Batho ba Molimo ba Khutlela Naheng ea Habo Bona
LESABASABA la Iran le pota-potiloe ke lithaba tse peli tse tsebahalang—e leng Elburz (e ka boroa ho Leoatle la Caspian) le Zagros (e ka boroa-bochabela ho ella Koung ea Persia). Lipakeng tsa tsona ho na le liphula tse nammeng tse nonneng tse nang le methipoloha e tletseng lifate. Boemo ba leholimo bo itekanetse liphuleng tsena, empa libakeng tse phahameng le tse omeletseng ho foka moea o batang mariha. Haufi le tsona ho na le lehoatata la lesabasaba le nang le baahi ba seng bakae. ’Muso oa Medo-Persia o simolohile sebakeng sena se nammeng, se ka bochabela ho Mesopotamia.
Bamede ba ne ba lula karolong e ka leboea ea lesabasaba lena, le hoja hamorao ba ile ba hasana ho ea fihla Armenia le Silisia. Leha ho le joalo, Bapersia ba ne ba lula karolong e ka boroa-bophirimela ho lesabasaba lena, e leng ka bochabela ho Phula ea Tigris. Ka tlas’a puso ea Cyruse bohareng ba lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., mebuso ena e ’meli e ile ea kopana ’me ea bōpa ’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia.
Cyruse o ile a hapa Babylona ka 539 B.C.E. ’Muso oa hae o ile oa namela ka bochabela ho ea fihla India. Ka bophirimela, o ile oa akarelletsa Egepeta le seo hona joale e leng Turkey. Ka ho loketseng Daniele o ile a hlalosa ’Muso oa Medo-Persia e le “bere” e rusollang ‘e neng e ja nama e ngata.’ (Dan 7:5) Cyruse o ile a hloma puso e nahanelang le e mamellang. A arola sebaka seo a neng a se busa ka liprofinse. Profinse ka ‘ngoe e ne e busoa ke ‘musisi, eo hangata e neng e le Mopersia, empa babusi ba sebaka ka seng ba ne ba e-na le babusisi ba ka tlas’a bona. Batho ba merabe e sa tšoaneng ‘musong ona ba ne ba khothalletsoa ho boloka meetlo le bolumeli ba bona.
Tumellanong le leano lena, Cyruse o ile a lumella Bajuda ho khutlela ha habo bona ho ea tsosolosa borapeli ba ‘nete le ho haha Jerusalema bocha, joalokaha Esdrase le Nehemia ba hlalositse. Na u nahana hore sehlopha see se seholo se ile sa khutla ka tsela eo Abrahama a neng a tsamaile ka eona e nyolohelang Eufrate ho ella Karkemishe, kapa mohlomong se ile sa tsamaea ka tsela e khaoletsang e fetang Tadmore le Damaseka? Bibele ha e bolele. (Bona leqephe la 6-7.) Ha nako e ntse e e-ea, Bajuda ba ile ba boela ba lula likarolong tse ling tsa ‘muso ona, joaloka Koung ea Nōka ea Nile le libakeng tse ling ho ella boroa bo hōle. Bajuda ba bangatanyana ba ile ba tsoela pele ho lula Babylona, e leng lebaka leo ka lona mohlomong moapostola Petrose a ileng a etela moo lilemo tse makholo hamorao. (1Pe 5:13) Ka sebele, ’Muso oa Medo-Persia o ile oa tlatsetsa ho hasa-hasaneng ha Bajuda libakeng tse ngata tse tlas’a mebuso e latelang ea Greece le Roma.
Ka mor’a ho hapa Babylona, Bamede le Bapersia ba ile ba sebelisa motse ona, oo ho oona ho chesang haholo hlabula e le setsi sa tsamaiso. Shushane, eo e neng e le motse-moholo oa Elame, e ne e le o mong oa metse ea borena. Hamorao, ke hona moo Morena Assueruse oa Persia (eo ho hlakileng hore ke Xerxese I) a ileng a etsa Esthere mofumahali oa hae ’me a nyopisa morero o mobe oa ho felisa batho ba Molimo ‘musong oohle oa hae o moholo. Metse-meholo e meng e ’meli ea Medo-Persia e ne e le Ekbatana (e sebakeng sa bophahamo ba limithara tse 1 900, eo boemo ba eona ba leholimo bo leng botle lehlabula) le Pasargadae (e sebakeng se bophahamo bo tšoanang, ba lik’hilomithara tse ka bang 650 ho ella ka boroa-bochabela).
’Muso oo oa lefatše o ile oa fela joang? Sehlohlolong sa puso ea eona, Medo-Persia e ile ea arabela phetohelong e hlohlelelitsoeng ke Bagerike ba moeling o ka leboea-bophirimela. Joale Greece e ile ea aroloa hore e be metse e ikemetseng e loantšanang, empa ea ipōpa ngatan’a-’ngoe hore e hlōle mabotho a Persia lintoeng tsa makhaola-khang Marathon le Salamise. Sena se ile sa betla tsela ea hore Greece e kopaneng e buse Medo-Persia.
[Lebokose leqepheng 25]
Ba eteletsoe pele ke Zorobabele, banna ba Baiseraele ba ka bang 50 000 ba ile ba nka leeto la bolelele ba lik’hilomithara tse 800 ho ea ho tse 1 600 (ho itšetlehile ka tsela eo ba tsamaeang ka eona) ha ba khutlela Jerusalema. Ba ile ba tobana le maemo a sithabetsang a moruo. Naha ea bona e ne e bile lesupi ka lilemo tse mashome a supileng. Ba khutlileng ba ile ba qala ho tsosolosa borapeli ba ‘nete naheng ea habo bona ka ho haha aletare bocha le ho nyehela mahlabelo ho Jehova. Ka hoetla selemong sa 537 B.C.E., ba ile ba keteka Mokete oa Maphephe. (Jer 25:11; 29:10) Eaba ba khutletseng naheng ea habo bona ba rala motheo oa ntlo ea Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 25]
LIBUKA TSA BIBELE TSE NGOTSOENG HO TLOHA KA NAKO ENA:
Daniele
Hagai
Zakaria
Esthere
Lipesaleme (karolo e itseng)
1 le 2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Malakia
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
’Muso oa Medo-Persia
A2 MACEDONIA
A2 THRACE
A4 Cyrene
A4 LIBYA
B2 Byzantium
B2 LYDIA
B3 Sardise
B4 Memfise (Nofe)
B4 EGEPETA
B5 No-amone (Thebes)
B5 Siene
C3 SILISIA
C3 Tarsase
C3 Issus
C3 Karkemishe
C3 Tadmore
C3 SYRIA
C3 Sidone
C3 Damaseka
C3 Tyre
C4 Jerusalema
D2 Phasis
D2 ARMENIA
D3 ASSYRIA
D3 Ninive
D4 Babylona
E3 MEDIA
E3 Ekbatana (Akmetha)
E3 HYRCANIA
E4 Shushane (Susa)
E4 ELAME
E4 Pasargadae
E4 Persepolise
E4 PERSIA
F3 PARTHIA
F4 DRANGIANA
G2 Maracanda (Samarkand)
G3 SOGDIANA
G3 BACTRIA
G3 ARIA
G4 ARACHOSIA
G4 GEDROSIA
H5 INDIA
[Libaka tse ling]
A2 GREECE
A3 Marathon
A3 Athene
A3 Salamise
C1 SCYTHIA
C4 Elathe (Elothe)
C4 Tema
D4 ARABIA
[Lithaba]
E3 LITHABA TSA ZAGROS
E4 LITHABA TSA ELBURZ
[Moo ho Nang le Metsi]
B3 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
C2 Leoatle le Letšo
C2 Leoatle le Lefubelu
E2 Leoatle la Caspian
E4 Kou ea Persia
[Linōka]
B4 Nile
C3 Eufrate
D3 Tigris
H4 Indus
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mabotho a Cyruse a ile a tlameha ho hloa Lithaba tsa Zagros hore a fihle Babylona
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ka holimo: Heke ea Lichaba Tsohle, Persepolise
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Setšoantšo se kenyelelitsoeng: Lebitla la Cyruse, Pasargadae