Bophelo ba Hao bo Lebile Hokae?
• Batho ba bangata ba ikakhetse ka setotsoana litabeng tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo hoo ba sa nahaneng hakaalo hore na ba lebile hokae.
• Bibele e re bolella ka liketsahalo tse babatsehang tse larileng ka pele. E boetse e re lemosa ka phetoho e khōlō e tla ba teng mekhatlong ea batho lefatšeng ka bophara. E le hore re rue molemo le ho qoba tlokotsi, re lokela hore hang-hang re nke khato e tobileng.
• Ho na le batho ba tsebang seo Bibele e se buang ba bileng ba lekang ho se sebelisa empa ba lumella matšoenyeho a bophelo hore a ba lebise hosele.
• Na u khotsofetse ha u bona moo bophelo ba hao bo lebileng teng? Ha u rera ho etsa lintho, na u nahana kamoo lintho tseo li tla ama lipakane tsa nako e telele tseo u li etsang bophelong ba hao?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Ke Eng eo e Leng ea Bohlokoa ka ho Fetisisa ho Uena?
Linthong tse latelang, ke life tseo u nkang e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa? Li thathamise.
Boholo ba tsona li na le sebaka se loketseng bophelong, empa haeba u tlameha ho khetha, ke efe e tlang pele? ea bobeli? joalo-joalo.
․․․ Boikhathollo/boithabiso
․․․ Mosebetsi oa ka
․․․ Bophelo ba ka
․․․ Thabo ea ka
․․․ Molekane oa ka
․․․ Batsoali ba ka
․․․ Bana ba ka
․․․ Ntlo e ntle, liaparo tse ntle
․․․ Ho ipabola ho eng kapa eng eo ke e etsang
․․․ Ho rapela Molimo
[Lebokose le leqepheng la 10, 11]
Na Lintho Tseo U Khethang ho li Etsa li U Lebisa Moo U Hlileng U Batlang ho ea Teng?
NAHANA KA LIPOTSO TSENA
BOIKHATHOLLO/BOITHABISO: Na boithabiso boo ke bo khethang boa nkhatholla? Na bo akarelletsa menyaka e ka behang bophelo ba ka kotsing kapa ea ba ea ntšiea ke holofetse bophelo bohle ba ka? Na ke mofuta oa “monyaka” o akarelletsang thabo e ka ’nang ea nka lihora tse ’maloa empa e ka baka mahlomola ka nako e telele? Esita le haeba boikhathollo boo ke bo khethang bo le botle, na ke qeta nako e ngata ke le ho bona hoo ke sa fumaneng nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa haholoanyane?
MOSEBETSI OA KA: Na o nthusa ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong, kapa ha e le hantle ke lekhoba la oona? Na o ntlhoka ho hongata hoo o behang bophelo ba ka kotsing? Na nka khetha ho sebetsa nako e eketsehileng ka mor’a mosebetsi kapa nka khetha ho qeta nako le molekane oa ka le bana ba ka? Haeba mohiri oa ka a batla hore ke etse mosebetsi o tšoenyang letsoalo la ka kapa oo khafetsa o sa mpheng nako ea lintho tsa moea, na ke tla etsa mosebetsi o joalo e le hore feela ke se ke ka felloa ke mosebetsi?
BOPHELO BA KA: Na ha ke tsotelle bophelo ba ka, kapa ke lula ke le seli hore ke bo hlokomele? Na moqoqong ke ipuela ka bona feela? Na tsela eo ke bo hlokomelang ka eona e bontša hore ke amehile ka lelapa la ka?
THABO EA KA: Na ke nahanela eona pele? Na ke e etelletsa ka pele ho thabo ea molekane oa ka kapa ea lelapa la ka? Na tsela eo ke e batlang ka eona e lumellana le ho ba morapeli oa Molimo oa ’nete?
MOLEKANE OA KA: Na ke nka monna oa ka kapa mosali oa ka e le molekane oa ka hafeela e ba ho ntoketse? Na ke hlompha molekane oa ka, ke mo nka a tšoaneloa ke ho fuoa seriti? Na ho lumela ho Molimo ho susumetsa tsela eo ke talimang molekane oa ka ka eona?
BATSOALI BA KA: Haeba ke sa le tlaase lilemong, na ke mamela batsoali ba ka—ke ba araba ka tlhompho, ke etsa mesebetsi eo ba ntaetseng hore ke e etse, ke fihla hae ka nako leha e le efe eo ba mpehetseng eona, ke qoba metsoalle kapa lintho tseo ba sa li batleng? Haeba ke motho e moholo, na ke mamela batsoali ba ka ka tlhompho, ke ba thusa ka ho loketseng ha ho hlokahala? Na tsela eo ke sebelisanang le bona ka eona e laoloa ke hore na ke tla fumana eng kapa e laoloa ke keletso ea Lentsoe la Molimo?
BANA BA KA: Na ke nka ho ruta bana ba ka mekhoa e metle e le boikarabelo ba ka, kapa ke lebeletse hore likolo e be tsona tse ba rutang? Na ke qeta nako ke e-na le bana ba ka, kapa ke lebeletse hore ba tlosoe bolutu ke lintho tsa ho bapala, TV kapa k’homphieutha? Na ke laea bana ba ka neng le neng ha ba sa latele likhopotso tsa Molimo, kapa ke ba laea haholo-holo haeba seo ba se etsang se nkhopisa?
NTLO E NTLE, LIAPARO TSE NTLE: Ke eng se laolang hore na ke hlokomela ponahalo ea ka joang le hore na ke na le lintho life—na ke ho batla ho khahla baahelani ba ka? na ke boiketlo ba lelapa la ka? na ke ho ba morapeli oa Molimo?
HO IPABOLA HO ENG KAPA ENG EO KE E ETSANG: Na ke bona e le habohlokoa ho etsa lintho hantle? Na ke loanela ho ipabola? Na kea tšoenyeha ha e mong a etsa ntho hantle ho mpheta?
HO RAPELA MOLIMO: Na ho amoheloa ke Molimo ho bohlokoa ho ’na ho feta ho amoheloa ke molekane oa ka, bana ba ka, batsoali ba ka kapa mohiri oa ka? E le hore ke tsoele pele ke phela ka har’a mabothobotho, na nka mpa ka beha tšebeletso ea Molimo sebakeng sa bobeli?
NAHANA KELETSO EA BIBELE KA HLOKO
Molimo ke oa bohlokoa hakae bophelong ba hao?
Moeklesia 12:13: “Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”
IPOTSE: Na bophelo ba ka bo bontša hore ke lumellana le keletso ee? Na ho mamela litaelo tsa Molimo ho laola tsela eo ke hlokomelang boikarabelo ba ka ka eona lapeng, mosebetsing, kapa sekolong? Kapa na lintho tse ling tseo ke li thahasellang kapa likhatello tsa bophelo ke tsona tse laolang hore na ke behella ka thōko nako ea Molimo?
U na le kamano ea mofuta ofe le Molimo?
Liproverbia 3:5, 6: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”
Matheu 4:10: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.”
IPOTSE: Na eo ke eona tsela eo ke ikutloang ka eona ka Molimo? Na mesebetsi ea ka ea letsatsi le letsatsi, hammoho le tsela eo ke sebetsanang le maqakabetsi ka eona e bontša hore ke na le tšepo le boinehelo bo joalo?
Ho bala le ho ithuta Bibele ke tsa bohlokoa hakae ho uena?
Johanne 17:3: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”
IPOTSE: Na nako eo ke iphang eona ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona e bontša hore ka sebele ke lumela seo?
Ho ba teng libokeng tsa phutheho ea Bokreste ke habohlokoa hakae ho uena?
Baheberu 10:24, 25: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, . . . ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”
Pesaleme ea 122:1: “Ka thaba ha ba re ho ’na: ‘A re eeng ntlong ea Jehova.’”
IPOTSE: Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke ananela tataiso ee e fumanoang Lentsoeng la Molimo? Na khoeling e fetileng ke ile ka fosoa ke seboka leha e le sefe sa Bokreste ka lebaka la ho beha ntho e ’ngoe e itseng pele ho sona?
Na u chesehela ho bolella ba bang ka Molimo le ka morero oa hae?
Matheu 24:14: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki . . . , joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”
Matheu 28:19, 20: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”
Pesaleme ea 96:2: “Binelang Jehova, le boke lebitso la hae. Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae.”
IPOTSE: Na ke nka mosebetsi oo e le oa bohlokoa bophelong ba ka joalokaha ho tšoanetse? Na ho kopanela ha ka ho oona ho bontša hore ke kholisehile hore linako tseo re phelang ho tsona li mahlonoko?