Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 5/1 leq. 31
  • “Jehova ke Molisa oa Ka”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova ke Molisa oa Ka”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova ke Molisa oa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Moo re ka Fumanang Matšeliso Teng
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Balisa ba Lerato, Linku Tse Tšepang Balisa
    Tsoha!—1988
  • Jesu o Hlokomela Linku Tsa Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 5/1 leq. 31

Atamela ho Molimo

“Jehova ke Molisa oa Ka”

AK’U shebe setšoantšo se leqepheng lena. Na ua hlokomela hore na konyana ee e ikutloa e sireletsehile joang ha e le sefubeng sa molisa oa eona? Pesalemeng ea 23, Bibele e tšoantšetsa tlhokomelo e mofuthu eo Jehova a e fang barapeli ba hae le molisa le linku. O batla hore re fumane tšireletso e fuoang batho bao joaloka mopesaleme Davida, ba ka reng ka kholiseho: “Jehova ke Molisa oa ka.”a—Temana ea 1.

Mongoli oa pesaleme ena, e leng Davida, e ne e le molisa ha a sa le mocha. O ne a tseba lintho tseo linku li li hlokang le boikarabelo ba molisa. Davida ea ileng a bona ha Molimo a mo hlokomela bophelong, o ile a ngola se ’nileng sa bitsoa “pesaleme e bontšang kholiseho kapa tšepo.” Lebitso la Molimo, Jehova, le hlaha qalong ea pesaleme ena le qetellong ea eona. (Temana ea 1, 6) Mantsoe a fumanehang mahareng a bua ka litsela tse tharo tseo ka tsona Jehova a bontšang hore o tsotella batho ba hae joalokaha molisa a tsotella linku tsa hae.—Pesaleme ea 100:3.

Jehova o tataisa linku tsa hae. Ha linku li se na molisa lia lahleha. Ka ho tšoanang re hloka ho tataisoa e le hore re fumane tsela e nepahetseng bophelong. (Jeremia 10:23) Davida o re Jehova o tataisetsa batho ba hae “makhulong a tletseng joang” le ‘libakeng tsa phomolo tse noselitsoeng hantle.’ O ba tsamaisa “litseleng tsa ho loka.” (Temana ea 2, 3) Papiso ena ea molisa e re tiisetsa hore re ka tšepa Molimo. Haeba re latela tataiso ea moea oa hae e fumanehang ka Bibeleng, re ka phela ka tsela e khotsofatsang, e khathollang le e sireletsehileng.

Jehova o sireletsa linku tsa hae. Ha linku li se na molisa, li lula li tšohile ebile ha ho kamoo li ka itšireletsang kateng. Jehova o bolella batho ba hae hore ha baa lokela ho tšoha, esita leha ba “tsamaea phuleng ea moriti o lefifi”—e leng nako eo ho ka bonahalang ho le boima haholo bophelong. (Temana ea 4) Jehova o lula a ba talimile, a itokiselitse ho ba thusa. A ka fa barapeli ba hae bohlale le matla ao ba a hlokang e le hore ba sebetsane le mathata a bona.—Bafilipi 4:13; Jakobo 1:2-5.

Jehova o fepa linku tsa hae. Linku li itšetlehile ho molisa oa tsona hore a li fumanele lijo. Le rōna re lapela lijo tsa moea tseo re ka li fumanang ka thuso ea Molimo feela. (Matheu 5:3) Ho thabisang ke hore, Jehova ke Mohlokomeli ea seatla se bulehileng, o tekela bahlanka ba hae tafole ea lijo tse ngata. (Temana ea 5) Bibele esita le lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele, tse kang ena eo u ntseng u e bala, ke oona mohloli oa lijo tsa moea tse re thusang ho tseba morero oa bophelo le oa Molimo ka rōna.

Davida o ne a ikutloa a sireletsehile kaha o ne a tseba hore ha a lula a le haufi le Molisa oa hae ea leholimong, o tla fumana tlhokomelo ea Jehova “ka matsatsi ’ohle a bophelo ba [hae].” (Temana ea 6) Na le uena u batla ho sireletseha joalo? Haeba ho joalo, ithute hore na u ka atamela ho Jehova joang. Ka ho etsa joalo u tla ikutloa u sireletsehile matsohong a Molisa e Moholo, ea tataisang, ea sireletsang le ea fepang ba lulang ba tšepahala ho eena.—Esaia 40:11.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka May:

◼ Jobo 38–Pesaleme ea 25

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Babali ba bangata ba tloaetse polelo e reng, “MORENA ke Molisa oa ka.” Ho fumana hore na ke hobane’ng ha Libibele tse ngata li sa ngola lebitso la Molimo, Jehova, sheba leqephe la 195-197 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela