Pina ea 27
Emang le Jehova!
1. Re kile ra ba fifing le letšo,
Ke thuto tse sa hlompheng Molimo;
Empa ra tlala thabo e khōlō
Ha re utloa ka ’Muso.
(K’HORASE)
Emang le Jehova;
Le tšepe ee na.
H’a na ho le lahla;
Le tiee ’neteng.
Bolelang li taba
Tsa tokoloho.
Borena ba Kreste
Bo tlisa khotso.
2. Re thabela ho u sebeletsa,
Re hase peō ea ’nete hohle,
Re thuse le bara babo rōna,
Ba roke bitso la hao.
(K’HORASE)
Emang le Jehova;
Le tšepe ee na.
H’a na ho le lahla;
Le tiee ’neteng.
Bolelang li taba
Tsa tokoloho.
Borena ba Kreste
Bo tlisa khotso.
3. Diabolose ha re mo tšabe,
Jehova o re sirelelitse.
Leha ka palo re le banyane,
Jah ke matla a rōna.
(K’HORASE)
Emang le Jehova;
Le tšepe ee na.
H’a na ho le lahla;
Le tiee ’neteng.
Bolelang li taba
Tsa tokoloho.
Borena ba Kreste
Bo tlisa khotso.
(Sheba le Pes. 94:14; Liprov. 3:5, 6; Baheb. 13:5.)