Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 July maq. 2-7
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Batla Keletso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Batla Keletso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE LOKELA HO BA LE TŠOBOTSI EFE?
  • KE MANG EA KA MPHANG KELETSO E MOLEMO?
  • NKA BONTŠA JOANG HORE EHLILE KE BATLA KELETSO?
  • NA KE LOKELA HO KOPA BATHO BA BANG HORE BA NKETSETSE LIQETO?
  • TSOELA PELE HO BATLA KELETSO
  • U ka Fana ka Keletso Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 July maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 28

PINA EA 88 Ntsebise Litsela Tsa Hao

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Batla Keletso?

“Ba bohlale ke ba batlang keletso.”—LIPROV. 13:10.

NTLHA-KHOLO

Seo re lokelang ho se etsa e le hore re rue molemo ka ho felletseng keletsong eo re e fuoang.

1. Ke eng e ka re thusang hore re etse liqeto tse bohlale le ho etsa hore merero ea rona e atlehe? (Liproverbia 13:10; 15:22)

KAOFELA ha rona re batla ho etsa liqeto tse bohlale. Hape re batla hore merero ea rona e atlehe. Lentsoe la Molimo lea re bolella hore na re ka finyella lintho tseo ka bobeli joang.—Bala Liproverbia 13:10; 15:22.

2. Jehova o tšepisa hore o tla re etsetsa eng?

2 Ho hlakile hore Motho ea molemohali eo re ka batlang bohlale le keletso ho eena ke Ntate oa rona Jehova. O tšepisa hore o tla re thusa ha a re: “Ke tla u eletsa ke u behile leihlo.” (Pes. 32:8) Polelo ena e bontša hore Jehova o etsa se fetang feela ho re fa keletso. E boetse ea bontša hore o re tsotella re le batho ka bomong le ho re thusa hore re sebelise keletso eo a re fang eona.

3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tl’o sebelisa Lentsoe la Molimo ho re thusa ho araba lipotso tse ’nè: (1) Ke tšobotsi efe eo ke lokelang ho ba le eona haeba ke batla ho rua molemo keletsong e molemo? (2) Ke mang ea ka mphang keletso e molemo? (3) Nka bontša joang hore ehlile ke batla keletso? (4) Ke hobane’ng ha ke lokela ho qoba ho kopa ba bang hore ba nketsetse liqeto?

KE LOKELA HO BA LE TŠOBOTSI EFE?

4. Ke tšobotsi efe eo re lokelang ho ba le eona e le hore re rue molemo keletsong e molemo?

4 Re lokela ho ba le boikokobetso e le hore re rue molemo keletsong e molemo. Re boetse re lokela ho hlokomela hore re ka ’na ra se ke ra e-ba le boiphihlelo kapa tsebo ea ho etsa qeto e nepahetseng ka borona. Haeba re sa ikokobetsa, Jehova a ke ke a khona ho re thusa. Ka hona, ha re bala Lentsoe la hae re ke ke ra bona ho hlokahala hore re sebelise keletso eo a re fang eona. (Mik. 6:8; 1 Pet. 5:5) Leha ho le joalo, haeba re ikokobelitse, re tla potlakela ho mamela le ho sebelisa keletso e thehiloeng ka Bibeleng ’me re rue molemo ho eona.

5. Ke lintho life tseo Morena Davida a li finyelletseng tse neng li ka etsa hore a ikhohomose?

5 Nahana ka seo re ka ithuta’ng sona mohlaleng oa Morena Davida. Lintho tseo a li finyelletseng li ka be li entse hore a ikhohomose. Lilemo tse ngata pele e e-ba morena, o ne a tumme ka ho letsa harepa hamonate. O ile a ba a koptjoa hore a il’o bapalla morena ’mino. (1 Sam. 16:18, 19) Ka mor’a hore Jehova a tlotse Davida hore e be morena ea tla latela, o ile a mo fa matla a sebelisa moea oa hae o halalelang. (1 Sam. 16:11-13) O ne a tsebahala ka ho hlola lira tsa sechaba sa habo, ho akarelletsa le seqhenqha sa Mofilista e leng Goliathe. (1 Sam. 17:37, 50; 18:7) Monna ea ikhohomosang ea neng a finyelletse lintho tse kholo joalo, o ne a ka ’na a nahana hore ha ho hlokahale hore a mamele likeletso tse tsoang ho batho ba bang. Empa eseng Davida.

6. Re tseba joang hore Davida o ile a amohela keletso? (Sheba setšoantšo.)

6 Ka mor’a hore Davida ebe morena, o ile a khetha metsoalle e neng e ka mo fa likeletso. (1 Likron. 27:32-34) Sena ha se makatse hobane Davida haesale e le motho ea ikemiselitseng ho mamela ha ba bang ba mo fa keletso e molemo. O ile a e amohela, eseng ho tsoa ho banna feela, empa le ho tsoa ho mosali ea bitsoang Abigaile. E ne e le mosali oa monna ea bitsoang Nabale, ea neng a tella, a sa ananele a bile a ikhohomosa. Ka boikokobetso, Davida o ile a sebelisa keletso e molemo ea mosali eo, ’me qetellong ea mo thusa ho qoba ho etsa phoso e kholo.—1 Sam. 25:2, 3, 21-25, 32-34.

Morena Davida o mametse Abigaile ka hloko ha Abigaile a mo kopa ka tieo a lutse fatše.

Ka boikokobetso, Morena Davida o ile a amohela le ho sebelisa keletso ea Abigaile (Sheba serapa sa 6)


7. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Davida? (Moeklesia 4:13) (Sheba litšoantšo.)

7 Re ka ithuta ho hong ho Davida. Ka mohlala, re ka ba le litalenta tse itseng kapa boikarabelo bo itseng. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore re tseba lintho tsohle ’me ha re hloke keletso. Joaloka Davida, re lokela ho ikemisetsa ho mamela keletso e molemo ho sa tsotellehe hore na ke mang ea fanang ka eona. (Bala Moeklesia 4:13.) Ha re etsa joalo, re ka ’na ra qoba ho etsa liphoso tse kholo tse tla re utloisa bohloko le ho utloisa ba bang bohloko.

Litšoantšo: 1. Baholo ba bane ba kopane. E mong oa bona o bua a halefile. 2. Hamorao, moholo ea monyane ea neng a le teng sebokeng seo, o bua le mor’abo rona ea neng a halefile ka thoko ba le ka koloing.

Re lokela ho ikemisetsa ho mamela keletso e molemo ho sa tsotellehe hore na ke mang ea fanang ka eona (Sheba serapa sa 7)c


KE MANG EA KA MPHANG KELETSO E MOLEMO?

8. Ke hobane’ng ha Jonathane a ne a tšoaneleha ho fa Davida keletso?

8 Nahana ka ntho e ’ngoe eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Davida. O ile a mamela keletso ea batho ba neng ba e-na le kamano e ntle le Jehova ebile ba utloisisa hantle boemo boo a neng a tobane le bona. Ka mohlala, ha Davida a ne a batla ho tseba hore na a ka boela a ba le kamano e ntle le Morena Saule, o ile a mamela keletso ea Jonathane, mora oa Saule. Ke hobane’ng ha Jonathane a ile a khona ho mo fa keletso e molemo? Hobane Jonathane o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova ebile o ne a tseba Saule hantle. (1 Sam. 20:9-13) Re ka sebelisa thuto ee joang?

9. Re ka batla keletso ho mang? Hlalosa. (Liproverbia 13:20)

9 Ha re hloka keletso, re etsa hantle ha re e batla ho motho ea nang le kamano e ntle le Jehova ebile a tseba boemo boo re hlokang thuso ka bona hantle.a (Bala Liproverbia 13:20.) Ka mohlala, a re re mor’abo rona ea mocha o batla ho nyala. Ke mang ea ka mo fang keletso e molemo? Motsoalle oa hae ea sa nyalang a ka ’na a mo thusa haeba a mo eletsa a itšetlehile ka melao-motheo ea Bibele. Empa mor’abo rona ea mocha a ka fumana keletso e tobileng le e sebetsang haeba a ea ho banyalani ba holileng moeeng ba mo tsebang hantle ebile ba e-na le nako ba le lenyalong ba thabile.

10. Re tl’o hlahloba eng hona joale?

10 Re se re buile ka tšobotsi eo re lokelang ho ba le eona le hore na ke mang ea ka re fang keletso e molemo. Hona joale a re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore ehlile re batla keletso le hore na re lokela ho kopa ba bang hore ba re etsetse liqeto kapa che.

NKA BONTŠA JOANG HORE EHLILE KE BATLA KELETSO?

11, 12. (a) Ka linako tse ling re ka etsa’ng? (b) Morena Roboame o ile a etsa’ng ha a lokela ho etsa qeto ea bohlokoa?

11 Ka linako tse ling, motho a ka ’na a etsa eka o batla keletso, empa ha e le hantle a ipatlela feela motho eo a ka lumellanang le eena ka qeto eo a seng a e entse. Ha e le hantle motho ea joalo ha a batle keletso. O lokela ho ithuta ho se ileng sa etsahalla Morena Roboame.

12 Roboame e ile ea e-ba morena oa sechaba se neng se ruile sa Iseraele ka mor’a hore Morena Solomone a hlokahale. Empa Solomone o ne a imelitse sechaba ka mosebetsi o mongata. Kahoo, batho ba ile ba tla ho Roboame ’me ba mo kopa hore a ba imolle ka ho ba fokoletsa mosebetsi. Roboame o ile a ba kopa hore ba mo fe nako ea ho nahana ka qeto eo a tla e etsa. O ile a qala hantle ka ho kopa keletso ho banna ba baholo, ba neng ba thusa Solomone. (1 Mar. 12:2-7) Leha ho le joalo, o ile a hana keletso eo banna bao ba baholo ba ileng ba mo fa eona. Ke hobane’ng ha a ne a ka etsa joalo? Na Roboame o ne a se a entse qeto ea hore na o tla etsa’ng ’me o ne a mpa feela a batla motho ea tla lumellana le eena? Haeba ho joalo, o ile a fumana keletso eo a neng a e batla ho metsoalle eo a hotseng le eona. (1 Mar. 12:8-14) Roboame o ile a araba sechaba ho ea ka keletso eo a e fumaneng ho metsoalle eo a hotseng le eona. Liphello e ile ea e-ba life? Sechaba se ile sa arohana, ’me ho tloha ka nako eo, Roboame o ile a e-ba le mathata ka mor’a mathata.—1 Mar. 12:16-19.

13. Re ka tseba joang hore ehlile re hloka keletso ea batho ba bang?

13 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Roboame? Ha re batla keletso, re lokela ho bontša hore ehlile rea e hloka. Re ka tseba joang hore ehlile rea e hloka? Re ka ipotsa, ‘Na ke batla keletso ebe hang-hang ke e qhelela ka thoko hobane e se ntho eo ke batlang ho e utloa?’

14. Ha re fuoa keletso, re lokela ho hopola eng? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo.)

14 Ka mohlala, a re re mor’abo rona o fumane mosebetsi o patalang hantle. Pele a o amohela, o kopa moholo e mong keletso. Mor’abo rona eo o re mosebetsi oo o tla hloka hore ka libeke tse ’maloa a be hole le lelapa la hae. Moholo o hopotsa mor’abo rona hore ho latela melao-motheo ea Bibele, boikarabelo ba hae bo ka sehloohong ke ho hlokomela lelapa la hae moeeng. (Baef. 6:4; 1 Tim. 5:8) A re re hang-hang mor’abo rona ha a lumellane le mantsoe a moholo enoa, ’me o ea ho bara ba bo rona ba bang ho ea batla keletso eo a batlang ho e utloa. Na mor’abo rona kannete o batla keletso kapa o se a entse qeto ea seo a batlang ho se etsa, ’me o batla feela motho ea ka lumellanang le eena? Re lokela ho hopola hore lipelo tsa rona li bolotsana. (Jer. 17:9) Ka linako tse ling, keletso eo re sa thabeleng ho e utloa ke eona eo re e hlokang.

Morali oa bo rona o kopa keletso ho bara le barali ba bo rona ba fapaneng. Ha a sa fumane karabo e mo khotsofatsang, o fetela ho e mong.

Na ehlile re batla keletso e molemo, kapa re batla motho ea tla lumellana le rona? (Sheba serapa sa 14)


NA KE LOKELA HO KOPA BATHO BA BANG HORE BA NKETSETSE LIQETO?

15. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etsa’ng, hona hobane’ng?

15 Motho e mong le e mong o na le boikarabelo ba hore a iketsetse liqeto. (Bagal. 6:4, 5) Joalokaha re se re ithutile, motho ea bohlale o tla batla keletso ka Lentsoeng la Molimo le ho Bakreste ba holileng moeeng pele a etsa qeto. Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra kopa hore ba bang ba re etsetse liqeto. Batho ba bang ba ka ’na ba botsa motho eo ba mo hlomphang ba re, “Ha u ne u le boemong ba ka, u ne u tla etsa’ng?” Ba bang ba ka ’na ba etsa liqeto tse tšoanang le tsa batho ba bang, empa ba sa nahana ka boemo ka botebo.

16. Ho ile ha hlaha boemo bofe phuthehong ea Korinthe mabapi le ho ja nama e hlabetsoeng litšoantšo, ’me e ne e le boikarabelo ba mang ba ho etsa qeto ea ho ja nama eo? (1 Bakorinthe 8:7; 10:25, 26)

16 Nahana ka boemo bo ileng ba hlaha phuthehong ea Korinthe mabapi le ho ja nama e ka ’nang eaba e ne e hlabetsoe litšoantšo. Pauluse o ile a ngolla Bakreste bao, a re: “Rea tseba hore setšoantšo se rapeloang ha se Molimo le hore Molimo o mong feela.” (1 Bakor. 8:4) Ka lebaka la seo Pauluse a se buileng, ba bang ka phuthehong ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla ja nama e neng e rekisoa ’marakeng, eo pejana ho neng ho ka etsahala hore ebe e ne e hlabetsoe litšoantšo. Ba bang bona ba ile ba etsa qeto ea hore ba ke ke ba ja nama eo hobane seo se ne se tla tšoenya matsoalo a bona. (Bala 1 Bakorinthe 8:7; 10:25, 26.) Ena e ne e le qeto ea motho ka bomong. Pauluse ha aa ka a eletsa Bakorinthe hore ba etsetse batho ba bang liqeto kapa hona hore ba etsise liqeto tsa batho ba bang. E mong le e mong oa bona o ne a “tla ikarabella ho Molimo.”—Bar. 14:10-12.

17. Ho ka etsahala’ng haeba re etsisa qeto eo motho e mong a e entseng? Fana ka mohlala. (Sheba litšoantšo.)

17 Ho ka ’na ha hlaha boemo bo tšoanang joang mehleng ee? Nahana ka tšebeliso ea likaroloana tsa mali. Mokreste e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho iketsetsa qeto ea hore na o tla amohela kapa a hane likaroloana tsa mali.b Re ka ’na ra thatafalloa ke ho utloisisa taba ena ka ho felletseng, empa ho etsa liqeto tse kang tsena ke karolo ea mojaro oo e mong le e mong oa rona a lokelang ho o jara. (Bar. 14:4) Haeba re etsisa qeto eo motho e mong a e entseng, seo se ka fokolisa matsoalo a rona. Re ka koetlisa le ho matlafatsa matsoalo a rona hafeela re a sebelisa. (Baheb. 5:14) Kahoo, ke neng re ka batlang keletso ea Mokreste ea holileng moeeng? Re ka e batla ka mor’a hore re iketsetse lipatlisiso ebile re utloa hore re ntse re hloka thuso ea ho utloisisa hore na melao-motheo ea Bibele e amana joang le boemo ba rona.

Litšoantšo: 1. Mor’abo rona o sebelisa Bibele, khaolo ea 39 bukeng ea “U Ka Thaba ka ho sa Feleng!” le video e reng: “Re ka Etsa Liqeto Tsa Phekolo Tse Amang Mali Joang?” ho mo thusa hore a tlatse karete ea hae ea mali. 2. Hamorao, o mametse mor’abo rona ea holileng moeeng ha a bua le eena ka Bibele.

Re lokela ho batla keletso ka mor’a hore re iketsetse lipatlisiso (Sheba serapa sa 17)


TSOELA PELE HO BATLA KELETSO

18. Ke eng seo Jehova a re etselitseng sona?

18 Jehova o bontšitse hore o re tšepa haholo ka ho re lumella hore re iketsetse liqeto. O re file Lentsoe la hae, e leng Bibele. Hape o re fa metsoalle e bohlale e ka re thusang hore re sebelise melao-motheo ea Bibele. O phethile boikarabelo ba hae joaloka Ntate oa rona. (Liprov. 3:21-23) Re ka etsa’ng ho bontša hore re ananela lintho tseo a re etsetsang tsona?

19. Re ka tsoela pele re thabisa Jehova joang?

19 Nahana ka taba ena: Batsoali ba rata ho bona ha bana ba bona ba hola ebile e e-ba bahlanka ba Jehova ba nahanelang, ba bohlale le ba thabelang ho thusa batho ba bang. Ka ho tšoanang, Jehova oa thaba ha a bona re tsoela pele ho hola moeeng, ho batla keletso le ho etsa liqeto tse bontšang hore rea mo hlompha.

E LE HORE KE RUE MOLEMO KELETSONG E MOLEMO, KE HOBANE’NG HA KE LOKELA . . .

  • ho ikokobetsa?

  • ho bontša hore ehlile ke batla keletso?

  • ho iketsetsa liqeto?

PINA EA 127 Ke Tšoanela ho ba Motho oa Mofuta Ofe?

a Ka linako tse ling, e ka ba bohlale hore Bakreste ba kope keletso ho batho ba sa sebeletseng Jehova mabapi le litaba tse amang lichelete, maemo a bophelo le lintho tse ling.

b Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, sheba buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! thuto ea 39 ntlha ea 5 le karolo ea “Batla.”

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Moholo o eletsa moholo-’moho ea moholo ho eena mabapi le tsela eo a buileng ka eona sebokeng sa baholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela