Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cf khao. 13 maq. 129-138
  • “Ke Rata Ntate”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Rata Ntate”
  • ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maqhama a Khale a Matla ka ho Fetisisa a Lerato
  • Kamoo Jesu a Ileng a Boloka Lerato la Hae ho Jehova le le Matla Kateng
  • Na U Tla Etsisa Lerato Leo Jesu a Ratang Jehova ka Lona?
  • “O Ile a re Rata Pele”
    Atamela ho Jehova
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “U Rate Jehova Molimo oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
‘Tloo U be Molateli oa Ka’
cf khao. 13 maq. 129-138

Khaolo ea 13

“Ke Rata Ntate”

1, 2. Moapostola Johanne o ile a hlalosa eng mabapi le bosiu ba ho qetela boo baapostola ba bileng le Jesu ka bona?

MONNA-MOHOLO e mong o qopetsa pene enkeng, o hopola lintho tse ngata tse etsahetseng. Lebitso la hae ke Johanne, ’me ke moapostola oa ho qetela oa Jesu Kreste ea ntseng a phela. Johanne ea ka bang lilemo li 100, o hopola se etsahetseng mantsiboeeng a mang a sa lebaleheng lilemong tse ka bang mashome a supileng tse fetileng—ha eena le baapostola ba bang ba ne ba e-na le Jesu ka lekhetlo la ho qetela pele ho lefu la Hae. Ka tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, Johanne o khona ho hopola liketsahalo tsa mohlang oo le ho li ngola ka tsela e qaqileng.

2 Bosiung boo, Jesu o ile a qaqisa hore o haufi le ho bolaoa. Ke Johanne feela ea hlalosang lebaka leo Jesu a ileng a fana ka lona la hore na ke hobane’ng ha a ne a ikemiselitse ho shoa ka tsela eo e bohloko, o re: “E le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, esita le joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo. Emang, a re tloheng mona.”—Johanne 14:31.

3. Jesu o bontšitse joang hore o rata Ntate oa hae?

3 “Ke rata Ntate.” Ha ho ntho e ’ngoe eo Jesu a neng a e nka e le ea bohlokoa ho feta eo. Ha aa ka a pheta-pheta mantsoe ao. Ha e le hantle, ka Bibeleng ke ho Johanne 14:31 feela moo re utloang Jesu a hlalosa ka ho toba lerato leo a ratang Ntate oa hae ka lona. Leha ho le joalo, tsela eo Jesu a neng a phela ka eona e ne e bontša seo. Letsatsi le letsatsi o ne a bonahatsa lerato leo a ratang Jehova ka lona. Ho ba sebete ha Jesu, ho mamela ha hae le ho mamella ha hae e bile bopaki ba lerato leo a ratang Molimo ka lona. Tšebeletso eohle ea hae e ne e susumetsoa ke lerato lena.

4, 5. Bibele e khothalletsa lerato la mofuta ofe, hona ho ka thoe’ng ka lerato leo Jesu a ratang Jehova ka lona?

4 Ba bang kajeno ba ka ’na ba nahana hore lerato ke tšobotsi e bontšang hore motho oa fokola. Ba ka ’na ba nahana ka lithothokiso tsa lerato le lipina tsa baratani, mohlomong esita le ka ho nkeha maikutlo hoo ka linako tse ling ho amahanngoang le lerato la baratani. Bibele e bua ka lerato leo baratani ba ratanang ka lona, le hoja e bua ka lona ka tsela e nang le seriti ho feta kamoo le atisang ho hlalosoa kateng kajeno. (Liproverbia 5:15-21) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bua haholo ka lerato la mofuta o mong. Lerato leo hase la ho nkeha maikutlo feela ebile hase la nakoana; le mosa, ’me ha lea thehoa filosofing e itseng. Le ama pelo le kelello. Lerato leo le tsoa botebong ba pelo, le tataisoa ke melao-motheo e phahameng ’me le lumellana le eona ebile le bonahatsoa ka liketso tse ntle. Ka sebele hase la ho nkeha maikutlo. Lentsoe la Molimo le re: “Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:8.

5 Ho batho bohle ba kileng ba phela, Jesu ke ea ratang Jehova ka ho fetisisa. Ha ho motho ea ipabolang ho feta Jesu ntlheng ea ho phethahatsa mantsoe ao eena ka boeena a itseng ke taelo e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a faneng ka eona: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) Ho tlile joang hore Jesu a be le lerato lee? O ile a etsa’ng e le hore lerato la hae ho Molimo le lule le le matla ha a ntse a le lefatšeng? Hona re ka mo etsisa joang?

Maqhama a Khale a Matla ka ho Fetisisa a Lerato

6, 7. Re tseba joang hore Liproverbia 8:22-31 e hlalosa Mora oa Molimo, eseng tšobotsi ea bohlale feela?

6 Na u kile ua sebetsa le motsoalle ea itseng ’me ua fumana hore hoo ho entse hore le tloaelane hamolemo, kahoo le qetelle le le metsoalle e ntšanang se inong? Boemo boo bo khathollang bo ka ’na ba u thusa hore u utloisise lerato le bileng teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. Re buile ka makhetlo ka Liproverbia 8:30, empa a re ke re shebisiseng litemana tse e potolohileng. Temaneng ea 22 ho isa ho ea 31, re fumana tlhaloso e bululetsoeng ea bohlale bo mothofalitsoeng. Re tseba joang hore litemaneng tsee ho buuoa ka Mora oa Molimo?

7 Temaneng ea 22, bohlale bo re: “Jehova o ile a ntlhahisa ke le tšimoloho ea tsela ea hae, ke le oa pele-pele linthong tsa khale tseo a li finyeletseng.” E tlameha ebe hase bohlale feela tjee boo ho buuoang ka bona mona, kaha ha ho mohla tšobotsi ena e kileng ea ‘hlahisoa.’ Ha bo na qalo kaha esale Jehova a le teng a bile a le bohlale. (Pesaleme ea 90:2) Empa Mora oa Molimo eena ke “letsibolo la pōpo eohle.” O ile a hlahisoa, kapa a bōptjoa; ke eena oa pele-pele linthong tsohle tsa khale tseo Jehova a li finyeletseng. (Bakolose 1:15) Mora o bile teng pele lefatše le maholimo a e-ba teng, joalokaha ho hlalositsoe ho Liproverbia. ’Me kaha ke Lentsoe, ’Muelli oa Molimo, o ile a bonahatsa bohlale ba Jehova ka tsela e phethahetseng.—Johanne 1:1.

8. Mora o ne a etsa’ng pele e e-ba motho oa nama, hona re lokela ho nahana ka eng ha re tsota pōpo?

8 Mora o ne a etsa’ng ka lilemo-lemo tseo a li phetseng pele a tla lefatšeng? Temana ea 30 e re o ne a le mabapa le Molimo e le “mosebetsi ea hloahloa.” Seo se bolela’ng? Bakolose 1:16 e re: “Lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena . . . Lintho tse ling tsohle li bōpiloe ka eena le bakeng sa hae.” Kahoo Jehova ’Mōpi o ile a sebelisa Mora oa hae, eo e leng Mosebetsi ea Hloahloa, ho bōpa lintho tsohle tse teng—a qala ka libōpuoa tsa moea tse leholimong le bokahohle bo pharaletseng, lefatše hammoho le limela le liphoofolo tse hlollang tse ho lona, a qetella ka sehlohlolo sa pōpo e lefatšeng: e leng moloko oa batho. Lintlheng tse ling, re ka ’na ra bapisa tsela eo Ntate a neng a sebelisana le Mora ka eona le tsela eo setsebi sa meralo se sebelisanang le sehahi ka eona, kapa rakonteraka ea hahang ho latela polane e raliloeng ka bohlale ke setsebi sa meralo. Ha re tsota ntho leha e le efe e bōpiloeng, ha e le hantle re rorisa Setsebi se Seholo sa Meralo. (Pesaleme ea 19:1) Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ’Mōpi o qetile lilemo-lemo a sebetsa le ‘mosebetsi oa hae ea hloahloa’ ba thabile.

9, 10. (a) Ke’ng e ileng ea tiisa maqhama pakeng tsa Jehova le Mora oa hae? (b) Ke’ng e ka tiisang maqhama pakeng tsa hao le Ntate oa hao oa leholimo?

9 Ka linako tse ling, ha batho ba babeli ba sa phethahalang ba sebetsa haufi-ufi ba thatafalloa ho sebelisana ka kutloano. Boemo bo fapane ka Jehova le Mora oa hae! Mora o qetile lilemo tse se nang palo a sebetsa le Ntate ’me a “nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” (Liproverbia 8:30) E, o ne a thabela ho ba le Ntate oa hae, Ntate le eena a thabela ho ba le Mora. Kahoo Mora o ile a tšoana le Ntate le ho feta ha nako e ntse e ea, ’me a ithuta ho etsisa litšobotsi tsa Molimo. Ha ho makatse hore ebe Ntate o bile le maqhama a matla hakana le Mora! Ho ka boleloa ka nepo hore ke ’ona maqhama a khale a matla ka ho fetisisa a lerato bokahohleng.

10 Joale see se bolela’ng ho rōna? U ka ’na ua nahana hore u ke ke ua khona ho theha maqhama a joalo le Jehova. Ke ’nete hore ha ho le ea mong oa rōna ea boemong bo phahameng boo Mora a leng ho bona. Empa re na le monyetla o babatsehang. U hopole hore Jesu o ile a atamelana le Ntate oa hae ha ba ntse ba sebetsa hammoho. Ka lerato Jehova o re fa monyetla oa ho ba “basebetsi-’moho” le eena. (1 Bakorinthe 3:9) Ha re ntse re latela mohlala oa Jesu tšebeletsong, re lokela ho lula re hopola hore re basebetsi-’moho le Molimo. Kahoo, maqhama a lerato a re momahanyang le Jehova a tiea le ho feta. Na ho na le tlotla e ’ngoe e khōlō ho feta eo?

Kamoo Jesu a Ileng a Boloka Lerato la Hae ho Jehova le le Matla Kateng

11-13. (a) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahana ka lerato e le ntho e phelang, hona Jesu e monyenyane o ile a boloka lerato la hae ho Jehova le le matla joang? (b) Mora oa Molimo o ile a bontša joang hore o thahasella ho rutoa ke Jehova, pele a tla lefatšeng esita le hamorao ha e se e le motho oa nama?

11 Ho na le melemo e mengata ea ho nahana ka lerato le lipelong tsa rōna e le ntho e phelang. Ho tšoana le palesa e ntle ea ka tlung, lerato le hloka ho nosetsoa le ho hlokomeloa e le hore le hōle ’me le atlehe. Ha le sa hlokomeloe le bile le sa nosetsoe lea fokola ebe lea shoa. Jesu ha aa ka a nka lerato la hae ho Jehova habobebe. O ile a le boloka le le matla le bile le tiile ha a ntse a le lefatšeng. A re boneng hore na o ile a etsa seo ka tsela efe.

12 Ak’u nahane hape ka se ileng sa etsahala ha Jesu e monyenyane a bua ka bolokolohi tempeleng Jerusalema. Hopola hore o ile a re ho batsoali ba hae ba tšoenyehileng: “Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho tsamaea le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?” (Luka 2:49) Ho bonahala eka ha Jesu e sa le moshanyana, o ne a sa hopole tsela eo a neng a phela ka eona pele e e-ba motho oa nama. Leha ho le joalo, o ne a rata Ntate oa hae, Jehova, ka lerato le tebileng. O ne a tseba hore motho a ka bonahatsa lerato leo ka borapeli. Kahoo ho ne ho se sebaka se seng lefatšeng seo Jesu a neng a se rata ho feta ntlo ea Ntate oa hae ea borapeli bo hloekileng. O ne a rata ho ba moo a bile a sa rate ho tloha teng. Ho feta moo, o ne a sa be moo ka ’mele feela. O ne a chesehela ho ithuta ka Jehova le ho hlalosa seo a se tsebang. Boikutlo boo ha boa qala ha a le lilemo li 12 ebile ha boa ka ba fella moo.

13 Pele e e-ba motho oa nama, Mora o ne a khothaletse ho ithuta ho Ntate oa hae. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia 50:4-6 bo senola hore Jehova o ile a rupela Mora oa hae ka tsela e khethehileng mabapi le karolo eo a neng a tla e phetha e le Mesia. Le hoja thupelo eo e ne e akarelletsa ho ithuta ka a mang a mathata a neng a tla hlahela Motlotsuoa oa Jehova, Mora o ile a khothalla ho ithuta. Hamorao, ha Jesu a se a tlile lefatšeng ’me a se a hōlile, o ile a ’na a khothalla ho ea tlung ea Ntate oa hae ho kopanela borapeling moo le ho ithuta seo Jehova a neng a batla hore se rutoe moo. Kahoo Bibele e tlaleha hore Jesu o ne a tšepahalla ho ea tempeleng le synagogeng. (Luka 4:16; 19:47) Haeba re batla ho boloka lerato la rōna ho Jehova le phela le bile le tiile, re lokela ho khothalla ho ba teng libokeng tsa Bokreste, moo re rapelang Jehova teng re be re tebise tsebo ea rōna ka eena le kananelo ea rōna.

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a batla ho ba boinotšing? (b) Lithapelo tsa Jesu ho Ntate oa hae li ile tsa senola katamelano e haufi le tlhompho joang?

14 Jesu o ile a boela a boloka lerato la hae ho Jehova le le matla ka ho rapela kamehla. Le hoja e ne e le motho ea mosa le ea botsoalle, ke ho thahasellisang ho hlokomela hore o ne a nka ho ba le nako ea ho ba boinotšing e le ea bohlokoa. Ka mohlala, Luka 5:16 e re: “A tsoela pele ho lula boinotšing mahoatateng le ho rapela.” Matheu 14:23 eona e re: “Qetellong, ha a itse bongata bo tsamaee, a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela. Le hoja nako e ne e se e ile, o ne a le moo a le mong.” Jesu o ile a batla ho ba boinotšing ka makhetlo ana le a mang, eseng hobane a ne a batla ho itšehla thajana kapa hobane a tsoafa ho ba le batho ba bang, empa hobane a ne a batla ho ba boinotšing le Jehova, e le hore a buisane le Ntate oa hae ka bolokolohi ka thapelo.

15 Ka linako tse ling ha Jesu a rapela o ne a ee a re “Abba, Ntate.” (Mareka 14:36) Mehleng ea Jesu, “Abba” e ne e le lentsoe le sebelisoang ke litho tsa lelapa ho reneketsa “ntate.” E ne e atisa ho ba le leng la mantsoe ao ngoana a qalang ho ithuta ’ona. ’Me le ne le hlompha. Le hoja lentsoe leo le ne le bontša hore Mora o ne a bua le Ntate oa hae ea ratoang e le motsoalle ea haufi-ufi, le ne le boetse le senola hore o hlompha bolaoli ba Jehova ka ho tebileng e le ntate. Lithapelo tsohle tse tlalehiloeng tseo Jesu a li entseng li bontša hore o ne a le haufi-ufi le eena a bile a mo hlompha. Ka mohlala, ho Johanne khaolo ea 17, moapostola Johanne o tlalehile thapelo e telele e tsoang botebong ba pelo eo Jesu a ileng a e etsa bosiung ba Hae ba ho qetela. Ka sebele re ameha maikutlo ha re ithuta ka thapelo eo ebile ke habohlokoa hore re e etsise—eseng ka ho pheta-pheta mantsoe ao Jesu a a buileng, empa ka ho batla litsela tseo re ka buisanang le Ntate oa rōna oa leholimo ka tsona ho tsoa pelong le hona hangata kamoo ho ka khonehang kateng. Ho etsa joalo ho tla boloka lerato la rōna ho eena le phela le bile le le matla.

16, 17. (a) Jesu o ile a hlalosa tsela eo a ratang Ntate oa hae ka eona joang? (b) Jesu o ile a hlalosa tsela eo Ntate oa hae a fanang ka seatla se bulehileng ka eona joang?

16 Joalokaha ho boletsoe pejana, Jesu ha aa ka a pheta-pheta mantsoe a reng “ke rata Ntate.” Empa o ile a hlalosa ka makhetlo tsela eo a ratang Ntate oa hae ka eona. Joang? Jesu o ile a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše.” (Matheu 11:25) Ha re ntse re ithuta Karolong ea 2 ea buka ena, re ithutile hore Jesu o ne a rata ho rorisa Ntate oa hae ka ho thusa batho hore ba Mo tsebe. Ka mohlala, o ile a bapisa Jehova le ntate ea neng a hlile a ikemiselitse ho tšoarela mora oa hae ea tsoileng tseleng hoo a ileng a emela mohlankana eo ea bakileng hore a fihle, ’me ha a mo bona a sa tla le hōle, a matha a mo khahlametsa ’me a mo haka. (Luka 15:20) Ke mang ea ka balang temana eo ebe ha a angoe ke tsela e mofuthu eo Jesu a hlalosang lerato la Jehova ka eona le kamoo a tšoarelang kateng?

17 Jesu o ne a atisa ho rorisa Ntate oa hae ka ho ba Ea seatla se bulehileng. O ile a etsa mohlala ka batsoali ba sa phethahalang ho bontša hore re ka kholiseha hore Ntate oa rōna o tla re fa moea o halalelang ha re o hloka. (Luka 11:13) Jesu o ile a boela a bua ka tšepo eo Ntate a fanang ka eona ka seatla se bulehileng. Jesu o ile a hlalosa ka tabatabelo tšepo ea hae ea hore o tla khutlisetsoa leholimong a e’o ba haufi le Ntate oa hae. (Johanne 14:28; 17:5) O ile a bolella balateli ba hae ka tšepo eo Jehova a e fileng “mohlatsoana” oa Kreste—ea ho ea phela leholimong le ho busa le Morena oa Bomesia. (Luka 12:32; Johanne 14:2) O ile a tšelisa moetsi oa bobe ea neng a le makhatheng a lefu ka tšepo ea ho phela Paradeiseng. (Luka 23:43) Ho bua ka Ntate oa hae e le ea fanang ka seatla se bulehileng joalo ho tlameha ho ile ha thusa Jesu ho boloka lerato la hae ho Jehova le le matla. Balateli ba bangata ba Kreste ba fumane hore ha ho letho le leng le matlafatsang lerato la bona ho Jehova kapa tumelo ea bona ho feta ho bua ka eena le ka tšepo eo a fanang ka eona ho ba mo ratang.

Na U Tla Etsisa Lerato Leo Jesu a Ratang Jehova ka Lona?

18. Tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho latela Jesu ka eona ke efe, hona hobane’ng?

18 Litseleng tsohle tseo re lokelang ho latela Jesu ho tsona, ha ho e bohlokoa ho feta ena: Re lokela ho rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, moea oohle oa rōna, likelello tsohle tsa rōna le ka matla ’ohle a rōna. (Luka 10:27) Lerato le joalo ha le lekanngoe feela ka boikutlo bo tebileng boo re nang le bona empa le boetse le lekanngoa ka liketso tsa rōna. Jesu o ne a sa khotsofalla feela ho ikutloa hore o rata Ntate oa hae, kapa hona feela ho re, “Ke rata Ntate.” O ile a re: “E le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, esita le joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.” (Johanne 14:31) Satane o ne a hlahisitse qoso ea hore ha ho motho ea ka sebeletsang Jehova hobane a susumetsoa ke lerato le se nang boithati. (Jobo 2:4, 5) E le hore a fane ka karabo e khotsofatsang ka ho fetisisa leshanong leo le lonya la Satane, Jesu o ile a tsoela pele ka sebete ’me a bontša lefatše kamoo a ratang Ntate oa hae kateng. O ile a mo mamela ho isa bohōleng ba ho tela bophelo ba hae. Na u tla latela Jesu? Na u tla bontša lefatše hore u hlile u rata Jehova Molimo?

19, 20. (a) Ke mabaka afe a bohlokoa a etsang hore re batle ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste? (b) Re ka ’na ra talima thuto ea botho, ho thuisa le ho rapela joang?

19 Re na le tlhoko ea moea e tebileng ea hore re bontše lerato ka tsela eo. Kahoo Jehova o lokiselitse hore re kopanele borapeling ka tsela e tla nosetsa lerato la rōna ho Ntate oa rōna le ho le matlafatsa. Ha u le libokeng tsa Bokreste, u hopole hore u moo ho tla rapela Molimo oa hao. Likarolo tse ling tsa borapeli boo li akarelletsa ho kopanela ka pelo eohle thapelong, ho bina lipina tsa thoriso, ho mamela ka hloko le ho ba le karolo ha ho khoneha. Liboka tseo li boetse li u fa monyetla oa hore u khothatse Bakreste-’moho le uena. (Baheberu 10:24, 25) Ho rapela Jehova kamehla libokeng tsa Bokreste ho tla u thusa hore u matlafatse lerato la hao ho Molimo le ho feta.

20 Ho ka buuoa se tšoanang ka thuto ea botho, ho thuisa le ho rapela. Nka ho etsa seo e le tsela ea ho ba boinotšing le Jehova. Ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng u bile u thuisa ka lona, Jehova o u senolela menahano ea hae. Ha u rapela, u mo phetlela sefuba. U hopole hore thapelo hase feela ho kōpa Molimo hore a u fe lintho. Thapelo e boetse e fana ka monyetla oa ho leboha Jehova ka seo a u hlohonolofalitseng ka sona le ho mo rorisa ka mesebetsi ea hae e babatsehang. (Pesaleme ea 146:1) Ho feta moo, ho rorisa Jehova phatlalatsa ka thabo le ka cheseho ke tsela e molemohali ea ho leboha Jehova le ho bontša hore ua mo rata.

21. Ho rata Jehova ke habohlokoa hakae, hona ho tlil’o tšohloa eng likhaolong tse latelang?

21 Ntho e ka sehloohong e tla u tlisetsa thabo ea ka ho sa feleng ke ho rata Molimo. Seo ke sona feela seo ho neng ho hlokahala hore Adama le Eva ba be le sona e le hore ba atlehe—’me ke sona seo ba hlōlehileng ho se etsa. Ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u tla e hloka e le hore u fete ka katleho tekong leha e le efe ea tumelo, e le hore u hanyetse moleko leha e le ofe le hore u mamelle boemo leha e le bofe bo lekang. Ke karolo ea bohlokoa ea ho ba molateli oa Jesu. Ke ’nete hore ho rata Molimo ho tsamaisana le ho rata batho ba bang. (1 Johanne 4:20) Likhaolong tse latelang, re tlil’o hlahloba kamoo Jesu a ileng a bontša kateng hore o rata batho. Khaolong e hlahlamang, re tlil’o tšohla hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba fumana Jesu e le motho ea atamelehang.

U ka Latela Jesu Joang?

● Ha re rapela, re ka bontša joang hore re tšepa Jehova, joalokaha Jesu a ne a mo tšepa?—Johanne 11:41, 42; Baheberu 11:6.

● Re ka bontša joang hore re rata Jehova ho tsoa botebong ba pelo ka tsela eo re sebelisang lebitso la hae ka eona?—Johanne 17:6-8.

● Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re etsise Jesu tabeng ea ho lula re arohile lefatšeng haeba re rata Jehova?—Johanne 17:14-16; Jakobo 4:8.

● Re ka sebelisa keletso ea Jesu joang tabeng ea ho lula re e-na le lerato le matla ho Jehova?—Tšenolo 2:1-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 135]

“A nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela