Khaolong ea 34
Ke’ng e Phoso ka ho Itlopa Joala?
U ne u ka araba lipotso tsee tse latelang joang? Tšoaea ✔ lebokoseng le bontšang karabo ea hao.
Na bacha ba bang ba noa joala kapa ba itlopa bona le hoja ba le ka tlaase ho lilemo tse lumeletsoeng ka molao?
□ E □ Che
Na lithaka tsa hao li kile tsa u hatella hore u noe joala?
□ E □ Che
Na u kile ua itlopa joala?
□ E □ Che
HO ITLOPA joala ke eng? Ba bang ba re ke ha motho a noella hore feela a tahoe. Tlaleho ea Mokhatlo oa United States oa Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bokhoba ba Tahi e lekile ho hlalosa taba ena ka tsela e tobileng le ho feta. E boletse hore ho itlopa joala “ka tloaelo ho hlalosoa e le ha banna ba noa libotlolo tse hlano kapa ho feta ka nako e le ’ngoe, ’me basali bona ba noa libotlolo tse ’nè kapa ho feta.”
Haeba u ’nile ua lekeha hore u noe haholo kapa u noe le hoja u le ka tlaase ho lilemo tse lumeletsoeng ka molao, ha u mong. Bacha ba bangata ba sebelisa joala hampe.a Empa ak’u ipotse, ‘Ha e le hantle, ke hobane’ng ha ke batla ho noa joala, hona ho tla nkama joang?’ Ka mohlala, u ne u ka araba lipotso tse latelang, tsa ’nete kapa bohata joang? Tšoaea ✔ lebokoseng le bontšang karabo ea hao, u ntan’o hlahloba lintlha tse amehang.
a. Bacha ba noa hobane feela ba rata tsela eo joala bo latsoehang ka eona.
□ ’Nete □ Bohata
b. Kaha bacha ba sa le matla ebile ba phetse hantle ’meleng, ho sebelisa joala hampe ha ho ba ame joaloka batho ba baholo.
□ ’Nete □ Bohata
c. Ho itlopa joala ho ke ke ha u bolaea.
□ ’Nete □ Bohata
d. Bibele e nyatsa joala ka litsela tsohle.
□ ’Nete □ Bohata
e. Ho itlopa joala ho fella feela ka hore ho kulise motho.
□ ’Nete □ Bohata
a. Bacha ba noa hobane feela ba rata tsela eo joala bo latsoehang ka eona. Karabo—Bohata. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng Australia e le ho hlokomelisa batho ka joala, bacha ba etsang karolo ea 36 lekholong bao ho buisanoeng le bona ba boletse hore lebaka le ka sehloohong leo ba noang ka lona, ke hore e se ke ea e-ba mekhelo ha ba le boithabisong. Phuputsong e entsoeng United States, ba etsang karolo ea 66 lekholong ba boletse hore ba noa ka lebaka la khatello ea lithaka. Empa ba fetang halofo ho bona ba boletse hore ba noa hobane ba leka ho itebatsa mathata.
b. Kaha bacha ba sa le matla ebile ba phetse hantle ’meleng, ho sebelisa joala hampe ha ho ba ame joaloka batho ba baholo. Karabo—Bohata. Sehlooho se seng se makasineng ea Discover se re: “Phuputso ea morao tjena e bontša hore bacha ba noang ba ipeha kotsing.” Hobane’ng? “Bacha ba noang ho feta tekano e ka ’na eaba ba senya matla a bona a kelello.”
Ho lemalla joala ho boetse ho amahanngoa le ho mpefatsa mathata a letlalo, ho soebana letlalo motho a sa le monyenyane, ho nona, ho sitoa ho etsa lintho ha motho a sa noa le ho lemalla lithethefatsi. Ho ka boetse ha senya tsamaiso ea methapo ea kutlo, sebete le pelo.
c. Ho itlopa joala ho ke ke ha u bolaea. Karabo—Bohata. Ho noa joala ho feta tekano ho sitisa oksijene ho ea bokong; litho tse ka hare tsa ’mele li ka khaotsa ho sebetsa. Matšoao a seo a ka ’na a akarelletsa ho hlatsa, ho akheha le ho hema ka thata. Maemong a mang motho a ka shoa.
d. Bibele e nyatsa joala ka litsela tsohle. Karabo—Bohata. Hase hore Bibele e hanela batho ho noa joala ebile ha e hanele bacha ho ithabisa. (Pesaleme ea 104:15; Moeklesia 10:19) Ho hlakile hore u lokela ho ba lilemong tse lumeletsoeng ka molao.—Baroma 13:1.
Leha ho le joalo, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba noa ho feta tekano. Liproverbia 20:1 e re: “Veine ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.” Joala bo ka u etsisa lintho tse tsoileng tseleng! Ke ’nete hore bo ka ’na ba u thabisa ka nakoana, empa ha u bo noa ho feta tekano bo tla u “loma feela joaloka noha,” bo u bakele mathata a mangata.—Liproverbia 23:32.
e. Ho itlopa joala ho fella feela ka hore ho kulise motho. Karabo—Bohata. Ha u tahoa, u ipeha kotsing ea ho hlaseloa ka litsela tse ngata—esita le ho betoa. Ka nako e tšoanang, u ka ’na ua beha ba bang kotsing, ua itšoara ka tsela e fapaneng hōle le seo u leng sona. Bibele e lemosa hore haeba u noa ho feta tekano, “u tla sitoa ho nahana kapa ho bua ka tsela e hlakileng.” (Liproverbia 23:33, Today’s English Version) Ka mantsoe a mang, u tla iketsa sephoqo! Liphello tse ling tse bohloko li ka ’na tsa akarelletsa ho senya setsoalle, ho sebetsa hampe sekolong le mosebetsing, ho ba le tlaleho ea tlōlo ea molao le ho ipitsetsa bofuma.—Liproverbia 23:21.
Habohlokoa le ho feta, nahana kamoo ho noa ho feta tekano ho ka senyang kamano ea hao le Jehova kateng. Jehova Molimo o batla hore u mo sebeletse ka “kelello ea hao eohle”—eseng ka kelello e sentsoeng ho sa hlokahale ke ho noa joala ho feta tekano. (Matheu 22:37) Lentsoe la Molimo ha le nyatse feela ‘ho fetella ka veine’ empa le nyatsa le ‘litlhōlisano tsa ho noa.’ (1 Petrose 4:3) Kahoo, ho itlopa joala ho khahlanong le thato ea ’Mōpi oa rōna ebile ho tla u sitisa ho ba le kamano e haufi le Molimo.
U Tla Khetha ho Etsa’ng?
Na u tla latela feela lithaka tsa hao tse sebelisang joala hampe? Bibele e re: “Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le makhoba a hae hobane lea mo mamela?” (Baroma 6:16) Na u hlile u batla ho ba lekhoba la lithaka tsa hao kapa la joala?
U lokela ho etsa’ng haeba u se u lemaletse ho itlopa joala? Kōpa thuso hang-hang ka hore u buisane le motsoali oa hao kapa motsoalle ea hōlileng tsebong. Buisana le Jehova Molimo ka thapelo, u mo kōpe hore a u thuse. Etsoe ke “thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.” (Pesaleme ea 46:1) Kaha hangata ho itlopa joala le ho noa u le ka tlaase ho lilemo tse lumeletsoeng ka molao ho bakoa ke khatello ea lithaka, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse khōlō ha u khetha metsoalle.b Ho ke ke ha e-ba bonolo ho etsa liphetoho tse joalo, empa Jehova a ka u thusa hore u atlehe.
U ka hlōla bothata ba ho lemalla lithethefatsi. Ithute kamoo u ka etsang seo kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba lebokose le reng “Ke Bo-mang ba Itlopang Joala?” leqepheng la 249.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 8 le ea 9 bukeng ena le Khaolo ea 15, Bukeng ea 2.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Letahoa le . . . tla futsaneha.”—Liproverbia 23:21.
KELETSO
Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u batla ho noa. Ebe u leka ho nahana ka lintho tse ling tse molemo tseo u ka li etsang ho ithabisa kapa ho theola maikutlo ha u tšoenyehile.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng United States, “bana ba itlopang joala khafetsa ba ka ’na ba lofa sekolo, ba salla morao ka mosebetsi oa sekolo, ba lemala le ho senya thepa, ’me ba na le monyetla oa hore ba etse seo ka makhetlo a robeli ho feta bana ba sa itlopeng joala.”
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Haeba lithaka tsa ka li batla hore ke sebelise joala hampe le tsona, ke tla re ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha lithaka tsa hao li batla hore ba bang ba kopanele le tsona ha li itlopa joala?
● Na ho itlopa joala ho tla etsa hore u khahle batho ba bong bo fapaneng, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 250]
“Ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba mpha joala, kea ba bolella hore ha ho hlokahale hore ke noe e le hore ke ithabise.’’—Mark
[Lebokose le leqepheng la 249]
Ke Bo-mang ba Itlopang Joala?
Ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng ho bana ba sekolo sa sekondari Engelane, Scotland le Wales, hoo e ka bang kotara ea bana ba lilemo li 13 le 14 “ba boletse hore ba kile ‘ba noa’ bonyane libotlolo tse hlano tsa joala ka nako e le ’ngoe.” Hoo e batlang e le halofo ea bana ba lilemo li 15 le 16 bao ho buisanoeng le bona phuputsong eo, ba boletse hore le bona ba entse se tšoanang. Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba, United States, le tlaleha hore “bacha ba ka bang limilione tse 10,4, ba lilemo li 12 ho ea ho 20 ba noa joala. Har’a bona ba limilione tse 5,1 ba itlopa joala ’me ba akarelletsa ba limilione tse 2,3 ba noang haholo, bao bonyane ba itlopang joala ka makhetlo a mahlano ka khoeli.” Phuputso e entsoeng Australia e bontša hore banana ba bangata naheng eo, ba itlopa joala ho feta bashanyana—ba noa libotlolo tse 13 ho isa ho tse 30 ka nako e le ’ngoe!
[Setšoantšo se leqepheng la 251]
Joala bo ka u loma joaloka noha