Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 20 leq. 23
  • Jesu Kreste oa Bolaoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste oa Bolaoa
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Letsatsi la ho Qetela la Bophelo ba Jesu e le Motho oa Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Kreste oa Ekoa ’me oa Tšoaroa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Sejo sa Mantsiboea sa Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 20 leq. 23

Karolo 20

Jesu Kreste oa Bolaoa

Jesu o theha tšebeletso e ncha; oa ekoa ’me o khokhotheloa thupeng

KA MOR’A hore Jesu a bolele litaba tse molemo a be a rute ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, o ne a tseba hore nako ea hae ea ho phela lefatšeng e se e tla fela. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba etsa ’momori oa ho mo bolaea, empa ba ne ba tšaba hore batho ba lumelang hore ke moprofeta ba tla etsa moferefere. Nakong eona eo, Satane o ile a susumetsa e mong oa baapostola ba Jesu ba 12—e leng Judase Iskariota—hore a mo eke. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba tšepisa Judase hore ba tla mo fa likotoana tsa silevera tse 30 haeba a ka eka Jesu.

Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ile a kopana le baapostola ba hae ’me ba tšoara tšebeletso ea Paseka. Ha a qeta ho leleka Judase, o ile a theha tšebeletso e ncha, e leng Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. O ile a nka bohobe, a rapela eaba o bo fa baapostola ba setseng ba 11. A re: “Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” A etsa joalo le ka senoelo sa veine, eaba o re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka.”—Luka 22:19, 20.

Jesu o ile a bolella baapostola ba hae lintho tse ngata bosiung boo. O ile a ba fa taelo e ncha—ea hore ba bontšane lerato le se nang boithati. A re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) O ile a ba khothalletsa hore ba se ke ba lumella lipelo tsa bona hore li khathatsehe ka lebaka la lintho tse bohloko tse neng li tla tloha li mo hlahela. Jesu o ile a ba rapella ka tieo. Ba ile ba bina lithoriso eaba ba ea serapeng sa Gethesemane bosiung boo.

Ha ba le Gethesemane, Jesu o ile a khumama eaba o rapela Molimo ka tieo. Kapele-pele ha fihla masole a hlometseng, baprista le ba bang ba neng ba tlil’o mo tšoara. Eaba Judase o atamela Jesu, a mo aka e le hore ba bone hore ke eena eo ba mo batlang. Ha masole a tšoara Jesu, baapostola ba baleha.

Ha Jesu a le ka pel’a lekhotla le phahameng la Bajuda, o ile a ipolela hore ke Mora oa Molimo. Lekhotla lena le ile la mo fumana a le molato oa ho nyefola ’me a tšoaneloa ke lefu. Ka mor’a moo, a isoa ka pel’a ’Musisi oa Moroma ea bitsoang Ponse Pilato. Le hoja a sa ka a fumana Jesu a le molato, o ile a nehelana ka eena bongateng bo tlatsitseng lerata bo re a bolaoe.

Jesu o ile a isoa Golgotha, moo masole a Roma a ileng a mo khokhothela thupeng. Ka mohlolo motšehare oa lengeta o ile oa fetoha bosiu. Hamorao thapameng eo, Jesu o ile a shoa, ’me ha e-ba le tšisinyeho e khōlō ea lefatše. Setopo sa hae se ile sa behoa lebitleng le fatiloeng lefikeng. Letsatsing le hlahlamang baprista ba ile ba tiisa lejoe le koetseng lebitla ’me ba beha balebeli. Na Jesu o ne a tla fella lebitleng moo? Che. Ho ne ho tla tloha ho etsahala mohlolo o moholo ka ho fetisisa.

​—E thehiloe ho Matheu khaolo ea 26 le 27; Mareka khaolo ea 14 le 15; Luka khaolo ea 22 le 23; Johanne khaolo ea 12 ho ea ho 19.

◼ Jesu o ile a theha tšebeletso efe e ncha?

◼ Ho ile ha etsahala lintho life pele Jesu a bolaoa?

[Lebokose le leqepheng la 23]

TEMA EA BOHLOKOA EO JESU A E KHATHANG

Lefu la Jesu le khathile tema ea bohlokoa e le hore morero oa Molimo o phethahale. Kaha Jesu o ile a emoloa ka moea o halalelang oa Molimo, o ile a tsoaloa a phethahetse, ’me lefu le bakiloeng ke sebe le se na matla ho eena. Empa o ile a tela bophelo ba hae e le hore batho ba be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ’me ba thabele bophelo boo Adama ea sa mameleng a entseng hore bana ba hae ba hlōlehe ho bo fumana.a—Matheu 20:28; Luka 1:34, 35; Johanne 3:16, 36; 2 Petrose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse mabapi le bohlokoa ba lefu la Jesu la sehlabelo, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 47-56.

[Chate e leqepheng la 23]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

Matheu ●

Mareka ●

Luka ●

Johanne

Liketso

Baroma

1 Bakorinthe

2 Bakorinthe

Bagalata

Baefese

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela