Jehova o re Talima Hore a re Tsoele Molemo
“Mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 LIKRON. 16:9.
1. Ke hobane’ng ha Jehova a re hlahloba?
JEHOVA ke Ntate ea phethahetseng. O re tseba hantle hoo a bileng a hlokomelang le ‘tšekamelo ea menahano ea rōna.’ (1 Likron. 28:9) Leha ho le joalo, ha a re hlahlobe hore feela a re tšoaee phoso. (Pes. 11:4; 130:3) Ho e-na le hoo, ka lerato o batla ho re sireletsa nthong efe kapa efe e ka ’nang ea senya kamano ea rōna le eena kapa ea senya monyetla oa hore re fumane bophelo bo sa feleng.—Pes. 25:8-10, 12, 13.
2. Jehova o bontša matla a hae molemong oa bo-mang?
2 Jehova o matla ’ohle ebile o bona lintho tsohle. Ka lebaka leo, a ka thusa batho ba hae ba tšepahalang neng le neng ha ba kōpa thuso ho eena, ebile a ka ba tšehetsa ha ba thulana le liteko. Lengolo la 2 Likronike 16:9 le re: “Mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” Hlokomela hore Jehova o sebelisa matla a hae molemong oa ba mo sebeletsang ka pelo e feletseng, e leng pelo e hloekileng le e etsang lintho ka sepheo se setle. Ha a amehe ka tsela e joalo ka ba bolotsana kapa baikaketsi.—Josh. 7:1, 20, 21, 25; Liprov. 1:23-33.
Tsamaea le Molimo
3, 4. Ho “tsamaea le Molimo” ho bolela eng, ’me ke mehlala efe ea Bibele e re thusang ho utloisisa taba ee?
3 Ho batho ba bangata, ho thata ho lumela hore ’Mōpi oa bokahohle ba rōna bo boholo o lumella batho hore ba tsamaee le eena ka tsela ea tšoantšetso. Leha ho le joalo, sena ke sona seo Jehova a batlang hore re se etse. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Enoke le Noe ba ile ba “tsamaea le Molimo.” (Gen. 5:24; 6:9) Moshe “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheb. 11:27) Morena Davida o ile a iphumana a tsamaea ka boikokobetso le Ntate oa hae ea leholimong. O ile a re: “Kahobane [Jehova] o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.”—Pes. 16:8.
4 Ke ’nete hore re ke ke ra tšoara Jehova ka letsoho ka tsela ea sebele ebe re tsamaea le eena. Empa re ka etsa joalo ka tsela ea tšoantšetso. Joang? Mopesaleme Asafe o ile a ngola a re: “Ke na le uena kamehla; u tšoere letsoho la ka le letona. U tla ntsamaisa ka keletso ea hao.” (Pes. 73:23, 24) Ka mantsoe a mang, re tsamaea le Jehova ha ka hloko re mamela keletso ea hae eo re e fumanang haholo-holo ka Lentsoe la hae le ngotsoeng le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45; 2 Tim. 3:16.
5. Jehova o talima batho ba hae ba tšepahalang joaloka ntate ea lerato joang, ’me re lokela ho ikutloa joang ka eena?
5 Kaha Jehova o rata batho ba tsamaeang le eena, o ba talima joaloka ntate ea lerato, oa ba hlokomela, oa ba sireletsa ebile oa ba ruta. Molimo o re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pes. 32:8) Ipotse: ‘Na ke ipona ke tsamaea le Jehova joalokaha eka re tšoarane ka matsoho, ke ntse ke mametse bohlale ba hae ’me ke tseba hore o ntalimile ka leihlo le lerato? Na menahano ea ka, mantsoe a ka le liketso tsa ka li susumetsoa ke ho tseba hore o teng? Ha ke entse phoso, na kea hlokomela hore Jehova hase Ntate ea iphahamisetsang batho le ea thata, empa ho e-na le hoo o mosa ebile o mohau ’me o batla ho thusa batho ba bakileng hore ba boele ba be le kamano e haufi le eena?’—Pes. 51:17.
6. Jehova o feta batsoali ka eng?
6 Ka linako tse ling, Jehova a ka ’na a re thusa le pele re etsa phoso. Ka mohlala, a ka ’na a hlokomela hore lipelo tsa rōna tse sekametseng bolotsaneng li qala ho lakatsa lintho tse sa lokang. (Jer. 17:9) Maemong a joalo, a ka ba a nka bohato kapele le ho feta batsoali hobane “mahlo a hae a khanyang” a bona ka hare-hare ho rōna, ho hlahloba menahano ea rōna e tebileng. (Pes. 11:4; 139:4; Jer. 17:10) Nahana ka seo Molimo a ileng a se etsa ka boemo bo ileng ba hlaha bophelong ba Baruke, mongoli oa moprofeta Jeremia eo e neng ebile e le motsoalle oa hae e moholo.
E ba Ntate oa Sebele ho Baruke
7, 8. (a) Baruke e ne e le mang, hona e ka ’na eaba o ile a qala ho ba le litakatso life tse fosahetseng pelong ea hae? (b) Jehova o ile a bontša joang hore o tsotella Baruke joaloka ntate?
7 Baruke e ne e le mongoli ea koetlisitsoeng ea ileng a sebetsa le Jeremia ka botšepehi mosebetsing o ileng oa e-ba thata—oa ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova Juda. (Jer. 1:18, 19) Ka nako e ’ngoe, Baruke, eo e ka ’nang eaba o ne a tsoa lelapeng le hlaheletseng, o ile a qala ho ipatlela “lintho tse khōlō.” Mohlomong o ile a lumella maikutlo a boithati kapa ho lakatsa leruo ho hōla ka kelellong ea hae. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Jehova o ile a bona hore pelo ea Baruke e ne e qala ho ba le monahano ona o kotsi. A sebelisa Jeremia, ka potlako Jehova o ile a re ho Baruke: “U itse: ‘Joale ho malimabe ’na, etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka, ’me ha kea fumana sebaka sa phomolo.” Eaba Molimo o re: “U ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.”—Jer. 45:1-5.
8 Le hoja Jehova a ile a tiisa letsoho ha a sebetsa taba ea Baruke, ha aa ka a halefa empa o ile a bontša lerato la ’nete la ntate. Ho hlakile hore Molimo o ile a bona hore le hoja Baruke a ne a e-na le litakatso tse neng li ka ba kotsi ho eena, pelo ea hae e ne e se mpe kapa e se bolotsana. Jehova o ne a boetse a tseba hore Jerusalema le Juda li ne li tla tloha li felisoa, ’me o ne a sa batle hore Baruke a etse phoso nakong eo ea bohlokoa. Kahoo, e le ho etsa hore mohlanka eo oa hae a hlaphoheloe, Molimo o ile a mo hopotsa hore O ne a ‘tlisetsa nama eohle tlokotsi,’ a ba a phaella ka ho re haeba Baruke a ne a ka hlalefa, o ne a tla phela. (Jer. 45:5) Ha e le hantle, Molimo o ile a re: ‘Itšele kelello, Baruke. Hopola se tla tloha se etsahalla Juda le Jerusalema tse khopo. Lula u tšepahala e le hore u tle u phele! Ke tla u sireletsa.’ E tlameha ebe Jehova o ile a finyella pelo ea Baruke, hobane o ile a lokisa monahano oa hae eaba oa pholoha ha Jerusalema e timetsoa lilemo tse 17 hamorao.
9. U ne u ka araba lipotso tse botsitsoeng serapeng see joang?
9 Ha u ntse u nahana ka tlaleho e buang ka Baruke, nahana ka lipotso tse latelang le mangolo a latelang: Tsela eo Molimo a ileng a sebetsana le Baruke ka eona e bontša eng ka Jehova le ka tsela eo a ikutloang ka eona ka bahlanka ba hae? (Bala Baheberu 12:9.) Ka lebaka la linako tse mahlonoko tseo re phelang ho tsona, re ka ithuta eng ka keletso eo Molimo a ileng a e fa Baruke le ka seo Baruke a ileng a se etsa? (Bala Luka 21:34-36.) Baholo ba Bakreste ba ka bontša kameho eo Jehova a nang le eona ka bahlanka ba Hae joang, e le ha ba etsisa Jeremia?—Bala Bagalata 6:1.
Mora o Bonahatsa Lerato la Ntate oa Hae
10. Jesu o hlomeletsoe ka eng e le hore a phethahatse boikarabelo ba hae e le Hlooho ea Phutheho ea Bokreste?
10 Mehleng ea pele ho Bokreste, Jehova o ile a sebelisa baprofeta le bahlanka ba bang ba hae ba tšepahalang ho bontša hore o rata batho ba hae. Mehleng ena, tsela e ka sehloohong eo a bontšitseng sena ka eona ke ka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, e leng Jesu Kreste. (Baef. 1:22, 23) Kahoo, bukeng ea Tšenolo, Jesu o tšoantšoa le konyana e nang le “mahlo a supileng, e leng mahlo a bolelang meea e supileng ea Molimo e rometsoeng lefatšeng lohle.” (Tšen. 5:6) Ha ho pelaelo hore kaha Jesu o filoe matla a feletseng a moea oa Molimo, o na le temoho e phethahetseng. Le eena o bona seo re leng sona ka hare, ha ho ntho eo a ke keng a e bona.
11. Kreste o phetha karolo efe, ’me maikutlo a hae ka rōna a bontša a Ntate oa hae joang?
11 Leha ho le joalo, joaloka Jehova, Jesu le eena, hase lepolesa le leholimong. O re hlahloba joaloka ntate ea lerato. Le leng la mabitso ao Jesu a bitsoang ka ’ona, e leng “Ntate oa ka ho sa Feleng,” le re hopotsa karolo eo a tla e phetha ha a fa batho bohle ba bontšang tumelo ho eena bophelo bo sa feleng. (Esa. 9:6) Ho feta moo, joaloka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Kreste a ka susumetsa Bakreste ba nang le boikemisetso le ba hōlileng tsebong, haholo-holo baholo, hore ba fane ka matšeliso le keletso ho ba li hlokang.—1 Bathes. 5:14; 2 Tim. 4:1, 2.
12. (a) Mangolo a neng a e-ea ho liphutheho tse supileng tsa Asia Minor a bontša eng ka Jesu? (b) Baholo ba bontša joang hore ba na le maikutlo a Kreste ka mohlape oa Molimo?
12 Lerato le leholo leo Kreste a ratang mohlape ka lona le bonahala mangolong ao a ileng a a ngolla baholo ba liphutheho tse supileng tsa Asia Minor. (Tšen. 2:1–3:22) Mangolong ao, Jesu o ile a bontša hore o ne a bona se neng se etsahala phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe le hore o ne a amehile haholo ka balateli ba hae. Ho joalo le kajeno, haholo-holo kaha pono ea Tšenolo e phethahala “Letsatsing la Morena.”a (Tšen. 1:10) Hangata lerato la Kreste le bontšoa ka baholo, ba sebeletsang e le balisa ba moea ba phutheho. A ka susumetsa baholo bao e leng “limpho [tseo e leng] banna” hore ba fane ka matšeliso, khothatso, kapa keletso ha ho hlokahala. (Baef. 4:8; Lik. 20:28; bala Esaia 32:1, 2.) Na u nka hore boiteko ba bona ke pontšo ea hore Kreste ehlile oa u rata?
Ho Fumana Thuso ka Nako e Nepahetseng
13-15. Molimo a ka ’na a khetha ho araba lithapelo tsa rōna joang? Fana ka mehlala.
13 Na u kile ua rapella thuso ka matla eaba u fumana karabo ka hore Mokreste ea hōlileng moeeng a u etele ’me a u khothatse? (Jak. 5:14-16) Kapa ho ka etsahala hore ebe u ile ua thusoa ke puo e neng e fanoa sebokeng sa Bokreste kapa u ile ua thusoa ke seo u se balileng ho se seng sa lingoliloeng tsa rōna. Hangata Jehova o araba lithapelo ka litsela tsena. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna eo libeke pejana a neng a ile a tšoaroa ka leeme, o ile a tla ho moholo e mong ka mor’a hore moholo eo a fane ka puo. Ho e-na le hore a belaele ka bothata ba hae, o ile a ananela haholo lintlha tse itseng tsa mangolo tse neng li hlahisitsoe puong eo. Li ne li bua ka se mo etsahaletseng ’me li ile tsa mo khothatsa haholo. O ile a thaba hakaakang hore ebe o ne a ile a ba teng sebokeng seo!
14 Mabapi le thuso e fumanoang ka thapelo, nahana ka mohlala oa batšoaruoa ba bararo ba ileng ba tseba ’nete ea Bibele ha ba le chankaneng ’me ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ka lebaka la ketsahalo eo ho eona ho ileng ha sebelisoa likhoka, batšoaruoa bohle ba ile ba beheloa lithibelo tse itseng moo chankaneng. Seo se ile sa tsosa moferefere. Batšoaruoa ba ile ba etsa qeto ea hore ka mor’a lijo tsa hoseng letsatsing le latelang, ba ne ba tla hana ho khutlisa lipoleiti tsa bona e le pontšo ea nyatso. Joale bahoeletsi bao ba bararo ba sa kolobetsoang ba ne ba le bothateng. Haeba ba ne ba ka kopanela boipelaetsong boo, ba ne ba tla be ba sa mamele keletso ea Jehova e ho Baroma 13:1. Le teng haeba ba ne ba sa kopanele, ba ne ba ka lebella hore batšoaruoa ba halefileng ba ba hlokofatse.
15 Kaha ho ne ho se na mokhoa oa hore ba buisane, banna bao ba bararo ba ile ba rapella bohlale. Hoseng ha letsatsi le latelang, boraro ba bona ba ile ba fumana hore ba entse qeto e tšoanang hantle—ba ne ba tla hana ho ja lijo tsa hoseng. Hamorao ha balebeli ba tlil’o phutha lipoleiti, ba ile ba fumana hore banna bao ba bararo ha ba na lipoleiti. Banna bao ba ile ba thaba hakaakang hore ebe “Ea Utloang thapelo” o ne a le haufi!—Pes. 65:2.
Ho ba le Tšepo ka Bokamoso
16. Mosebetsi oa ho bolela o bontša joang hore Jehova o amehile ka batho ba kang linku?
16 Mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle ke bopaki bo bong ba hore Jehova o amehile ka batho ba lipelo li ntle, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. (Gen. 18:25) Hangata Jehova a ka sebelisa mangeloi ho tataisetsa bahlanka ba hae ho batho ba kang linku—esita le haeba batho bana ba lula libakeng tseo litaba tse molemo li e-s’o fihle ho tsona. (Tšen. 14:6, 7) Ka mohlala, Molimo o ile a sebelisa lengeloi ho tataisa moevangeli Filipi oa lekholong la pele la lilemo hore a e’o batla letona la Ethiopia le ho le hlalosetsa Mangolo. Ho ile ha etsahala joang? Monna eo o ile a amohela litaba tse molemo ’me ea e-ba molateli oa Jesu ea kolobelitsoeng.b—Joh. 10:14; Lik. 8:26-39.
17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ho tlōla ka bokamoso?
17 Ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e ntse e e-ea qetellong, “bohloko ba mahlomola” bo boletsoeng esale pele bo tla ’ne bo tsoele pele. (Mat. 24:8) Ka mohlala, litheko tsa lijo li ka ’na tsa phahama haholo ka lebaka la maemo a mabe a leholimo, ho se tsitse ha moruo, kapa ka lebaka la keketseho ea baahi e etsang hore batho ba hloke lijo. Ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho fumana mosebetsi, ’me basebetsi ba ka ’na ba qobelleha hore ba sebetse lihora tse telele. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, bohle ba etelletsang tšebeletso ea bona ho Jehova pele le ba lulang ba e-na le ‘leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe’ ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe ho tlōla. Baa tseba hore Molimo oa ba rata ebile o tla ba hlokomela. (Mat. 6:22-34) Ka mohlala, nahana kamoo Jehova a ileng a hlokomela Jeremia kateng nakong e mahlonoko ea ho felisoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E.
18. Nakong ea ha ho ne ho thibeletsoe Jerusalema, Jehova o ile a bontša joang hore o rata Jeremia?
18 Ho ea qetellong ea nako eo Bababylona ba neng ba thibeletse Jerusalema ka eona, Jeremia o ne a kentsoe litlamong ka Lebaleng la Balebeli. O ne a tla fumana lijo joang? Haeba a ne a lokolohile, a ka be a ile a ipatlela tsona. Ho e-na le hoo, o ne a itšetlehile ka ho feletseng ka batho bao a neng a e-na le bona, bao boholo ba bona ba neng ba mo hloile! Leha ho le joalo, Jeremia o ne a sa tšepa batho empa o ne a tšepile Molimo ea neng a tšepisitse hore o tla mo hlokomela. Na Jehova o ile a phethahatsa seo a neng a se boletse? Hantle haholo! O ile a etsa bonnete ba hore letsatsi le leng le le leng Jeremia o fumana ‘polokoe ea bohobe ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.’ (Jer. 37:21) Jeremia, Baruke, Ebede-meleke, hammoho le ba bang, ba ile ba pholoha nakong eo ea tlala, boloetse le lefu.—Jer. 38:2; 39:15-18.
19. Mabapi le se ka etsahalang nakong e tlang, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
19 Ka sebele, “mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.” (1 Pet. 3:12) Na ha u thabele hore ebe Ntate oa hao ea leholimong o u lebetse? Na ha u ikutloe u sireletsehile ha u tseba hore mahlo a hae a u talimile hore a u tsoele molemo? Kahoo, ikemisetse hore u tla tsoela pele ho tsamaea le Molimo—ho sa tsotellehe se tla etsahala nakong e tlang. Re ka kholiseha hore joaloka ntate ea lerato, kamehla Jehova o tla lula a talimile batho bohle ba hae ba tšepahalang.—Pes. 32:8; bala Esaia 41:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja mangolo ao a sebetsa ka ho khetheha ho balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng, ha e le hantle a ntse a sebetsa le ho bahlanka bohle ba Molimo.
b Mohlala o mong oa tataiso e tsoang ho Molimo o ka fumanoa ho Liketso 16:6-10. Tlalehong eo, re bala hore Pauluse le bo-mphato ba hae ‘ba ile ba haneloa ke moea o halalelang’ hore ba e’o bolela Asia le Bithynia. Ho e-na le hoo, ba ile ba laeloa hore ba e’o sebetsa Macedonia, moo batho ba bangata ba bonolo ba ileng ba amohela evangeli.
Na U ka Hlalosa?
• Re ka bontša joang hore re “tsamaea le Molimo”?
• Jehova o ile a bontša joang hore o rata Baruke?
• Joaloka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu o bonahatsa makhabane a Ntate oa hae joang?
• Re ka bontša joang hore re tšepa Molimo linakong tsee tse mahlonoko?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Joalokaha Jeremia a ne a amehile ka Baruke, kajeno baholo ba Bakreste le bona ba bontša hore ba amehile joaloka Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jehova a ka ’na a re thusa joang ka nako e nepahetseng?