlalatsoa ho ea fihla Afrika. (Lik 8:26-39) Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, molaetsa oo o ile oa hlahisa litholoana Lyda, e Thoteng ea Sharone le koung ea Jopa. (Lik 9:35, 42) Ha Petrose a tloha moo o ile a ea Cesarea ’me a thusa ofisiri ea Moroma Korneliase, beng ka eena le metsoalle ea hae hore e be Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea.—Lik 10:1-48.

Maeto a Pauluse

Pauluse, eo pele e neng e le mohlorisi, e ile ea e-ba moapostola lichabeng. O ile a pholletsa har’a naha ’me a tsamaea ka sekepe maetong a mararo a boromuoa le leetong le eang Roma. Moapostola le ba bang ba ile ba phatlalatsa litaba tse molemo litsing tse ngata tsa ’Muso oa Roma. Pauluse o ne a labalabela ho fihla Spain (Bona leqephe la 2.), ’me Petrose o ile a sebeletsa ho ea fihla ka bochabela Babylona. (1Pe 5:13) Kannete, tlas’a boeta-pele bo mafolofolo ba Kreste, balateli ba hae ba ile ba phatlalatsa Bokreste hohle. Ka 60/61 C.E., ‘litaba tse molemo li ne li boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Kol 1:6, 23) Ho tloha ka nako eo, ka sebele litaba tsena tse molemo li fihlile “karolong e hōle-hōle ea lefatše.”

[Lebokose le leqepheng la 32]

BA NE BA TSOA . . . 

Bajuda le basokolohi ba ileng ba utloa litaba tse molemo ka Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba tsoa Parthia, Media, Elame, Mesopotamia, Judea, Kapadosia, Pontase, Asia, Frigia, Pamfilia, Egepeta, Libya, Roma, Kreta le Arabia. Ba bangata ba ile ba kolobetsoa. U nahana hore ba ile ba etsa’ng ha ba khutlela hae?

[Lebokose le leqepheng la 33]

LIPHUTHEHO TSE SUPILENG

Jesu o ile a romela melaetsa liphuthehong tse supileng tsa Asia Minor. Hlokomela hore na li ne li le hokae: Efese le Smyrna li lebōpong; Pergame, Filadelfia le Laodisia li ka hare ho naha; Thyatire e lebōpong la nōka; ’me Sardise, e tseleng e khōlō ea khoebo. Mesaletsa e epolotsoeng ea metse ena e tiisa hore Bibele e bua ka libaka tsa sebele.

[’Mapa o leqepheng la 32]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Ho Nama ha Bokreste

Libaka Tse Ileng Tsa Finyelloa ka Potlako ka Litaba Tse Molemo

B1 ILYRIKAME

B1 ITALY

B1 Roma

C1 MACEDONIA

C2 GREECE

C2 Athene

C2 KRETA

C3 Cyrene

C3 LIBYA

D1 BITHYNIA

D2 GALATIA

D2 ASIA

D2 FRIGIA

D2 PAMFILIA

D2 CYPRASE

D3 EGEPETA

D4 ETHIOPIA

E1 PONTASE

E2 KAPADOSIA

E2 SILISIA

E2 MESOPOTAMIA

E2 SYRIA

E3 SAMARIA

E3 Jerusalema

E3 JUDEA

F2 MEDIA

F3 Babylona

F3 ELAME

F4 ARABIA

G2 PARTHIA

[Moo ho Nang le Metsi]]

C2 Leoatle la Mediterranean

D1 Leoatle le Letšo

E4 Leoatle le Lefubelu

F3 Kou ea Persia

[’Mapa o leqepheng la 32, 33]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Maeto a Pauluse

Leeto la Pele la Boromuoa (Lik 13:1–14:28)

H3 Antioke (ea Syria)

H3 Seleusia

G4 CYPRASE

G3 Salamise

G4 Pafose

G3 PAMFILIA

F3 Perga

F3 PISIDIA

F2 Antioke (ea Pisidia)

G2 Ikoniamo

G2 LYKAONIA

G2 Lystra

G3 Derbe

G2 Lystra

G2 Ikoniamo

F2 Antioke (ea Pisidia)

F3 PISIDIA

G3 PAMFILIA

F3 Perga

F3 Atalia

H3 Antioke (ea Syria)

Leeto la Bobeli la Boromuoa (Lik 15:36–18:22)

H3 Antioke (ea Syria)

H3 SYRIA

H3 SILISIA

H3 Tarsase

G3 Derbe

G2 Lystra

G2 Ikoniamo

F2 Antioke (ea Pisidia)

F2 FRIGIA

G2 GALATIA

E2 MYSIA

E2 Troase

E1 SAMOTHRASE

D1 Neapolise

D1 Filipi

C1 MACEDONIA

D1 Amfipolise

D1 Thesalonika

D1 Berea

C2 GREECE

D2 Athene

D2 Korinthe

D3 AKAIA

E2 Efese

G4 Cesarea

H5 Jerusalema

H3 Antioke (ea Syria)

Leeto la Boraro la Boromuoa (Lik 18:22–21:19)

H3 SYRIA

H3 Antioke (ea Syria)

G2 GALATIA

F2 FRIGIA

H3 SILISIA

H3 Tarsase

G3 Derbe

G2 Lystra

G2 Ikoniamo

F2 Antioke (ea Pisidia)

E2 Efese

E2 ASIA

E2 Troase

D1 Filipi

C1 MACEDONIA

D1 Amfipolise

D1 Thesalonika

D1 Berea

C2 GREECE

D2 Athene

D2 Korinthe

D1 Berea

D1 Thesalonika

D1 Amfipolise

D1 Filipi

E2 Troase

E2 Asose

E2 Mitylene

E2 KIOSE

E2 SAMOSE

E3 Miletase

E3 Kose

E3 RHODE

F3 Patara

H4 Tyre

H4 Ptolemaise

G4 Cesarea

H5 Jerusalema

Leeto le Eang Roma (Lik 23:11–28:31)

H5 Jerusalema

G4 Cesarea

H4 Sidone

F3 Myra

F3 LYCIA

E3 Kinidase

D3 KRETA

D4 KAUDA

A3 MALTA

A3 SICILY

A3 Syrakuse

A1 ITALY

B2 Regiame

A1 Puteoli

A1 Roma

Litsela Tse Khōlō (Sheba sengoliloeng)

[Liphutheho tse supileng]

E2 Pergame

E2 Thyatire

E2 Sarda

E2 Smyrna

E2 Efese

F2 Filadelfia

F2 Laodisia

[Libaka tse ling]

E3 PATMOSE

F2 Kolose

F5 Alexandria

F5 EGEPETA

G1 BITHYNIA

G5 Jopa

G5 Lyda

G5 Gaza

H1 PONTASE

H2 KAPADOSIA

H4 Damaseka

H4 Pella

[Moo ho Nang le Metsi]

D4 Leoatle la Mediterranean

[Setšoantšo se leqepheng la 33]

Lebala la liketsahalo la Miletase, e leng motse oo ho oona Pauluse a ileng a kopana le baholo ba tsoang Efese

[Setšoantšo se leqepheng la 33]

Aletare ea Zeuse Pergame. Bakreste ba motseng ona ba ne ba lula “moo terone ea Satane e leng teng”—Tše 2:13

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela