Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/1 maq. 16-20
  • Jehova ke Molisa oa Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Molisa oa Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Papiso e Loketseng
  • ‘Oa Ntsamaisa’
  • “Ha ke Tšabe Letho le Lebe, Kaha U na le ’Na”
  • “U Teka Tafole ka Pel’a Ka”
  • “Ke Tla Lula ka Tlung ea Jehova”
  • “Jehova ke Molisa oa Ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Moo re ka Fumanang Matšeliso Teng
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Balisa ba Lerato, Linku Tse Tšepang Balisa
    Tsoha!—1988
  • “Jehova Ke Molisa oa Ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/1 maq. 16-20

Jehova ke Molisa oa Rōna

“Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.”—PESALEME EA 23:1.

1-3. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe Davida o ile a bapisa Jehova le molisa?

HAEBA ho ne ho ka thoe u hlalose tsela eo Jehova a hlokomelang batho ba hae ka eona, u ne u tla re’ng? Ke eng eo u neng u tla e bapisa le tsela e lerato eo a hlokomelang bahlanka ba hae ba tšepahalang ka eona? Lilemong tse ka holimo ho 3 000 tse fetileng, Morena Davida o ile a ngola pesaleme e hlalosang Jehova ka bokhabane, a etsa papiso ka mosebetsi oo eena a neng a o etsa bocheng ba hae.

2 Ha e sa le mohlankana, Davida e ne e kile ea e-ba molisa, kahoo o ne a tseba kamoo linku li hlokomeloang kateng. O ne a tseba hantle hore haeba linku li tloheloa li le ling, masholu a ne a ka li utsoa kapa tsa hlaseloa ke libata tsa naha. (1 Samuele 17:34-36) Ha li se na molisa ea li tsotellang, li ka ’na tsa sitoa ho fumana lekhulo leo li ka fulang ho lona. Ha ho pelaelo hore ha Davida a se a hōlile, o ne a e-na le lintho tse thabisang tseo a li hopolang ha a ne a qeta lihora tse ngata a tsamaisa linku, a li sireletsa ebile a li fepa.

3 Ha ho makatse hore ebe Davida o ile a hopola mosebetsi oa molisa ha a ne a bululeloa hore a hlalose tsela eo Jehova a hlokomelang batho ba hae ka eona. Pesaleme ea 23, e ngotsoeng ke Davida, e qala ka mantsoe a reng: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” A re hlahlobeng lebaka leo ka lona polelo ena e leng e loketseng. Joale, re itšetlehile ka Pesaleme ea 23, re tla bona litsela tseo ka tsona Jehova a hlokomelang barapeli ba hae joalokaha molisa a hlokomela linku tsa hae.—1 Petrose 2:25.

Papiso e Loketseng

4, 5. Bibele e hlalosa litšobotsi tsa linku joang?

4 Jehova o na le litlotla tse ngata tseo a bitsoang ka tsona ka Mangolong, empa tlotla ea “Molisa” ke e ’ngoe ea tse bontšang lerato la hae ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 80:1) Hore re utloisise lebaka leo ka lona ho loketseng hore Jehova a bitsoe Molisa, ho molemo hore re tsebe lintho tse peli: ea pele, ke ho tseba sebōpeho sa linku ’me ea bobeli ke ho tseba mesebetsi ea molisa ea molemo le litšobotsi tsa hae.

5 Bibele e atisa ho bua ka litšobotsi tsa linku, e hlalosa linku e le tse ananelang lerato la molisa oa tsona (2 Samuele 12:3), e le tse se nang leqhoko (Esaia 53:7), ebile e le tse sitoang ho itšireletsa. (Mikea 5:8) Mongoli e mong ea neng a ruile linku ka lilemo tse ngata o ile a re: “Linku ha li ‘khone ho itlhokomela’ joalokaha ba bang ba nahana. Li hloka ho hlokomeloa ka hloko ka linako tsohle ho feta liphoofolo leha e le life tse ling.” Hore libōpuoa tsena tse sitoang ho itšireletsa li ’ne li phele, li hloka molisa ea li tsotellang.—Ezekiele 34:5.

6. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re ka tloaelo molisa oa boholo-holo o ne a etsa’ng letsatsi le letsatsi?

6 Ka tloaelo molisa oa boholo-holo o ne a etsa eng letsatsi le letsatsi? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re: “O ne a bulela linku sakeng esale hoseng haholo, a li etella pele ho ea lekhulong moo li il’o fula teng. O ne a li lisa letsatsi lohle, a hlokometse hore ha ho le e ’ngoe e hlahlathelang, ’me haeba ka nakoana e ’ngoe e ne e ka ea sirela mahlong a hae eaba ea hlahlathela, o ne a e batla ka mafolofolo ho fihlela a e fumana ’me a e khutlisetsa mohlapeng. . . . Mantsiboea o ne a orosetsa mohlape oa linku sakeng, a li bala ha li ntse li feta monyako tlas’a molamu oa hae ho etsa bonnete ba hore li teng kaofela. . . . Hangata o ne a lokela ho lebela lesaka bosiu hore linku li se ke tsa hlaseloa ke libata tsa naha, kapa tsa utsuoa ka lenyele ke masholu a patileng mohoasa.”a

7. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ne ho hlokahala hore molisa a bontše mamello le lerato ka ho eketsehileng?

7 Ka linako tse ling, linku li ne li hloka ho mamelloa le ho tšoaroa ka lerato ka ho eketsehileng, haholo-holo linku tse emereng le likonyana. (Genese 33:13) Buka e ’ngoe e buang ka Bibele e re: “Ha konyana e tsoaloa mohlapeng hangata e tsoalloa hōle koana pel’a thaba. Molisa o lebela ’m’a eona ka hloko nakong eo ea ha a hloka ho sireletsoa ’me o jara konyana ebe o e isa sakeng. A ka ’na a e sika ka matsoho kapa a e jara mamenong a seaparo sa hae ka matsatsi a seng makae ho fihlela e tseba ho tsamaea.” (Esaia 40:10, 11) Ho hlakile hore molisa ea molemo o ne a lokela ho ba le litšobotsi tse bontšang hore o matla ebile o mosa.

8. Davida o bolela mabaka afe ao ka ’ona a tšepileng Jehova?

8 “Jehova ke Molisa oa ka”—na eo hase tlhaloso e loketseng ka Ntate oa rōna oa leholimo? Ha re hlahloba Pesaleme ea 23, re tla bona kamoo Molimo a re tsotellang kateng ka matla le lerato la hae le tšoanang le la molisa. Temaneng ea 1, Davida o bontša tšepo ea hae ea hore Molimo o tla lokisetsa linku tsa Hae lintho tsohle tse hlokahalang hoo li ke keng tsa “hloka letho.” Litemaneng tse latelang, Davida o bolela mabaka a mararo ao ka ’ona a tšepileng Jehova: Jehova o tsamaisa linku tsa Hae, oa li sireletsa ebile oa li fepa. A re ke re a tšohleng ka bonngoe.

‘Oa Ntsamaisa’

9. Davida o hlalosa boemo bofe ba khotso, hona linku li ne li ka fihla joang sebakeng se joalo?

9 Lebaka la pele ke hore Jehova o tsamaisa batho ba hae. Davida o re: “O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. O khatholla moea oa ka. O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae.” (Pesaleme ea 23:2, 3) Mohlape o bothileng ka khotso lekhulong le nonneng—mona Davida o hlalosa boemo ba ho khotsofala, ho khatholoha le ho sireletseha. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “makhulo” le ka bolela “sebaka sa boiketlo.” Mohlomong linku ka botsona li ne li ke ke tsa fumana sebaka se khathollang seo li ka bothang ho sona ka khotso. Molisa oa tsona o ne a lokela ho li isa ‘sebakeng se joalo sa boiketlo.’

10. Molimo o bontša joang hore oa re tšepa?

10 Kajeno Jehova o re tsamaisa joang? Tsela e ’ngoe eo a re tsamaisang ka eona ke ka ho re behela mohlala. Lentsoe la hae le re khothalletsa hore re be “baetsisi ba Molimo.” (Baefese 5:1) Litemana tse potolohileng mantsoe ao li bua ka qenehelo, tšoarelo le lerato. (Baefese 4:32; 5:2) Ka sebele, Jehova o beha mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho bonahatsa litšobotsi tse ratehang joalo. Na ha a re re mo etsise o re batla ntho eo re ke keng ra e khona? Che, ha ho joalo. Ha e le hantle, keletso eo e bululetsoeng e bontša ka tsela e babatsehang hore oa re tšepa. Ka tsela efe? Re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ho bolelang hore re filoe litšobotsi tsa boitšoaro ebile re filoe matla a ho ananela lintho tsa moea. (Genese 1:26) Kahoo, Jehova oa tseba hore le hoja re sa phethahala, re ka khona ho hlaolela litšobotsi tseo eena a re behelang mohlala ho tsona. Ak’u nahane feela—Molimo oa rōna ea lerato o na le tšepo e tiileng ea hore re ka tšoana le eena. Haeba re latela mohlala oa hae, ka puo ea tšoantšetso o tla re tsamaisa a re ise ‘sebakeng sa phomolo’ sa boiketlo. Lefatšeng lena le mabifi, re tla ‘lula re sireletsehile,’ re e-na le khotso e tlisoang ke ho tseba hore Molimo oa re amohela.—Pesaleme ea 4:8; 29:11.

11. Jehova o nahanela eng ha a tsamaisa linku tsa hae, hona see se bonahatsoa joang ke seo a se batlang ho rōna?

11 Ha a ntse a re tsamaisa, Jehova o bontša lerato le mamello. Molisa o nahana ka lintho tseo linku tsa hae li ke keng tsa khona ho li etsa, kahoo o li tsamaisa “ho ea ka lebelo la liphoofolo.” (Genese 33:14) Ka ho tšoanang, Jehova o tsamaisa linku tsa hae “ho ea ka lebelo” la tsona. O nahanela bokhoni ba rōna le maemo a rōna. Ha e le hantle, o fetola lebelo, ha ho mohla a re batlang seo re ke keng ra se khona. Seo a se batlang ke hore re etse lintho ka moea oohle. (Bakolose 3:23) Empa ho thoe’ng haeba u se u hōlile ’me ha u sa khona ho etsa seo u neng u tloaetse ho se etsa? Kapa ho thoe’ng haeba u kula ka ho tebileng hoo u sitoang ho etsa lintho tse ling? Ke maemong a joalo moo ho tšelisang haholo ho tseba hore se hlokahalang ke hore re etse lintho ka moea oohle. Ha ho na batho ba babeli ba tšoanang hantle. Ho sebeletsa ka moea oohle ho bolela hore u sebelise matla ’ohle a hao tšebeletsong ea Molimo ho latela kamoo uena u khonang kateng. Le hoja re e-na le mefokolo e ka ’nang ea ama lebelo la rōna, Jehova o ananela borapeli boo re bo etsang ka pelo eohle.—Mareka 12:29, 30.

12. Molaong oa Moshe, ke mohlala ofe o bontšang hore Jehova o tsamaisa linku tsa hae “ho ea ka lebelo” la tsona?

12 Ho bontša hore Jehova o tsamaisa linku tsa hae “ho ea ka lebelo” la tsona, nahana ka se boleloang mabapi le linyehelo tse itseng tsa molato Molaong oa Moshe. Jehova o ne a batla linyehelo tse molemo tseo batho ba li etsang ba susumetsoa ke lipelo tse tletseng teboho. Ka nako e tšoanang, linyehelo tseo li ne li khethoa ho ea ka bokhoni ba motho ea fanang ka nyehelo. Molao o ne o re: “Haeba o sa khone ho fana ka nku, joale o tlise . . . maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.” Ho thoe’ng haeba motho a ne a sa khone ho tlisa esita le maebana a mabeli? Joale o ne a ka tlisa “phofo e thumisehileng.” (Levitike 5:7, 11) Sena se bontša hore Molimo o ne a sa batle seo motho ea fanang ka nyehelo a neng a ke ke a se khona. Kaha Molimo ha a fetohe, re ka tšelisoa ke ho tseba hore ha ho mohla a batlang seo re ke keng ra se khona, empa ho e-na le hoo, o thabela ho amohela seo re se khonang. (Malakia 3:6) Ruri ho thabisa hakaakang ho tsamaisoa ke Molisa ea utloisisang joalo!

“Ha ke Tšabe Letho le Lebe, Kaha U na le ’Na”

13. Pesalemeng ea 23:4, Davida o bua ka tsela e bontšang botsoalle bo haufi joang, hona ke hobane’ng ha seo se sa makatse?

13 Davida o fana ka lebaka la bobeli leo a tšepang Molimo ka lona: Jehova o sireletsa linku tsa hae. Rea bala: “Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.” (Pesaleme ea 23:4) Joale Davida o bua ka tsela e bontšang botsoalle bo haufi, o bitsa Jehova a sebelisa seemeli “u.” Sena ha se makatse, kaha Davida o bolela kamoo Molimo a ileng a mo thusa kateng hore a mamelle tsietsi. Davida o ne a fetile liphuleng tse ngata tse lefifi—linakong tseo ka tsona bophelo ba hae bo neng bo le kotsing. Empa ha aa ka a itumella hore a apareloe ke tšabo, kaha o ne a hlokomela hore Molimo—ea itokiselitseng ho nka khato ka “molamu” oa Hae le “lere” la Hae—o ne a e-na le eena. Davida o ile a tšeliseha ha a hlokomela hore Molimo o mo sirelelitse ’me ha ho pelaelo hore seo se ile sa mo atametsa haufi le Jehova.b

14. Bibele e re tiisetsa joang hore Jehova o tla re sireletsa, empa see ha se bolele eng?

14 Kajeno Jehova o sireletsa linku tsa hae joang? Bibele e re tiisetsa hore ha ho mohanyetsi—ebang ke modemona kapa ke motho—eo le ka mohla a tla atleha ho felisa linku tsa Molimo lefatšeng. Jehova a ke ke a lumella seo. (Esaia 54:17; 2 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Molisa oa rōna o tla re sireletsa litlokotsing tsohle. Re thulana le liteko tse atisang ho hlahela batho ba bang, ebile re thulana le khanyetso e hlahelang Bakreste bohle ba ’nete. (2 Timothea 3:12; Jakobo 1:2) Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ho na le linako tseo ka tsona re ‘tsamaeang phuleng ea moriti o lefifi.’ Ka mohlala, re ka ’na ra ba lintšing tsa lefu ka lebaka la ho hlorisoa kapa ho kula ho itseng. Kapa ho ka etsahala hore moratuoa oa rōna a be makhatheng a lefu kapa a hle a shoe. Linakong tse bonahalang li le lerootho ka ho fetisisa, Molisa oa rōna o ba le rōna, ’me o tla re sireletsa. Joang?

15, 16. (a) Jehova o re thusa ka litsela life hore re sebetsane le litšitiso tseo re ka ’nang ra thulana le tsona? (b) Pheta phihlelo ho bontša kamoo Jehova a re thusang kateng linakong tsa teko.

15 Jehova ha a tšepise hore o tla kenella ka mohlolo.c Empa re ka kholiseha ka sena: Jehova o tla re thusa ho hlōla tšitiso leha e le efe eo re ka thulanang le eona. A ka re fa bohlale hore re sebetsane le “liteko tse sa tšoaneng.” (Jakobo 1:2-5) Molisa ha a sebelise molamu oa hae kapa lere ho leleka liphoofolo tse hlaselang feela empa o le sebelisetsa ho khannela linku tsa hae ka bonolo tseleng e nepahetseng. Mohlomong a sebelisa morapeli-’moho le rōna, Jehova a ka re “khannela” ho sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng e ka fetolang boemo ba rōna haholo. Ho phaella moo, Jehova a ka re fa matla a ho mamella. (Bafilipi 4:13) Ka moea oa hae o halalelang, a ka re hlomella ka “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Moea oa Molimo o ka re thusa ho mamella teko leha e le efe eo Satane a ka ’nang a re tlisetsa eona. (1 Bakorinthe 10:13) Na ha ho khothatse ho tseba hore kamehla Jehova o lula a itokiselitse ho re thusa?

16 E, ho sa tsotellehe hore na ke phula efe ea moriti o lefifi eo re ka iphumanang re le ho eona, ha ho hlokahale hore re fete ho eona re le bang. Molisa oa rōna o na le rōna, o re thusa ka litsela tseo re ka ’nang ra sitoa ho li hlokomela ka ho feletseng qalong. Nahana ka se ileng sa etsahalla moholo e mong oa Mokreste eo lingaka li ileng tsa hlokomela hore o na le hlahala e bolaeang bokong. O re: “Kea lumela hore qalong ke ne ke ipotsa hore na ebe Jehova o nkhalefetse kapa esita le hore na oa nthata. Empa ke ne ke ikemiselitse hore nke ke ka furalla Jehova. Ho e-na le hoo, ke ile ka mo bolella matšoenyeho a ka. ’Me Jehova o ile a nthusa, hangata a ntšelisa ka bara le barali beso ba moea. Ba bangata ba ile ba mpha malebela ha ba mphetela kamoo ba ileng ba sebetsana le ho kula ho tebileng kateng. Lipolelo tsa bona tse bontšang ho leka-lekana li ile tsa nkhopotsa hore ho ne ho se letho le sa tloaelehang ka boemo boo ke neng ke le ho bona. Tsela e molemo eo ba ileng ba nthusa ka eona, e akarelletsang ho ithaopela ka mosa ho nthusa, e ile ea nkholisa hore Jehova o ne a sa nkhalefela. Ke ’nete hore ke ntse ke tlameha ho loana le ho kula, ’me ha ke tsebe hore na phello e tla ba efe. Empa ke kholisehile hore Jehova o na le ’na le hore o tla tsoela pele ho ba le ’na hore ke fete tekong ena.”

“U Teka Tafole ka Pel’a Ka”

17. Davida o hlalosa Jehova joang Pesalemeng ea 23:5, hona ke hobane’ng ha tlhaloso eo e nyalana hantle le papiso ea molisa?

17 Joale Davida o bolela lebaka la boraro leo ka lona a tšepileng Molisa oa hae: Jehova o fepa linku tsa hae, ’me o li fepa matletsetletse. Davida o re: “U teka tafole ka pel’a ka ka pel’a ba bontšang bora ho ’na. U tlotsitse hlooho ea ka ka oli; senoelo sa ka se tletse.” (Pesaleme ea 23:5) Temaneng ena, Davida o hlalosa Molisa oa hae e le motho ea seatla se bulehileng ea fanang ka matletsetletse a lijo le lino. Lipapiso tsena tse peli—ea molisa ea tsotellang le ea motho ea fanang ka seatla se bulehileng—li nyalana hantle. Etsoe molisa ea molemo o lokela ho tseba moo a ka fumanang makhulo a nonneng le moo a ka fumanang metsi a lekaneng ho noesa mohlape oa hae e le hore o se ke oa “hloka letho.”—Pesaleme ea 23:1, 2.

18. Ke’ng se bontšang hore Jehova ke motho ea fanang ka seatla se bulehileng?

18 Na Molisa oa rōna le eena ke motho ea fanang ka seatla se bulehileng? Ha ho pelaelo hore ho joalo! Ak’u nahane feela hore na hona joale re fumana lijo tsa moea tsa boleng bo botle, tse ngata le tse fapa-fapaneng hakaakang. A sebelisa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, Jehova o re lokiselitse lingoliloeng tse molemo le mananeo a enneng libokeng, likopanong tse khōlō le tse nyenyane—tseo kaofela li khotsofatsang seo re se hlokang moeeng. (Matheu 24:45-47) Ruri ha ho na khaello ea lijo tsa moea. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le hlahisitse Libibele le lingoliloeng tse limilione tse thusang batho ho ithuta Bibele, ’me hona joale lingoliloeng tseo li fumaneha ka lipuo tse 413. Jehova o lokiselitse lijo tsena tsa moea ka mefuta-futa—ho tloha ho “lebese,” ke hore lithuto tsa motheo tsa Bibele, ho ea ho “lijo tse tiileng,” e leng lithuto tse tebileng tsa Bibele. (Baheberu 5:11-14) Ka lebaka leo, ha re thulana le mathata kapa re lokela ho etsa liqeto, hangata re fumana ntho eo re e hlokang hantle. Re ka be re le kae haeba re ne re se na lijo tse joalo tsa moea? Ruri Molisa oa rōna ke mohlokomeli ea fanang ka seatla se bulehileng ho feta leha e le mang!—Esaia 25:6; 65:13.

“Ke Tla Lula ka Tlung ea Jehova”

19, 20. (a) Pesalemeng ea 23:6, Davida o bontša hore o kholisehile ka eng, hona le rōna re ka kholiseha ka seo joang? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

19 Ka mor’a hore a nahanisise ka litsela tsa Molisa oa hae le Mohlokomeli oa hae, Davida o phethela ka ho re: “Ka sebele molemo le mosa o lerato li tla mphehella ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka; ke tla lula ka tlung ea Jehova ka matsatsi a mangata.” (Pesaleme ea 23:6) Davida o bua ka pelo e tletseng teboho le tumelo—e tletseng teboho ha a hopola liketso tsa nakong e fetileng, le e nang le tumelo ha a nahana ka bokamoso. Davida, eo pele e neng e le molisa, o ikutloa a sireletsehile, a tseba hore hafeela a lula a le haufi le Molisa oa hae oa leholimo, joalokaha eka o lutse ka tlung ea Hae, kamehla Jehova o tla mo hlokomela ka lerato.

20 Re leboha hakaakang ka mantsoe a monate a tlalehiloeng Pesalemeng ea 23! Davida o ile a fumana tsela e loketseng ka ho fetisisa ea ho hlalosa kamoo Jehova a tsamaisang linku tsa hae, kamoo a li sireletsang le kamoo a li fepang kateng. Re boloketsoe mantsoe a Davida a khothatsang hore re kholisehe hore le rōna re ka talima Jehova e le Molisa oa rōna. E, hafeela re lula re le haufi le Jehova, o tla re hlokomela joaloka Molisa ea lerato “ka matsatsi a mangata,” esita le ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, joaloka linku tsa hae, boikarabelo ba rōna ke hore re tsamaee le Molisa oa rōna e moholo, Jehova. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa hore na seo se akarelletsa eng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Genese 29:7; Jobo 30:1; Jeremia 33:13; Luka 15:4; Johanne 10:3, 4.

b Davida o ile a qapa lipesaleme tse ngata tseo ka tsona a neng a rorisa Jehova ka hore ebe o mo lopolotse kotsing.—Ka mohlala, bona sehloohoana sa Pesaleme ea 18, ea 34, ea 56, ea 57, ea 59, le ea 63.

c Bona sehlooho se reng “Re ka Lebella Hore Molimo a Kenelle Joang?” tokollong ea Molula-Qhooa oa October 1, 2003.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Davida o ile a bapisa Jehova le molisa?

• Jehova o re tsamaisa ka tsela e bontšang kutloisiso joang?

• Jehova o re thusa ka litsela life hore re mamelle liteko?

• Ke’ng se bontšang hore Jehova ke motho ea fanang ka seatla se bulehileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Joaloka molisa Iseraeleng, Jehova o tsamaisa linku tsa Hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela