Karolo ea 3
Thabisa Molimo ka Boitšoaro ba Hao le ka Tsela eo U Tšoarang ba Bang ka Eona
U ka araba joang ha u ka botsoa hore na “Jehova o batla eng ho uena”? (Mikea 6:8) Mangolo a baprofeta ba 12 a re thusa ho araba potso ena. Joalokaha u tla bona Khaolong ea 8 ho ea ho ea 10 bukeng ena, mangolo ao a ka u fa malebela mabapi le hore na ke joang u ka bang le ’nete ho sohle seo u se buang le hore na ke joang u ka qobang pefo. Hape a tla u fa keletso e sebetsang mabapi le bophelo ba lelapa, eo u ka khonang ho e sebelisa.