Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jr khao. 9 maq. 103-113
  • Qoba ho “Ipatlela Lintho Tse Khōlō”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qoba ho “Ipatlela Lintho Tse Khōlō”
  • Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘LINTHO TSEO TSE KHŌLŌ’ E NE E LE ENG?
  • “KE TLA U NEHA MOEA OA HAO E LE THEPA E HAPUOENG”
  • NA U TLA BATLA “LINTHO TSE KHŌLŌ”?
  • LERABA LA “LINTHO TSA BOHLOKOA”
  • NA U TLA FUMANA “MOEA OA HAO E LE THEPA E HAPUOENG”?
  • Baruke—Mongoli ea Tšepahalang oa Jeremia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jehova o re Talima Hore a re Tsoele Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Jehova o Hlohonolofatsa le ho Sireletsa ba Mamelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
jr khao. 9 maq. 103-113

Khaolo ea Borobong

Qoba ho “Ipatlela Lintho Tse Khōlō”

1, 2. (a) Baruke o ile a thulana le bothata bofe selemong sa bone sa puso ea Jojakime? (b) Jehova o ile a thusa Baruke joang?

MONGOLI ea tšepahalang oa Jeremia, e leng Baruke, o ne a tepeletse. E ne e le selemong sa bone sa puso ea Morena Jojakime ea khopo kapa hoo e ka bang ka 625 B.C.E. Jeremia o ile a bolella mongoli eo oa hae hore a ngole moqolong oa buka mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a buile a sebelisa Jeremia mabapi le Jerusalema le Juda, e leng mantsoe a neng a builoe ka lilemo tse 23 tseo Jeremia e neng e se e bile moprofeta ka tsona ho fihlela nakong eo. (Jer. 25:1-3; 36:1, 2) Baruke ha aa ka a balla Bajuda se ngotsoeng moqolong oo ka eona nako eo. O ne a tla etsa joalo selemong se latelang. (Jer. 36:9, 10) Empa na ho ne ho e-na le se neng se tšoenya Baruke?

2 Baruke o ile a tletleba a re: “Joale ho malimabe ’na, etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka.” Ho ka etsahala hore ebe u kile ua bua mantsoe a bontšang hore u tepeletse, ebang u ne u buela holimo kapa ka pelong. Ho sa tsotellehe hore na Baruke o ne a buela holimo kapa ka pelong, Jehova o ne a mametse. Mohlahlobi oa lipelo tsa batho o ne a tseba hore na ke eng e neng e entse hore Baruke a khathatsehe, ’me Molimo o ile a sebelisa Jeremia ho khalemela Baruke. (Bala Jeremia 45:1-5.) Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Baruke a ne a ikutloa a tepeletse hakaalo. Ebe o ne a tepelelitsoe ke mosebetsi oo a neng a o filoe kapa mohlomong ke maemo ao a neng a sebetsa tlas’a ’ona? Pelo ea hae e ne e le eona e nang le bothata. Taba ke hore Baruke o ne a “ipatlela lintho tse khōlō.” Lintho tseo e ne e le eng? Jehova o ile a mo tiisetsa eng haeba a ne a ka amohela keletso ea Molimo a ba a latela tataiso ea Hae? Hona se etsahalletseng Baruke se re ruta’ng?

‘LINTHO TSEO TSE KHŌLŌ’ E NE E LE ENG?

3. Sesosa sa bothata boo Baruke a neng a e-na le bona moeeng e ne e le sefe?

3 E tlameha ebe Baruke o ne a tseba hore na “lintho tse khōlō” e ne e le eng. Mongoli eo o ile a hlokomela hore ‘mahlo a Molimo a holim’a litsela tsa motho, o bona mehato eohle ea hae.’ (Jobo 34:21) Lebaka le neng le etsa hore Baruke a utloe eka o ne a se na “sebaka sa phomolo” nakong eo a neng a ntse a ngola mantsoe a Jeremia a boprofeta, e ne e se mosebetsi oo ka booona. E ne e le maikutlo ao a neng a e-na le ’ona mabapi le hore na ke eng e neng e bonahala eka ke ntho e khōlō—e leng se neng se le ka pelong ea hae. Kaha o ne a phathahane ka ho ipatlela “lintho tse khōlō,” Baruke o ile a lebala lintho tsa bohlokoa haholo, e leng lintho tse amanang le ho etsoa ha thato ea Molimo. (Bafil. 1:10) Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetisa moelelo oa leetsi le sebelisitsoeng mona hantle, ha e re “u ntse u ipatlela.” E leng hore ona e ne e se mohopolo o ileng oa tla ka nakoana feela eaba oa feta. Baruke o ne a se a ntse a ipatlela “lintho tse khōlō” nakong eo Jehova a neng a mo lemosa hore a khaotse. Le hoja mongoli eo oa Jeremia ea tšepahalang a ne a ntse a etsa thato ea Molimo, ka nako e tšoanang o ne a labalabela “lintho tse khōlō.”

4, 5. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba “lintho tse khōlō” tsa Baruke e ne e le botumo le bophahamo, hona ke hobane’ng ha temoso ea Jehova e ne e loketse?

4 Ho ka etsahala hore ebe ntho e neng e etsa hore Baruke a tšoenyehe ke botumo le bophahamo. Le hoja Baruke a ne a sebelitse e le mongoli oa Jeremia, ho ka etsahala hore ebe e ne e se mongoli oa Jeremia feela. Jeremia 36:32, e re Baruke e ne e le “mongoli.” Bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale bo bontša hore e ne e le ofisiri e khōlō ea morena. Ha e le hantle, ho sebelisoa lebitso le tšoanang ho bitsa “mongoli Elishama,” eo e neng e le e mong oa likhosana tsa Juda. Sena se bontša hore e ka ’na eaba Baruke le eena o ne a kena “kamoreng ea ho jela ea mongoli,” “ka tlung ea morena” e le e mong oa bo-mphato’a Elishama. (Jer. 36:11, 12, 14) Kahoo, e tlameha ebe Baruke e ne e le ofisiri e rutehileng e neng e sebetsa ntlong ea borena. Mor’abo, e leng Seraia, e ne e le mohlokomeli oa lebotho la ntoa la Morena Tsedekia ’me o ile a tsamaea le morena leetong la hae la bohlokoa la ho ea Babylona. (Bala Jeremia 51:59.) Kaha Seraia e ne e le mohlokomeli oa lebotho la ntoa, ho ka etsahala hore ebe o ne a ikarabella ka ho fa morena lintho tseo a neng a li hloka le ho mo lokisetsa marobalo ha a ne a nkile maeto, e leng mosebetsi oo e neng e le oa boemo bo phahameng.

5 U ka utloisisa hore motho ea neng a tloaetse ho sebeletsa boemong bo phahameng o ne a ka ’na a tepelletsoa ke ho ngola melaetsa ea kahlolo e latellanang khahlanong le Juda. Ha e le hantle, kaha Baruke o ne a tšehetsa moprofeta oa Molimo, seo se ne se ka ’na sa beha boemo ba hae le mosebetsi oa hae ka mosing. Ho feta moo, nahana hore na litholoana e ne e tla ba life haeba Jehova a ne a ka felisa seo A neng a se hahile joalokaha re bala ho Jeremia 45:4. “Lintho tse khōlō” tseo Baruke a neng a nahanne ka tsona—ebang e ne e le ho fumana boemo bo phahameng le ho feta lelapeng la borena kapa ho fumana maruo—li ne li ka ’na tsa fetoha lefeela. Haeba Baruke o ne a batla boemo bo sireletsehileng tsamaisong ea ka nako eo ea Sejuda, e neng e tlil’o timetsoa, Molimo o ne a e-na le lebaka la hore a mo thibele hore a be le maikutlo a joalo.

6, 7. Haeba “lintho tse khōlō” tsa Baruke e ne e le matlotlo, ke maemo afe a tšoanang ao re ka nahanang ka ’ona?

6 Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba “lintho tse khōlō” tsa Baruke li ne li akarelletsa maruo. Lichaba tse neng li potolohile Juda li ne li tšepile matlotlo le maruo haholo. Moabe e ne e tšepile ‘mesebetsi ea eona le matlotlo’ a eona. Ammone le eona e ne e le joalo. Jehova o ile a re Jeremia a hlalose hore Babylona e na le “matlotlo a mangata.” (Jer. 48:1, 7; 49:1, 4; 51:1, 13) Empa ’nete ke hore Molimo o ile a nyatsa lichaba tseo.

7 Ka lebaka leo, haeba Baruke o ne a batla thepa le maruo, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo lemosa hore a se ke a etsa joalo. Ha Molimo a ne a ‘otlolla letsoho la hae khahlanong’ le Bajuda, matlo a bona le masimo a bona a ne a tla fuoa lira tsa bona. (Jer. 6:12; 20:5) A re re mohlomong u ne u phela mehleng ea Baruke ’me u ne u lula Jerusalema. Boholo ba batho ba heno—ho akarelletsa le likhosana, baprista le morena ka boeena—ba ne ba e-na le maikutlo a hore ba lokela ho loantša Bababylona ba neng ba ba hlasela. Leha ho le joalo, u utloile molaetsa oa Jeremia o reng: “Sebeletsang morena oa Babylona ’me le ’ne le phele.” (Jer. 27:12, 17) Haeba u ne u e-na le matlotlo a mangata motseng oo, na seo se ne se tla etsa hore u nolofalloe ke ho mamela taelo eo ea Molimo? Ebe maikutlo a hao ka matlotlo ao a ne a tla u susumetsa hore u mamele temoso ea Jeremia kapa hore u etse seo boholo ba batho bo neng bo se etsa? Ha e le hantle, lintho tsohle tsa bohlokoa tse neng li le Juda le Jerusalema, ho akarelletsa le tse neng li le ka tempeleng, li ile tsa tlatlapuoa ’me tsa isoa Babylona. Ka lebaka leo, ho lelekisa maruo ho ka be ho sa thusa letho. (Jer. 27:21, 22) Na ho na le seo re ithutang sona ho seo?

Ka mosa Jehova o ile a khalemela Baruke joang mabapi le maikutlo ao a neng a e-na le ’ona a ho batla “lintho tse khōlō”? Ke hobane’ng ha u nahana hore ke bohlale ho mamela khalemelo eo Molimo a fanang ka eona?

“KE TLA U NEHA MOEA OA HAO E LE THEPA E HAPUOENG”

8, 9. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore ke taba ea bohlokoa hore ebe Baruke o ile a fumana moea oa hae joaloka thepa e hapuoeng?

8 Joale nahana ka taba ena: Baruke o ne a tla fumana’ng ka lebaka la ho mamela taelo ea Molimo? Moea oa hae! O ne a tiiselitsoe hore o ne a tla o fumana “e le thepa e hapuoeng.” (Bala Jeremia 45:5.) Ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba pholoha. Ke bo-mang? Ke ba ileng ba mamela taelo ea Molimo ea hore ba oele ka ho Bakalde e leng hore ba inehele. (Jer. 21:9; 38:2) Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na seo ke sona feela seo ba ileng ba se fuoa ka lebaka la ho mamela ha bona?’

9 Nahana feela hore na Jerusalema e ne e le boemong bofe nakong eo e neng e thibeletsoe ke Bababylona. Jerusalema e ile ea hoehla ka lebaka la thibella eo. Ka lehlakoreng le leng, ho ka boleloa hore Sodoma e ile ea timetsoa ka nako le motsotso. Ka mantsoe a mang, ho ka boleloa hore ho ne ho se hobe haholo ho mamella timetso ea Sodoma. (Lillo 4:6) Baruke o ile a tlaleha boprofeta bo bolelang hore baahi ba Jerusalema ba ne ba tla bolaoa ka sabole, tlala kapa lefu la seoa. E tlameha ebe o ile a bona ha seo se phethahala. Lijo li ile tsa fela tu! Jerusalema. E ile ea e-ba ntho e tšosang hakaakang ho ba motseng oo ho oona bo-’mè, bao ka tlhaho e leng batho “ba nang le qenehelo,” ba neng ba pheha bana ba bona ba bile ba ba ja! (Lillo 2:20; 4:10; Jer. 19:9) Leha ho le joalo, Baruke o ile a pholoha. Ha ho pelaelo hore har’a pherekano e kaalo, bophelo ka bobona bo ne bo le joaloka thepa e hapuoeng, e tšoanang le moputso oa bahlōli ka mor’a ntoa. Ho hlakile hore e tlameha ebe Baruke o ile a mamela a ba a latela keletso ea Molimo ea hore a se ke a batla “lintho tse khōlō.” Kahoo, o ile a amoheloa ke Jehova, ke kahoo a ileng a pholoha.—Jer. 43:5-7.

NA U TLA BATLA “LINTHO TSE KHŌLŌ”?

10, 11. Tlaleho ea Baruke e amana joang le mehla ea rōna, ’me rōna e re ama joang?

10 Le hoja Baruke a ne a etsa thato ea Molimo, ka nakoana o ile a loana le bothata ba ho lakatsa “lintho tse khōlō.” Jehova o ile a mo lemosa kotsi eo, ’me ha aa ka a senyeheloa ke kamano ea hae le Molimo ebile ha aa ka a shoa. Na le rōna le haeba re ntse re sebeletsa Jehova ka mafolofolo, joaloka Baruke, re ka lekoa kapa mohlomong ra hlōloa ke litakatso tse botebong ba lipelo tsa rōna?

11 E ka ’na eaba taba ea ho iketsetsa lebitso e ne e hlile e le teko ho Baruke. E ka ’na eaba o ne a bile a ipotsa a re: ‘Na ebe ke tla tseba ho boloka mosebetsi oa ka oa ho ba “mongoli”? Na ebe nka ba ka nyolleloa boemong bo ka holimonyana?’ Ebe rōna ho etsahala’ng ka rōna? Ipotse, ‘Na ebe ke na le “takatso ea bophahamo” mohlomong e ipatileng ka pelong, ea hore ke atlehe mosebetsing oa lefatše hona joale kapa ka moso?’ Bakreste ba sa ntseng ba le bacha ba ka ’na ba ipotsa potso ena, ‘Na tebello ea ho fumana botumo le ho ikemela licheleteng ka lebaka la ho atleha thutong e ka nkhohela hore ke ipatlele “lintho tse khōlō”’?

12. Mora e mong oabo rōna o ile a batla lintho tse khōlō bakeng sa Jehova joang, hona u ikutloa joang ka khetho eo a ileng a e etsa?

12 Mor’abo rōna e mong ea sebetsang ntlo-khōlō, o ile a tšepisoa lihlapiso tsa ho ea univesithi ha a ne a le lilemo li 15. Matichere a hae a ile a khathala matla ha a ne a sa amohele lihlapiso tseo empa a khetha ho sebetsa e le pula-maliboho. Leha ho le joalo, lerato la hae la ho ithuta ha lea ka la fela. E ile ea e-ba moromuoa sehlekehlekeng se seng se hōle. Ha a le moo, o ile a lokela ho ithuta puo e neng e buuoa ke batho ba ka holimonyana ho 10 000. Ho ne ho se na dikishinari ea puo eo, kahoo o ile a iketsetsa pokello ea mantsoe le litlhaloso tsa ’ona. Qetellong o ile a tseba puo eo hoo a ileng a ba a fuoa mosebetsi oa hore a fetolele tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste. Hamorao, pokello ea mantsoe eo a ileng a e etsa e ile ea sebelisoa ho etsa dikishinari ea pele ea puo eo. Ka lekhetlo le leng o ile a bolella letšoele le neng le le kopanong ea setereke a re: “Haeba ke ne ke ile ka amohela thuto ea univesithi, seo ke neng ke tla se finyella thutong se ne se tla tlotlisa ’na. Hona joale, ha ke na mangolo a thuto e phahameng ea lefatše. Ka lebaka leo, seo ke se finyeletseng ha se tlisetse ’na thoriso. Thoriso eohle e ea ho Jehova.” (Liprov. 25:27) U nahana joang ka khetho eo a ileng a e etsa ha a ne a le lilemo li 15? Ha lilemo li ntse li feta, o ’nile a fumana tlotla ea ho sebeletsa batho ba Molimo ka litsela tse ngata. Uena u batla ho sebelisa litalenta tsa hao joang? Ho e-na le ho ipatlela thoriso, na u ikemiselitse hore u li sebelise ho rorisa Jehova?

13. Ke hobane’ng ha batsoali ba bang ba lokela ho nahanisisa ka bothata boo Baruke a ileng a thulana le bona?

13 Ho boetse ho na le kotsi e ’ngoe: ho batlela batho bao re ba ratang le bao re ka ba susumetsang “lintho tse khōlō,” kapa ho li batla ka bona. Mohlomong u kile ua bona ha batsoali ba lefatše ba sebetsa lintho ka tsela e tla etsa hore bana ba bona ba finyelle lintho tseo bona ba sa kang ba li finyella bophelong kapa ba batla hore bana bao e be batho bao ba ka ikotlang sefuba ka bona. Mohlomong u kile ua utloa batho ba re: “Ha ke batle hore a tle a hule ka thata joaloka ’na” kapa “Ke batla hore ngoan’aka a ee univesithi e le hore a tle a phele hamonate.” Batsoali ba Bakreste le bona ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a tšoanang. Ke ’nete hore motho a ka ’na a re, ‘Ha ke ipatlele lintho tse khōlō.’ Empa na ho ka etsahala hore ebe o li batla ka tsela e poteletseng, ka mantsoe a mang, o li batla ka motho e mong, ebang ke ka mora kapa morali oa hae? Joalokaha e ka ’na eaba Baruke o ile a lekeha hore a batle bophahamo a sebelisa boemo ba hae kapa mosebetsi oa hae, ka pelong motsoali a ka ’na a batla lintho tsa mofuta oo ka lintho tse finyeletsoeng ke bana ba hae. Leha ho le joalo, na “ea hlahlobang lipelo” o ne a ke ke a hlokomela see joalokaha a ile a se hlokomela ho Baruke? (Liprov. 17:3) Na joaloka Davida, ha rea lokela ho kōpa Molimo hore a hlahlobe menahano ea lipelo tsa rōna? (Bala Pesaleme ea 26:2; Jeremia 17:9, 10.) Jehova a ka ’na a sebelisa litsela tse ngata, tse kang taba ena ea Baruke, ho re hlokomelisa kotsi ea ho batla “lintho tse khōlō.”

E ka ’na eaba tsela e ’ngoe eo Baruke a neng a batla “lintho tse khōlō” ka eona ke efe? U ithuta’ng tabeng ee?

LERABA LA “LINTHO TSA BOHLOKOA”

14, 15. Maruo e ka ’na ea e-ba “lintho tse khōlō” joang ho rōna?

14 Nahana ka taba ea hore e ka ’na eaba “lintho tse khōlō” tsa Baruke e ne e le maruo. Joalokaha ho boletsoe pejana, haeba Baruke a ne a rata matlotlo a hae le thepa ea hae e neng e le Juda haholo, o ne a ka ’na a thatafalloa ke ho mamela taelo ea Molimo ea ho inehela ho Bakalde. Mohlomong u se u bone hore hangata morui o tšepa “lintho [tsa hae] tsa bohlokoa,” empa Bibele e tiisa hore tšireletso eo lintho tseo li fanang ka eona e “monahanong oa hae.” (Liprov. 18:11) Bahlanka bohle ba Jehova ba ka rua molemo ka ho ikhopotsa pono e loketseng ka lintho tse bonahalang, e hlalosoang Lentsoeng la hae. (Bala Liproverbia 11:4.) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba re, ‘Na ke phoso ha motho a thabela lintho tse seng kae tseo lefatše le fanang ka tsona?’

15 Haeba Mokreste a rata lintho tseo a nang le tsona haholo, seo se ka etsa hore a lakatse lintho tseo e leng karolo ea tsamaiso ena ea lintho e fetang. Seo ha sea ka sa etsahala ka Jeremia kapa Baruke. Lilemo hamorao, Jesu o ile a lemosa batho ba neng ba tla be ba phela “ha Mor’a motho a tla senoloa.” Jesu o ile a re ho bona: “Hopolang mosali oa Lota.” E ka boela ea e-ba ho loketseng ho eletsa Bakreste ka ho re: ‘Hopolang Jeremia le Baruke.’ (Luka 17:30-33) Haeba re ne re ka ba le lerato le leholo la lintho tse bonahalang, ho ne ho ka ba thata hore re etse seo Jesu a se buileng. Empa u se ke ua lebala—Baruke o ile a mamela temoso eo Molimo a ileng a fana ka eona, ’me seo sa etsa hore a lule a phela.

16. Pheta boemo boo ho bona bahlanka ba Molimo ba ileng ba ba le maikutlo a nepahetseng ka lintho tse bonahalang.

16 Nahana ka boemo ba barab’abo rōna ba Romania nakong ea puso ea Bokomonisi. Nakong eo bahlanka ba ’muso ba neng ba secha malapa a Lipaki, ka linako tse ling ba ne ba nka le thepa ea tsona, haholo-holo lintho tseo ba neng ba ka li rekisa. (Lillo 5:2) Bara le barali babo rōna ba bangata ba neng ba le tlas’a puso eo ba ne ba ikemiselitse hore ba lahleheloe ke thepa ea bona. Ba bang ba ile ba tlameha ho siea thepa ea bona le mahae a bona ha ba ne ba fallisoa, leha ho le joalo ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova. Haeba u thulana le teko ea mofuta oo, na u tla lumella hore ho rata lintho tse bonahalang ho u sitise ho lula u tšepahala ho Molimo?—2 Tim. 3:11.

17. E ka ’na eaba batho ba phetseng mehleng ea Jeremia le Baruke ba ile ba ba thusa joang?

17 Ke habohlokoa ho hlokomela hore Jeremia le Baruke ba ile ba tšehetsoa ke batho ba bang ba mehleng ea bona. Sofonia o ile a profeta nakong ea puso ea Josiase, nakong eo Jeremia le eena e neng e le moprofeta. Ebe Jeremia o ile a nahana joang ka mantsoe ao re a fumanang ho Sofonia 1:18? (E bale.) Na ha u nahane hore Jeremia o ile a bolella Baruke boitsebiso boo bo bululetsoeng? Motho e mong ea phetseng nakong eo ke Ezekiele, ea ileng a isoa kholehong Babylona ka 617 B.C.E. Lintho tse ling tseo a ileng a li etsa le melaetsa ea hae, li ne li lebisitsoe ka ho toba ho Bajuda ba neng ba khutletse naheng ea habo bona, kahoo ho ka etsahala hore ebe Jeremia o ne a tseba lintho tseo Ezekiele a ileng a li bua le tseo a ileng a li etsa ’me le Ezekiele ka ho tšoanang o ne a tseba ka Jeremia. Seo se ne se tla akarelletsa mantsoe a tlalehiloeng ho Ezekiele 7:19. (E bale.) Feela joalokaha Jeremia le Baruke ba ne ba ka rua molemo mantsoeng ao a bululetsoeng, le rōna re ka o rua. Batho ba tla hoeletsa melimo ea bona hore e ba thuse letsatsing la Jehova. Leha ho le joalo, ba ke ke ba pholosoa ke melimo ea bona kapa leruo la bona.—Jer. 2:28.

NA U TLA FUMANA “MOEA OA HAO E LE THEPA E HAPUOENG”?

18. Ke “moea” oa mang oo re batlang ho o fumana e le thepa e hapuoeng, hona re ka etsa seo joang?

18 Re lokela ho hopola hore Jehova o tšepisitse hore ‘meea’ ea rōna e tla ba joaloka thepa e hapuoeng. Le haeba bahlanka ba hae ba ’maloa ba ka shoa mahlorisong a ka ’nang a tla nakong ea ‘matšoenyeho a maholo’ ha linaka tsa sebata sa lipolotiki se fetohela bolumeli, ka sebele batho bao ba tšepahalang ba tla be ba sa lahleheloa ke letho. Ba tiisetsoa hore “moea” oa bona o tla phela hape, o thabele “bophelo ba sebele” lefatšeng le lecha. (Tšen. 7:14, 15; 1 Tim. 6:19) Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore boholo ba bahlanka ba Molimo ba tla lula ba tšepahala ka nako eo, ba tla pholoha matšoenyeho a maholo. U ka kholiseha hore ha Molimo a tlisetsa lichaba tlokotsi, ha ho na motho ea tšepahalang ea tla ba har’a “ba bolailoeng ke Jehova.”—Jer. 25:32, 33.

19. Ho hlahloba mohlala oa Jeremia le oa Baruke ho matlafalitse boikemisetso ba hao ba hore u qobe ho batla “lintho tse khōlō” joang?

19 Ba bang ba ka ’na ba nyahama ha ba nahana hore ba ka ’na ba pholoha ka ‘meea’ ea bona feela e le thepa e hapuoeng, empa ho hang seo ha sea lokela ho ba nyahamisa. Hopola hore ha batho ba Jerusalema ba ne ba e-shoa ke tlala, Jehova o ile a boloka Jeremia a phela. Joang? Morena Tsedekia o ile a boloka Jeremia litlamong ka Lebaleng la Balebeli ’me a re a fuoe “polokoe ea bohobe letsatsi le leng le le leng e tsoang seterateng sa baapehi, ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.” (Jer. 37:21) Jeremia o ile a pholoha! Jehova a ka sebelisa mokhoa ofe kapa ofe oo a khethang ho o sebelisa ho hlokomela batho ba hae. Empa o tla fela a hlokomele batho ba hae, hobane tšepo ea hore ba tla phela ka ho sa feleng e tiisitsoe. Baruke o ile a pholoha timetso ea Jerusalema ka hore a se ke a “ipatlela lintho tse khōlō.” Ka tsela e tšoanang, re ka lebella ho pholoha Armagedone e le hore re tle re rorise Jehova ka ‘meea’ ea rōna e le thepa e hapuoeng eo re tla e thabela ka ho sa feleng.

Ke hobane’ng ha kajeno e le ntho e utloahalang hore motho a se ke a batla “lintho tse khōlō,” empa hore a batle ho fumana “moea” oa hae e le thepa e hapuoeng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela