Karolo 17
Jesu o Ruta ka ’Muso oa Molimo
Jesu o ruta barutuoa ba hae lintho tse ngata, leha ho le joalo, taba eo a buang ka eona haholo ke ’Muso oa Molimo
JESU o ne a etsa mosebetsi ofe ha a le lefatšeng? O itse: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo, . . . hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Hlokomela lintlha tse ’nè tseo Jesu a ileng a li ruta ka ’Muso, e leng taba eo a neng a bua haholo ka eona.
1. Jesu o ne a khethiloe hore e be Morena. Jesu o ile a bolela ka ho toba hore ke Mesia ea profetiloeng. (Johanne 4:25, 26) O ile a boela a bontša hore ke eena Morena eo moprofeta Daniele a ileng a mo bona ponong. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore ka letsatsi le leng o tla lula ‘teroneng e khanyang’ ’me le bona ba tla lula literoneng. (Matheu 19:28) O ile a re babusi bana ke “mohlatsoana” oa hae, hape a re o na le “linku tse ling” tse sa oeleng sehlopheng seo.—Luka 12:32; Johanne 10:16.
2. ’Muso oa Molimo o tla etsa hore toka ea ’nete e be teng. Jesu o ile a bontša hore ’Muso oa Molimo o tla felisa ho hloka toka ka hore o halaletse lebitso la Jehova Molimo le ho le hlatsoa thohako eo Satane a le tliselitseng eona ho tloha ha batho ba fetohela Molimo Edene. (Matheu 6:9, 10) Hape Jesu o ile a bontša hore ha a na khethollo ha a ruta banna le basali, batho ba ruileng le ba futsanehileng. Le hoja mosebetsi oa hae haholo-holo e ne e le ho ruta Baiseraele empa o ile a boela a thusa Basamaria le batho bao e seng Bajuda. O ne a sa tšoane le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae kaha o ne a se na khethollo kapa leeme.
3. ’Muso oa Molimo e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše lena. Jesu o phetse nakong ea morusu oa lipolotiki. Naha ea habo e ne e busoa ke ’muso oa naha e ’ngoe. Leha ho le joalo, ha batho ba ne ba batla hore a kenelle litabeng tsa lipolotiki, o ile a tloha. (Johanne 6:14, 15) O ile a re ho ralipolotiki e mong: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) A re ho balateli ba hae: “Ha le karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19) Ha aa ka a ba lumella hore ba sebelise libetsa esita le bakeng sa ho mo sireletsa.—Matheu 26:51, 52.
4. Kreste o tla busa ka lerato. Jesu o tšepisitse hore o tla khatholla batho a be a ba imolle mejaro ea bona. (Matheu 11:28-30) O ile a etsa joalo ’me a ba fa keletso e lerato le e molemo ea seo ba lokelang ho se etsa ha ba tšoenyehile, ha ba batla ho phelisana hantle le ba bang, ha ba leka ka matla hore ba se ke ba inehela leratong la leruo le ha ba batla ho thaba. (Matheu, khaolo ea 5-7) Batho ba mefuta eohle ba ne ba sa mo tšabe, hobane o ne a ba rata. Esita le ba hateletsoeng ba ne ba phallela ho eena ba kholisehile hore o tla ba tšoara ka mosa le ka tlhompho. Ruri Jesu e tla ba ’Musi ea ikhethang.
Jesu o ile a sebelisa mokhoa o mong oa bohlokoa ha a ruta ka ’Muso oa Molimo. O ile a etsa mehlolo e mengata. Ke hobane’ng ha a ne a e etsa? A re boneng.
—E thehiloe bukeng ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne.
◼ Jesu o ile a re’ng ho bontša hore ke Morena eo e leng Mesia?
◼ Jesu o bontšitse ka litsela life hore o tla busa ka toka?
◼ Jesu o ile a etsa’ng hore ho totobale hore ’Muso oa hae e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše lee?
◼ Jesu o ile a bontša joang hore o tla busa ka lerato?
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
“A qala . . . ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.”—Luka 8:1
[Chate e leqepheng la 20]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
● Matheu
● Mareka
● Luka
● Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo