-
Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
-
-
Khaolong ea 8
Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?
“Ha ke koatile, ke hloka motho eo nka ntšetsang maikutlo ho eena. Ha ke hloname, ke batla motho ea tla mpolella hore lintho li tla loka. Ha ke thabile, ke batla motho ea tla thaba le ’na. Ke nka hore ho ba le metsoalle ke habohlokoa.”—Brittany.
HO ’NILE ha thoe bana ba hloka bana bao ba ka bapalang le bona, athe bacha bona ba hloka metsoalle. Phapang ke efe?
Motho eo u bapalang le eena ke ea u tlosang bolutu feela.
Motsoalle ke motho eo le phelang ka melao-motheo e tšoanang.
Ho feta moo, Bibele e re “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Mohlomong mantsoe ao a hlalosa botsoalle bo tebileng ho feta boo u neng u bo fumana papaling ha u sa le ngoana!
Ntlha: Ha u ntse u hōla, u hloka metsoalle
1. E nang le litšobotsi tse ntle
2. E phelang ka melao-motheo e hlomphehang
3. E u susumetsang hore u etse lintho tse ntle
Potso: U ka fumana metsoalle e joalo joang? A re hlahlobe lintlha tsena ka bonngoe.
Ntlha ea Pele e Amehang Botsoalleng Litšobotsi Tse Ntle
Seo u lokelang ho se tseba. Hase motho e mong le e mong ea ipitsang motsoalle eo e leng motsoalle oa sebele. Bibele e bile e re “ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana.” (Liproverbia 18:24) Seo se ka ’na sa utloahala eka ke ho feteletsa taba. Empa ak’u nahane ka sena: Na u kile ua ba le “motsoalle” ea neng a ichebetse melemo e itseng feela ho uena? Kapa na u kile ua ba le “motsoalle” ea neng a u seba kapa a jala mashano ka uena? Ho feta boemong bo joalo ho ka etsa hore u se ke ua hlola u tšepa metsoalle.a Ha ho tluoa tabeng ea metsoalle, hopola hore habohlokoa ke ho ba le metsoalle e seng mekae e molemo ho e-na le ho ba le metsoalle e mengata e se nang thuso!
Seo u ka se etsang. Khetha metsoalle e nang le litšobotsi tse ntle tseo u ka ratang ho li etsisa.
“Batho bohle ba bua hantle ka motsoalle oa ka, Fiona. Le ’na ke batla hore batho ba mpue hantle joalo. Ke batla ho ba le botumo bo kang ba hae. Ke nka seo e le se babatsehang.”—Yvette ea lilemo li 17.
Leka sena.
1. Bala Bagalata 5:22, 23.
2. Ipotse, ‘Na metsoalle ea ka e bonahatsa litšobotsi tse akarelletsoang “tholoaneng ea moea”?’
3. Ka tlaase mona, thathamisa mabitso a metsoalle ea hao e haufi-ufi. Pel’a lebitso ka leng, ngola tšobotsi e hlalosang hantle seo a leng sona.
Lebitso Tšobotsi
․․․․․ ․․․․․
Tlhahiso: Haeba u hopola litšobotsi tse mpe feela ka motho eo, e ka ’na eaba ke nako ea hore u batle metsoalle e meng e molemo!
Ntlha ea Bobeli e Amehang Botsoalleng Melao-motheo e Hlomphehang
Seo u lokelang ho se tseba. Haeba u batla metsoalle ka mahlo a matšo, ho ka ’na ha etsahala hore u qetelle u tloaelane le batho ba fosahetseng. Bibele e re: “Ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Poleloana e reng “ba hlokang kelello” ha e bolele batho ba bothoto. Ho e-na le hoo, e hlalosa ba sa lateleng melao e utloahalang ea boitšoaro, ebe ba etsa lintho tse se nang kelello. Ena ke metsoalle eo u sa e hlokeng!
Seo u ka se etsang. Ho e-na le hore u tloaelane le motho leha e le ofe eo u kopanang le eena, khetha metsoalle. (Pesaleme ea 26:4) Seo ha se bolele hore u khetholle batho ba bang. Tabeng ena, ho khetha ho bolela hore u hlokolosi hoo u ‘bonang phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’—Malakia 3:18.
“Ke leboha hore ebe batsoali ba ka ba nthusitse hore ke fumane metsoalle—eo e leng lithaka tsa ka, e hatelang pele hantle moeeng.”—Christopher ea lilemo li 13.
Araba lipotso tse latelang:
Ha ke e-na le metsoalle ea ka, na ke lula ke tšohile hore e ka ’na ea leka ho nqobella ho etsa seo ke tsebang hore se fosahetse?
□ E
□ Che
Na ke leqe ho tsebisa batsoali ba ka metsoalle ea ka hobane ke tšaba hore ba ka ’na ba se ke ba e rata?
□ E
□ Che
Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, batla metsoalle e meng e phelang ka melao-motheo e lokileng—e behang mohlala o motle oa bophelo ba Bokreste.
Ntlha ea Boraro e Amehang Botsoalleng e U Susumetsa Hore U Etse Lintho Tse Ntle
Seo u lokelang ho se tseba. Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Mocha e mong ea bitsoang Lauren o re: “Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba nkamohela hafeela ke etsa seo ba reng ke se etse. Ke ne ke jeoa ke bolutu, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ba etsisa e le hore feela ke mpe ke tšoane le bona.” Lauren o hlokometse hore ha u latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo ba ratang. Eo hase tsela eo u lokelang ho tšoaroa ka eona!
Seo u ka se etsang. Khaola maqhama le batho ba u qobellang hore u fetole tsela eo u phelang ka eona e le hore u phele joaloka bona. Haeba u etsa joalo, u ka ’na ua ba le metsoalle e ’maloa; empa u tla ikutloa u le motlotlo ’me seo se tla u bulela monyetla oa hore u thehe maqhama le metsoalle e molemo—e tla u susumelletsa ho etsa lintho tse ntle.—Baroma 12:2.
“Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, Clint, ke motho ea hlaphohetsoeng kelellong, ea nang le kutloelo-bohloko, kahoo o ’nile a nkhothatsa haholo.”—Jason ea lilemo li 21.
Ipotse lipotso tse latelang:
Na ke fetola tsela eo ke aparang ka eona, ke buang ka eona kapa ke etsa lintho tse tsoileng tseleng e le hore ke khahlise metsoalle?
□ E
□ Che
Na ke iphumana ke ea libakeng tseo ho etsoang lintho tse tsoileng tseleng, tseo ke neng nke ke ka ea ho tsona hoja e se ka metsoalle ea ka?
□ E
□ Che
Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, kōpa batsoali ba hao kapa motho e mong ea hōlileng hore a u thuse. Haeba u Paki ea Jehova, u ka boetse ua buisana le moholo oa Mokreste, ua mo kōpa hore a u thuse ho khetha metsoalle e tla u susumelletsa ho etsa se nepahetseng.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 9
Na motho ea ikentseng eka ke motsoalle oa hao o u hatella hore u etse lintho tse mpe, kapa mohlomong u hatelloa ke pelo ea hao? Bala kamoo u ka hanelang seo kateng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke ’nete hore batho bohle ba etsa liphoso. (Baroma 3:23) Kahoo ha motsoalle a u utloisa bohloko empa ka mor’a moo a ikoahlaela seo ka tieo, hopola hore “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.”—Liproverbia 18:24.
KELETSO
Ha u phela ka melao-motheo e lokileng, ba bang ba lekang ho phela ka eona ba ka ’na ba fetoha metsoalle ea hao. E tla ba metsoalle e molemo ka ho fetisisa!
NA U NE U TSEBA . . . ?
Molimo ha a leeme, empa oa khetha hore na ke mang eo a tla mo amohela e le ‘moeti tenteng ea hae.’—Pesaleme ea 15:1-5.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke fumane metsoalle e molemo, ke tla ․․․․․
Ba bang ba batho ba baholo bao nka ratang ho tloaelana le bona haholoanyane ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke litšobotsi life tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa hore motsoalle a be le tsona, hona hobane’ng?
● Ke litšobotsi life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona hore u be motsoalle ea molemo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 60]
“Ha batsoali ba ka ba ne ba ntlohelisa ho tsamaea le metsoalle e itseng, ke ne ke nahana hore bao ke bona feela batho bao ke batlang ho tloaelana le bona. Empa keletso ea batsoali ba ka e ne e le molemo, ’me hang ha ke buleha mahlo, ke ile ka hlokomela hore ho na le metsoalle e mengata e molemo eo nka e fumanang.”—Cole
[Lebokose le leqepheng la 61]
Leka Litlhahiso Tsena
Buisana le batsoali ba hao ka taba ea metsoalle. Ba botse hore na ba ne ba e-na le metsoalle e joang ha ba le lilemong tsa hao. Na baa ikoahlaea ka metsoalle eo ba ileng ba e khetha? Haeba baa ikoahlaea, lebaka ke lefe? Ba botse hore na u ka etsa’ng ho qoba a mang a mathata ao ba fetileng ho ’ona.
Tsebisa batsoali ba hao metsoalle ea hao. Haeba u leqe ho ba tsebisa eona, ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke sa batle hore ba e tsebe?’ Na ho na le ntho e ’ngoe eo metsoalle ea hao e e etsang eo u tsebang hore batsoali ba hao ha ba na ho e rata? Haeba ho joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore u be seli haholoanyane ha u khetha metsoalle.
E-ba momameli ea molemo. Bontša hore u thahasella boiketlo ba metsoalle ea hao le lintho tseo e amehileng ka tsona.—Bafilipi 2:4.
E-ba ea tšoarelang. U se ke ua lebella phetheho. “Kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.
E fe sebaka. Ha ho hlokahale hore u lule u e maname. Metsoalle ea sebele e tla u thusa ha ho hlokahala.—Moeklesia 4:9, 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Ha u latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo ba ratang, joaloka “pawn” papaling ea “chess”
-
-
Nka Hanela Liteko Joang?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
-
-
Khaolong ea 9
Nka Hanela Liteko Joang?
Karen ha a e-s’o qete le metsotso e leshome a le phathing, empa o bona bashanyana ba babeli ba kena ba nkile mekotla e ’maloa e meholo. Ho hlakile hore na ho tšetsoe eng ka mekotleng eo. Pejana, o ne a utloile bashanyana bao ba re ho tl’o ba le “joala bo bongata” phathing eo.
Ka tšohanyetso, Karen o utloa lentsoe la motho eo a mo tsebang, a re: “U emetse’ng moo uena ea ratang ho senyetsa batho monate?” Karen oa reteleha ’me o bona motsoalle oa hae Jessica a tšoere libotlolo tse peli tsa biri tse qetang ho buloa. Jessica o fa Karen e ’ngoe ’me o re, “U se ke be ua mpolella hore u sa le monyenyane haholo hore u ka ithabisa ho se hokae!”
Karen o batla ho hana. Empa tšusumetso ea hore a inehele e matla ho feta kamoo a neng a nahanne kateng. Taba ke hore Jessica ke motsoalle oa hae, ’me Karen ha a batle hore Jessica a nahane hore o senyetsa batho monate, joalokaha a boletse. Ntle ho moo, Jessica ke e mong oa banana ba itšoereng hantle. Haeba oa noa, joale bothata bo hokae hona moo? Karen o re ka pelong, ‘Ntho ena ke biri feela. Hase hore ke tla be ke sebelisa lithethefatsi kapa hona ho kopanela liphate.’
HA U sa le mocha, liteko li tla ka litsela tse ngata. Hangata li amana le banana kapa bashanyana. Ramon ea lilemo li 17, o re: “Banana bao ke kenang sekolo le bona ba leqoophe. Ba rata ho u tšoara-tšoara e le hore ba bone hore na u tla ba lumella ho fihlela kae. Ha ba utloe ha u re ba khaotse!” Deanna ea lilemo li 17 le eena o hlokometse se tšoanang. O re: “Moshanyana e mong o ile a tla ho ’na ’me a nhaka. Ke ile ka mo otla letsohong eaba ke re, ‘U etsa’ng? Ha ke u tsebe le ho u tseba!’”
Le uena u ka ’na ua tobana le liteko ’me ha bonahala eka ha li ee moriting. Liteko li tšoana le ha motho a lulela ho u kokotela monyako le hoja a ntse a bona hore ha u batle ho mo bulela. Na le uena u utloa eka ho na le motho ea lulang a u kokotela? Ka mohlala, na u tobana le teko leha e le efe ho tse latelang?
□ Ho tsuba
□ Ho sheba litšoantšo tse litšila
□ Ho noa joala
□ Ho kopanela liphate
□ Ho sebelisa lithethefatsi
□ Tse ling ․․․․․
Haeba u tšoaile ✔ nthong leha e le efe ho tse ka holimo, u se ke ua etsa qeto ea hore ha ua etsetsoa ho ba Mokreste. U ka ithuta ho laola litakatso tse fosahetseng le ho hanela liteko. Joang? Ke habohlokoa hore u lemohe hore na sesosa sa liteko ke sefe. Nahana ka lintlha tse tharo tse latelang.
1. Ho se phethahale. Batho bohle ba sa phethahalang ba na le tšekamelo ea ho etsa se fosahetseng. Esita le moapostola Pauluse—eo e neng e le Mokreste ea hōlileng tsebong—o ile a lumela a sa hlathe koana le koana, a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” (Baroma 7:21) Ho hlakile hore le motho ea lokileng, ka linako tse ling o tla tleloa ke “takatso ea nama le takatso ea mahlo.” (1 Johanne 2:16) Empa ho lula motho a nahana ka lintho tse ka mo hohelang hore a etse se fosahetseng ho tla mpefatsa boemo le ho feta, kaha Bibele e re: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Jakobo 1:15.
2. Tšusumetso ea ba bang. Liteko li hohle. Trudy o re: “Sekolong le mosebetsing, batho ba bua ka ho kopanela liphate nako ena kaofela. Mananeong a thelevishene le lifiliming, ho etsoa hore ho bonahale eka ke ntho e khahlisang le e monate. Ke ka seoelo u bonang liphello tse bohloko tse tlisoang ke seo!” Trudy o tseba ka se mo etsahaletseng hore na tšusumetso ea lithaka le ea mecha ea phatlalatso e ka ba matla hakae. O re: “Ha ke le lilemo li 16, ke ne ke nahana hore ke fumane motho eo ke mo ratang. ’Mè o ile a bua le ’na a mpolella hore haeba ke tsoela pele ho etsa lintho ka tsela ena, ke tla qetella ke imme. Ke ile ka tšosoa ke hore ebe ’Mè o ’nahanela ntho e joalo! Empa likhoeli tse peli hamorao, ke ile ka ima.”
3. “Litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Litakatso tsena li akarelletsa takatso leha e le efe eo mocha a bang le eona, e kang ea ho lakatsa ho amoheloa ke ba bang kapa hore le eena a nkoe e le motho. Ho lakatsa seo ka bohona hase phoso, empa haeba motho a sa ho laole, ho ka mo thatafalletsa hore a hanele liteko. Ka mohlala, ho labalabela hore ba bang ba tsebe hore na u motho oa mofuta ofe, ho ka u susumelletsa hore u fetohele mekhoa e metle ea boitšoaro eo u e rutiloeng lapeng. Seo ke se ileng sa etsahalla Steve ha a le lilemo li 17. O re, “Nakoana feela ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka fetohela batsoali ba ka ’me ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba nthutile hore ke se ke ka e etsa.”
Tsela ea ho Hanela Liteko
Ke ’nete hore liteko tse boletsoeng ka holimo li matla. Empa u ka khona ho li hanela. Joang?
● Ntlha ea pele, tseba hore na ke teko efe e u susumetsang ka ho fetisisa. (E ka ’na eaba u se u ntse u e tšoaile leqepheng la 65.)
● Ebe ua ipotsa, ‘Ho ka etsahala hore ke tobane le teko ee haholo-holo ha ke le hokae?’ Tšoaea ✔ ntlheng e ’ngoe ho tse latelang:
□ Ha ke le sekolong
□ Ha ke le mong
□ Ha ke le mosebetsing
□ Maemong a mang ․․․․․
Ho tseba hore na teko e ka ’na ea u hlahela neng ho ka ’na ha u thusa hore u e qobe ka ho feletseng. Ka mohlala, nahana ka boemo bo hlalositsoeng qalong ea khaolo ena. Ke lintho life tse ileng tsa lemosa Karen hore ho ne ho ka ’na ha hlaha mathata phathing eo?
․․․․․
A ka be a entse’ng hore a qobe teko eo li sa tloha feela?
․․․․․
● Kaha joale u se u tseba teko eo ’me u se u bone hore na u ka ’na ua tobana le eona ha u le hokae, joale u se u loketse ho nka khato. Ntho ea pele eo u tla lokela ho e etsa ke ho leka ho fokotsa monyetla oa ho tobana le eona kapa u hle u e qobe. Ka tlaase mona, ngola seo u ka se etsang.
․․․․․
(Ka mohlala: Haeba nako le nako ha u tsoa sekolong, u kopana le bana bao u kenang sekolo le bona ’me ba u phehella hore u tsube, u ka ’na ua tsamaea ka tsela e ’ngoe ho ba qoba. Haeba u atisa ho fumana litšoantšo tse litšila tsa Inthanete empa ho se motho eo u mo kōpileng hore a u romelle tsona, u ka ’na ua sebelisa mananeo a k’homphieutha a thibelang melaetsa eo ho kena k’homphieutheng ea hao. Hape u ka thaepa mantsoe a tobileng haholoanyane ha u etsa lipatlisiso Inthaneteng.)
Ke ’nete hore u ke ke ua qoba liteko tsohle. Ha nako e ntse e ea, u ka ’na ua tobana le teko e itseng e matla—mohlomong nakong eo u bileng u sa e lebellang. U ka etsa’ng boemong boo?
Lula U Itokisitse
Ha Jesu a ne “a lekoa ke Satane,” o ile a mo hanyetsa hang-hang. (Mareka 1:13) Hobane’ng? Hobane o ne a se a ntse a tseba seo a tlang ho se etsa ha a hlaheloa ke teko. Jesu o ne a entse qeto ea hore o tla mamela Ntate oa hae ka linako tsohle. (Johanne 8:28, 29) O ne a tiile ha a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:38.
Leqepheng le latelang, ngola mabaka a mabeli ao ka ’ona u lokelang ho hanela liteko tseo u atisang ho tobana le tsona le litsela tse peli tseo u ikemiselitseng ho li hanela ka tsona.
Lebaka leo ka lona u lokelang ho li hanela:
1 ․․․․․
2 ․․․․․
Se tla u thusa ho li hanela:
1 ․․․․․
2 ․․․․․
Hopola hore ha u inehela tekong, u ba lekhoba la litakatso tsa hao. (Tite 3:3) Ke hobane’ng ha u itumella hore u laoloe ke litakatso? Bontša hore u hōlile tsebong ka hore u laole litakatso ho e-na le ho li lumella hore li u laole. (Bakolose 3:5) ’Me u rapelle hore u tsoele pele ho etsa joalo.—Matheu 6:13.a
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 15
Na u ikutloa u khathetse morao tjee? Bala kamoo u ka ntlafatsang bophelo ba hao kateng ’me u boele u be morolo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba le Khaolo ea 33 le ea 34 bukeng ena.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.
KELETSO
Sebelisa boitsebiso bo tlas’a “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka,” bo leqepheng la 132 le la 133 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, ho itokisetsa kamoo u ka arabang kateng ha motho a leka ho u susumelletsa hore u etse se fosahetseng.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Molimo o ile a bolela esale pele hore Jesu o ne a tla tšepahala, empa seo ha se bolele hore Jesu o ne a tšoana le roboto, a entsoe hore a mamele feela. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a e-na le boikhethelo. O ile a ikhethela ho tšepahala—hase hore o ne a khethetsoe seo esale pele. Leo ke le leng la mabaka ao ka ’ona a ileng a rapela ka matla haholo ha a ne a lekoa.—Baheberu 5:7.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke ikemisetse ho hanela liteko, ke tla ․․․․․
Batho ba bang, libaka le maemo ao ke lokelang ho a qoba, a akarelletsa ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Na libōpuoa tse phethahetseng li ka lekoa?—Genese 6:1-3; Johanne 8:44.
● Ha u hanela liteko, botšepehi ba hao bo ama ba bang joang?—Liproverbia 27:11; 1 Timothea 4:12.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 68]
“Ke thusoa ke ho tseba hore Motho ea matla ka ho fetisisa bokahohleng o ka lehlakoreng la ka le hore nka kōpa hore a nthuse ka nako leha e le efe!”—Christopher
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 67]
Leka Sena!
Beha compass, lenaka la eona le shebile leboea. Ebe u beha makenete pel’a eona. Ho etsahala’ng? Lenaka leo ha le sa sheba leboea. Ho e-na le hoo, le sheba ka ho makenete.
Letsoalo la hao le tšoana le compass eo. Haeba le koetlisitsoe hantle, le tla sheba “leboea” ’me le u thuse hore u etse liqeto tse bohlale. Empa joaloka makenete, litloaelano tse mpe li ka u hohela ka tsela e ka qetellang e fetotse boikutlo ba hao litabeng tsa boitšoaro. U ithuta’ng ho see? U lokela ho qoba batho le maemo a ka ’nang a u khelosa boitšoarong bo botle!—Liproverbia 13:20.
[Setšoantšo se leqepheng la 69]
Ha u inehela tekong, u ba lekhoba la litakatso tsa hao
-