KAROLO 8
Lefu la Jesu le U Tsoela Molemo Joang?
Jesu o ile a shoa e le hore re ka fumana bophelo. Johanne 3:16
Matsatsi a mararo ka mor’a lefu la Jesu, basali ba bang ba ile ba ea lebitleng la hae ’me ba fumana le se na letho. Jehova o ne a tsositse Jesu bafung.
Hamorao Jesu o ile a hlaha ho baapostola ba hae.
Ka sebele, Jehova o ne a tsositse Jesu bafung ’me e ne e se e le sebōpuoa sa moea se matla se sa shoeng. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo bona a nyolohela leholimong.
Molimo o ile a tsosa Jesu bafung ’me a mo etsa Morena oa ’Muso oa Molimo. Daniele 7:13, 14
Jesu o ile a nyehela bophelo ba hae ho lefa thekollo molemong oa batho. (Matheu 20:28) Ka lebaka la thekollo eo, Molimo o etsa hore re khone ho phela ka ho sa feleng.
Jehova o khethile Jesu hore e be Morena ea tla busa lefatše. O tla be a e-na le batho ba 144 000 ba tšepahalang ba tla beng ba tsositsoe bafung lefatšeng hore ba e’o phela leholimong. Jesu le ba 144 000 ba bōpa ’muso o leholimong o lokileng—e leng ’Muso oa Molimo.—Tšenolo 14:1-3.
’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše e be paradeise. Ntoa, tlōlo ea molao, bofutsana le tlala li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Batho ba tla thaba e le kannete.—Pesaleme ea 145:16.