Pina ea 22
“Jehova ke Molisa oa Ka”
1. Molis’a ka ke Jehova;
Ha ho kamoo nka tšohang.
Kamoo a baballang nku tsa hae,
Ha ho eo a’e lebalang.
O nkisa moo ke tla khutsa,
O ’matlafatsa moeeng.
Ke ka baka la bitso la hae
A ntsamaisang tokeng.
Ke ka baka la bitso la hae
A ntsamaisang tokeng.
2. Le moriting o lefifi,
Ha ho seo ke se tšabang.
Seikokotlelo sa Jehova,
Ke sona se ntšelisang.
Hloohong a ntlotsa ka oli;
A tlatsa noelo sa ka.
Mohau oa hae o tla ntatela,
Ke tla lula tlung ea hae.
Mohau oa hae o tla ntatela,
Ke tla lula tlung ea hae.
3. Molis’a ka o lerato!
Ka thabo kea mo roka.
Ke tla tsebisa ba kang linku
Litaba tse molemo.
Se Ntsoeng la hae kea se utloa,
Tseleng ea hae ke tiile.
Tlotlo la ho mo sebeletsa,
Ke tla le hlokomela.
Tlotlo la ho mo sebeletsa,
Ke tla le hlokomela.
(Sheba le Pes. 28:9; 80:1.)